Metsoalle ea ’Nete Mokhoa oa ho e Fumana
RALPH WALDO EMERSON o itse, “Tsela feela ea ho ba le metsoalle ke hore u be eena.” Leha ho le joalo, ba bangata ba khethile tsela ea ho phela ba le bang. Ho e-na le ho hahamalla setsoalle le ho batla ho ba metsoalle, ba koalla ba bang menyetla. Phello? Pampiri ea litaba ea Brazil e qotsitse e mong oa bafuputsi a re, “Batho ba qetang nako e ngata haholo ba le bang ba fetoha ba ikutloang ba ‘tepeletse haholo, ba sa thaba, lefatše le sa ba amohele.’” A tsoela pele: “Ha ho se letho le leng leo u le etsang, ha ho se eo u buang le eena, u-ua touta. Ho ba bonolo haholo hore u tšoaseha mathateng a hao.”
Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore u fihle boemong bo joalo. E batla e le e mong le e mong ea ka ithutang ho ba motsoalle ’me kahoo a fumana metsoalle. Empa motho o qala joang? Ntlha e khōlō matleng a ho etsa metsoalle ke botho ba rōna. Maele a boholo-holo ka tieo a re: “Ho hohela ha motho ho itšetlehile ka mosa oa hae.” (Liproverbia 19:22, The Jerusalem Bible) Kahoo, setsoalle sa ’nete se tla ho ba bontšang mosa. Ka mohlala, ha re fa ba bang monyetla oa ho tseba hore rea ba ananela, ba ka nolofalloa haholoanyane hore ba re thahaselle.
Motho ea mosa o boetse o mamela ba bang. Motho ea laolang moqoqo kapa ea buang ka ho feteletseng ka eena o tla thatafalloa ke ho fumana mang kapa mang ea thahasellang maikutlo a hae le litšusumetso tsa hae. Mosa o boetse o bolela ho alosa seo re se buang ho ba bang. “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joale ka tsenene; empa molomo oa ea bohlale oa thoba.” (Liproverbia 12:18) Ka mohlala: U ka ’na ua hlokomela hore motho e mong o tepeletse kapa o qetiloe ke ho ngongoreha. Maele a re: “Ngongoreho e ka u amoha thabo, empa mantsoe a mosa a tla u thabisa.” (Liproverbia 12:25, Today’s English Version) Boemong bo joalo, leleme la hao le thobang le ka u hapela motsoalle ea tšepahalang.
Molemo oa Botšepehi
Mongoli oa Liproverbia 18:24 o bontšitse kelello e tebileng ka likamano tsa batho ha a ngola: “Metsoalle e meng e re tlisetsa tšenyeho, empa motsoalle oa ’nete o tšepahala ho feta ngoan’abo motho.” (The New American Bible) E, ke mang ea batlang motsoalle ea tšepahalang feela ha katleho e le teng? Empa nahana ka mohlala oa Davida le Jonathane. Jonathane a ka be a ile a honohela Davida kaha Jonathane e ne e le mojalefa teroneng ea Iseraele empa o ne a tseba hore Davida, ha e le hantle, e ne e tla ba morena. Empa Jonathane o bontšitse botšepehi, ho Davida, e seng mōna, o bile a bea bophelo ba hae kotsing molemong oa Davida.—1 Samuele 18:1-3; 20:17, 31, 32; 2 Samuele 1:26.
Ruthe e ne e le motsoalle e mong ea tšepahalang. Ho e-na le hore a lahle matsal’ae Naomi, a mo khomarela. Ha e le hantle, ka nepo bashebelli ba boletse hore Ruthe o ne a le ‘molemo ho Naomi ho feta bara ba supileng.’—Ruthe 1:16, 17; 4:15.
Na u bontša botšepehi bo joalo? Ka mohlala, ha u bona liphoso metsoalleng ea hao, na ka booatla o li senolela ba bang?
Empa ho thoe’ng haeba moratuoa oa hao a e-na le phoso e tebileng e hlokang tlhokomelo e potlakileng? Motsoalle ea tšepahalang ha a honyele ho bolela ’nete ka baka la ho tšaba boitšoaro ba motho e mong. Bibele e re: “Maoma a etsoang ke motsoalle a tšepeha.” (Liproverbia 27:6) Ha e le hantle, hona ha ho bolele hore u lokela ho ba bohale kapa u hloke bohlale. Bakreste ba Galatia ea boholo-holo ka lekhetlo le leng ba ile ba hloka ho lokisoa phatlalatsa. Empa hlokomela kamoo ka bohlale moapostola Pauluse a sebelitseng boemo bona kateng ’me joale a botsa: “Hleka ke fetohile sera ho lōna, ka ho le bolella ’nete na?” (Ba-Galata 4:16) Motsoalle oa ’nete o tla u ratela ‘ho bolela ’nete,’ esita le haeba ke keletso e khalemelang.—Liproverbia 9:8.
Thabo ea ho Fana
Setsoalle sa ’nete le sa nako e telele se hlile se hloka ho hong. Batho bao kamehla ba loanelang ho fumana ntho e ’ngoe empa bona ba sa fane, ba ke ke ba tseba thabo eo Jesu a buileng ka eona ha a ne a re, “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (Liketso 20:35; Luka 6:31, 38) Ka hona, ithute ho sheba batho ka maikutlo a seo u ka ba etsetsang sona, ho e-na le seo u ka se fumanang ho bona.
Bibele e khothaletsa Bakreste hore ‘ba fane, ba abele ba bang.’ (Liproverbia 11:25; 1 Timothea 6:18) Ho ka etsahala hore ha u na lintho tse ngata tse bonahalang, empa ho thoe’ng ka nako ea hao? Na kamehla u itloaetsa ho ba ea potlakileng? Setsoalle se ja nako, ’me ntle le hore motho a ithaopele ho ipha nako bakeng sa ba bang, likamano li ke ke tsa atleha. Ho tea mohlala, u ka ’na ua botsa potso e sebelisitsoeng haholo tumelisong, “U phela joang?” Empa na u fana ka nako ea hao ka ho lekaneng hore u eme ’me u itokisetse ho mamela karabelo ea potso eo? Hopola hore le hoja Jesu a ne a tšoarehile haholo, kamehla o ne a fumana nako ea ho buisana le ba ’matlang.—Mareka 6:31-34.
Ho Boloka Setsoalle sa Rōna se Phela
Hang ha setsoalle se theiloe, ho lokela hore ho etsoe boiteko bohle ho se boloka se phela. Ke ’nete, ha le ntse le tsebana, mefokolo e itseng le liphoso tse itseng li tla totobala. Empa ke hantle haeba u hlokomela le ho amohela mefokolo e menyenyane. ’Me ha u sa tiisehe ka hore na taba e hlile e joalo, ntho e molemo eo u ka e etsang ke hore u nke hore motsoalle oa hao ha a joalo, u qobe pelaelo e sa lokang. Pauluse o-oa eletsa: ‘Le mamellane ka lerato.’ ’Me Petrose o-oa phaella: “Haholo-holo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa libe tse ngata.”—Ba-Efese 4:2; 1 Petrose 4:8.
Joale, hape, ho bohlale hakaakang hore re se nke metsoalle habobebe! Esita le metsoalle e haufi-ufi e hloka lekunutu le itseng. Ho chaka halelele, khafetsa, kapa ka nako e sa beoang, qetellong ho ka ’na ha tšoenya ’me ha se ratehe. Temoho le tlhompho li tla hlahisa hore u etse litokisetso pele ha ho khoneha. Liproverbia 25:17 e-ea eletsa: “U se ke ua itloaetsa haholo lapeng la oa heno, e se re mohlomong a tenoa ke uena, a ba a u hloea.”
E sa boetse e le tsela e bohlale ho qoba ho ba ea bohele-hele haholo, ea patang taba tsa hae, le eo ntho tsa hae e leng tsa hae. Ho inyenyefatsa ho tla re susumelletsa ho qoba ho ba bahatelli. Ka sebele, setsoalle ha se re nehe tokelo ea ho qobellana maikutlo kapa litatso tsa rōna tsa botho. Ka sebele, haeba re busoa ke “bohlale bo tsoang ho Molimo,” re tla ba ba utloisisang.—Jakobo 3:17.
Tšehetsa metsoalle ea hao, u latele keletso ea Pauluse ho Ba-Roma 12:15: “Thabang le ba thabileng, ’me le lle le ba llang.” E, ithaopele ho arolelana mahlomola, masoabi, thabo, le katleho tsa metsoalle ea hao. Hape, bontša ho qaboha, ikemisetse ho tšeha liphoso tsa hao, e seng tsa ba bang feela. Lipolelo tse thabisang li ka boetse tsa sebeletsa ho bebofatsa ho imeloa maemong a mabe. E, setsoalle ke mosebetsi. Empa na ha se tšoanele boiteko?
Ho Fumana Metsoalle ea ’Nete
Leha ho le joalo, motho a ka fumana metsoalle ea ’nete hokae? Sebaka se setle seo u ka qalang ho sona e tla ba phuthehong ea lona ea Lipaki tsa Jehova. Bakreste bana ba ’nete ba thabela likamano tse monate joalo hoo hangata ba ipitsang hore ke “metsoalle,” joalokaha ho entse balumeli hammoho le bona ba lekholong la pele la lilemo. (3 Johanne 15) Ba lahlile boikhohomoso ba bochaba le ba morabe, lintho tse arotseng batho. Ba leka ho ikapesa ka seo Bibele e se bitsang “motho e mocha.” Hona ho bolela ho hlaolela litšoaneleho tse hohelang tse joaloka “maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.” (Ba-Kolosse 3:10-12) Ka sebele u tla khona ho fumana metsoalle e lakatsehang har’a batho ba etsang hona!
Ka ho kopanela le Lipaki tsa Jehova, u tla ithuta hape kamoo u ka bang motsoalle oa Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste. Jesu o itse: “Le tla ba metsoalle ea ka, ha le etsa tsohle tsee ke le laelang tsona.” (Johanne 15:14) Le Abrahama oa boholo-holo o ne a bitsoa “motsoalle oa Molimo.” Abrahama o ile a fumana eona kamano eo e lakatsehang ka baka la tumelo ea hae le mesebetsi ea hae e lokileng, ’me le uena u ka etsa ho tšoanang.—Jakobo 2:23.
Ka hona kaha ho hotle ho etsa boiteko ba ho hlaolela metsoalle ea lefatšeng, ikemisetse haholoanyane ho thea likamano tsa setsoalle le Motsoalle oa rōna oa leholimo Jehova Molimo. Haufi o tla tsosolosetsa Paradeise lefatšeng lena, a lumella bahlanka ba hae bohle ba lefatšeng ho phela ka khotso le tšireletseho. E, baahi ba lefatše joale ba tla be ba potiloe ke limillione tse tla ipaka ka ho sa feleng hore ke metsoalle ea ’nete.—Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4; Pesaleme ea 37:10, 11.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Setsoalle se Kopanyang
Lipaki tsa Jehova hase baena le bo-khaitseli ba moea feela, empa hape ke metsoalle. ’Me kaha setsoalle sa tsona se theiloe ho mameleng ha tsona litaelo tsa Jesu Kreste, hase thibeloe ke meeli ea bochaba. (Johanne 15:14) Mofuta ona oa setsoalle o fumana tlhohonolofatso ea Molimo, e li bolokang li kopane le ho sireletseha feela joalokaha mohlape oa linku o sireletsehile ka sakeng la oona.—Mikea 2:12.
Hangata setsoalle le bonngoe ha li eo litšeng tsa likonteraka. Empa ha Lipaki tsa Jehova li bokana ho tla haha Liholo tsa tsona tsa ’Muso “tse hahuoang ka potlako,” ho bonoa moea o phelang oa tšebelisano le botsoalle. Ka mohlala, Lipaki tse tsoang United States, Engelane, le Wales li ile tsa tšoarisana le ho arolelana mekhoa ea tsona ha ho hahuoa Liholo. Phello?
Roger ea hahang ka setene ea tsoang Engelane o itse: “Ha ke e-so ho bone ntho e joalo bophelong ba ka. Ke makaletse ho bona babetli ba mapolanka ba sebetsa le ba beang setene hobane ha ho mohla ho etsahalang lefatšeng. Empa setšeng sa Holo ea ’Muso u bona baena ba sebetsa marulelong, ha babetli le ba beang setene ba sebetsa ka tlase le bo-mapentane le ba alang tapeiti. Bohle ba sebetsa hammoho. Ke ho hlollang!”
Mike, ntate oa bana ba babeli, oa Wales o hlokometse hore “e mong le e mong a ka kopanela botsoalleng boo.” ’Me motsoalle oa hae Malcolm o hlokometse lebaka, a hlalosa: “Ha baena bohle ba sebetsa ka kutloano e le ntho e le ’ngoe, ka lebitso la Molimo, o hlohonolofatsa morero oo ka moea oa oona.”
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Setsoalle sa ’nete ha se tsebe meeli ea lilemo
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Re ka hapa metsoalle ea ’nete ka ho ba ba fanang, ba loketseng ho abelana