Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 6/8 maq. 4-7
  • Batšoaruoa ba Bofutsana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batšoaruoa ba Bofutsana
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlala le Khaello ea Phepo e Nepahetseng
  • Ho Kula
  • Ho Hloka Mosebetsi le Moputso o Tlaase
  • Tšenyo ea Tikoloho
  • Thuto
  • Matlo
  • Palo ea Baahi
  • Boiteko ba ho Felisa Bofutsana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ho Fela ha Bofutsanea ho Atametse
    Tsoha!—1998
  • Ho Thoe’ng Haeba Lelapa Leso le Futsanehile?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 6/8 maq. 4-7

Batšoaruoa ba Bofutsana

SELEMONG sa 33 C.E., Jesu Kreste o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ka mehla le na le mafutsana.” (Matheu 26:11) Hantle-ntle o ne a bolela eng? Na o ne a bolela hore ha ho mohla bofutsana bo tla hlōloa?

James Speth, e leng motsamaisi oa Lenaneo la Ntlafatso la Machaba a Kopaneng, o ile a re: “Re ke ke ra amohela hore [bofutsana] bo tla ’ne bo be le rōna kamehla. Lefatše la mehleng ea kajeno le na le mehloli, bohlale le botsebi tse ka etsang hore bofutsana e be ntho ea nakong e fetileng.” Empa na lefatše la mehleng ea kajeno le ka felisa bofutsana?

Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng ka ho hlakileng se tšepa hore boiteko ba batho bo ka felisa bofutsana, joalokaha se ile sa phatlalatsa hore selemo sa 1997 ho isa ho sa 2006 ke qalo ea “Lilemo tse Leshome tsa Machaba a Kopaneng tsa ho Felisa Bofutsana.” Machaba a Kopaneng a rerile ho tšoarisana mosebetsi le mebuso, batho le mekhatlo bakeng sa ho khothalletsa ntlafatso ea moruo, ntlafatso ea ho fumaneha ha litšebeletso tsa motheo, ntlafatso ea boemo ba basali le tlhahiso ea chelete le mosebetsi.

Ke lipakane tse khōlō hakaakang! Empa na mekhatlo ea lefatše e tla ke e li finyelle? Nahana ka litšitiso tse ling tse sitisang boiteko ba batho ba ho felisa bofutsana.

Tlala le Khaello ea Phepo e Nepahetseng

Ayembe, ea phelang Zaire, o na le litho tse 15 tsa lelapa tseo a li phelisang. Ka linako tse ling lelapa le ka khona ho ja hanngoe feela ka letsatsi—motoho oa poone o natefisitsoeng ka makhasi a cassava, letsoai le tsoekere. Ka linako tse ling ba hloka lijo ka matsatsi a mabeli kapa a mararo. Ayembe o re: “Ke ema ho fihlela bana ba llela lijo pele ke pheha.”

Boemo ba bona hase bo sa tloaelehang. Linaheng tse ntseng li hōla moruong, motho a le mong ho ba bahlano o robala ka tlala letsatsi le letsatsi. Lefatšeng ka bophara, batho ba ka bang limilione tse 800—ba limilione tse 200 ho bona e le bana—ba lula ba haelloa ke phepo e nepahetseng. Bana bana ha ba hōle ka tsela e tloaelehileng; ba kula khafetsa. Ha ba sebetse hantle sekolong. Ha ba se ba hōlile, ba utloa liphello tse bohloko tsa lintho tsena. Kahoo, hangata bofutsana bo lebisa khaellong ea phepo e nepahetseng, eo le eona e tlatsetsang bofutsaneng.

Bofutsana, tlala le khaello ea phepo e nepahetseng li teng ka tekanyo e khōlō hoo li nyenyefatsang boiteko ba bo-ralipolotiki, bo-ralichelete le basebeletsi ba sechaba ba ho li felisa. Ka sebele, boemo ha bo ntlafale empa boa mpefala.

Ho Kula

Ho ea ka Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, bofutsana ke “boloetse bo bolaeang ka ho fetisisa lefatšeng” le “sesosa se seholo ka ho fetisisa sa lefu, boloetse le tšotleho.”

Buka e bitsoang An Urbanizing World: Global Report on Human Settlements, 1996 e hlokometse hore bonyane batho ba limilione tse 600, Latin America, Asia le Afrika ba ne ba phela matlong a maemo a tlaase—a se nang metsi a lekaneng, matloana le tsamaiso ea likhoerekhoere—hoo bophelo ba bona bo neng bo lula bo le kotsing. Lefatšeng ka bophara, batho ba fetang limilione tse sekete ha ba na metsi a hloekileng. Ba limilione tse makholo ba ke ke ba khona ho ja lijo tse nang le phepo e nepahetseng. Maemo ana kaofela a thatafalletsa mafutsana ho thibela boloetse.

Hangata, mafutsana a sitoa ho phekola maloetse a a tšoarang. Ha mafutsana a kula, a ka ’na a sitoa ho lefella meriana e loketseng kapa phekolo ea bongaka. Mafutsana a shoa a sa le manyenyane; a salang a lula a ka ’na a tšoaroa ke maloetse a sa foleng.

Zahida, eo e leng morekisi ’marakeng oa Maldives, o re: “Bofutsana bo baka bokuli, e leng ho u sitisang ho sebetsa.” Ntle ho pelaelo, ho se sebetse ho mpefatsa bofutsana. Phello e ba letoto la tšotleho le maemo a bolaeang ao ho ’ona bofutsana le ho kula li roteletsanang.

Ho Hloka Mosebetsi le Moputso o Tlaase

Tšobotsi e ’ngoe ea bofutsana ke ho hloka mosebetsi. Lefatšeng ka kakaretso, batho ba ka bang limilione tse 120 ba ka sebetsang ba sitoa ho fumana mesebetsi. Ka nako e tšoanang, batho ba bang ba ka bang limilione tse 700 hangata ba sebetsa lihora tse telele bakeng sa moputso o tlaase haholo e le hore ba ka khahlametsa litlhoko tsa bona tsa motheo.

Rudeen ke mokhanni oa koloi e mabili a mararo, Cambodia. O re: “Ho ’na bofutsana bo bolela ho sebetsa lihora tse fetang 18 ka letsatsi, empa ho ntse ho le joalo ke sa fumane chelete e lekaneng ho mphepa, le ho fepa mosali oa ka le bana ba babeli.”

Tšenyo ea Tikoloho

Ho fokola ha tikoloho ho amana haufi le bofutsana. Elsa, eo e leng mofuputsi Guyana, Amerika Boroa, o ile a hlokomela: “Bofutsana ke ho senya tlhaho: moru, naha, liphoofolo, linōka le matša.” Letoto le leng la litlokotsi ke lena—bofutsana bo lebisa tšenyong ea tikoloho, e mpefatsang bofutsana le ho feta.

Ho lema tšimo ho fihlela e khathala kapa ho e sebelisetsa morero o mong ke tloaelo ea khale. Ho joalo le ka tšenyo ea meru—ho rengoa ha meru bakeng sa patsi kapa libeso kapa bakeng sa ho lema lijalo. Ka lebaka la palo e ntseng e eketseha ea batho lefatšeng, boemo bo se bo fihletse tekanyo e kotsi haholo.

Ho ea ka International Fund for Agricultural Development, lilemong tse 30 tse fetileng, hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea mobu o ka holimo oa masimo o ile oa shoa, haholo-holo ka lebaka la ho haella ha chelete hammoho le theknoloji tse hlokahalang bakeng sa ho nka mehato ea ho o baballa. Ka nako e tšoanang, lihekthere tse limilione li ile tsa fetoha matsoatlara ka lebaka la kaho le tsamaiso e fosahetseng ea ho nosetsa. ’Me lihekthere tse limilione tsa moru lia rengoa selemo le selemo bakeng sa ho hlekela lijalo sebaka kapa ho etsa mapolanka kapa libeso.

Tšenyo ena e amahanngoa le bofutsana ka litsela tse peli. Ea pele, hangata mafutsana a qobelleha ho sebelisa tikoloho hampe ka lebaka la ho hloka lijo le libeso. Ke joang motho a ka buang ka tsoelo-pele e tiileng kapa boiketlo ba meloko e tlang ho batho ba lapileng le ba futsanehileng le ba tlamehang ho senya mehloli ea tlhaho hore ba tsoele pele ba phela hona joale? Ea bobeli, hangata barui ba sebelisa mehloli eo mafutsana a nang le eona tikolohong molemong oa phaello. Ka hona, ho senngoa ha mehloli ea tlhaho ke barui le ke mafutsana ho mpefatsa bofutsana.

