Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 10/15 maq. 17-21
  • Ho Boloka Setsoalle Lefatšeng le se Nang Lerato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Boloka Setsoalle Lefatšeng le se Nang Lerato
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokokotlo oa Setsoalle sa ’Makhonthe ke Eng?
  • Re ka Etsa Metsoalle ea ’Makhonthe Joang?
  • Re ka Felisa Setsoalle Neng?
  • Re ka Lula re E-na le Setsoalle sa ’Makhonthe
  • U ka Thabela Setsoalle se Tšoarellang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?
    Tsoha!—1996
  • Khetha Metsoalle Hantle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Kamoo U ka Etsang Metsoalle Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 10/15 maq. 17-21

Ho Boloka Setsoalle Lefatšeng le se Nang Lerato

“Lintho tsena ke le laela tsona, hore le ratane.”—JOH. 15:17.

1. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lokela ho lula e le metsoalle ea ’makhonthe?

BOSIUNG ba ho qetela a le lefatšeng, Jesu o ile a khothatsa barutuoa ba hae ba tšepahalang hore bona ka bobona ba lule e le metsoalle. Pejana mantsiboeeng ao, o ile a re lerato leo ba neng ba ratana ka lona le ne le tla totobatsa hore ke balateli ba hae. (Joh. 13:35) Baapostola ba ne ba lokela ho lula e le metsoalle ea ’makhonthe e le hore ba tle ba tsebe ho mamella liteko tseo ba neng ba tla thulana le tsona le hore ba phethe mosebetsi oo Jesu a neng a tla tloha a ba fa oona. Ka sebele, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tsebahala ka hore ba ne ba rata Molimo e le kannete ba bile ba ratana e le kannete.

2. (a) Re ikemiselitse ho etsa’ng, hona hobane’ng? (b) Re tla tšohla lipotso life?

2 Kajeno, ruri re thaba haholo hore ebe re karolo ea mokhatlo oa lefatše lohle oo litho tsa oona li latelang mohlala o behiloeng ke Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo! Re ikemiselitse ho phetha taelo ea Jesu ea hore re bontšane lerato la ’nete. Leha ho le joalo, matsatsing ana a ho qetela, batho ka kakaretso ha ba tšepahale ’me ha ba bontše lerato la tlhaho. (2 Tim. 3:1-3) Hangata setsoalle seo ba bang le sona ke se sa tieang le sa boithati. E le ho bontša hore re Bakreste ba ’nete, ha rea lokela ho ba le maikutlo a joalo. Kahoo, a re ke re hlahlobeng litaba tse latelang: Mokokotlo oa setsoalle sa ’makhonthe ke eng? Re ka iketsetsa metsoalle ea ’makhonthe joang? Ho ka ’na ha hlokahala hore re felise setsoalle neng? Hona re ka lula re e-na le setsoalle se molemo joang?

Mokokotlo oa Setsoalle sa ’Makhonthe ke Eng?

3, 4. Mokokotlo oa setsoalle sa ’makhonthe ke eng, hona hobane’ng?

3 Lerato leo re ratang Jehova ka lona ke mokokotlo oa setsoalle se tiileng ka ho fetisisa. Morena Solomone o ngotse a re: “Haeba e mong a ne a ka hlōla a le mong feela ka matla, ba babeli ba leng hammoho ba ne ba ka ema khahlanong le eena. Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa likoto tse peli kapele.” (Moek. 4:12) Ha Jehova e le thapo ea boraro setsoalleng, setsoalle seo se tla tšoarella.

4 Ke ’nete hore batho ba sa rateng Jehova le bona ba ka ba le setsoalle se khotsofatsang. Empa ha batho e e-ba metsoalle hobane ba rata Molimo, setsoalle sa bona e tla ba se tšoarellang. Haeba ho hlaha liphapang, metsoalle ea ’nete e tla tšoarana ka tsela e thabisang Jehova. Haeba bahanyetsi ba Molimo ba leka ho baka likarohano, lira tsena lia hlokomela hore setsoalle sa Bakreste ba ’nete se tiile. Ho pholletsa le histori, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba bontša hore ba ikemiselitse ho shoa ho e-na le hore ba ekane.—Bala 1 Johanne 3:16.

5. Ke hobane’ng ha setsoalle se neng se le teng pakeng tsa Ruthe le Naomi e ne e le se tšoarellang hakaale?

5 Ha ho pelaelo hore setsoalle se khotsofatsang ka ho fetisisa seo re ka bang le sona ke seo re nang le sona le batho ba ratang Jehova. Nahana ka mohlala oa Ruthe le Naomi. Basali bana ba ne ba e-na le setsoalle se babatsehang ka ho fetisisa har’a tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Ke hobane’ng ha setsoalle sa bona e ne e le se tšoarellang hakaale? Ruthe o ile a bolela lebaka ha a ne a re ho Naomi: “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka. . . . E se eka Jehova a ka nketsa joalo ’me a ekelletsa ho seo haeba ntho leha e le efe haese lefu e ka hlahisa karohano pakeng tsa ka le uena.” (Ruthe 1:16, 17) Ho hlakile hore ka bobeli, Ruthe le Naomi ba ne ba rata Molimo ka lerato le tebileng, ’me ba ile ba lumella lerato lena hore le laole tsela eo ba neng ba tšoarana ka eona. Ka lebaka leo, Jehova o ile a hlohonolofatsa basali bao ba babeli.

Re ka Etsa Metsoalle ea ’Makhonthe Joang?

6-8. (a) Setsoalle se tšoarellang se tsoaloa ke eng? (b) U ka etsa boikhathatso ba ho etsa metsoalle joang?

6 Mohlala oa Ruthe le Naomi o bontša hore setsoalle sa ’makhonthe ha se iketsahalle feela tjee. Mokokotlo oa sona ke hore metsoalle e rate Jehova. Leha ho le joalo, setsoalle se tšoarellang se hloka boikitlaetso le boitelo. Esita le bana ba motho ba sebeletsang Jehova ba e-tsoa malapeng a Bokreste, ho hlokahala hore ba sebeletse ho ba le setsoalle sa ’makhonthe. Kahoo, u ka iketsetsa metsoalle ea ’makhonthe joang?

7 Etsa boikhathatso ba ho batla metsoalle. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa metsoalle ea hae phuthehong ea Roma hore e ‘latele mokhoa oa ho amohela baeti.’ (Bar. 12:13) Ho amohela baeti ho akarelletsa ho nka mehato e menyenyane ka makhetlo a ’maloa. Sena se tšoana le ha motho a tsamaea tseleng, moo ho hlokahalang hore a nke mehato e latellanang. Ha ho na motho ea ka u nkelang mehato ea ho amohela baeti. (Bala Liproverbia 3:27.) Tsela e ’ngoe eo u ka bontšang hore u amohela baeti ka eona, ke ka ho mema batho ba fapa-fapaneng phuthehong hore ba tl’o ja le uena lijonyana tse bobebe. Ho ka ba joang ha u ka itloaetsa ho bontša moea oa ho amohela baeti ka ho mema litho tsa phutheho ea heno?

8 Tsela e ’ngoe eo u ka etsang boikhathatso ba ho etsa metsoalle ka eona, ke ka ho mema batho ba fapa-fapaneng hore ba sebetse le uena mosebetsing oa boboleli. Ha u eme monyako oa motho ’me u utloa motsoalle oa hao a bolela ho tsoa botebong ba pelo kamoo a ratang Jehova kateng, ruri u ikutloa u rata motho eo.

9, 10. Pauluse o behile mohlala ofe, hona re ka mo etsisa joang?

9 Atoloha ha u bontša lerato. (Bala 2 Bakorinthe 6:12, 13.) Na u kile ua utloa eka ho hang ha ho na motho eo u ka mo etsang motsoalle oa hao ka phuthehong? Haeba ho joalo, na mohlomong ke hobane u ipehela meeli ea hore na ke mang eo e ka bang motsoalle oa hao? Moapostola Pauluse o ile a beha mohlala o motle oa ho atoloha ha a bontša lerato. Ka nako e ’ngoe, o ne a sa nahane ho hang hore o ne a ka etsa setsoalle sa ’makhonthe le batho bao e neng e se Bajuda. Leha ho le joalo, e ile ea e-ba “moapostola ho lichaba.”—Bar. 11:13.

