Bohloko ba ho Phurusetsa Bana
“Monna oa ka o ile a ntemosa mohla ngoana oa rōna oa letsibolo a hlahang—‘Ratu, ho hōlisa bana ke tšebetso e telele ea ho ba phurusetsa.’”—Ourselves and Our Children—A Book by and for Parents.
BATSOALI ba bangata ba thabisoa—esita le ho ba motlotlo—ke ho hlaha ha ngoana oa bona oa letsibolo. Ho sa tsotellehe litšitiso, mathata, mahlomola, pherekano le matšoenyeho tse tlisoang ke ho hōlisa bana, bana e ka ba mohloli oa thabo e khōlō. Lilemong tse ka bang likete tse tharo tse fetileng, Bibele e ile ea bolela: “Bana ke lefa le tsoang ho MORENA; ka sebele ke tlhohonolofatso.”—Pesaleme ea 127:3, Today’s English Version.
Leha ho le joalo, Bibele e boetse e bolela esale pele boemo bona bo sa thabiseng: “Monna o tla tlohela ntat’ae le m’ae.” (Genese 2:24) Ka mabaka ana le ane, hangata bana ba seng ba hōlile ba tloha malapeng—ho ea ntšetsa pele thuto ea bona kapa ho hahamalla mosebetsi o itseng, ho atolosa tšebeletso ea bona ea Bokreste, kapa ho kena lenyalong. Empa ho batsoali ba bang, ’nete ena ke e utloisang bohloko haholo. Joalokaha mongoli e mong a beha taba—ba lumella hore boiteko ba tlhaho ba bana ba bona ba ho ba ba ikemetseng bophelong bo ba bakele ho “ikutloa ba nyenyefalitsoe, ba halefile, ba ferekane, ba behiloe kotsing kapa ba lahliloe.” Hangata sena se baka liqabang le likhohlano tse sa feleng ka lapeng. Ba iphapanyetsa ho tobana le letsatsi leo bana ba bona ba tla phurusetsa ka lona, batsoali ba bang ba hlōleha ho ba lokiselletsa ho ba batho ba baholo. Litholoana tse kotuloang ka lebaka la boiphapanyo bo joalo e ka ba tse babang: batho ba baholo ba sitoang ho tsamaisa mahae a bona, ho hlokomela malapa, kapa esita le ho lula mesebetsing.
Mohlomong karohano e ka ba bohloko ka ho khetheha malapeng a batsoali ba se nang balekane. Motsoali e mong ea se nang molekane ea bitsoang Karen o re: “’Na le morali oa ka re metsoalle; re hlaoletse maqhama a setsoalle sa sebele. Hohle moo ke neng ke e-ea teng, ke ne ke tsamaea le eena.” Botsoalle bo atamelaneng pakeng tsa motsoali le ngoana bo atile malapeng a batsoali ba se nang balekane. Ka ho utloahalang, khopolo ea ho lahleheloa ke botsoalle bo joalo e ka ’na ea sithabetsa.
Leha ho le joalo, buka e bitsoang Traits of a Healthy Family e hopotsa batsoali: “Ke sohle seo bophelo ba lelapa bo leng sona: ho hōlisa lesea le hlokang tlhokomelo ho fihlela e e-ba motho e moholo ea ikemetseng.” Ea hlokomelisa: “Mathata a mangata ka malapeng a hlahisoa ke ha batsoali ba hlōleha ho phurusetsa bana.”
Ho thoe’ng ka uena? Na u motsoali? Haeba ho joalo, na u se u itokiselitse letsatsi leo u tla tlameha ho phurusetsa bana ba hao ka lona? ’Me ho thoe’ng ka bana ba hao? Na u ba lokiselletsa hore ba ikemele ka katleho?