Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 2/8 maq. 25-28
  • Ho Phela ka Thabo Sehlaheng se Lephaka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela ka Thabo Sehlaheng se Lephaka
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sheba Lehlakore le Molemo
  • U Ntse U le Motsoali!
  • Qoba ho Itšunya-tšunya
  • Nchafatsa Maqhama a Lenyalo
  • Ha Batsoali ba se Nang Balekane ba Phurusetsa Bana
  • Ho Phurusetsa Bana ka Thabo
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ba Hlomellele ho Phurusetsa
    Tsoha!—1998
  • Rutang Bana ba Lōna ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 2/8 maq. 25-28

Ho Phela ka Thabo Sehlaheng se Lephaka

MOTSOALI e mong o ile a lumela: “Ho ba bangata ba rōna, karohano ea ho qetela ke ntho e nyarosang ho sa tsotellehe hore na re ne re itokiselitse eona hakae.” E, le hoja ho tsamaea ha ngoana e ka ’na ea e-ba ntho e ke keng ea qojoa, ha a se a hlile a tsamaea, ho tobana le hona ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo hakaalo. Ntate e mong o re bolella kamoo a ileng a itšoara kateng ka mor’a hore ba lumelisane la ho qetela le mora: “Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka . . . , ke ile ka lla ke sa khaotse.”

Ho batsoali ba bangata ho tsamaea ha bana ba bona ho siea lekhalo le leholo bophelong ba bona—leqeba le ahlameng. Ba se ba sa kopane le bana ba bona letsatsi le letsatsi, ba bang ba ikutloa ba jeoa ke bolutu haholo, ba saretsoe ’me ba lahlehetsoe. ’Me batsoali e ka ’na ea se ke ea e-ba bona feela ba ho fumanang ho le thata ho tloaelana le boemo boo. Banyalani ba bitsoang Edward le Avril baa re hopotsa: “Haeba ho ntse ho e-na le bana ba bang lapeng, le bona ba tla ikutloa ba lahlehetsoe.” Banyalani baa ba fana ka keletso efe? “Ba fe nako ea hao le kutloisiso. Sena se tla ba thusa ho tloaelana le boemo.”

E, bophelo bo tsoela pele. Haeba u lokela ho hlokomela bana ba hao ba setseng—hammoho le mosebetsi oa hao kapa mesebetsi e meng ka lapeng—u ke ke ua inehella ho nyotobetsoa ke ho sareloa. Ka lebaka leo, a re ke re shebeng tse ling tsa litsela tseo u ka fumanang thabo ka tsona ha bana ba hao ba ntse ba tloha lapeng.

Sheba Lehlakore le Molemo

Ntle ho tikatiko, haeba u ikutloa u saretsoe kapa u jeoa ke bolutu ’me u hloka ho lla kapa ho ntšetsa maikutlo a hao ho motsoalle ea bontšang kutloelo-bohloko, ikutloe u lokolohile ho etsa joalo. Bibele e re: “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa.” (Liproverbia 12:25) Ka linako tse ling, ba bang ba ka etsa hore u bone lintho ka pono e ncha e leka-lekaneng. Ka mohlala, banyalani ba bang ba bitsoang Waldemar le Marianne baa eletsa: “Nka boemo e se ba tahlehelo, empa e le pakane e finyeletsoeng ka katleho.” Tsela ee ke e molemo hakaakang ea ho sheba lintho! Banyalani ba bitsoang Rudolf le Hilde ba re: “Re motlotlo ka hore re khonne ho hōlisa bashemane ba rōna hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo.”

Na u ikitlaelitse ho hōlisa ngoana oa hao ka “taeo le kelello e laoloang ke Jehova”? (Baefese 6:4) Leha ho ntse ho le joalo, u ka ’na ua tšoenngoa ke ho tloha ha hae lapeng. Empa ho ba ileng ba koetlisa ngoana oa bona joalo, Bibele e fana ka tiisetso ea hore “le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) Na hase ho khotsofatsang haholo ho bona ngoana oa hao a itšoara ho latela koetliso ea hao? Moapostola Johanne o ile a re mabapi le bana ba hae ba moea: “Ha ke na lebaka le leholoanyane la ho leboha ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) Mohlomong u ka ba le boikutlo bo tšoanang le ka ngoana oa hao.