10 Ho phaella moo, Pauluse ha aa ka a ipehela meeli ea hore a be le setsoalle le lithaka tsa hae feela. Ka mohlala, eena le Timothea e ile ea e-ba metsoalle ea hlooho ea khomo le hoja ba ne ba sieana ka lilemo ebile ba tsoa maemong a sa tšoaneng. Kajeno, bacha ba bangata ba ananela setsoalle seo ba se entseng le batho ba hōlileng ka phuthehong. Vanessa, ea lilemo li ka holimonyana ho 20, o re: “Ke na le motsoalle eo ke mo ratang haholo ea lilemo li ka holimonyana ho 50. Nka mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo nka e bolellang metsoalle eo e leng lithaka tsa ka. Ebile o ntsotella haholo eseng hanyenyane.” Setsoalle se joalo se ba teng joang? Vanessa o re: “Ke ile ka lokela ho etsa boikhathatso ba ho batla setsoalle sena ho e-na le ho emela hore se itlise ho ’na.” Na u ikemiselitse ho etsa setsoalle le batho bao e seng lithaka tsa hao? Ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao.

11. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jonathane le Davida?

11 Tšepahala. Solomone o ile a ngola a re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liprov. 17:17) Ha a ne a ngola mantsoe ao, e ka ’na eaba Solomone o ne a nahanne ka setsoalle seo ntate oa hae, Davida, a neng a e-na le sona le Jonathane. (1 Sam. 18:1) Morena Saule o ne a batla hore mora oa hae Jonathane e be mohlahlami teroneng ea Iseraele. Empa Jonathane o ne a ananetse taba ea hore Jehova o ne a khethile Davida hore e be eena mohlahlami. Ho fapana le Saule, Jonathane o ne a sa honohele Davida. Ha aa ka a khopisoa ke thoriso eo Davida a ileng a e fumana, ebile ha aa ka a kholoa liketselletso tseo Saule a neng a li hasitse ka Davida. (1 Sam. 20:24-34) Na re tšoana le Jonathane? Ha metsoalle ea rōna e fumana boikarabelo bo itseng, na re thaba le eona? Ha e hlaheloa ke tsietsi, na rea e tšelisa le ho e tšehetsa? Haeba re utloa metsoalle ea rōna e buuoa hampe, na re potlakela ho kholoa seo? Kapa, na joaloka Jonathane, re sireletsa metsoalle ea rōna ka botšepehi?

Re ka Felisa Setsoalle Neng?

12-14. Liithuti tse ling tsa Bibele li thulana le bothata bofe, hona re ka li thusa joang?

12 Ha seithuti sa Bibele se qala ho fetola tsela eo se phelang ka eona, se ka ’na sa thulana le bothata bo boholo tabeng ea metsoalle. E ka ’na eaba se na le metsoalle eo se thabelang ho ba le eona empa e sa phele ka melao ea boitšoaro ea Bibele. Nakong e fetileng, e ka ’na eaba se ne se qeta nako e ngata se ithabisa le eona. Empa, hona joale sea hlokomela hore lintho tseo metsoalle ea sona e li etsang li ka se susumetsa hampe, ’me se fumana ho hlokahala hore se fokotse nako eo se e qetang le metsoalle e joalo. (1 Bakor. 15:33) Leha ho le joalo, se ka ’na sa nahana hore haeba se sa qete nako se e-na le eona, se tla be se sa tšepahale ho eona.

13 Haeba u seithuti sa Bibele se tobaneng le bothata bona, hopola hore motsoalle oa ’nete o tla thabela hore u leka ho ntlafatsa bophelo ba hao. Ebile le eena a ka ’na a batla ho ithuta ka Jehova joaloka uena. Ka lehlakoreng le leng, metsoalle ea bohata e tla “tsoela pele ho [u] nyefola” hobane ha u sa mathela le eona “sekoting sa litšila se tlaase se tšoanang.” (1 Pet. 4:3, 4) Ha e le hantle, hase uena ea tla beng a sa tšepahale ho eona, empa ke eona e tla beng e sa tšepahale ho uena.

14 Ha liithuti tsa Bibele li furalloa ke metsoalle ea tsona ea pele e sa rateng Molimo, litho tsa phutheho li ka koala sekheo seo. (Bagal. 6:10) Na u tseba batho ba ithutang Bibele ba bang teng libokeng tsa phutheho ea heno? Na ka linako tse ling u khona ho thabela botsoalle bo molemo le bona?

15, 16. (a) Re lokela ho etsa’ng haeba motsoalle oa rōna a tlohela ho sebeletsa Jehova? (b) Re ka bontša joang hore re rata Molimo?

15 Leha ho le joalo, ho etsahala’ng haeba motsoalle ea ka phuthehong a etsa qeto ea ho furalla Jehova, ’me ho hlokahala hore a khaoloe? Boemo bo joalo e ka ba bo sithabetsang haholo. Ha morali e mong oabo rōna a hlalosa kamoo a ileng a ikutloa kateng ha motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo a ne a tlohela ho sebeletsa Jehova, o re: “Ke ile ka ikutloa ke sithabetse. Ke ne ke nahana hore motsoalle oa ka o ne a itsetsepetse ’neteng, empa ho ne ho se joalo. Ke ile ka ipotsa hore na o ne a sebeletsa Jehova hobane feela a ne a batla ho thabisa ba habo. Eaba ke qala ho ipeha sekaleng. Na ke ne ke sebeletsa Jehova ka mabaka a nepahetseng?” Morali eo oabo rōna o ile a tobana le bothata boo joang? O re: “Ke ile ka lahlela moroalo oa ka ho Jehova. Ke ikemiselitse ho bontša Jehova hore ke hlile ke rata eena, ha ke mo rate hobane feela a mpha metsoalle ka har’a mokhatlo oa hae.”

16 Re ke ke ra lebella ho lula re le metsoalle ea Molimo haeba re ema le batho ba khethang ho ba metsoalle ea lefatše. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jak. 4:4) Re ka bontša hore re rata Molimo ka ho tšepa hore O tla re thusa hore re tobane le bothata ba ho lahleheloa ke motsoalle haeba re tšepahala ho Eena. (Bala Pesaleme ea 18:25.) Morali’abo rōna ea qotsitsoeng pejana o akaretsa taba ka ho re: “Ke ithutile hore re ke ke ra qobella motho hore a rate Jehova kapa hore a re rate. Ha e le hantle, motho ke eena ea ikhethelang.” Leha ho le joalo, re ka etsa’ng hore re lule re e-na le setsoalle se molemo le ba setseng ka phuthehong?

Re ka Lula re E-na le Setsoalle sa ’Makhonthe

17. Metsoalle ea ’makhonthe e buisana joang?

17 Ha mokhoa oa puisano o le motle, setsoalle se ba matla. Ha u ntse u bala litlaleho tsa Bibele tse buang ka Ruthe le Naomi, Davida le Jonathane le Pauluse le Timothea, u tla hlokomela hore metsoalle ea ’makhonthe e buisana ka bolokolohi empa ea hlomphana. Ha a bua ka tsela eo re lokelang ho buisana le ba bang ka eona, Pauluse o ile a ngola a re: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.” Ka ho khetheha, Pauluse o ne a bua ka tsela eo re lokelang ho bua ka eona le “ba ka ntle,” ke hore, bao e seng barab’abo rōna ba Bakreste. (Bakol. 4:5, 6) Ka sebele, haeba re tšoanela ho hlompha batho ba sa lumelang ha re bua le bona, re lokela ho hlompha metsoalle ea rōna e ka phuthehong le ho feta!

18, 19. Re lokela ho nka keletso efe kapa efe eo re e fuoang ke motsoalle oa Mokreste joang, hona baholo ba Efese ba re behetse mohlala ofe?

18 Ha batho e le metsoalle ea ’makhonthe, e mong o hlompha maikutlo a e mong, kahoo, ba lokela ho buisana ka mosa le ka tsela e tobang taba. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Oli le libano li thabisa pelo, ka ho tšoanang ho rateha ha motsoalle oa motho ho thabisa pelo ka lebaka la keletso ea moea.” (Liprov. 27:9) Na eo ke eona tsela eo ka eona u nkang keletso efe kapa efe eo u e fuoang ke motsoalle oa hao? (Bala Pesaleme ea 141:5.) Haeba motsoalle a u bolella hore o tšoenngoa ke ntho eo u etsang, u itšoara joang? Na u nka hore mantsoe a hae a bontša mosa o lerato, kapa ua hlabeha?

19 Moapostola Pauluse o ne a e-na le kamano e haufi le baholo ba phutheho ea Efese. Ho ka etsahala hore ebe o ne a tseba ba bang ba bona ha ba ne ba qala ho ba balumeli. Leha ho le joalo, ha a ne a kopane le bona ka lekhetlo la ho qetela, o ile a ba fa keletso e tobang taba. Ba ile ba itšoara joang? Metsoalle ea Pauluse ha ea ka ea hlabeha. Ho e-na le hoo, e ile ea ananela hore ebe o ne a e tsotella ea ba ea lla ha e nahana hore e ne e se e sa tl’o hlola e mo bona.—Lik. 20:17, 29, 30, 36-38.

20. Motsoalle ea lerato o tla etsa’ng?

20 Metsoalle ea ’makhonthe ha e amohele keletso e molemo feela, empa e boetse e fana ka eona. Ho hlakile hore re lokela ho tseba hore na ke neng re lokelang ho ‘hlokomela litaba tsa rōna.’ (1 Bathes. 4:11) Hape re lokela ho hlokomela hore e mong le e mong oa rōna “o tla ikarabella ho Molimo.” (Bar. 14:12) Empa ha ho hlokahala, motsoalle ea lerato o tla hopotsa motsoalle oa hae melao ea Jehova ka mosa. (1 Bakor. 7:39) Ka mohlala, u ne u tla etsa’ng ha u ne u ka hlokomela hore motsoalle oa hao oa lesoha o khahliloe ke motho ea sa lumelang? Na u ne u tla tšaba ho mo bolella taba e u tšoenyang hobane u tšaba hore u tla senya setsoalle sa lōna? Kapa u ne u tla etsa’ng haeba motsoalle oa hao a ne a ka iphapanyetsa keletso ea hao? Motsoalle oa ’makhonthe o ne a tla kōpa thuso ho balebeli ba lerato e le hore a thuse motsoalle ea nkileng mohato o fosahetseng. E le hore u etse joalo u lokela ho ba sebete. Empa, setsoalle seo mokokotlo oa sona e leng ho rata Jehova, se ke ke sa senyehela ruri.

21. Ke eng eo kaofela ha rōna re tla e etsa ka linako tse ling, empa ke hobane’ng ha e le habohlokoa haholo hore re etse hore setsoalle sa rōna se lule se le matla ka phuthehong?

21 Bala Bakolose 3:13, 14. Ka linako tse ling, re tla etsa hore metsoalle ea rōna e be le “sesosa sa pelaelo” ka rōna, ’me le eona e tla etsa kapa e bue lintho tse re halefisang. Jakobo o ile ngola a re: “Kaofela re khoptjoa hangata.” (Jak. 3:2) Leha ho le joalo, setsoalle ha se lekanngoe ka hore na re sitelanoa hangata hakae empa ka hore na re tšoarelana litšito ka ho feletseng hakae. Ruri ke habohlokoa haholo hore re etse setsoalle se matla ka ho buisana ka bolokolohi le ka ho tšoarelana ka bolokolohi! Haeba re bontša lerato le joalo, e tla ba “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”

U ka Araba Joang?

• Re ka iketsetsa metsoalle ea ’makhonthe joang?

• Ho ka ’na ha hlokahala hore re felise setsoalle neng?

• Re tlameha ho etsa’ng e le hore setsoalle sa rōna se lule se le matla?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Mokokotlo oa setsoalle se tšoarellang se neng se le pakeng tsa Ruthe le Naomi e ne e le eng?

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Na u bontša moea oa ho amohela baeti kamehla?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela