Bacha Baa Botsa. . .
Nka Qoba Joang ho Manangoa ke Motsoalle?
“Motsoalle oa ka o ne a ntšoara joalokaha eka ke tonki ea hae. O ne a sa mphe nako ea tšoeea.”—Hollie.
MAELE a bohlale a re: “Motsoalle e mong o’a khomarele motho ho fetisa ngoan’abo motho.” (Liproverbia 18:24) ’Me haeba u e-na le motsoalle eo u nang le tumelo e tšoanang le eena, le rata mesoaso e tšoanang, kapa le thahasella lintho tse tšoanang, ka ho utloahalang u batla ho ba haufi le eena. Mocha e mong ea bitsoang Caroline o re: “Katamelano e haufi le e meng ea metsoalle ea ka ka phuthehong ea Bokreste ke phello ea ho kopanela ha rōna hammoho tšebetsong.” Kaha Caroline ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, o behella ka thōko khoeli e ’ngoe eo ka eona a ikemisetsang ho qeta lihora tse 60 mosebetsing oa ho bolela evangeli. Metsoalle ea hae e hlophisa kemiso ea eona ea nako bakeng sa ho mo tšehetsa mosebetsing ona!
Empa, le hoja katamelano e e-na le melemo ea eona, ka linako tse ling ea tena. Hollie, ea qotsitsoeng sethathong, o ikutloa hore o manangoe ke e mong oa metsoalle ea hae. ’Me hase eena feela ea ikutloang ka tsela ena. Hollie oa hlokomela: “Ho bonahala bana ba bang le bona ba etsahalloa ke seo. Ba fothakelana hoo qetellong ba qabanang. Joale ebe ba qeta libeke ba sa buisane.”
Bothata ke hore ha ho bonolo ho bolella motsoalle hore u ikutloa hore o u maname le hore u hloka nako ea tšoeea. U ka ’na ua tšaba hore u tla utloisa motsoalle oa hao bohloko. Hape u ka ’na ua tšaba hore u tla senya botsoalle ba lōna. Leha ho le joalo, ho fana ka nako e lekaneng ea tšoeea botsoalleng ho ka thusa ho e-na le ho utloisa bohloko.
Ho tea mohlala: Serapeng se seng sa sechaba Sydney, Australia, sefate se seng se seholo se ile sa tlameha ho terateloa ka liketane. Hobane’ng? Hobane baeti ba bangata ba neng ba etela moo ba ne ba kata mobu oa sona butle-butle ’me metso ea sona e ne e bipetsana. Haeba se ne se sa ka sa sireletsoa, sefate seo se ka be se shoele. E ka ba ntho e tšoanang le ka botsoalle. Katamelano e haufi haholo e ka bipetsa botsoalle. Morena Solomone o ile a ngola: “U se ke ua itloaetsa haholo lapeng la oa heno, e se re mohlomong a tenoa ke uena, a ba a u hloea.”—Liproverbia 25:17.
Ho Hlokahala Nako ea Botho le ea Boinotši
Ke hobane’ng ha Solomone a buile seo? Lebaka le leng ke hobane kaofela ha rōna re hloka ho ba le nako e itseng ea botho le boinotši. Esita le Jesu Kreste o ne a e hloka. Le hoja a ne a le haufi le barutuoa ba hae, nako le nako o ne a ee a tsamaee “a le mong ho ea rapela.” (Matheu 14:23; Mareka 1:35) Ka ho tšoanang, Isaka ea tšabang Molimo o ile a fumana nako ea ho ba mong. (Genese 24:63) Le uena ka ho tšoanang u hloka nako e itseng ea botho bakeng sa ho hlokomela lintho tse kang mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae, mesebetsi e meng ea letsatsi le letsatsi le thuto ea botho ea Bibele. ’Me haeba metsoalle ea hao e bontša ho se u nahanele ka ho hlokomoloha litlhoko tsa hao tabeng ena, maikutlo a khalefo a ka ’na a hotela habonolo.
Ka hona, u se ke ua tšaba ho bolella motsoalle oa hao hore u hloka nako ea hao ea botho. Kaha lerato la Bokreste “ha le batle lithahasello tsa lona,” kamehla motsoalle oa sebele o tla leka ho ba ea utloisisang. (1 Bakorinthe 13:4, 5; Liproverbia 17:17) Mocha e mong oa ngola: “Nakong ea ha re e-ea litlhahlobong tsa makhaola-khang, metsoalle ea ka e ne e ntšehetsa le ho bontša kutloisiso. Ke ne ke lokoloha ho e kōpa hore e tsamaee ha ke hloka nako ea ho ithuta. Ho bonolo ho bua ka bolokolohi ho metsoalle ea ka; ea tseba hore bohle re na le mesebetsi eo re lokelang ho e etsa.”
Ho hlakile hore Molao oa Khauta o hloka hore le uena u bontše ho nahanela ho joalo ho metsoalle ea hao. (Matheu 7:12) Mocha e mong ea bitsoang Tamara oa ngola: “Ka sebele ho ba le mesebetsi e mengata eo ke lokelang ho e etsa ho entse hore ke hlokomele hore motsoalle oa ka o hloka nako ea ho ba mong.” ’Me ha Tamara a e-na le mesebetsi eo a lokelang ho e etsa lapeng, metsoalle ea hae ha e mo khothalletse hore a e etse ka lepotlapotla kapa a e siee a tle a e etse hamorao. Ho e-na le hoo, Tamara o re, “hangata e nthusa hore ke etse mosebetsi oa ka e le hore re khone ho etsa lintho tse ling hammoho hamorao.” Metsoalle e hlokang boithati joalo ke letlotlo le lekaakang—’me ke nako e bohlokoa hakaakang eo e e qetang e sebetsa hammoho!
“Atoloha”
Ho na le lebaka le leng hape leo ka lona ho leng bohlale ho fana ka nako ea tšoeea botsoalleng. Haeba re qeta nako eohle ea rōna le maikutlo ’ohle a rōna le motsoalle a le mong feela, re ka ’na ra sekamela ho hlokomoloheng botsoalle bo bong ba bohlokoa—joaloka botsoalle ba rōna le batsoali ba rōna, banab’abo rōna le Bakreste ba bang. Re boetse re thibela khōlo ea rōna ea maikutlo le ea moea. Bibele e re: “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.” (Liproverbia 27:17) Ka ho hlakileng, u ka ‘leotsoa’ ka tekanyo e itseng feela ke ho kopana le motho a le mong—haholo-holo haeba eo e le thaka ea hao.
Ka hona, Bibele ha e khothalletse ho ba le sehlotšoana se itseng sa metsoalle, se lekanyelitsoeng kapa se ikhethileng khethong ea sona ea metsoalle. E re khothalletsa hore re “atolohe.” (2 Bakorinthe 6:13) Buka e bitsoang Moods and Feelings, ea eletsa: “Le haeba u e-na le motsoalle oa hlooho ea khomo, ke habohlokoa hore le metsoalle e meng u iphe nako ea ho e bona.”
Hase kamehla ho leng bonolo ho sebelisa keletso e joalo. Mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Michael o re: “’Na le Troy re ne re tloaetse ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hammoho, lintho tsa phutheho hammoho le tsa botho. Re ne re sa arohane. Eaba mocha e mong oa Paki o fallela phuthehong ea rōna. ’Na le eena re ne re batla ho sebetsa ’moho re le baboleli ba nako e tletseng, kahoo ra qala ho qeta nako hammoho.” Phello ea e-ba efe? Michael o re: “Troy o ile a khaotsa ho mpuisa, ’me ka mor’a ho hlōleha boitekong ba ho lokisa litaba le ’na ka khaotsa ho mo buisa. Sena se ile sa tsoela pele nako e ka etsang selemo.” O hlalosa botsoalle ba bona e le ba “ho bouleloa joaloka thepa.”
Leha ho le joalo, botsoalleng bo atlehileng, metsoalle ha e tšoarane joaloka thepa e ruiloeng. Kahoo, haeba motsoalle oa hao a bonahala a sa rate ha u leka ho ba ea atolohang, le lokela ho phetlelana lifuba. Mohlomong motsoalle oa hao o mpa a hloka feela hore u mo tiisetse hore u ntse u nka botsoalle ba hae e le ba bohlokoa. Mo hlakisetse hore le tla ’ne le tsoele pele ho etsa lintho hammoho.
Ke ’nete hore ho ka ’na ha nka motsoalle oa hao nako hore a amohele maikutlo ana. Ka mohlala, Zaneta ea lilemo li 16, o ile a qetoa ke poulelo ha motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo a qala ho qeta nako le metsoalle e meng. Empa Zaneta o re o ile a hlōla maikutlo ana, “ka thuso ea thapelo le thuto ea botho ea Bibele.” Kahoo, o ile a khona ho boloka kamano e haufi le motsoalle oa hae. Motsoalle oa Michael, Troy, le eena o ile a hlōla poulelo eo a neng a e-na le eona qalong, ’me ea boela ea e-ba metsoalle ea hlooho ea khomo. Mohlomong motsoalle oa hao le eena o tla etsa ntho e tšoanang. Ha e le hantle, qetellong, ho ba ea atolohang ho tsoela e mong le e mong ea amehang molemo. Debbie ea lilemo li 17 o fumana hore ha metsoalle ea hae e fumana metsoalle e mecha, “hangata le eona e fetoha metsoalle ea ka.”
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba motsoalle oa hao a hlile a sa batle ho amohela liphetoho tsee botsoalleng ba lōna? E ka ’na eaba ha u na boikhethelo haese hore e mong le e mong a ikele ka tsela ea hae. Leha ho le joalo, pele u etsa qeto ea hore botsoalle ba lōna bo felile, ke hobane’ng ha u sa kōpe maikutlo a batsoali ba hao tabeng ee? Etsoe, batsoali ba tšabang Molimo ke bona bao ka sebele e leng metsoalle ea hao e haufi-ufi. Mohlomong ba ka u fa litlhahiso tse sebetsang tse ka u thusang ho boloka botsoalle ba lōna ntle le ho sekisetsa tlhoko ea hao ea ho ba le nako ea tšoeea.
Qeta Nako le Metsoalle e Nepahetseng
Tlhokomeliso: Ho ba ea atolohang ha ho bolele ho se be ea hlokolosi khethong ea hao ea metsoalle. Buka e buang ka botsoalle e re: “Ke ha tlhaho hore motho a tšoane le batho bao a qetang nako e ngata le bona. Ka linako tse ling sena se ka ’na sa etsahala u sa hlokomele. U ka ’na ua qala ho nahana le ho itšoara joaloka lithaka tsa hao ho sa tsotellehe hore na u ikutloa joang. Ka tsela ena, lithaka tsa hao li ka ’na tsa u laola.” Bibele e buile ntlha ena lilemong tse likete tse fetileng ha e re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.”—Liproverbia 13:20.
Ha u le sekolong kapa mosebetsing, u ka ’na ua tlameha ho qeta nako e itseng le batho ba sa thahaselleng ho sebeletsa Jehova. Empa ha u khetha metsoalle e haufi, hopola keletso ea Bibele: “Metsoalle e mebe e senya sebōpeho se setle.”—1 Bakorinthe 15:33, Today’s English Version.
Hape hopola hore botsoalle ba bohlokoa ho feta botsoalle leha e le bofe le batho ke botsoalle ba motho le ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Debbie, ea qotsitsoeng pejana, o na le metsoalle e ’maloa ea sebele. Leha ho le joalo, keletso ea hae ke ho “tiisa hore kamehla Jehova o tla pele.” Abrahama ea tšepahalang oa boholo-holo o ile a etsa joalo, ’me ka ho khetheha Jehova a mo bitsa “motsoalle oa ka.” (Esaia 41:8, NW) ’Me nahana ka sena: Jehova ha a hloname ha u fa metsoalle ea hao e mo ratang nako ea hao; ha e le hantle, ke sona seo a se khothalletsang. Eo ke eena Motsoalle oa sebele!
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Metsoalle ea sebele ea hlokomela hore e mong le e mong o hloka ho ba le nako ea botho