Ha Tšepo le Lerato li Khutla
BATSOALI, matichere le batho ba bang ba sebetsanang le bacha baa hlokomela hore bona kapa bacha kapa batho leha e le bafe ba bang ba ke ke ba fetola lefatše. Ho na le litšusumetso tse sebetsang tse tšoanang le maqhubu a leoatle a tlōlang mabōpo, tseo ho seng motho ea ka li emisang. Leha ho le joalo, ho na le se sengata seo bohle re ka se etsang ho tlatsetsa ho etseng hore bacha e be ba thabileng haholoanyane, ba phelang hantle le ba tloaelaneng le batho bao ba phelang le bona.
Kaha boipaballo bo molemo ho feta setlhare, batsoali ba lokela ho nahanisisa kamoo mokhoa oa bona oa bophelo le lintho tse tlang pele ho bona li ka ’nang tsa susumetsa boikutlo le boitšoaro ba bana ba bona kateng. Ho ba lokisetsa tikoloho e ba fang lerato le tlhokomelo ka lapeng ho fana ka tšireletso e ka thibelang hamolemo ka ho fetisisa boitšoaro ba ho ipolaea. Ntho e ’ngoe eo bacha ba e hlokang haholo ke ho ba le motho ea tla ba mamela. Haeba batsoali ba sa mamele, mohlomong batho ba bang ba sa rateheng hakaalo ba tla mamela.
Seo se bolela eng ho batsoali kajeno? Fang bana ba lōna nako ha ba e hloka—ba sa le banyenyane. Malapeng a mangata sena hase bonolo. Ba leka ka matla ho hlokomela litlhoko tsa bophelo, batsoali ka bobeli ha ba na boikhethelo haese ho sebetsa. Ba ileng ba ikemisetsa le ho itela molemong oa hore ba be le nako e eketsehileng le bana ba bona ba ’nile ba kotula moputso oa ho bona bara le barali ba bona ba atleha bophelong. Leha ho le joalo, joalokaha ho bontšitsoe pejana, ka linako tse ling esita leha batsoali ba entse boiteko bo molemo ka ho fetisisa, ho ka ’na ha e-ba le mathata a tebileng ka bana ba bona.
Metsoalle le Batho ba Bang ba Baholo ba ka Thusa
Lintoa, peto le ho hlekahlekoa ha bacha ho hloka hore batho ba baholo ba hlileng ba tsotellang ba etse boiteko bo fetang bo tloaelehileng ho laola tšenyo ena. Bacha ba sithabetseng maikutlo ka lebaka la liphihlelo tse joalo ba ka ’na ba se ke ba itšoara ka ho loketseng esita leha ho etsoa boiteko ba ho ba thusa. Ho ka ’na ha hlokahala hore u sebelise nako ea hao e ngata le ho etsa boiteko bo matla. Ka sebele hase bohlale kapa ho bontša lerato ho ba nyenyefatsa kapa ho ba lahla. Na re ka sebelisa haholoanyane tsebo ea rōna ea ho sebetsana le maemo a amang maikutlo ’me ra bontša mosa le lerato tse hlokahalang ho thusa ba kotsing?
Hase batsoali feela bao ka ho khetheha ba lokelang ho falimehela tšekamelo eo bacha ba bang le eona e bontšang hore e ka ’na eaba ba boemong bo kotsi mohlomong ba ho se tsitse maikutlong, empa metsoalle esita le bana ba bang le bona ba ka ho etsa. (Bona lebokose le reng “Ho Hlokahala Thuso e Tšoanelehang,” leqepheng la 8.) Haeba ho bonahala matšoao a le teng, potlakela ho ithaopela ho mamela. Haeba ho khoneha, leka ho etsa hore bacha ba khatellong ba bue ka bolokolohi ka ho ba botsa lipotso tse mosa ho ba tiisetsa hore u motsoalle oa sebele. Metsoalle le beng ka motho ba tšepahalang ba ka ’na ba khona ho tšehetsa batsoali ho sebetsana le maemo a thata; empa, leha ho le joalo ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba nka boikarabelo ba batsoali. Hangata tšekamelo ea bacha ea ho ipolaea ke kōpo e tiileng ea ho batla tlhokomelo—tlhokomelo ea batsoali.
E ’ngoe ea limpho tse molemo ka ho fetisisa eo motho a ka e fang bacha ke tšepo e tiileng ea bokamoso bo thabileng, e leng tšusumetso ea ho phela. Bacha ba bangata ba hlokometse bonnete ba litšepiso tsa Bibele tsa hore tsamaiso ea lefatše le molemonyana e atametse.
Ba Pholositsoe Lintšing Tsa ho Ipolaea
Mosali e mong e mocha oa Japane eo hangata a neng a nahana ho ipolaea o re: “Ke lekile ho ipolaea ka makhetlo a mangata. Ha ke sa le ngoana e monyenyane, ke ile ka hlekahlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ke motho e mong eo ke neng ke mo tšepa. . . . Nakong e fetileng, ke ile ka ngola melaetsa e mengata e reng, ‘Ke batla ho shoa’ hoo ke seng ke sa tsebe le palo ea eona. Hamorao ke ile ka ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me hona joale ke sebeletsa ke le moevangeli oa nako e tletseng, empa boikutlo boo bo ntse bo ntlela nako le nako. . . . Empa Jehova o ntumeletse ho tsoela pele ke phela, ’me ho bonahala eka o ntse a mpolella ka mosa hore, ‘Tsoela pele u phela.’”
Ngoanana e mong ea lilemo li 15 oa Russia o ile a hlalosa: “Ha ke le lilemo li robeli, ke ile ka qala ho ba le boikutlo ba hore ha ho motho ea ntlhokang. Batsoali ba ka ba ne ba se na nako ea ho buisana le ’na, ’me ke ile ka leka ho rarolla mathata a ka ka bonna. Ke ile ka itšehla thajana. Ke ne ke lula ke ngangisana le beng ka ’na. Joale khopolo ea ho ipolaea ea fihla kelellong ea ka. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke kopana le Lipaki tsa Jehova!”
’Me Australia ho hlaha tlhaloso ena e khothatsang e tsoang ho Cathy, eo hona joale a sa tsoa feta lilemo tse 30, e bontšang hore ho felloa ke tšepo ka sebele ho ka fella ka ho ba le tšepo: “Ke ne ke lula ke nahana ka mekhoa e sa tšoaneng ea ho felisa bophelo ba ka ’me qetellong ka leka ho ipolaea. Ke ne ke batla ho phema lefatše lena, le tletseng lintho tse bohloko, tse halefisang le tse se nang thuso. Ho tepella maikutlo ho ile ha nthatafalletsa ho tsoa ‘sefing’ sena seo ke neng ke ikutloa ke tšoasehile ho sona. Ka hona, ho ipolaea ho ile ha bonahala e le eona tharollo ka nako eo.
“Ha ke ne ke qala ho utloa ka monyetla oa hore lefatše le ka fetoha paradeise, eo bohle ba phelang ka khotso le thabo ho eona, ke ile ka e labalabela. Empa e ne e bonahala e le toro e ke keng ea phethahala. Leha ho le joalo, butle-butle ke ile ka qala ho utloisisa pono ea Jehova ka bophelo le kamoo e mong le e mong oa rōna e leng oa bohlokoa kateng mahlong a hae. Ke ile ka qala ho ikutloa ke e-na le tšepo ka bokamoso. Qetellong, ke ile ka fumana tsela ea ho tsoa ‘sefing’ seo. Leha ho le joalo, ho tsoa ho sona ho ile ha e-ba thata. Ka linako tse ling ho tepella maikutlo ho ne ho ntšithabetsa, ’me ke ikutloa ke ferekane haholo. Leha ho le joalo, ho etsa Jehova Molimo motataisi oa ka ho ’nolofalelitse hore ke atamele haufi le eena le hore ke ikutloe ke sireletsehile. Ke leboha Jehova ka sohle seo a nketselitseng sona.”
Ha ho sa na ho Shoa ha Bacha
Ka ho ithuta Bibele, mocha a ka hlokomela hore ho na le ho hong ho molemonyana hoo a ka ho lebellang—hoo moapostola oa Mokreste Pauluse a ho bitsang “bophelo ba sebele.” O ile a eletsa mohlankana Timothea: “Fana ka litaelo ho ba ruileng . . . hore ba behe tšepo ea bona, eseng maruong a sa tsitsang, empa ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele; hore ba sebetse se molemo, hore ba rue mesebetsing e metle, . . . ba ipolokele ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.”—1 Timothea 6:17-19.
Ha e le hantle, keletso ea Pauluse ke hore re lokela ho tsoakana le batho ba bang, re ba thusa ho ba le motheo oa tšepo ka bokamoso. Jehova o tšepisitse “bophelo ba sebele” tsamaisong ea hae e ncha ea “maholimo a macha le lefatše le lecha.”—2 Petrose 3:13.
Bacha ba bangata ba kileng ba e-ba kotsing ba hlokometse hore tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le bophelo ba boitšoaro bo litšila ha ho moo li lebisang teng haese tseleng e telele le e matsoelintsoeke e isang lefung, leo ho ipolaea e-bang tsela e khaoletsang. Ba hlokometse hore lefatše lena, hammoho le lintoa tsa lona, lehloeo, boitšoaro ba lona bo mabifi le litsela tsa lona tse se nang lerato, le tla feta haufinyane. Ba ithutile hore tsamaiso ea lefatše lena e senyehile hoo e ke keng ea lokisoa. Ba lumela ka tieo hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo ea sebele, kaha o tla tlisa lefatše le lecha leo ho lona bacha ba ke keng ba hlola ba shoa, eseng bona feela, empa le moloko oohle oa batho o mamelang—leha e le hore ba tla ke ba batle ho shoa.—Tšenolo 21:1-4.