Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 12/1 maq. 20-23
  • Kamoo U ka Etsang Metsoalle Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Etsang Metsoalle Kateng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • METSOALLE EA ’NETE KE LETLOTLO LA BOHLOKOA
  • MOO U KA ETSANG METSOALLE EA ’NETE
  • METSOALLE EA KA HO SA FELENG
  • Ho Ikhotsofatsa Tabeng ea ho Batla Botsoalle
    Tsoha!—2004
  • Metsoalle ea ’Nete Mokhoa oa ho e Fumana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?
    Tsoha!—1996
  • Jehova—Na ke Motho eo U mo Tloaetseng Feela Kapa ke Motsoalle oa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 12/1 maq. 20-23

Kamoo U ka Etsang Metsoalle Kateng

“HA U FUMANE MOTSOALLE A LE MONG BOPHELONG, U SEBELITSE; E ’MELI E MENGATA; E MERARO E FUMANEHA KA THATA.”—Henry Brooks Adams.

POLELO e joalo e bolela hore metsoalle ea ’nete e fumaneha ka thata. Batho ba jeoang ke bolutu haholo, ba batlang setsoalle, ba atisa ho utluoa ba bua lipolelo tse kang, “Ha ho na motho ea ka nthusang,” “Ha ho eo nka mo tšepang,” kapa “Ntja ea ka ke eona feela motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo.”

Ke phephetso ho etsa setsoalle se tšoarellang le ho se boloka. Phuputso e khethehileng e ile ea senola hore “karolo ea 25 lekholong ea batho ba baholo ba United States e jeoa ke ‘bolutu kamehla’ ’me . . . Fora teng halofo ea batho e tseba hore na ho joang ho ba pulumo-ea-seema-notši.” Ho ata ha mekhatlo ea ho laetsana, lipuisano tse etsoang ka lik’homphieutha le liphatlalatso tse ngata tsa ba batlang balekane tse etsoang likoranteng, li bontša hore batho ba lakatsa ka matla ho ba le batho ba bang.

Dr. David Weeks, eo e leng setsebi sa methapo, o bolela hore bolutu bo kulisa motho kelellong le ’meleng. “Ke na le bakuli ba bangata ba tšoenngoang ke lipelaelo le ho imeloa kelellong bao ho ka hlalosoang hore ba jeoa ke bolutu. Ho imeloa kelellong ka mokhoa o tlōtseng ho amana le ho jeoa ke bolutu ka mokhoa o tlōtseng.”

Tlhalo le ho senyeha ha bophelo ba lelapa li etsa hore batho ba eketsehileng ba qetelle ba lula ba le bang. Phuputsong e ileng ea etsoa Brithani ho ile ha finyelloa qeto ea hore ho tloha lekholong la bo21 la lilemo, batho ba ka etsang karolo ea 30 lekholong sechabeng seo, ba tla be ba lula ba le bang malapeng.

Mangolo a bululetsoeng a boletse esale pele hore moea oa boithati o ne o tla ata “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) Ho bonahala hore ba bangata ba thahasella haholo lintho tse bonahalang tse kang matlo kapa likoloi, kapa mesebetsi ea bona ho feta ho hlaolela likamano tse ntle le batho ba bang. Anthony Storr, eo e leng sengoli, o re: “Ho e-na le ho lebisa tlhokomelo ho balekane ba bona le bana ba bona, bophelo ba bona bo likoloha mesebetsing ea bona.”

METSOALLE EA ’NETE KE LETLOTLO LA BOHLOKOA

Hore na u phela bophelo ba mofuta ofe, ho itšetlehile haholo ka hore na u na le metsoalle ea mofuta ofe. Hangata batho ba iphelelang ha baa thaba hobane ha ba na metsoalle eo ba kopanelang lintho tsa bona le eona le eo ba phetlelanang lifuba le eona. Mantsoe ana a Jesu Kreste ke ’nete: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.” (Liketso 20:35) George Byron, seroki se seng sa Lenyesemane, ha a pheta mantsoe ana oa ngola: “Bohle ba ka fumanang thabo, ba lokela ho e abela ba bang.”

Motsoalle ke eng? Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa motsoalle e le “ea khomarelang ho e mong ka lebaka la lerato kapa tlhompho.” Motsoalle oa ’nete a ka thusa hore u nahane ka lintho tse molemo. A ka u khothatsa le ho u haha ha ho hlokahala. A ka ba a lla le uena. Morena Solomone o ile a re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17, NW) Lintho tse bonahalang li atisa ho felloa ke molemo ka mor’a nako, empa setsoalle sa ’nete sona sea hōla le ho atleha ha nako e ntse e tsamaea.

Mangolo a khothalletsa Bakreste ho ‘atolosa’ lerato la bona. (2 Bakorinthe 6:13) Ho atamela haufi le ba bang ke bohlale. Ho Moeklesia 11:1, 2 (NW) rea bala: “Lahlela bohobe ba hao holim’a metsi, kaha ka mor’a matsatsi a mangata u tla boela u bo fumane. Fana ka karolo ho ba supileng, kapa esita le ho ba robeli, etsoe ha u tsebe hore na ho tla etsahala tlokotsi efe lefatšeng.” Molao-motheo oo o sebetsa joang tabeng ea setsoalle? Haeba u entse setsoalle le batho ba bangata, ba bang ba bona ba ka ’na ba u phallela ha mathata a hlaha.

Metsoalle ea ’nete e tla u sireletsa le ka tsela e ’ngoe. Liproverbia 27:6 e re: “Maoma a etsoang ke motsoalle a tšepeha.” Le hoja ba bang ba ka ’na ba u rorisa, ke metsoalle ea ’nete feela e tla u nahanela hoo e ka u supisang phoso e tebileng ’me ka lerato e u fe keletso e hahang.—Liproverbia 28:23.

Metsoalle e molemo le e haufi e baloa har’a limpho tse fumanehang seoelo tse ka u susumelletsang botleng. Ho Liketso khaolo ea 10, re bala ka se ileng sa etsahala bophelong ba molaoli oa lebotho oa Moroma Korneliase, ea neng a tsebisitsoe ke lengeloi hore lithapelo tsa hae li utloahetse. Ha Korneliase a ntse a lebeletse ho eteloa ke moapostola Petrose, ‘o ile a bitsa beng ka eena le metsoalle e haufi-ufi.’ Metsoalle eo e haufi-ufi ea Korneliase e ne e le har’a Balichaba ba pele ba sa bollang ba ileng ba amohela litaba tse molemo le ho tlotsoa ka moea o halalelang, ka tebello ea hore e tla busa le Kreste ’Musong oa Molimo. Eo ebile tlhohonolofatso e kaakang bakeng sa metsoalle e haufi-ufi ea Korneliase!—Liketso 10:24, 44.

Ebe u ka qala kae ha u etsa metsoalle? Bibele, e buang ho hongata ka setsoalle, e araba ka keletso e molemo. (Bona lebokose.)

MOO U KA ETSANG METSOALLE EA ’NETE

Sebaka se molemo ka ho fetisisa seo u ka etsang metsoalle ea ’nete ho sona ke ka phuthehong ea Bokreste. Pele ho tsohle, u ka sebelisa monyetla oa ho etsa setsoalle le Jehova, e leng ’Mōpi oa hao le Ntat’ao oa leholimo, le Jesu Kreste, Molopolli oa hao. Jesu, ea u memang hore u be motsoalle oa hae, o itse: “Ha ho le ea mong ea nang le lerato le leholo ho feta lena, hore motho a nehelane ka soule ea hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:13, 15) Ka ho etsa Jehova le Jesu Kreste metsoalle, u ka kholiseha hore ba tla u “amohela libakeng tsa bolulo tse sa feleng.” E, ho ba le setsoalle le Jehova le Jesu ho bolela bophelo bo sa feleng.—Luka 16:9; Johanne 17:3.

U ka fumana joang setsoalle sa bona se mofuthu? Litlhokahalo tsa ho ba moeti ka tenteng ea Jehova u le e mong oa metsoalle ea hae li thathamisitsoe ho Pesaleme ea 15. E phetle ka Bibeleng, ’me u bale litemana tse hlano tsa pesaleme eo. Ho phaella moo, Jesu Kreste o itse: “Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.”—Johanne 15:14.

E, ka ho ithuta le ho sebelisa ka hloko tataiso e tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele, u bontša hore u batla ho ba motsoalle oa Jehova le Jesu. Ntho e ka etsang hore u finyelle sena ke hore u be teng kamehla libokeng tsa Bokreste, moo ho fanoang ka tsebo ea Jehova Molimo. Ka botšepehi u ikitlaelletse ho mamela Jehova, ’me u tla atamela haufinyane le eena le Mora oa hae.

Libokeng ke moo u ka boelang ua tloaelana le batho ba ratang Jehova le ba bontšang litholoana tsa moea—e leng lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro—bophelong ba bona. (Bagalata 5:22, 23) Haeba kannete u batla ho etsa metsoalle le ho felisa bolutu, e-ba teng libokeng tsa Bokreste beke le beke. Ho etsa joalo ho u beha sebakeng se nepahetseng ka nako e nepahetseng hore u hlaolele setsoalle se tšoarellang le batho ba Molimo ba hlohonolofalitsoeng.

METSOALLE EA KA HO SA FELENG

Setsoalle sa ’nete ke mpho e babatsehang e tsoang ho Jehova Molimo. Se tsoaloa ke botho ba hae le tsela eo a leng ka eona. Ka lebaka la moea oa hae oa lerato le oa ho fana, o tlatsitse lefatše ka libōpuoa tse bohlale tseo u ka bang motsoalle oa tsona. Thabela botsoalle le Bakreste-’moho le uena. Ba khothatse. Sebetsa le bona tšebeletsong. Rapela le bona u be u ba rapelle kamehla. Ka ho etsa joalo u tla be u etsisa Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste.

Setsoalle ke mpho eo e mong le e mong a khonang ho fana ka eona le ho e amohela. Haufinyane, u tla ba le monyetla oa ho ba le metsoalle e eketsehileng. U ka etsa setsoalle le ba limilione ba phelang hona joale, hammoho le ba meloko e fetileng ba robetseng lefung ba letetseng tsoho nakong ea ha ‘lefu le tla be le se le sa tl’o hlola le e-ba teng.’ (Tšenolo 21:4; Johanne 5:28, 29) Ikitlaelletse ho ba botsoalle hona joale, ’me u iketsetse metsoalle e ratang Jehova. Phehella setsoalle le Jehova Molimo le Jesu Kreste ka ho mamela Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Joale, u ke ke ua hlola u jeoa ke bolutu ka ho sa feleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela