Na U Hlompha Mpho ea Molimo ea ho Etsa Bana?
JOANNE o’a hopola, “ha ke kakaletse holim’a tafole e thata, e tšesaane ea phaposi eo ho pepeloang ho eona, bohloko bo fihlang pelong ba fihla tlhōrōng ea bona. Ngaka e ne e ntse e hlatsoa matsoho a eona empa e seng kapele. Mooki a hoelehetsa, ‘Ngaka, lesea ke lena.’ E mathela tafoleng, ea phehella: ‘Hang hape.’ Bohloko boo bo ne bo batla bo sa mamellehe! Eaba joale?
“Ngaka ea re, ‘rea u lebohela, u na le ngoananyana e motle.’ Kamoo bohloko boo ba nakoana e fetileng e bileng bo se nang thuso ha mothoana eo ea futhumetseng, ea bonojoana a behelloa haufi le sefuba sa ka. Re tšoarane ka matsoho le monna oa ka, ra talima mohlolo ona o monyenyane o motle o entsoeng ke lerato la rōna ka bobeli.”
Mpho ea Molimo ea ho etsa bana ke ntho e ’ngoe e tšoaneloang ke ho tsotoa. Kamor’a mashome a lilemo a ho sebetsana le bongaka, Dr. Joseph Krimsky o ngotse: “Kemolo le tsoalo ke mehlolo e phahametseng kutloisiso ea rōna . . . Bona boikutlo ba lerato le thabo tse kopanyang lisele tsa botona le botšehali ke sephiri . . . seo thuto ea tsa mahlale e ke keng ea se hlalosa.”—The Doctor’s Soliloquy.
Tlhaloso ea Bibele
‘Boikutlo ba lerato le thabo’ tse thabeloang ke balekane ba lenyalong ke mpho e tsoang ho Molimo. Ho banna ba nyetseng, Bibele e re: “U thabele mosali oa bocha ba hao, . . . lerato la hae le u thabise pelo ka litšiu tsohle.” (Liproverbia 5:18, 19) Ka ho totobetseng Molimo o ne o reretse hore ho kopanela liphate hoa monna le mosali oa hae ho kolekele tlamong e mofuthu le e tšoarellang. Bana ba hlahileng kopanong e joalo ba ne ba tla qalisa hantle bophelong. Ka hona morero oa Molimo oa hore batho ba tlatse lefatše o ne o tla phethahatsoa ka tsela e molemo.—Genese 1:27, 28.
Empa babangata ha baa thabela qalo e molemo bophelong. Ba bang ba hōletse tikolohong e boitšoaro bo bobe ’me ba bang ba tsoa malapeng a arohaneng. Ho senyehile kae? Bibele e hlalosa kamoo batho ba babeli ba pele ba ileng ba fetohela Molimo ’me ba roba taelo ea hae. Bana ba bona ba ile ba emoloa nakoana kamor’a hore batho bao ba babeli ba etse sebe. (Genese 3:1–4:1) Ka hona bana ba bona ba futsa ho se phethahale le tšekamelo ea ho etsa sebe. (Ba-Roma 5:12) Ka lebaka lena, mpho ea Molimo ea ho etsa bana e sebelisitsoe hampe.
Na Baruti ba Buelletse Pono ea Bibele?
Kajeno, tšebeliso e mpe ea ho kopanela liphate e fihlile tlhōrōng. Ke hobane’ng ha ho le tjee? Nako e ka holimo ho lekholo la lilemo e fetileng, ba limillione ba ile ba talima likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana bakeng sa tataiso ea boitšoaro. Na baruti ba sebelisitse tšusumetso ea bona ho buella tlhompho bakeng sa ho etsa bana?
The New Encyclopædia Britannica e-ea hlalosa: “Likereke tse khōlō tsa Boprostanta—tsa Lutere, Reformed, Chache, Congregational, Methodist le lihlopha tse ngata tsa Baptist—ha ho bapisoa li ile tsa fetohela habobebe . . . khopolong ea ho iphetola hoa lintho.” Empa nahana: Na thuto ea ho iphetola hoa lintho ke ntho eo ba ipolelang hore ba emela Bibele ba ka ‘fetohelang’ ho eona? Che, hobane thuto ea ho iphetola hoa lintho ke khopolo e sa tsebeng letho ka boitšoaro. E hanyetsa bobōpi ba Molimo le hore motho o hloka ho pholosoa sebeng le lefung.—Genese 2:7, 18, 19; 1 Ba-Korinthe 15:21, 22.
Kereke e K’hatholike le eona e inehetse khopolong ea ho iphetola hoa lintho. Ka 1950, Mopapa Pius XII o ile a khothaletsa phuputso ea ho iphetola hoa lintho lengolong la hae Humani generis. Ka 1982 bo-ramahlale ba 11 ba ile ba memeloa Motseng oa Vatican ho ea buisana ka thuto ea ho iphetola hoa lintho tlas’a bolula-setulo ba mookameli oa Sehlopha sa Bopapa sa Lithuto tsa Mahlale. Kamor’a moo, sehlopha se ka holimo-limo sa tsa mahlale sa Kereke e K’hatholike sa hatisa buka e bolelang hore “ho bonahala meloko e lebisang ho motho, chimpanzee le gorilla e tsoa ho moholo-holo a le mong oa eona . . . lilemo tse limillione li 5 ho ea ho 7 tse fetileng.”
Khopolo ea ho iphetola hoa lintho ke khanyetso ea Bibele, e bolelang hore motho le liphoofolo ba bōpiloe ka ho fapana ‘ka mefuta ea bona.’ (Genese 1:20-27) ’Me ke ho thabisang hore ebe Bibele e boletse esale pele hore: “Lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo [“tlōlo ea molao,” NW]” (Mattheu 24:3, 11, 12, 33) Na thuto ea ho iphetola hoa lintho e koleketse “ngatafalong ea tlōlo ea molao”?
Na Thuto ea ho Iphetola hoa Lintho e Phahamisitse Tlōlo ea Molao Boitšoarong?
Ka ho khema ’moho le khopolo ea ho iphetola hoa lintho, baruti ba bangata ba nketse tlaase botšepehi Bibeleng. Batho baa botsa, ‘haeba tlaleho ea Genese ea pōpo hase ’nete, joale ho thoe’ng ka karolo e setseng ea Bibele?’ ’Me le bona baruti ba phephetsa seo Bibele e se bolelang ka ho kopanela liphate pele ho lenyalo le bosodoma, hammoho le pono ea Bibele ka bophelo ba ba e-so ho tsoaloe.—Exoda 20:13, 14; 21:22, 23; Levitike 18:22; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10.
Ho boetse ho na le tsela e ’ngoe eo ka eona khopolo ea ho iphetola hoa lintho e koleketseng tlōlong ea molao. Morao tjena, nakong ea ha babohi ba TV ba le bangata, limillione tsa batho naheng e ’ngoe ea “Bokreste” tsa boha pale ea ntate ea ileng a beta morali oa hae. Ho ea ka pampiri ea litaba Science 85, ho ile hoa etsoa qeto ea hore “ha ho motho ea ka nkuoang a ikarabella ka ho feletseng ka boitšoaro ba hae ha takatso e hōla ho ba matla.” Limillione tsa batho, makasine oo oa bolela, li itokiselitse ho khema ’moho le pono ena. Ka lebaka lefe? Hobane ba lumela hore “batho ba amana haufi-ufi le liphoofolo.” Batho, ho amohela pampiri ena ea litaba ea tsa mahlale, “ebile ba amohelang pono ea Darwin ho tlōla ea ho re ‘Motho o ntse a e-na le setempe seo se sa tloheng sa tšimoloho e tlaase ’meleng oa hae.’”
Khopolo ea ho iphetola hoa lintho e amme pono ea batho ka Bibele ka mokhoa o tebileng. Na hoo ho tlisitse mahlohonolo? Che. Ho hanyetsa litekanyetso tse molemo tsa Bibele tsa boitšoaro ho felletse ka keketseho e tšosang ea ho ntšoa hoa limpa le mafu a litšila. Hape, bana ba bangata-ngata ba hlahela kantle ho lenyalo, le ka mohla ba sa tsebe mahlohonolo a bophelo bo mofuthu ba lelapa.
Bibele e ka U Thusa Joang?
Bibele e senola ’Mōpi oa batho, Jehova, e le Molimo o mohau. (Pesaleme ea 103:10-13) O lakatsa ho thusa batho ba baetsalibe ho fihlela litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro. (Esaia 1:18; 55:6-9) Ka mohlala, nahana ka motse oa boholo-holo oa Kolosse oo ho oona ho kopanela liphate pele ho lenyalo le bofebe li neng li tloaelehile. Lengolo la Bibele le ngoletsoeng Bakreste ba Kolosse le re, “ke tseo le lōna le neng le tsamaea ho tsona pele, ha le ne le sa phela ka tsona.” (Ba-Kolosse 3:5-7) Empa, ka khothaletso ea Lentsoe la Molimo le ka matla a moea oa hae o halalelang, Bakolosse ba bangata ba etsa liphetoho tse hahang mekhoeng ea bona ea bophelo. Ba fetoha Bakreste ba ’nete.
Hape, nahana ka baahi ba Korinthe ea boholo-holo. Motse oa bona e ne e le o boitšoaro bo hlephileng moo basodoma le matekatse ba neng ba le bangata. Lengolo la Bibele le neng le ngoletsoe Bakreste ba phelang moo: “’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona; empa le hlatsoitsoe, empa le halalelitsoe, empa le beiloe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moea oa Molimo oa rōna.”—1 Ba-Korinthe 6:9-11; bona le Luka 11:13.
Na ntho e tšoanang e ea etsahala le kajeno? E, hobane kamor’a ho bala litokollo tse fetileng tsa makasine ona, ba likete ba thusitsoe ho lumellanya bophelo ba bona le Bibele. Nahana ka mohlala oa mocha e mong oa Afrika ea ileng a betoa esale ngoana. Ha nako e ntse e e-ea, a tetebela mefuteng eohle ea boitšoaro bo bobe, ho akarelletsa le bosodoma. O itse: “Lefatše le ka fana ka thabo ka nakoana, empa e tšoana le sethethefatsi se u sieang boikutlong bo lahlehileng le bo se nang thuso.” A sulafaletsoe, a leka ho ipolaea, empa nakong ena e mahlonoko ntho e ’ngoe ea etsahala e ileng ea fetola bophelo ba hae. A qala ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ’me a amohela keletso ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Hona hoa mo fa matla a ho hlōla litloaelo tsa boitšoaro bo bobe. O re: “Ke ikutloa ke hlaphohetsoe haholo hona joale. Seo Jehova a ka se etsetsang motho se ea makatsa.”
Bana ba hōlelang lelapeng le mofuthu la Bokreste ba na le monyetla. Batsoali ba Bakreste ba tšoanela ho etsa sohle se matleng a bona ho hlalosetsa bana ba bona ka mohlolo oa ho etsa bana. (Ba-Efese 6:4) Ka hona bana ba joalo ba tla thusoa ho hlompha litho tsa bona tsa ho ikatisa le ho se li sebelise e le lintho tse bapalang. Ho ikhotsofatsa ka setho sa botona kapa botšehali hangata ke bohato ba pele bo lebisang mefuteng e tebileng haholoanyane ea boitšoaro bo bobe.a
Kajeno, ho na le tlhokahalo e potlakileng ea ho hlōla litloaelo tsa boitšoaro bo bobe. Bibele e’a lemosa, “Ke ka baka la ntho tseo bohale ba Molimo bo tlang.” (Ba-Kolosse 3:5, 6) E, mohau oa Jehova o na le meeli. Hape ke Molimo oa tōka. (Deuteronoma 32:4) Hoba a profete ka ‘ngatafalo ea tlōlo ea molao’ ea mehleng ea kajeno, Jesu o itse: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.” (Mattheu 24:11, 12, 21) Bohato bona ba Molimo bo tla felisa tlōlo ea molao ’me bo kenye tsamaiso e ncha ea tōka.—Pesaleme ea 37:9-11, 29.
[Mongolo o batlaaseng ba leqephe]
a Re kōpa u bone lihlooho “A Mother Talks to Her Daughters” “A Father Talks to His Son” ho Awake! ea July 8, 1965, le December 8, 1968. Bona le buka Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona, li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Bana ba hloka tikoloho e mofuthu ea lelapa e le hore ba ka qalisa hamolemo bophelong
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Batsoali ba tšabang Molimo ba tšoanela ho thusa bana hoba le pono e nepahetseng ka matla a ho etsa bana