Ngoana ea Bitsoang Mofutsana
MOTSANENG o mong oa Afrika, monna e mong ea bitsoang Okot le mosali oa hae, Matina, ba ile ba thabela ho tsoaloa ha ngoana oa bona oa letsibolo, e le morali. Beng ka bona le metsoalle ba ile ba tla motsaneng ba tlisa limpho le litakaletso tsa bona tsa hore eka ngoana a ka phela halelele le ka thabo.
Banyalani bao ba ne ba phela ka thata le ka tšotleho. Ba ne ba lema seratsoana, ’me ntlo ea bona, eo Matina a pepetseng ka ho eona, e ne e hahiloe ka makote ’me e ruletsoe ka joang. Ba ne ba ikemiselitse ho sebetsa ka thata ho etsa hore lintho li be bonojoana ho letsibolo la bona ho feta kamoo li bileng kateng ho bona. E le ho ikhopotsa pakane ena, ba ile ba reha morali oa bona Acan, e bolelang hore “Ke Mofutsana.”
Bokamoso bo tšoaretse Acan eng? Haeba a phela ka tsela eo ba bangata ba phelang ka eona naheng ea habo, e ka ’na eaba ha ho mohla a tla ithuta ho bala le ho ngola. Ha e e-ba motho e moholo, haeba a fumana mosebetsi, a ka ’na a fumana chelete e ka holimonyana ho R925 ka selemo. ’Me naheng ea habo, nako e lebeletsoeng ea ho phela ha motho ke lilemo tse 42 feela.
Boemo bo sithabetsang ba Acan hase bo ikhethang. Ho batho ba ka bang limilione tse likete tse 6 lefatšeng, ba limilione tse 1300 ba fumana chelete e ka tlaase ho R1 800 ka selemo. Ka karolelano motho a le mong linaheng tse ruileng o fumana R105 182 ka selemo. Letsatsi le letsatsi, batho ba 67000 ba eketsa palo e khōlōhali ea mafutsana, hoo e ka bang ba limilione tse 25 selemo le selemo. Ba bangata ba phela linaheng tse ntseng li hōla moruong—Afrika, Asia le Latin America. Empa le linaheng tse ruileng, ho na le lihlotšoana tsa ba futsanehileng. ’Me ho mafutsana a leshome lefatšeng, a supileng ke a batho ba batšehali.
Batho ba bangata ha ho mohla ba tsoang bofutsaneng boo bo otlang pelo. Bo ba hlokisa litlhoko tsa motheo—lijo, liaparo le bolulo. Bo ka ba amoha bolokolohi, boitlhompho, thuto le bophelo bo botle. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o re: “Bofutsana bo sebelisa tšusumetso ea bona e timetsang boemong bo bong le bo bong ba bophelo ba motho, ho tloha nakong ea kemolo ho isa lebitleng. Bo tlatsetsa ho bakeng maloetse a bolaeang ka ho fetisisa le a bohloko a tepeletsang bohle ba angoang ke bona.”
Empa na boemo ba bophelo linaheng tse ntseng li hōla moruong ha bo ntlafale? Ho tse ling, boa ntlafala. Ho tse ling tse ngata, ha bo ntlafale. Makasine e buang ka ho intlafatsa ha batho e bitsoang Choices e hlalosa hore khopolo ea hore “mafutsana a haufi le ho koala lekhalo pakeng tsa ’ona le barui” ke ‘tšōmo e kotsi.’ Ho e-na le hoo, e re: “Re phela lefatšeng leo ha e le hantle le ntseng le arohana moruong ho feta, linaheng ka ho fapana le ka hare ho linaha tseo ka botsona.”
Na bofutsana bo tla ’ne bo tsoele pele ho hlasela moloko oa batho ka ho sa feleng? Lihloohong tse peli tse latelang, Tsoha! e tla hlahloba taba ena e rarahaneng ’me e bontše hore na tharollo e tla ba efe.