Ho Hlokofatsoa ke Tšabo e Feteletseng
“Hangata tšabo e feteletseng e ’nile ea songoa. Empa ho hang ha e ‘qabole.’”—Jerilyn Ross, mookameli oa setsi sa phekolo ea maloetse a bakoang ke ho tšoenyeha
POLELOANA “tšabo e feteletseng” e bolela tšabo e matla, e sa utloahaleng ea ntho e itseng, ketsahalo kapa boikutlo. Empa tlhaloso feela e ke ke ea bontša tšabo le bolutu tse bontšang boemo bona. Raeann Dumont ea ’nileng a phekola tšabo e feteletseng ka lilemo tse fetang mashome a mabeli, o re: “Batho ba nang le tšabo e feteletseng ba ka ’na ba qoba maemo a mangata haholo hoo ba sa tsoeng ka tlung, kapa ba ka ’na ba mamella matšoenyeho a tsoelang pele, a sa khaotseng, kapa ba ka ’na ba itokolla matšoenyehong a bona ka tahi, e ka ’nang ea baka mathata a eketsehileng.”
Tšabo e feteletseng e behoa sehlopheng sa mafu a bitsoang maloetse a bakoang ke ho tšoenyeha.a Ho hakanngoa hore karolo ea 12 lekholong ea batho ba baholo United States e tla sebetsana le tšabo e feteletseng nakong e itseng ea bophelo ba eona. Bongata ba bona bo tla tšoenyeha bo khutsitse ka lilemo-lemo. Mokhatlo oa Amerika oa Maloetse a Bakoang ke ho Tšoenyeha oa tlaleha: “Ka bomalimabe, hoo e ka bang batho ba bararo ho ba bane ba nang le tšabo e feteletseng ha ho mohla ba fumanang thuso. Batho ba bangata ba nang le tšabo e feteletseng ba leqe ho batla thuso ka lebaka la lihlong. Ba bang ha ba utloisise se ba tšoereng kapa hore na ba ka fumana thuso hokae, ’me ba bang ba tšaba ho phekoloa ka bohona.”
Ho na le mefuta e makholo e tsejoang ea tšabo e feteletseng, empa hangata litsebi li e arola ka lihlopha tse tharo. Tšabo e feteletseng e laolehang e lebisa tlhokomelo nthong kapa boemong bo itseng, joaloka likokoanyana, liphoofolo, ho tsamaea ka sefofane le ho ba libakeng tse koetsoeng. Tšabo e feteletseng ea ho ba libakeng tse bulehileng kapa tsa sechaba hangata e ba teng ka nako e le ’ngoe le ho hlaseloa ke ho tšoha. Motho ea nang le eona o tšaba ho hlaseloa ke ho tšoha ho ea bohōleng boo ho bona a qobang libaka tsohle le maemo tseo a kileng a hlaseloa a le ho tsona. Tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho e khetholloa ka ho tšaba ho tlotloloha har’a batho ba bangata, joaloka tabeng ea ho bua ka pel’a bamameli.
Nahana ka e le ’ngoe feela ho tsena tse tharo—tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho. The Washingtonian e re: “Leha u ka kopanya mefuta eohle ea tšabo e feteletseng e laolehang, e kang ho tšaba linoha kapa ho tsamaea ka sefofane, ha li atamele tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho ka ho ba sesosa sa mesarelo.” Na ka sebele see ke ’nete? Haeba ho joalo, ke hobane’ng? A re boneng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Maloetse a mang a bakoang ke ho tšoenyeha a akarelletsa boloetse ba ho tšoha, boloetse ba menahano e sa laoleheng e susumelletsang ketsong, boloetse ba khatello ea kelello bo bang teng ka mor’a ho ameha kotsing le boloetse ba ho tšoenyeha ho akaretsang. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea February 8, 1996, “Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Boitšoaro bo Susumetsoang ke Menahano e sa Laoleheng?” le ea June 8, 1996, (ea Senyesemane) “Ho Sebetsana ka Katleho le ho Hlaseloa ke ho Tšoha.”