Batho Re Bo-mang?
HO BONAHALA batho ba e-na le bothata ba ho se itsebe. Richard Leakey, ’muelli oa khopolo ea ho iphetola ha lintho oa hlokomela: “Ka makholo a lilemo, bo-rafilosofi ba ’nile ba sebetsana le litšobotsi tsa botho ba motho. Empa ho makatsang ke hore ha ho na tlhaloso eo ho lumellanoeng ka eona mabapi le seo motho a leng sona.”
Leha ho le joalo, Sebaka sa Polokelo ea Liphoofolo sa Copenhagen se ile sa hlahisa maikutlo a sona ka sebete ka ho etsa pontšo sebakeng sa sona sa polokelo ea li-primate. 1997 Britannica Book of the Year ea hlalosa: “Banyalani ba bang ba Denmark ba ile ba fallela bolulong ba nakoana sebakeng sa polokelo ea liphoofolo ka morero oa ho hopotsa baeti ka kamano ea bona e haufi-ufi le litšoene.”
Libuka tsa boitsebiso ba bohlokoa li tiisa seo ho thoeng ke kamano e haufi lipakeng tsa liphoofolo tse itseng le batho. Ka mohlala, The World Book Encyclopedia e re: “Batho le liapi, li-lemur, litšoene le li-tarsier, kaofela ba bōpa sehlopha se le seng sa lianyesi se bitsoang li-‘primate.’”
Leha ho le joalo, taba ke hore batho ba na le litšobotsi tse ngatahali tse ikhethang tseo liphoofolo li se nang tsona. Har’a tsona ke lerato, letsoalo, boitšoaro, bomoea, toka, mohau, ho tšeha, tsebo ea ho qapa lintho, ho lemoha nako, ho itemoha, ho ananela botle, ho ameha ka bokamoso, bokhoni ba ho bokella tsebo ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong le tšepo ea hore lefu hase qetello ea rōna.
Moo ba lekang ho lumellanya litšobotsi tsena le liphoofolo, ba bang ba itšoarella thutong ea kelello ea ho iphetola ha lintho, eo ho eona ho kopantsoeng khopolo ea ho iphetola ha lintho, thuto ea mekhoa ea boitšoaro le ea kahisano. Na thuto ee ea kelello ea ho iphetola ha lintho e rarolotse qaka ea tšekamelo ea botho?
Morero oa Bophelo ke Ofe?
Robert Wright, ’muelli oa khopolo ea ho iphetola ha lintho o re: “Motheo oa thuto ena ea kelello ea ho iphetola ha lintho o bonolo. Joaloka setho leha e le sefe se seng, kelello ea motho e ne e etselitsoe hore e fetisetse liphatsa tsa lefutso molokong o latelang; boikutlo ba eona le monahano oa eona li ka utloisisoa hamolemo ka ho fetisisa motheong ona.” Ka mantsoe a mang, joalokaha liphatsa tsa rōna tsa lefutso li re laola ’me seo se bonahala tseleng eo re nahanang ka eona, morero oohle oa rōna bophelong ke ho tsoala bana.
Ka sebele, ho latela thuto ea kelello ea ho iphetola ha lintho, “boholo ba tšekamelo ea botho ha e le hantle bo bakoa ke ho se nahanele ho sehlōhō ha liphatsa tsa lefutso.” Buka ea The Moral Animal e re: “Tlhaho ‘e batla’ hore banna ba be le likamano tsa botona le botšehali le basali ba se nang palo.” Ho latela khopolo ena ea ho iphetola ha lintho, boitšoaro bo bobe ba basali bo boetse bo nkoa e le ba tlhaho tlas’a maemo a itseng. Esita le lerato la botsoali le nkoa e le bohlale bo susumetsoang ke liphatsa tsa lefutso e le ho etsa bonnete ba hore bana ba tsoela pele ba phela. Ka hona, khopolo e ’ngoe e hatella hore lefa la liphatsa tsa lefutso ke la bohlokoa ho etseng bonnete ba hore lelapa la motho le tsoela pele.
Libuka tse ling tse tataisang batho hona joale li iphaphatha le maikutlo ana a macha a thuto ea kelello ea ho iphetola ha lintho. E ’ngoe ea tsona e hlalosa tlhaho ea motho e “sa fapana hakaalo le tlhaho ea lichimpanzi, ea likorilla le ea litšoene.” E boetse e re: “Ha ho tluoa tabeng ea khopolo ea ho iphetola ha lintho, . . . ho tsoala ke hona hoo e leng habohlokoa.”
Ka lehlakoreng le leng, Bibele e ruta hore Molimo o bōpile batho ka morero o fetang feela oa ho tsoala bana. Re entsoe ka “setšoantšo” sa Molimo, re e-na le matla a ho bonahatsa litšoaneleho tsa hae, haholo-holo lerato, toka, bohlale le matla. Ha li kopana le litšobotsi tse ikhethang tsa batho tse boletsoeng pejana, hoa hlaka hore na ke hobane’ng ha Bibele e phahamisetsa batho ka holimo ho liphoofolo. Ha e le hantle, Bibele e senola hore Molimo ha aa bōpa batho ba e-na le takatso ea ho phela ka ho sa feleng feela, empa o boetse o ba file le matla a hore ba thabele ho phethahala ha takatso eo lefatšeng le lecha leo Molimo a tla le etsa.—Genese 1:27, 28; Pesaleme ea 37:9-11, 29; Moeklesia 3:11; Johanne 3:16; Tšenolo 21:3, 4.
Seo re se Lumelang se Etsa Phapang
Ho itseba hase khopolo-taba feela, hobane seo re se lumelang ka tšimoloho ea rōna, se ka ama tsela eo re phelang ka eona. Rahistori H. G. Wells o ile a hlokomela qeto eo ba bangata ba ileng ba e etsa ka mor’a hore ho hatisoe buka ea Charles Darwin ea Origin of Species ka 1859.
“Ho ile ha latela boitšoaro bo neng bo hlile bo hlephile. . . . Ka mor’a 1859, tumelo e ile ea hla ea fela. . . . Ho ea bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, batho ba bangata ba ile ba lumela hore ba tsoetse pele ba le teng ka lebaka la Ntoa ea ho Loanela ho ba Teng, eo ho eona ba matla le ba maqiti ba hlōlang ba fokolang le ba tšepang ba bang. . . . Ba ile ba etsa qeto ea hore motho ke phoofolo e sa pheleng e le ’ngoe, joaloka ntja e tsomang ea India. . . . Ho ile ha bonahala ho lokile ho bona hore lintja tse khōlō, e leng batho, e be bo-’mampoli ’me li buse.”
Ho hlakile hore ke habohlokoa hore re itsebe ka mokhoa o nepahetseng. Etsoe joalokaha ’muelli e mong oa khopolo ea ho iphetola ha lintho a ile a botsa, “haeba thuto ea Darwin e seng e siiloe ke nako . . . e ile ea fokolisa matla a boitšoaro a tsoelo-pele ea ka Bophirimela, ho tla etsahala eng ha pono e ncha [ea thuto ea kelello ea ho iphetola ha lintho] e tsebahala ka bophara?”
Kaha seo re se lumelang ka tšimoloho ea rōna se ama maikutlo a rōna a motheo ka bophelo le ka se nepahetseng le se fosahetseng, ke habohlokoa hore re hlahlobisise potso ena hantle.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
Rahistori H. G. Wells o ile a hlokomela qeto eo ba bangata ba ileng ba e etsa ka mor’a hore ho hatisoe buka ea Charles Darwin ea Origin of Species ka 1859: “Ho ile ha latela boitšoaro bo neng bo hlile bo hlephile. . . . Ka mor’a 1859, tumelo e ile ea hla ea fela”