Ka Setšoantšo sa Molimo Kapa sa Phoofolo?
MOTHO oa pele, Adama, o ne a bitsoa “mora oa Molimo.” (Luka 3:38) Ha ho na phoofolo e kileng ea khetholloa joalo. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore batho ba na le lintho tse ngata tse tšoanang le tsa liphoofolo. Ka mohlala, batho le liphoofolo ke meea. Ha Molimo a bōpa Adama, Genese 2:7 e re “motho ea e-ba moea o phelang.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Bakorinthe ba Pele 15:45 ea lumela: “Motho oa pele Adama o ile a fetoha soule e phelang.” Batho ke meea, ka hona, moea ona hase ntho e teng e patehileng e pholohang ha ’mele o e-shoa.
Malebana le liphoofolo, Genese 1:24 (NW) e re: “Lefatše a le hlahise meea e phelang ka mefuta ea eona, liphoofolo tse thapileng, liphoofolo tse tsamaeang le liphoofolo tse hlaha tsa lefatše ka mefuta ea tsona.” Kahoo, le hoja Bibele e siela batho seriti ka ho senola hore re entsoe ka setšoantšo sa Molimo, e boetse e re hopotsa boemo ba rōna bo tlaase ba ho ba meea ea lefatšeng, hammoho le liphoofolo. Leha ho le joalo, ho na le ho hong hape hoo batho le liphoofolo ba tšoanang ka hona.
Bibele ea hlalosa: ‘Kotsi e hlahelang bana ba batho, e joalo e hlahela le liphoofolo: bobeli ba bona bo hlaheloa ke kotsi e le ’ngoe. Mokhoa oo motho a shoang ka oona, le eona phoofolo e shoa joalo; . . . ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo kateng . . . Tsohle li ikela nģalong e le ’ngoe; tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng.’ E, le lefung batho le liphoofolo baa tšoana. Bobeli ba khutlela “mobung,” “lerōleng,” moo ba tsoang teng.—Moeklesia 3:19, 20; Genese 3:19.
Empa ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko bo tebileng hakaale ka lefu? Ke hobane’ng ha re labalabela ho phela ka ho sa feleng? ’Me ke hobane’ng ha re lokela ho ba le morero bophelong? Ka sebele, re fapane haholo le liphoofolo!
Moo re Fapaneng Teng le Liphoofolo
Na u ne u tla thabela ho phela bophelo bo se nang morero haese feela ho ja, ho robala le ho tsoala bana? Monahano oo ha o amohelehe esita le ho batho ba inehetseng ho buelleng khopolo ea ho iphetola ha lintho. T. Dobzhansky ea buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho o ngola tjena: “Motho oa mehleng ena, motho ea hlahisitsoeng leseling ea belaelang le ea sa lumeleng hore Molimo o teng, bonyane lekunutung, o sitoa ho khaotsa ho ipotsa lipotso tsena tsa khale: Na bophelo ba ka bo na le morero o mong le sepheo se seng ntle le hore ke ipoloke ke phela le ho ntšetsa pele lintho tse etsahalang bophelong? Na lefatše lee leo ke phelang ho lona le na le morero?”
Ka sebele, ho hana boteng ba ’Mōpi ha ho felise takatso ea motho ea ho batla ho tseba morero oa bophelo. Ha a qotsa rahistori Arnold Toynbee, Richard Leakey oa ngola: “Mpho ena ea tlhaho ea [motho] ea bomoea e mo kentse ntoeng ea bophelo bohle ea hore a leke ho ikamahanya le lefatše leo a hlahetseng ho lona.”
Leha ho le joalo, lipotso tsa motheo tse mabapi le tšekamelo ea botho, tšimoloho ea rōna le bomoea ba rōna, ha li khaotse ho botsoa. Ho hlakile hore ho na le lekhalo le leholo lipakeng tsa motho le liphoofolo. Lekhalo leo le leholo hakae?
Na ke Lekhalo le Leholo Hoo le ke Keng la Koaloa?
Bothata bo motheong oa khopolo ea ho iphetola ha lintho ke lekhalo le leholo le arolang batho ho liphoofolo. Ha e le hantle le leholo hakae? Hlahloba tse ling tsa lintho tseo ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba li boletseng ka bobona.
Thomas H. Huxley, ’muelli ea tummeng oa khopolo ea ho iphetola ha lintho lekholong la bo19 la lilemo o ile a ngola: “Ha ho na motho ea kholisehileng haholo ho mpheta ka boholo ba lekhalo le lipakeng tsa . . . motho le liphoofolo . . . , hobane [motho] ke eena feela ea nang le mpho e tsotehang ea bohlale le ho bua ntho e utloahalang [’me] . . . [ka mpho ena] o li phahametse joalokaha eka o holim’a thaba, holimo haholo ho boemo ba liphoofolo bo tlaase.”
Michael C. Corballis, ’muelli oa khopolo ea ho iphetola ha lintho o hlokomela hore “ho na le lekhalo le bonahalang lipakeng tsa batho le litšoene . . . ‘Boko ba rōna bo boholo ka makhetlo a mararo ho feta boo re neng re ka bo lebella ho tšoene e lekanang le rōna.’” ’Me Richard M. Restak, ngaka ea mafu a methapo oa hlalosa: “Boko [ba motho] ke sona feela setho se lekang ho ikutloisisa lefatšeng.”
Leakey oa lumela: “Hore na ke hobane’ng ha re itemoha, ke qaka ho bo-rasaense, eo ba bang ba bona ba lumelang hore ha e na tharollo. Boikutlo ba ho itlhokomela boo e mong le e mong a nang le bona bo khanya hoo bo bonesang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e nahanang le eo re e etsang.” O boetse o re: “Ka sebele, puo e bula lekhalo lipakeng tsa Homo Sapiens [batho] le lintho tse ling tsohle tsa tlhaho tse lefatšeng.”
Ha a bua ka mohlolo o mong oa kelello ea motho, Peter Russell oa ngola: “Ka ntle ho pelaelo, ho hopola ke matla a mang a bohlokoa ka ho fetisisa a kelello ea motho. Ntle le hona, ho ne ho sa tl’o ba le lintho tse ithutoang . . . mesebetsi ea mahlale, ho hatela pele ha puo kapa litšobotsi leha e le life . . . tseo hangata li amahanngoang le ho ba motho.”
Ho feta moo, ha ho na phoofolo e rapelang. Kahoo, Edward O. Wilson oa hlokomela: “Tšekamelo ea bolumeli ke matla a rarahaneng le a susumetsang ka ho fetisisa kelellong ea motho, ’me mohlomong ke karolo e bōpeletsoeng le tlhaho ea motho.”
Robert Wright, ’muelli oa khopolo ea ho iphetola ha lintho oa hlokomela: “Boitšoaro ba motho bo hlahisa lintho tse ling tse ngata tse qakang mabapi le khopolo ea Darwin. Mosebetsi oa metlae le ho tšeha ke ofe? Ke hobane’ng ha batho ba ipolela libe ha ba le makhatheng a lefu? . . . Hantle-ntle mesarelo e finyella eng? . . . Kaha joale motho o se a shoele, ho sareloa ho tla thusa ba shoetsoeng ka eng?”
Elaine Morgan, ’muelli oa khopolo ea ho iphetola ha lintho oa lumela: “Lintho tse ’nè tse qakang tse hlaheletseng ka ho fetisisa ka batho ke tsena: (1) ke hobane’ng ha ba tsamaea ka maoto a mabeli? (2) ke hobane’ng ha ba se ba se na boea? (3) ke hobane’ng ha ba e-na le boko bo boholo hakaale? (4) ke hobane’ng ha ba ile ba ithuta ho bua?”
Babuelli ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ba arabela lipotso tsee joang? Morgan oa hlalosa: “Likarabo tse tloaelehileng lipotsong tsena ke: (1) ‘Ha re e-s’o tsebe’; (2) ‘Ha re e-s’o tsebe’; (3) ‘Ha re e-s’o tsebe’, le (4) ‘Ha re e-s’o tsebe.’”
Khopolo e se Nang Motheo
Mongoli oa buka ea The Lopsided Ape o ile a hlokomela hore sepheo sa hae “e ne e le ho fana ka setšoantšo se akaretsang sa liphetoho tse ileng tsa etsahala ho motho ha nako e ntse e feta. Bongata ba liphello e bile tse inahaneloang, li itšetlehile ka ho feletseng ka meno a seng makae a khale, masapo le majoe.” Ka sebele, ba bangata ha ba amohele esita le eona khopolo ea motheo ea Darwin. Richard Leakey o re: “Tlaleho ea Darwin ea mokhoa oo re fetohileng ka oona e ile ea ba ka sehloohong saenseng e amanang le batho ho fihlela lilemong tse seng kae tse fetileng, ’me e ipakile e fosahetse.”
Ho latela Elaine Morgan, ba bangata ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho “ha ba sa tšepa likarabo tseo ba neng ba nahana hore baa li tseba lilemong tse mashome a mararo tse fetileng.” Kahoo, ha ho makatse hore ebe tse ling tsa likhopolo tseo ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba neng ba li lumela, ha li sa sebetsa.
Liphello Tse Bohloko
Liphuputso tse ling li fumane hore palo ea liphoofolo tse tšehali tse tlōleloang ke e tona, e ea ka phapang e teng lipakeng tsa ’mele ea tse tona le tse tšehali. Ka lebaka la sena, ba bang ba ’nile ba etsa qeto ea hore mekhoa ea batho ea likamano tsa botona le botšehali e lokela ho tšoana le ea lichimpanzi, hobane lichimpanzi tse tona li batla li le khōloanyane ho feta tse tšehali, joalokaha bo-’mate ba tsona, e leng batho, ba le joalo. Kahoo, ba bang ba beha lebaka la hore joaloka lichimpanzi, batho ba lokela ho lumelloa hore ba be le balekane ba fetang a le mong bao ba bang le likamano tsa botona le botšehali le bona. ’Me ka sebele, ba bangata ba etsa joalo.
Empa se bonahalang se sebetsa hantle ho lichimpanzi se ipakile e le koluoa ho batho ka kakaretso. Linnete li bontša hore boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali ke tsela e isang masisa-pelong a fellang ka malapa a qhalanang, ho ntšoa ha limpa, maloetse, ho sithabela kelellong le maikutlong, poulelo, pefo ea ka lapeng le bana ba lahliloeng, ba hōlang ka likelello tse sa tsitsang bao qetellong ba ntšetsang pele letoto lena la lintho tse bohloko. Haeba ke ’nete hore batho ba tšoana le liphoofolo, ke hobane’ng ha lintho tsee li baka mahlomola ho batho?
Monahano ona oa ho iphetola ha lintho o boetse o phahamisa lipelaelo tabeng ea bohlokoa ba bophelo ba motho. Ho ka fanoa ka lebaka lefe la hore bophelo ba motho ke ba bohlokoa haeba re re Molimo ha a eo, ’me re inka re se letho haese feela hore re liphoofolo tse boemong bo holimonyana? Na ebe mohlomong ke kahobane re e-na le bohlale bo phahameng? Haeba seo e ne e le ’nete, joale potso e phahamisitsoeng bukeng ea The Human Difference e ne e tla ba e loketseng haholo: “Na ke toka hore batho ba tšoaroe e le ba bohlokoa ho feta lintja le likatse hobane feela ba ile ba fumana lehlohonolo [ho iphetoleng ha lintho]?”
Buka ea The Moral Animal e re ha pono ena e ncha ea monahano oa ho iphetola ha lintho e nama, “joang kapa joang, tsela eo ho talingoang boitšoaro ka eona e tla ameha ka ho tebileng.” Empa ke boitšoaro bo khopo bo thehiloeng maikutlong a hore re entsoe ke “tlhaho,” eo ha e ntse e sebetsa, “ba matla le ba maqiti ba hlōlang ba fokolang le ba tšepang ba bang,” joalokaha H. G. Wells a bolela.
Habohlokoa ke hore likhopolo tse ngata tsa ba buellang ho iphetola ha lintho, tse ’nileng tsa senya boitšoaro butle-butle ho theosa le lilemo, li ’nile tsa felloa ke matla ha ho hlaha litšekamelo tse ncha. Empa tsietsi ke hore tšenyo e bakiloeng ke likhopolo tseo e lula e le teng.
Ho Rapeloe Pōpo Kapa ’Mōpi?
Khopolo ea ho iphetola ha lintho e etsa hore motho a talime pōpo bakeng sa likarabo, eseng ’Mōpi. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e etsa hore re talime Molimo oa ’nete bakeng sa melao-motheo ea boitšoaro ba rōna le morero oa rōna bophelong. E boetse e hlalosa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaetsa ka matla hore re qobe ho etsa se sebe le hore na ke hobane’ng ha e le batho feela ba tšoenngoang ke lefu. Ho feta moo, tlhaloso ea eona ea hore na ke hobane’ng ha re sekametse ho etseng bobe e utloahala e le ’nete kelellong le pelong tsa motho. Re u memela hore u hlahlobe tlhaloso eo e khotsofatsang.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lekhalo le lipakeng tsa batho le liphoofolo le leholo hakae?