Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 5/15 maq. 3-4
  • Metsoalle ea ’Nete ke Eng ha ho le Thata Hakaale ho e Fumana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metsoalle ea ’Nete ke Eng ha ho le Thata Hakaale ho e Fumana?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la hore ho be Thata ho Fumana Metsoalle ea ’Nete
  • Setsoalle se sa Tebang
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?
    Tsoha!—1996
  • Kamoo U ka Etsang Metsoalle Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ho Boloka Setsoalle Lefatšeng le se Nang Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Ikhotsofatsa Tabeng ea ho Batla Botsoalle
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 5/15 maq. 3-4

Metsoalle ea ’Nete ke Eng ha ho le Thata Hakaale ho e Fumana?

“KE BATLA ho ba le metsoalle e millione.” Ho rialo pina e ratoang ea Brazil. Empa hantle-ntle motsoalle ke eng? Ka linako tse ling lentsoe “motsoalle” le sebelisoa ka bolokolohi hoo le seng le sebelisoa feela le ho mang le mang ea tloaetsoeng ea seng hlaha. Leha ho le joalo, motsoalle oa ’nete, ke ea kaholimo ho ea tloaetsoeng feela tjee. Mabapi le setsoalle, Francis Bacon o ngotse: “Se eketsa thabo ’me se pomahanya masoabi likoto.”

Ha e le hantle, motsoalle oa ’nete, ke ea eketsang thabo ea hao le eo, ha a hlokahala, a u thusang ho tobana le masoabi ka katleho. Kahoo, motho ea se nang metsoalle a ke ke a thaba ka ho feletseng. Ke kahoo ba limillione ba belaelang ka hore ho fumana metsoalle ea ’nete ho thata.

Lebaka la hore ho be Thata ho Fumana Metsoalle ea ’Nete

Bibele e profetile hore kajeno banna le basali e ne e tla “ba baithati, . . . bakaki, le baikakasi, . . . ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi.” (2 Timothea 3:1-4) Joale, ha ho makatse hore e be metsoalle e tšepahalang e fumaneha ka thata hakana! Tikoloho eo batho ba hōlelang ho eona ho hang e ba sitisa ho ntlafatsa litšoaneleho tse hlokahalang ho motsoalle.

Empa ho na le lintlha tse ling. Batho ba bang ha baa teba, ba amehile feela ka litaba tse bobebe tsa bophelo. Ba bang ha ba rate ho etsa boitelo bo hlokahalang bakeng sa setsoalle. Matsatsing ana motho o atisa ho utloa keletso e reng, “U se ke ua itlama!” Ho buella ha lefatše lintho tse bonahalang ho boetse ho sentse setsoalle. Hangata batho ba rata maruo—esita le lintja le likatse—ho feta batho. Lerato leha e le lefe leo ba ka ’nang ba le bontša batho ba habo bona e ba le sa tebang. Joalokaha mosali-moholo e mong a hlokometse: “Baa rata, empa ba le thōkoana.” Esita le meetlong moo ho hakana le ho sunana ho hongata e leng mekhoa e metle e tloaelehileng, thuso ea sebele e ka ’na ea e-ba sieo ha e hlile e hlokoa haholo.

Ho haelloa ke nako le hona, ke tšitiso e tloaelehileng setsoalleng. Hangata batho ba tšoarehile haholo kapa ba khathetse haholo hore ba ka hlaolela setsoalle ka baka la ho potlaka ha bona ha letsatsi le letsatsi. Kapa ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore metsoalle e tlameha ho etsetsoa boithabiso bo feteletseng ’me kahoo ba etsa qeto ea hore ba ke ke ba khona metsoalle!

Setsoalle se sa Tebang

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba bolela hore ba na le metsoalle. Empa likamano tse joalo li tebile hakae? Hangata motho o thahasella e mong ka baka la seo a ka fanang ka sona, e seng ka baka la seo a leng sona. Kahoo setsoalle se joalo e ka ’na ea e-ba sa nakoana, hobane hang ha “motsoalle” a khaotsa ho ba le molemo, o lahloa ka potlako.

Esita le ho ba le lintho tse tšoanang kamehla hase motheo o lekaneng bakeng sa setsoalle sa nako e telele. Brazil Herald e kile ea bolela ka “metsoalle” e ’meli e haufi-ufi e neng e thabela ho pota libareng le ho noa haholo mafelong a beke. Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng ba qoaketsana ka hore na eo e hlileng e leng monna oa sebele ke mang. Ho paka seo a se bolelang, e mong ho bona a tšela e mong ka sefako sa likulo. Hamorao ’molai a re o bolaile “motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo.”

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata ’ohle le litšitiso tsohle tseleng ea setsoalle, ’nete e-ea sala hore ho bohle, ho hloka metsoalle ho maling. Joale, e ka fumanoa hokae, hona joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela