Nakong eo ho Bonahalang eka Mahlo ’Ohle a ho Uena
“Tlhokofatso” ke lentsoe leo Jerry a le sebelisang ho hlalosa boemo bona. O re: “Ka linako tsohle ha ke ne ke kena ka tlelaseng, ke ne ke ee ke qale ho fufuleloa haholo, ke ne ke ikutloa eka ke tletse k’hothone ka hanong, ’me ke ne ke sa nahane hore nka khona ho bua—esita le haeba bophelo ba ka bo ne bo itšetlehile ka hona. Ebe ke qala ho utloa ke chesa haholo ho pholletsa le liphaka tsa ka le meomo le sefahleho ebe ke ea tlerefala—joalokaha eka ’mele oohle oa ka o retetse.”
JERRY o na le boloetse ba tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho, boemo bo khetholloang ka tšabo e matla haholo ea ho nyakureloa ke ba bang le ea ho nyelisoa. Bukana e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Amerika oa Maloetse a Bakoang ke ho Tšoenyeha e re: “Motho ea nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho o lumela hore mahlo ’ohle a ho eena. Ho tšoenyeha ho ka etsa hore motho a hlaseloe ke ho tšoha ho akarelletsa le matšoao a kang ho otla ka matla ha pelo, ho akheha, ho bipetsana le ho fufuleloa haholo.”
Ba bang ba ka ’na ba ba le tšekamelo ea ho hlokomoloha tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho, ka ho bolela hore ba lokela hore ba mpe ba iqobelle ho hlokomoloha lihlong tsa bona ’me ba “tsoe ba e’o bona batho.” Ke ’nete hore karolo ea ho loantša tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho e akarelletsa ho tobana le lintho tseo u li tšabang. Leha ho le joalo, ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho ba lihlong le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho. Jerilyn Ross o re: “Ho fapana le lihlong tse tloaelehileng, tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho e ka ba matla hoo e kena-kenanang le tsela ea ho etsa lintho kamehla, mosebetsing, sekolong le hoo e ka bang likamanong tsohle tse pakeng tsa batho.”
Liphuputso li bontša hore bophelo ba batho ba limilione bo sentsoe ke ho tšaba batho.a Nahana ka mefuta e meng ea tšabo e amanang le boemo bona bo fokolisang.
Se Tšajoang Mabapi le Tšabo e Feteletseng ea ho ba Har’a Batho
Ho bua phatlalatsa. Doug o hopola ha a hlaseloa ke ho tšoha ha a nehelana ka puo e khutšoanyane sehlopheng sa baahi ba sebakeng sa habo. O re: “Ka tšohanyetso ke ile ka fufuleloa ka ba ka hatsela. Pelo ea ka e ne e otla ka matla. Ke ne ke qhaqhasela, ke thothomela. Ke ne ke utloa eka ’metso oa ka oa koaleha, o nthatafalletsa ho bua.” Ke ’nete hore hoo e ka bang e mong le e mong oa tšoha ha a eme ka pel’a bamameli. Empa motho ea nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho o ba le boikutlo ba tšabo e matla le e sa khaotseng, ’me ha e kokobetsoe ke ho tloaela ho etsa ntho. Ka sebele, Doug o ile a talima esita le monyetla oa ho bua maemong a tloaelehileng joalokaha eka e ne e le tšokelo bophelong ba hae.
Ho ja ka har’a batho. Kaha batho ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho ba lumela hore baa nyakureloa, esita le ho ja lijo tse bonolo e ka ba phihlelo e bohloko joaloka toro e tšosang. Ba tšoenyeha ka hore matsoho a bona a tla thothomela, hore ba tla qhala lijo tsa bona kapa ba fose melomo ea bona, kapa esita le ka hore ba tla kula. Lintho tsena tseo ba li tšabang li ka fetoha boprofeta bo phethahalang. Buka ea Dying of Embarrassment e re: “Ha u khathatseha haholoanyane ka hore u ka ’na ua etsa ntho e itseng e tlotlollang, u tšoenyeha haholoanyane. Ha u tšoenyeha haholoanyane, ho na le monyetla o moholoanyane oa hore u hle u qale ho thothomela kapa u etse lintho ka potlako le ka bothoto. Bothata bona bo ka eketseha ho ea bohōleng boo ho bona ho bang thata ho ja kapa ho noa u sa qhale.”
Ho ngolla har’a batho. Ka ho tšaba hore matsoho a bona a tla thothomela kapa hore ba tla bonoa ba ngola habohlasoa hoo mongolo oa bona o ke keng oa baleha, batho ba bangata ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho baa tšoha ha ba lokela ho tekena cheke kapa ho etsa mosebetsi leha e le ofe oa ho ngola ha ba shebiloe. Ka mohlala, Sam o ne a ferekana ha mohiri oa hae a mo laela ho tekena buka ea tlaleho ea tšebeliso ea ntho e itseng ka pel’a molebeli qalong ea letsatsi le leng le le leng la mosebetsi. Sam o re: “Ke ne ke sitoa ho ho etsa. Letsoho la ka le ne le ee le thothomele haholo hoo ke neng ke tlameha ho le hatella ka le leng e le hore nka ngola holim’a mola ’me u ne u ke ke ua bala seo ke se ngotseng.”
Ho sebelisa thelefono. Dr. John R. Marshall o bolela hore bongata ba bakuli ba hae bo boletse hore bo ne bo qoba ho sebelisa thelefono neng le neng ha ho khoneha. O re: “Ba ne ba khathatseha ka hore ba ne ba tla hlōleha ho arabela ka tsela e loketseng. Ba bang ba ne ba tšaba hore, kaha ba ne ba ke ke ba tseba hore na ba lokela ho re’ng, ba ne ba tla thōla ka tsela e tlotlollang ’me nakong eo ka eona moqoqo o sa tsitseng, ho tšoenyeha ho ne ho tla etsa hore mantsoe a bona a fetohe, a thothomele kapa a meketse. Ba ne ba tšaba hore ba ka ’na ba kokotletsa, ba hoeleketsa kapa ba bontša pherekano ea bona ka tsela leha e le efe e tlotlollang.”
Ho sebelisana le batho. Batho ba bang ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho ba tšaba hoo e ka bang boemo bofe kapa bofe bo amanang le ho kopana le ba bang. Hangata ba tšaba haholo-holo ho teanya mahlo le ba bang. The Harvard Mental Health Letter e re: “Batho bao ka matla ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho ba tšoenyeha ka ho se tiisehe hore na ba lebise mahlo a bona hokae le seo ba lokelang ho se etsa ha ba bang ba ba sheba. Ba qoba ho teanya mahlo le ba bang hobane ba ikutloa eka ha ba tsebe hore na ke neng ba lokelang ho ba sheba le hore na ke neng ba lokelang ho sheba thōko. Ba nahana hore ba bang ba tla hlalosa tsela eo ba shebang ka eona hampe.”
Ho na le mefuta e meng ea tšabo e amanang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho. Ka mohlala, ba bangata ba tšaba ho sebelisa matloana a sechaba. Ba bang ba tšaba ho reka ba shebiloe ke morekisi. Mosali e mong o re: “Ke hlokolosi ka seo ke se etsang hoo hangata ke sa boneng le seo ke se shebileng. Hangata ke lebella kapa ke nahana hore motho ea ka mor’a k’haontara o tla batla hore ke etse qeto ea seo ke se batlang ’me ke khaotse ho senya nako ea bona.”
Ke Joang ba Lekang ho Sebetsana ka Katleho le Boemo Boo?
Ba se nang boloetse bona ba fumana ho le thata ho utloisisa bohloko ba tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho. E mong ea nang le boloetse bona o hlalosa phihlelo ea hae e le “mofuta oa tlotlollo o mobe ka ho fetisisa oo mang kapa mang a ka o nahanang le ka mohla!” E mong oa lumela: “Ke nahana ho ipolaea ka linako tsohle.”
Ka masoabi, batho ba bangata ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho ba retelehela tahing ha ba leka ho fokotsa matšoenyeho a bona.b Le hoja e tla etsa hore motho a imolohe ka nakoana, ka mor’a nako e batlang e le telele, tšebeliso e mpe ea tahi e mpa feela e eketsa mathata ao motho enoa a a mameletseng. Dr. John R. Marshall o re: “Bakuli ba ka ba bangata ba se nang phihlelo ea ho noa lino tse tahang har’a batho ba ile ba noa ho fihlela ba thethefetse—ha ba leka ho etsa hore ba be le khutso pele ba e-ba har’a batho kapa ha ba le har’a bona, empa ba ile ba mpa ba eketsa tlotlollo eona eo ba neng ba e tšaba hakana mahlong a ba bang.”
Mohlomong leano le tloaelehileng ka ho fetisisa la ho sebetsana ka katleho le maemo a bophelo har’a batho ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho ke ho itšehla thajana. E, ba bangata ba mpa feela ba tloha maemong ao ba a tšabang. Lorraine ea nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho o re: “Ke ne ke qoba maemo a mangata kamoo nka khonang, esita le ho bua thelefonong.” Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta ba bangata ba nang le bothata bona ba fumana hore ho itšehla thajana ho ba kenya teronkong ho e-na le ho ba sireletsa. Lorraine o re: “Ka mor’a nako e itseng, bolutu le ho teneha li ne li ee li nkimele.”
Temoso ea Jerilyn Ross ke hore ho itšehla thajana ho ka fetoha “sefi seo motho a ichehelang sona.” Oa eketsa: “’Me ketso e ’ngoe le e ’ngoe ea ho itšehla thajana e etsa hore ho be bonolo haholoanyane ho oela sefing seo nakong e tlang—ho fihlela ho itšehla thajana e batla e e-ba boitšoaro bo itlisang.” Ba bang ba nang le bothata bona hangata ha ba amohele memo ea ho ba lijong tsa mantsiboea kapa ba hana menyetla ea mosebetsi o hlokang hore ba sebelisane le batho. Ka lebaka leo, ha ho mohla ba ithutang ho tobana le lintho tseo ba li tšabang ’me ba li hlōle. Joalokaha Dr. Richard Heimberg a bolela, “bophelo ba bona bo tletse ho nahana ho hana lintho tseo ho seng mohla li kileng tsa etsahala le ho nahana ho hlōleha mesebetsing eo ho seng mohla ba kileng ba e etsa hobane ba ile ba e qoba.”
Leha ho le joalo, ho na le litaba tse molemo mabapi le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho: Ea phekoleha. Ka sebele, ho ke ke ha etsahala—ebile ha ho lakatsehe—ho felisa ka ho feletseng mofuta o mong le o mong oa ho tšoenyeha. Empa ba nang le bothata ba tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho ba ka ithuta ho laola tšabo ea bona, ’me Bibele e na le keletso e sebetsang e ka thusang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho lokela ho hlokomeloe hore hoo e ka bang e mong le e mong o na le tšabo e itseng ea ho ba har’a batho. Ka mohlala, batho ba bangata ba ba le matšoenyeho a bakoang ke ho lebella ho bua ka pel’a bamameli. Leha ho le joalo boloetse bo bakoang ke tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho, bo atisa ho fumanoa feela ho bao tšabo ea bona e feteletseng hoo e kena-kenanang le tsela e tloaelehileng ea ho etsa lintho.
b Liphuputso li bontša hore ho na le palo e phahameng ea batho bao e leng makhoba a tahi har’a batho ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho le hore ho na le palo e phahameng ea ba nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho makhobeng a tahi. Ke’ng se tlang pele? Ho boleloa hore karolo ea boraro ea makhoba a tahi e ne e e-na le boloetse ba ho tšoha kapa mofuta o itseng oa tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho pele e qala ho noa.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Tabeng ea motho ea nang le tšabo e feteletseng ea ho ba har’a batho, litšebelisano tse tloaelehileng e ba phihlelo e bohloko joaloka toro e tšosang