Ke ’nete hore hase bana bohle ba latelang koetliso ea Bokreste. Haeba sena se etsahalla ngoana oa hao ea seng a hōlile, ha ho bolele hore u hlōlehile u le motsoali. U se ke ua ikhalefela ka ho sa hlokahaleng haeba u entse sohle se matleng a hao ho mo hōlisa ka tsela ea bomolimo. Hopola hore ngoana oa hao joaloka motho e moholo o jara boikarabelo ba hae ka pele ho Molimo. (Bagalata 6:5) Lula u tšepa hore mohlomong ka le leng o tla boela a hlahloba tsela eo a e khethileng ’me ‘motsu’ o tla qetella o lebile moo o neng o korotsoe teng.—Pesaleme ea 127:4.

U Ntse U le Motsoali!

Le hoja ho tsamaea ha ngoana oa hao ho bolela phetoho e khōlō, ha ho bolele hore mosebetsi oa hao oa ho ba motsoali o felile. Setsebi sa bophelo ba kelello Howard Halpern o re: “U motsoali ho fihlela letsatsing la hao la ho shoa, empa tlhokomelo le khōliso tse fanoang li lokela ho hlahlojoa bocha.”

Ke khale Bibele e ile ea hlokomela hore ho ba motsoali ha ho khaotse hobane ngoana a se a hōlile. Liproverbia 23:22 e re: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, u se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse.” E, esita leha batsoali ba se ba “tsofetse” le bana ba bona e se e le batho ba baholo, batsoali ba ntse ba ka ba le tšusumetso e khōlō bophelong ba bana ba bona. Ke ’nete hore ho lokela hore ho etsoe liphetoho tse itseng. Empa likamano tsohle li hloka ho hlophisoa bocha nako le nako bakeng sa ho li boloka li nchafetse ’me li khotsofatsa. Kahoo, kaha joale bana ba hao ba se ba hōlile, etsa hore kamano ea hao le bona e be boemong ba batho ba baholo. Ho thahasellisang ke hore liphuputso li bontša hore hangata kamano ea motsoali le ngoana ea ntlafala hang ha bana ba tloha lapeng! Ha bana ba tobana le likhatello tsa lefatše tsa bophelo, hangata ba qala ho talima batsoali ba bona ka kutloisiso e ncha. Monna oa Mojeremane ea bitsoang Hartmut o re: “Hona joale ke utloisisa batsoali ba ka hamolemonyana ebile ke hlokomela lebaka leo ka lona ba neng ba etsa lintho ka tsela eo ba entseng ka eona.”

Qoba ho Itšunya-tšunya

Leha ho le joalo, ho ka baka tšenyo e khōlō haeba u itšunya-tšunya bophelong ba ngoana oa hao eo e seng e le motho e moholo. (Bapisa le 1 Timothea 5:13.) Mosali e mong ea nyetsoeng ea nang le likhohlano tse ngata le bo-matsal’ae oa tletleba: “Rea ba rata, empa re batla ho phela bophelo ba rōna le ho iketsetsa liqeto.” Ke ’nete hore ha ho motsoali ea lerato ea ka lakatsang ho emella thōko ’me a shebelle ha ngoana oa hae eo e seng e le motho e moholo a oela tlokotsing. Empa hangata ho molemo ho qoba ho fana ka keletso ea botsoali e sa kōpuoang, ho sa tsotellehe hore na ke e bohlale kapa e nang le morero o motle hakae. Sena ke ’nete ka ho khetheha ka mor’a hore ngoana a kene lenyalong.

Tsoha! e ile ea fana ka keletso ena morao koo ka 1983: “U lokela ho amohela karolo ea hao e fetohileng. Ha lesea le hōla u khaotsa tlhokomelo le phepo ea lona ea bosea. Ka tsela e tšoanang, u lokela ho faposa karolo ea hao eo u e ratang ea ho ba mohlokomeli ’me joale u nke karolo ea ho ba moeletsi. Ho etsetsa ngoana oa hao liqeto boemong bona ba bophelo ha hoa nepahala, ho ka tšoana le ho leka ho mo fepa ka letsoele. Boeletsi ba hao bo matha har’a meeli. U ke ke ua hlola u sebelisa matla a botsoali ha u buisana le eena. (‘Etsa ntho ena hobane ke u laela joalo.’) U lokela ho hlompha ngoana oa hao ea hōlileng.”a

U ka ’na ua se ke ua lumellana le liqeto tsohle tseo ngoana oa hao le molekane oa hae ba li etsang. Empa ho hlompha khalalelo ea lenyalo ho ka u thusa hore u leka-lekanye kameho ea hao ’me u qobe ho iketsa ntšunye-khare moo ho sa hlokahaleng. ’Nete ke hore hangata ho molemo ho tlohella banyalani ba bacha ho rarolla mathata a bona ka bobona. Ho seng joalo, u ka qholotsa khohlano e sa hlokahaleng ha mora kapa ngoetsi ba fuoa keletso eo ba sa e batlang, ’me ba le boemong bo boima ba lenyalo boo ho bona ba ka ’nang ba khopeha habonolo ha ba bontšoa liphoso. Sehlooho se boletsoeng ka holimo sa Tsoha! se tsoela pele ho eletsa: “Hlōlang moleko oa ho fana ka litlhahiso tse sa feleng, tse sa kōpuoang, tse ka etsang hore mokhoenyana kapa ngoetsi a fetohe sera.” E-ba ea tšehetsang—eseng ea laolang. Ka ho boloka kamano e ntle, u nolofalletsa ngoana oa hao ho u atamela haeba keletso e hlile e hlokahala.

Nchafatsa Maqhama a Lenyalo

Ho banyalani ba bangata, sehlaha se lephaka se ka ’na sa boela sa ba fa monyetla oa ho eketsa thabo lenyalong. Nako le boiteko tse amehang ho hōliseng bana ka katleho e ka ba tse hlokang ho hongata haholo hoo banyalani ba hlokomolohang kamano ea bona ka bobona. Mosali e mong o re: “Hona joale kaha bana ba phuruselitse, ’na le Konrad re leka ho boela re tloaelana bocha.”

Le lokolohile boikarabelong ba letsatsi le letsatsi ba ho hōlisa bana, hona joale e mong a ka ba le nako e eketsehileng bakeng sa e mong. Motsoali e mong o ile a hlokomela: “Nako ena e lokolohileng e fumanehileng bocha . . . e re lumella ho lebisa tlhokomelo ea rōna e eketsehileng ho itsebeng, ho ithuteng ho eketsehileng ka kamano ea rōna le ho qaleng ho kopanela mesebetsing e khotsofatsang litlhoko tsa rōna.” Oa phaella: “Ke nako ea ho ithuta bocha le ea ho hōla ka tsela e makatsang, ’me le hoja linako tse joalo li ka hlokisa botsitso, li boetse lia hlasimolla.”

Banyalani ba bang ba boetse ba na le bolokolohi bo boholoanyane ba lichelete. Mesebetsi ea boikhathollo le lipakane tse ’nileng tsa emisoa hona joale li ka ntšetsoa pele. Har’a Lipaki tsa Jehova, banyalani ba bangata ba sebelisa bolokolohi ba bona bo fumanehileng bocha bakeng sa ho hahamalla lithahasello tsa moea. Ntate ea bitsoang Hermann o hlalosa hore ka mor’a hore bana ba tlohe lapeng, hang-hang eena le mosali oa hae ba ile ba lebisa tlhokomelo ea bona ho qaliseng bocha tšebeletso ea nako e tletseng.

Ha Batsoali ba se Nang Balekane ba Phurusetsa Bana

Ho tloaela sehlaha se lephaka ho ka ba thata ka ho khetheha bakeng sa batsoali ba se nang balekane. Rebecca, ’mè oa bana ba babeli ea se nang molekane, oa hlalosa: “Ha bana ba rōna ba tsamaea, ha re na banna ba re fang botsoalle le lerato.” Mohlomong motsoali ea se nang molekane o ’nile a fumana hore bana ba hae ke mohloli oa tšehetso maikutlong. ’Me haeba ba ne ba tlatsetsa ka lichelete ka lapeng, ho tsamaea ha bona ho ka ’na ha boela ha baka mathata a lichelete.

Ba bang ba khona ho ntlafatsa boemo ba bona ba moruo ka ho kenella mananeong a koetlisetso ea mosebetsi kapa lithupelo tsa nako e khutšoaane sekolong. Empa motho a ka koala sekheo sa ho jeoa ke bolutu joang? Motsoali e mong ea se nang molekane o re: “Se nthusang ke ho lula ke phathahane. E ka ba ka ho bala Bibele, ho hloekisa ntlo ea ka, kapa ho otlolla maoto kapa ho matha. Empa tsela e putsang ka ho fetisisa ho ’na bakeng sa ho leleka bolutu ke ho buisana le motsoalle oa ka tumelong.” E, ‘atoloha,’ ’me u hlaolele botsoalle bo bocha le bo khotsofatsang. (2 Bakorinthe 6:13) “Qophella lithapeling le lithapelong” ha u ikutloa u sithabetse. (1 Timothea 5:5) Lula u kholisehile hore Jehova o tla u matlafatsa le ho u tšehetsa nakong ena e thata ea phetoho.

Ho Phurusetsa Bana ka Thabo

Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, hopola hore ho tsoa ha bana ka lapeng hase qetello ea bophelo. Leha e le hore maqhama a lelapa aa fela. Lerato le tiileng le hlalosoang ka Bibeleng le matla ka ho lekaneng bakeng sa ho kopanya batho hammoho, esita le ha ba arohane ka libaka. Moapostola Pauluse o re hopotsa hore lerato “le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:7, 8) Lerato le se nang boithati leo u le hlaoletseng lelapeng la hao le ke ke la felisoa ke ho tloha ha bana lapeng.

Ho thahasellisang ke hore ha bana ba qala ho tobana le bohloko ba karohano ’me ba hloloheloa hae kapa ha ba qala ho utloa boima ba khatello ea moruo, hangata ke bona ba qalang ba tsosolosa kopano. Hans le Ingrid baa eletsa: “Etsa hore bana ba tsebe hore monyako oabo bona o lutse o bulehile kamehla.” Ho eta khafetsa, ho ngola kapa ho founa ka linako tse itseng ho tla le thusa ho lula le kopana. Jack le Nora ba ho hlalosa ka tsela ena: “Thahasella seo ba se etsang u sa phenya-phenye litaba tsa bona.”

Ha bana ba tloha lapeng, bophelo ba hao boa fetoha. Empa bophelo ka sehlaheng se lephaka bo ka ba maphathaphathe, ea e-ba bo atlehileng le bo khotsofatsang. Hape, kamano ea hao le bana ba hao ea fetoha. Leha ho le joalo, e ntse e ka ba kamano e thabileng le e putsang. Moprofesa Geoffrey Leigh le Moprofesa Gary Peterson ba re: “Ho ikemela kantle ho batsoali, ha ho bolele hore batsoali ba lahleheloa ke lerato, botšepehi le tlhompho tsa bana. . . . Ka sebele, hangata maqhama a tiileng a lelapa a sala a ntse a le matla nakong eohle ea bophelo.” E, le ka mohla u ke ke ua khaotsa ho rata bana ba hao, ’me le ka mohla u ke ke ua khaotsa ho ba motsoali oa bona. ’Me kaha u ratile bana ba hao hoo u ba phuruselitseng, ka sebele ha baa u lahlehela.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

“Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka . . . , ke ile ka lla ke sa khaotse”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Keletso ho Bana ba Seng ba Hōlile—Thusang Batsoali ho le Phurusetsa

Ho batla ho le bonolo ho sebetsana le ho tsamaea ho feta ho sebetsana le ho siuoa. Kahoo, le hoja u thabela ho ba ea ikemetseng le ho ba motho e moholo, bontša mosa le kutloelo-bohloko ho batsoali ba hao haeba ba ho fumana ho le thata ho tloaelana le boemo. Ba tiisetse hore u ntse u ba rata le ho ameha ka bona. Lengolo le lekhutšoaane, mpho e sa lebelloang, kapa ho founa feela ho ka etsa ho hongata ho tsosa motsoali ea tepeletseng molota! Lula u ba tsebisa liketsahalo tse hlaheletseng bophelong ba hao. Sena se etsa hore ba tsebe hore maqhama a lelapa a ntse a le matla. Ha u ntse u tobana le likhatello tsa bophelo ba ho ba motho e moholo, mohlomong u tla ananela ka ho eketsehileng ho feta leha e le neng pele seo batsoali ba hao ba fetileng ho sona hore ba u hlokomele. Mohlomong sena se tla u susumelletsa hore u bolelle batsoali ba hao: “Ke le leboha ka sohle seo le nketselitseng sona!”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Ha U Khaotse ho ba Motsoali,” tokollong ea Tsoha! ea August 8, 1983.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela