Pono Ea Bibele
Na Bonngoe ba Bokreste bo Lumella ho se Tšoane?
BONNGOE ka phuthehong ea Bokreste ke ba bohlokoa. Ho se lumellane ka thuto ea bolumeli ho ne ho tla hlahisa liqabang tse mabifi, karohano esita le bora. (Liketso 23:6-10) Bibele e re “Molimo ke Molimo, eseng oa ho hloka taolo, empa oa khotso.” (1 Bakorinthe 14:33) Kahoo, Bakreste ba eletsoa hore ba bue ka tumellano le hore ba kopane kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.—1 Bakorinthe 1:10.
Na mantsoe aa le a litemana tse ling tsa Bibele tse tšoanang le tsee a khothalletsa hore litšobotsing tsohle ho be le ho tšoana ho sa tenyetseheng har’a Bakreste? (Johanne 17:20-23; Bagalata 3:28) Na Bokreste ba ’nete joalokaha bo hlalositsoe ka Bibeleng ha bo khothalletse ho se tšoane tabeng ea botho ba batho ka bomong? Na Bakreste bohle ba lebeletsoe ho phela ka tsela e itseng e sa feto-fetoheng?
Molimo o Ipiletsa ho Rōna ka Bomong
Batho ba bang ba lumela ka tieo hore Bibele e mpa e le e ’ngoe ea likofuto tse sebelisetsoang ho hatella matšoele a batho. Ke ’nete hore e ’nile ea sebelisoa hampe ka tsela eo ke malumeli a mang. Leha ho le joalo, Jesu o fane ka maikutlo a fapaneng mabapi le Mangolo le Moqapi oa ’ona Ea Halalelang. O hlalositse Molimo e le ea thahasellang ka matla sebōpuoa se seng le se seng sa hae.
Ho Johanne 6:44, Jesu o ile a hlalosa: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha Ntate, ea nthomileng, a mo hula.” Leetsi le sebelisitsoeng mona ha le fane ka maikutlo a hore Molimo o hulanya batho, khahlanong le thato ea bona. Ho e-na le hoo, ka mosa Molimo oa ba hohela le ho ipiletsa pelong. Joalokaha setsebi se seng sa Bibele se e beha, ho na le ‘tšusumetso e tsoang ho Molimo e sekamisetsang kelello ho lumeleng.’ ’Mōpi ha a talime batho e le feela letšoele le nyeunyang. O talima batho ka bomong ’me ka mosa o hulela ho eena ba nang le lipelo tse nang le tšekamelo e nepahetseng.—Pesaleme ea 11:5; Liproverbia 21:2; Liketso 13:48.
Hlokomela kamoo moapostola Pauluse a neng a tenyetseha le maemo kateng. O ne a hlokomela litlhoko tse khethehileng tsa batho ka bomong ’me a hlokomela hore maikutlo a itseng a tloaelehile ka ho khetheha ho batho ba lichaba kapa limelo tse itseng. Ebe o lumellanya katamelo ea hae le maemo. O ile a ngola: “Ho Bajuda ke ile ka ba joaloka Mojuda, e le hore nka rua Bajuda . . . Ho ba fokolang ke ile ka ba ea fokolang, e le hore nka rua ba fokolang. Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka mekhoa eohle nka pholosa ba bang.”—1 Bakorinthe 9:20-22.
Ka ho hlakileng, Pauluse ha aa ka a hōlisa boikutlo bo itseng bathong kapa a tšoara batho bohle ka tsela e tšoanang. O ile a ba fa khothatso ena: “Seo le se buang ka mehla a e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakolose 4:6) E, Pauluse le Bakreste ba bang ba ne ba tlameha ho hlokomela le ho hlompha botho bo ikhethang ba motho e mong le e mong e le hore ba mo thuse.
Morero oa Molimo oa Mathomo
Tlhompho e joalo ho motho ka mong e tsoela pele le ka mor’a hore a fetohe karolo ea phutheho ea Bokreste. Batho ba Molimo ha ba hoholoe hore ba tšoane ka ho phethahetseng le hore ba iphaphathe ka ho feletseng le lintho tseo ba etellang pele ba li khethang. Ho e-na le hoo, ba thabela botho bo sa tšoaneng le ho ba le bokhoni, litloaelo le maikutlo tse sa tšoaneng. Botho bo ikhethang ba motho ka mong ha bo talingoe e le khathatso kapa tšitiso. Ke karolo ea morero oa Molimo oa mathomo.
Etsoe, lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng ka Bibeleng la ho loka, phetheho bathong e tla etsa motsoako o mongata. (2 Petrose 3:13) Tlas’a sehlooho se reng “Perfection,” buka e hlalosang Bibele e bitsoang Insight on the Scripturesa e fana ka tlhaloso ena e loketseng: “Leha ho le joalo, phetheho ha e bolele ho fela ha ho se tšoane, joalokaha batho ba atisa ho nahana. Mefuta e sa tšoaneng ea liphoofolo, e leng tholoana ea ‘mosebetsi o phethehileng’ oa Jehova (Ge[nese] 1:20-24; De[uteronoma] 32:4), e na le ho se tšoane ho hongata.”
Insight ea phaella: “Phetheho ea polanete e Lefatše le eona ka ho tšoanang ha e hanyetsane le ho se tšoane, ho fetoha, kapa ho fapana; e na le lintho tse itekanetseng le tse rarahaneng, tse hlakileng le tse botle bo hapang, tse bolila le tse tsoekere, tse makukuno le tse bataletseng, mekhoabo le meru, lithaba le likhohlo. E kopanyelletsa ho phola ho hlasimollang mathoasong a selemo, mofuthu oa lehlabula hammoho le leholimo le leputsoa la hlabula, ho rateha ha mebala ea lehoetla, botle bo khathollang ba lehloa le sa tsoa khetheha. (Ge[nese] 8:22) Kahoo, batho ba phethahetseng e ke ke ea e-ba batho ba nang le botho, lineo le bokhoni tse tšoanang hantle.”
Ho Ameha ka ba Bang
Leha ho le joalo, Bokreste ba ’nete ha bo khothalletse boikhabi ba ho hlokomoloha ba bang ba re potolohileng. Moapostola Pauluse o ne a lebetse ka hloko tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo le boitšoaro ba hae e le hore a qobe ho khopisa ba bang. O ile a re lengolong la hae le eang phuthehong ea Korinthe: “Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa, e le hore bosebeletsi ba rōna bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato.” (2 Bakorinthe 6:3) Ka linako tse ling, re tlameha ho laola litakatso tsa rōna tsa botho le ho beha litlhoko tsa ba bang ka holimo ho lintho tseo re li thabelang. Ka mohlala, Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Roma: “Ho molemo ho se je nama kapa ho se noe veine kapa ho se etse ntho leha e le efe eo ka lebaka la eona mor’eno a khoptjoang.”—Baroma 14:21.
Ka ho tšoanang le kajeno, motho a ka ’na a khetha ho se sebelise joala moo ho leng teng e mong ea nang le bothata ba ho laola ho noa ha hae. (1 Bakorinthe 10:23, 24) Sena se etsoa, eseng ka lebaka la ho qobelloa, empa hobane e le ketso e khabane ea mosa le lerato. “Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa.” Jesu e ne e le motho, empa ha aa ka a phehella ho etsa seo a se ratang ka ho hlokomoloha maikutlo a ba bang.—Baroma 15:3.
Leha ho le joalo, tšobotsi e ’ngoe e khathollang ka ho fetisisa ea Bokreste ba ’nete ke hore bo hlompha tokoloho ea motho ka mong le lintho tseo a li ratang tse ka har’a meeli ea tataiso ea Bibele. Bo ruta hore Molimo o re entse re arohile ’me re le ba ikhethang. Ho 1 Bakorinthe 2:11, rea bala: “Ke mang har’a batho ea tsebang lintho tsa motho haese moea oa motho o leng ho eena?” Re leka ho utloisisa ba bang ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng. Empa temana ena e bontša hore e mong le e mong o na le ho se tšoane ho utloisisoang ke motho ka boeena feela le ke ’Mōpi oa rōna. Re na le “motho ea ka sephiring oa pelo” eo re mo senolang haeba re khetha ho etsa joalo.—1 Petrose 3:4.
Bonngoe le ho se Tšoane—Ho li Leka-lekanya ka Hlokolosi
Moapostola Pauluse o behetse Bakreste mohlala o motle oa ho ba ba leka-lekaneng. Le hoja a ne a e-na le matla e le moapostola oa Kreste, o ne a le hlokolosi hore a se ke a imetsa ba bang ka maikutlo a hae.
Ka mohlala, Pauluse o ne a e-na le maikutlo a matla ka melemo ea bosoha lefatšeng lena le sa phethahalang. Ka boeena e ne e le lesoha nakong ea ha a ngola: “Ba kenang lenyalong ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona,” le hore “[mohlolohali] o thaba haholoanyane haeba a lula kamoo a leng kateng, ho ea ka maikutlo a ka.” ’Nete ea hore mantsoe ao a hae a fetohile karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng e bontša hore ho ne ho se letho le phoso ka maikutlo a hae. Leha ho le joalo, o ile a boela a hlalosa: “Esita le haeba u ne u ka fela ua kena lenyalong, u ne u tla be u sa etse sebe.”—1 Bakorinthe 7:28, 40.
Ka ho hlakileng, boholo ba baapostola e ne e le banna ba nyetseng, joalokaha Pauluse a ile a lumela ka mantsoe ana: “Re na le matla a ho tsamaea le morali’abo rōna e le mosali, esita le joaloka baapostola ba bang kaofela le barab’abo Morena le Kefase, na ha re na ’ona?” (1 Bakorinthe 9:5) Bakreste ba ne ba tseba hore tabeng ena, ba ne ba ka etsa khetho e fapaneng le ea Pauluse ’me o ne a tla ’ne a ba hlomphe.
Kamehla barapeli ba Molimo ba ’nile ba lumelloa ho hlalosa tumelo ea bona tumellanong le botho ba bona bo ikhethang. Ha e le hantle, Molimo o bile a lumella bangoli ba Bibele ho sebelisa mekhoa ea bona ea botho ha ba ngola. Ka mohlala, ka boikokobetso bohle Nehemia o ile a ngola tlaleho ea hae a bontša hore ke eena ea e ngolang. (Nehemia 5:6, 19) Ka lehlakoreng le leng, ka lebaka la boikokobetso moapostola Johanne ha ho mohla a kileng a sebelisa lebitso la hae tlalehong ea hae ea Kosepele ’me ke ka seoelo a ipoletseng. Molimo o ile a amohela mekhoa eo ka bobeli ’me a e boloka ka Bibeleng.
Mehlala e meng e joalo ea batho ba nang le ho leka-lekana le kahlolo e molemo e fumaneha hohle ka Mangolong. Ka ho hlakileng, bonngoe ba Bokreste bo lumella ho se tšoane. Ke ’nete hore ho se tšoane ha limelo le maikutlo ho ka lebisa ho hlokeng bonngoe haeba litšoaneleho tsa moea li haella. (Baroma 16:17, 18) Empa ha re ‘ikapesa lerato, tlamo e phethahetseng ea kopano,’ re ithuta ho amohela le ho thabela botho bo sa tšoaneng ba ba bang.—Bakolose 3:14.
Bibele e re: “Ka hona amohelanang ka mofuthu, feela joalokaha Kreste le eena a ile a re amohela ka mofuthu, ka tebello ea khanya ho Molimo.” (Baroma 15:7) Ka thuso ea moea oa Molimo, Bakreste ba ka atleha ho ba ba hlokolosi ka ho leka-lekaneng tabeng ea ho boloka bonngoe ha ka nako e tšoanang ba thabela botho bo sa tšoaneng ka phuthehong.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
’Mōpi ha a talime batho e le feela letšoele le nyeunyang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]
E mong le e mong o na le ho se tšoane ho utloisisoang ke motho ka boeena feela le ke ’Mōpi oa rōna