Likoranta Tsa Russia li Thoholetsa Lipaki Tsa Jehova
MOHAHO oa lekala la Russia la Lipaki tsa Jehova o ile oa nehelanoa ka la 21 June, 1997. Mohaho oo o akarelletsa libaka tse supileng tsa bolulo, Holo e khōlō ea ’Muso, ntlo ea ho jela le mohaho o moholo oa liofisi le ho beha thepa. O ka ba lik’hilomithara tse ka bang 40 ka leboea-bophirimela ho St. Petersburg, motsaneng oa Solnechnoye.
Nehelano eo e ile ea phatlalatsoa hohle ke baqolotsi ba litaba ba neng ba memetsoe lenaneong leo. E mong oa bona o ile a ngola ho Literaturnaya gazeta ea Moscow, koranta eo ho ajoang likopi tsa eona tse fetang kotara ea milione: “Boikutlo ba pele bo bang teng ha motho a o bona ke ho re, Joale ona ke oona mohaho oa sebele!”—Bona litšoantšo tse leqepheng la 14 le 15.
Mongoli, Sergey Sergiyenko, o ile a hlalosa: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe mona e entsoe ke balumeli ka matsoho a bona: Mosebetsi oa kaho boholo o entsoe ke batho ba Finland, Sweden, Denmark, Norway le Jeremane. Litsela tse hloekileng tse entsoeng ka litene; mohloa o kutiloeng hantle; mehaho e ruletsoeng ka lithaele tse khabisitsoeng, lifensetere tse khōlō le menyako ea khalase—sena ke setsi sa tsamaiso ea bolumeli ba mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova tikolohong ea Russia.”
Baqolotsi ba litaba ba tsoang Moscow, e leng lik’hilomithara tse fetang 650 ka boroa-bochabela ho lekala, ba ne ba memetsoe nehelano ena ’me ba ile ba lokisetsoa lipalangoang. Ba ile ba bontšoa mohaho, ’me ha latela nako ea lipotso le likarabo, ha ba ntse ba fuoa lijonyana tse bobebe. A itšetlehile ka seo a se boneng, Monghali Sergiyenko o ile a ngola:
“Joalokaha maele a bolela, Lipaki ke batho ba ikokobetsang le ba sa ikhohomoseng . . . Ho beha maele ao a Serussia ka tsela e ’ngoe, ‘Lipaki li phela [lehaeng la tsona] joalokaha eka li sefubeng sa Jehova.’ . . . Lipaki tse lulang li le mosa ho batho bohle, ka sebele, li bontša ho tsotella barab’abo tsona ka ho khetheha.”
Sehlooho se ngotsoeng ke S. Dmitriyev se ile sa hlaha ho Moskovskaya Pravda, koranta ea letsatsi le letsatsi eo ho ajoang likopi tsa eona tse ka bang 400 000. Sehloohong sa hae se reng “U ka Ikahela Lefatše la Hao ka Matsoho a Hao Feela,” mongoli o ile a hlalosa:
“Ka mor’a hore mokhatlo oa bolumeli oa Lipaki o amoheloe ka molao Russia [ka 1991], ho ile ha hlaha potso mabapi le ho hahoa ha ntlo-khōlō ea tsona. Li ne li batla sebaka se haufi le Moscow ha ka tsela e sa lebelloang ho fihla tlaleho ea hore sebaka seo e neng e le kampo ea bacha haufi le St. Pete[rsburg] sea rekisoa. Sebaka seo se ile sa rekoa, ’me tsa qala ho haha. . . .
“Ka la 1 January, 1996, e leng selemo le likhoeli tse tšeletseng tse fetileng, setsi se motsaneng oa Solnechnoye se ile sa fetoha lekala la mokhatlo oa bolumeli ka molao. Bohareng ba June, sehlopha sa baqolotsi ba litaba ba Moscow, ka ho qeta nakoana se le St. Pete[rsburg], se ile sa khona ho fumana hore na, Lipaki tsena tsa Jehova ke bo-mang?”
Karabo ea Monghali Dmitriyev e bile efe? “Ke batho, ba tšoanang le batho leha e le bafe ba bang.” Leha ho le joalo, ba fapane, joalokaha a ile a hlokomela qetellong ea sehlooho sa hae: “Ba khotsong ka bobona, ba pota-potiloe ke khotso. Na seo ke toro? E. ’Me leha ho le joalo sea etsahala.”
Moqolotsi e mong oa litaba oa Moscow, Maksim Yerofeyev, ea ngollang Sobesednik, koranta eo ho ajoang likopi tsa eona tse fetang 300 000, o ile a re: “Likamano tsohle tikolohong ena e nyenyane li thehiloe molao-motheong o latelang: Ha ho le ea mong ea qobelloang ho sebetsa, leha ho le joalo e mong le e mong oa sebetsa.”
Ka mor’a ho hlalosa ntlo eo mohokahanyi oa Komiti ea Lekala, Vasily Kalin, a lulang ho eona, Monghali Yerofeyev o ile a re: “Batlalehi ba bang ba rōna ba sa tšepeng seo ba se boneng ba ile ba batla ho etela matlo a mang ao ba ikhethelang ’ona. Matlo a mang le ’ona a ne a batla a sa fapana hakaalo le eo Vasily Kalin a lulang ho eona ka boholo le thepa e ka har’a ’ona.”
Motlalehi e mong, Anastasiya Nemets, o ile a ngola sehlooho se reng “Ho Iphelela ka Khotso.” Sehloohoana se tlas’a sehlooho seo ho Vechernyaya Moskva se ne se re “Sena ke Seo Batho ba Ithutang Sona Motsaneng o sa Tloaelehang o ka Thōko ho St. Pete[rsburg].”
Ha a hlalosa sebaka seo mohaho oa lekala o fumanehang ho sona le kamoo o shebahalang kateng, o ile a ngola: “O pota-potiloe, ke meru le mekhoabo. Kou ea Leoatle la Finland ha e hōle hakaalo. Mona ho na le matlo a manyenyane a hloekileng a hahiloeng ka mokhoa oa Europe, litsela tse fietsoeng ka makhethe tse katiloeng ka litene le lirapa tsa lipalesa tse mebala e khahlang.
“Lik’hamphani tsa khoebo li hahela ‘batho ba ruileng ba Russia’ litorotsoana tse joalo. Leha ho le joalo, batho ba maemo a itekanetseng ba phela motsaneng ona . . . Ba phela ka boiketlo, ’me seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa, ba phela e le metsoalle. Ho na le batho ba ka bang 350 feela mona, ba tsoang likhutlong tsohle tsa lefatše; motho a ka utloa lipuong tse fapaneng tseo ba li buang—ho tloha ka Sepanishe le Sepotoketsi ho isa ho Sefinnishe le Seswedishe.
“Ha e le hantle, ona ke motsana o entsoeng motsehali: Motsana ona o na le libaka tsa oona tsa ho etsa thepa le ho e lokisa, moo ho khonehang ho lokisa ntho leha e le efe eo lelapa le leholo la lipuo tse ngata le e hlokang; ebile o na le tleliniki ea oona.”
Ka sebele, nehelano eo e bile ketsahalo e thabisang ho ba 1492 ba tsoang linaheng tse 42 ba neng ba le teng Solnechnoye. Ba bangata ba neng ba le teng moo e ne e le batho ba hōlileng ba ’nileng ba bolela tlas’a thibelo ka lilemo tse mashome. Na u ka inahanela ho tsota ka makalo ho bileng teng le thabo ha batho bana ba hōlileng ba bontšoa mohaho ona o motle o hahiloeng sebakeng sena se kang serapa, se boholo ba lihekthere tse 6,9? Ke ho utloahalang hore ba ne ba ka ’na ba nahana hore baa lora.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Baqolotsi ba litaba ba bontšoa mohaho oa lekala
Nakong ea lipotso le likarabo