Thuto

Alicia, mosebeletsi oa sechaba motseng o mong oa Philippines, o ile a re: “Bofutsana bo etsa hore mosali a rome bana ba hae ho ea qela literateng ho e-na le ho ea sekolong hobane ho seng joalo ba tla hloka seo ba se jang. ’Mè eo oa tseba hore o pheta boemo boo a neng a qabeletsoe ho bona, empa ha a bone tsela ea ho tsoa ho bona.”

Bana ba ka bang limilione tse 500 ba hloka moo ba kenang likolo teng. Batho ba baholo ba limilione tse sekete ha ba tsebe ho bala le ho ngola hantle. Ka ntle ho thuto, ho thata ho fumana mosebetsi o hlomphehang. Ka hona bofutsana bo lebisa ho haelloeng ke thuto, e leng ho lebisang bofutsaneng bo eketsehileng.

Matlo

Matlo aa haella lichabeng tse futsanehileng, esita le ho tse ling tse ruileng. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore hoo e ka bang kotara ea milione ea baahi ba New York City e kile ea lula matlong a reretsoeng batho ba se nang mahae ka nako e ’ngoe lilemong tse hlano tse fetileng. Europe le eona e na le mafutsana a eona. London, batho ba ka bang 400 000 ba ngolisitsoe e le ba se nang mahae. Fora, batho ba ka bang halofo ea milione ha ba na mahae.

Linaheng tsohle tse ntseng li hōla moruong, boemo bo bobe le ho feta. Batho ba tšolohela litoropong le metseng e meholo, ba e-na le takatso e matla ea ho fumana lijo, mosebetsi le bophelo bo molemonyana. Metseng e meng e meholo, baahi ba teng ba fetang karolo ea 60 lekholong ba lula mek’huk’hung kapa litakaneng. Kahoo, bofutsana bo libakeng tsa mahae bo rotetsa bofutsana libakeng tsa litoropo.

Palo ea Baahi

Ho mpefatsang mathata ana kaofela ke keketseho ea baahi. Palo ea baahi ba lefatše e imenne ka makhetlo a fetang a mabeli lilemong tse 45 tse fetileng. Machaba a Kopaneng a hakanya hore palo eo e tla nyolohela ho limilione tse 6200 ka selemo sa 2000 le ho limilione tse 9800 ka selemo sa 2050. Libaka tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng li na le lenane le phahameng ka ho fetisisa la keketseho ea baahi. Ho bana ba ka bang limilione tse 90 ba hlahileng ka 1995, ba limilione tse 85 ba hlahetse linaheng tse sa khoneng ho ba phelisa.

Na u lumela hore ka tšohanyetso moloko oa batho o tla ikopanya e le hore o felise bofutsana ka ho feletseng ka ho rarolla mathata a tlala, ho kula, ho hloka mosebetsi, tšenyo ea tikoloho, khaello ea thuto, khaello ea matlo le ntoa? Mohlomong ha u lumele seo.

Na seo se bolela hore boemo ke bo hlokisang tšepo? Che, hobane tharollo e atametse ’me e tla fela e be teng. Empa eseng ka boiteko ba batho. Joale e tla tla joang? Hona ho thoe’ng ka mantsoe a Jesu ha a ne a re: “Ka mehla le na le mafutsana”?

[Lebokose le leqepheng la 7]

Mafutsana a Futsanehileng ka ho Fetisisa

Ka 1971 poleloana e reng “linaha tse saletseng morao tsoelo-peleng” e ile ea qaptjoa ke Machaba a Kopaneng ho hlalosa “linaha tse futsanehileng le tse fokolang ka ho fetisisa moruong tse ntseng li hōla.” Nakong eo, ho ne ho e-na le linaha tse joalo tse 21. Hona joale, ho na le tse 48, ’me tse 33 tsa tsona li Afrika.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ba limilione ba sebetsa lihora tse telele bakeng sa moputso o tlaase

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Godo-Foto

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Monono le bofutsana sebakeng se le seng

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ba limilione ba lula mehahong ea maemo a tlaase

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela