Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 2/8 maq. 12-15
  • Le Hoja ke le Sefofu Ke sa na le Thuso Ebile ke Thabile

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le Hoja ke le Sefofu Ke sa na le Thuso Ebile ke Thabile
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rutoa ho Hloea Molimo
  • Ho ba Joaloka Phoofolo e Koaletsoeng
  • Ho Thusoa ke Ntate
  • Ho Bona ka Tsela ea Moea
  • Ho Qhalana ha Lenyalo
  • Bophelo bo Thabileng, bo Behang Litholoana
  • Ho Tšehetsoa ke Molimo oa Ka
  • Joale ke Kholisehile Hore Nka Khona ho Thusa ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Thusang Batho ba Foufetseng Hore ba Ithute ka Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Ho Tutubollela Litaba tse Molemo Mahlo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Phela le Bokooa ba Pono
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 2/8 maq. 12-15

Le Hoja ke le Sefofu Ke sa na le Thuso Ebile ke Thabile

Joalokaha ho boletse Polytimi Venetsianos

Ke ne ke ntse ke bapala le banab’eso ba bararo le ngoan’a rangoane ha ntho e ’ngoe e nyenyane e kena ka fensetere. E ne e le seqhomane, ’me eitse ha se phatloha, sa bolaea bana bao beso ba bararo kaofela ’me ’na ka sala ke foufetse ka ho feletseng.

LETSATSI e ne e le la 16 July, 1942, ha ke ne ke le ngoananyana ea lilemo li hlano feela. Ka matsatsi a mangata, ke ne ke lula ke akheha nako e telele, ke hlaphoheloe, ke boele ke akhehe. Ha ke hlaphoheloa ka ho feletseng, ke ile ka batla likhaitseli tsa ka le ngoan’eso oa ngoanana. Ha ke utloa hore ba shoele, ke ile ka lakatsa eka le ’na nka be ke shoele.

Ha ke hlaha, lelapa leso le ne le lula sehlekehlekeng sa Magerike sa Salamis, haufi le Piraiévs, boema-kepe ba Athene. Re ne re phela bophelo bo nang le khotso ho sa tsotellehe ho futsaneha ha rōna. Seo sohle se ile sa senngoa ke ho qaleha ha Ntoa ea II ea Lefatše ka 1939. Ntate e ne e le mosesisi oa likepe, Mediterranean. Hangata o ne a tlameha ho qoba likepe tsa ntoa tse mathang ka tlas’a metsi, likepe tse nyenyane tsa ntoa, liqhomane tse itsamaisang ka tlas’a metsi le libomo tsa mebuso ea Jeremane, Italy le Japane e neng e tšoarisane ntoa hammoho le tsa linaha tsa Selekane tse neng li le khahlanong le mebuso eo. Greece e ne e le tlas’a taolo ea Bofascista le Bonazi.

Ho Rutoa ho Hloea Molimo

Ka lebaka la maemo a tšabehang a neng a le teng nakong ea ntoa, ’Mè o ile a hlokahalloa ke ngoana oa hae oa bone. O ile a tepella maikutlo haholo, a tšoaroa ke lefuba ’me qetellong ka mor’a hore a be le ngoana oa botšelela, o ile a hlokahala ka August, 1945. Baahisani ba rōna bao e neng e le balumeli ba ile ba qala ho re bolella hore re ne re otloa ke Molimo. Baprista ba bang ba Greek Orthodox bona, moo ba reng baa re khothatsa, athe ba mpefatsa lintho le ho feta, ba ile ba re Molimo o nketse likhaitseli tsa ka le banab’eso ba banana leholimong hore e e’o ba mangeloi a manyenyane.

Ntate o ne a halefile. Ke hobane’ng ha Molimo a ne a ka amoha lelapa le futsanehileng joalo bana ba bane empa a e-na le mangeloi a limilione? Litumelo tsena tsa Kereke ea Orthodox li ile tsa mo bakela maikutlo a matla a ho hloea Molimo le ho hloea bolumeli. Ka mor’a moo, ha aa ka a hlola a batla letho le amanang le bolumeli. O ile a nthuta ho hloea le ho nyelisa Molimo, a hatisa hore Molimo ke eena ea ikarabellang bakeng sa bohloko le mahlomola tseo re neng re le ka har’a tsona.

Ho ba Joaloka Phoofolo e Koaletsoeng

Nakoana ka mor’a lefu la ’Mè ka 1945, Ntate le eena o ile a tšoaroa ke lefuba ’me a tlameha ho lula setsing sa kokelo. Ngoan’eso e monyenyane oa ngoanana o ile a isoa lehaeng la sechaba la tlhokomelo ea bana. Hamorao, ha Ntate a e-tsoa setsing sa kokelo ’me a e-ea lehaeng leo la tlhokomelo ea bana ho ea mo lata, o ile a bolelloa hore o hlokahetse. Ke ile ka isoa sekolong sa lifofu, moo ke ileng ka qeta lilemo tse robeli tse latelang tsa bophelo ba ka. Pele, ke ne ke sithabetse haholo. Ke ne ke nyahama ka ho fetisisa matsatsing a ho eteloa. Boholo ba bana bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ne ba e-na le batho ba ba etelang, empa ’na ke ne ke se na le ea mong ea nketelang.

Ke ile ka itšoara joaloka phoofolo e koaletsoeng. Ke ne ke bitsoa nkoapo ea sekolo. Ka lebaka leo, ke ne ke shapuoa ’me ke behoa ‘setulong sa bana ba sa mameleng.’ Hangata ke ne ke nahana ho ipolaea. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ke ile ka hlakeloa hore ke tlameha ho ithuta ho iketsetsa lintho. Ke ile ka fumana khotsofalo ha ke thusa bana ba bang ba lifofu bao ke neng ke kena sekolo le bona, hangata ke ba thusa ho apara kapa ho alola libethe tsa bona.

Baprista ba ile ba re bolella hore Molimo o re foufalitse ka lebaka la libe tse itseng tse tebileng tsa batsoali ba rōna. Sena se ile sa fehla lehloeo le fetang ka Molimo, eo ho neng ho bonahala a le lonya a bile a le khopo. Khopolo ea bolumeli e neng e ntšosa le ho ntlhonamisa e ne e le ea hore meea ea bafu e tsamaea e tšoenya ba phelang. Ka lebaka leo, le hoja ke ne ke rata banab’eso le ’Mè ba neng ba se ba hlokahetse, ke ne ke tšaba “meea” ea bona.

Ho Thusoa ke Ntate

Ka mor’a nako, Ntate o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova. O ile a hlolloa ke ho ithuta ka Bibeleng hore Satane ke eena mohloli oa mahlomola le lefu, eseng Jehova. (Pesaleme ea 100:3; Jakobo 1:13, 17; Tšenolo 12:9, 12) Ka potlako, Ntate, ea neng a se a e-na le tsebo, o ile a qala ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, a hatela pele moeeng ’me a kolobetsoa ka 1947. Likhoelinyana pele ho moo, o ne a ile a nyala hape ’me o ne a se a e-na le mora. Hamorao, mosali oa hae e mocha le eena o ile a kopana le eena ho rapeleng Jehova.

Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka tloha sekolong sa lifofu. E bile ho tšelisang hakaakang ho khutlela lelapeng le mofuthu la Bakreste! Ba ne ba e-na le seo ba neng ba se bitsa thuto ea lelapa ea Bibele, eo ke neng ke mengoa hore ke be teng ho eona. Ke ne ke e-ba teng ho eona ka lebaka la ho ba hlompha le ho bontša mekhoa e metle feela, le hoja ke ne ke hlile ke sa mamele. Ke ne ke ntse ke e-na le maikutlo a matla a ho hloea Molimo le bolumeli.

Lelapa leso le ne le ithuta bukana e reng God’s Way Is Love. Ke ne ke sa thahaselle qalong, empa joale ke ile ka utloa Ntate a tšohla boemo ba bafu. Sena se ile sa hapa thahasello ea ka. Ho ile ha baloa Moeklesia 9:5, 10 ka Bibeleng: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.”

Ke ile ka qala ho elelloa hore tšabo ea ka e ne e le e hlokang mabaka. ’Mè, likhaitseli tsa ka le banab’eso ba banana ba neng ba hlokahetse ba ne ba ke ke ba ntematsa. Joale puisano eo e ile ea leba tabeng ea tsoho ea bafu. Ke ile ka hla ka qahamisa litsebe. Pelo ea ka e ile ea tlala thabo ha ke utloa tšepiso ea Bibele ea hore tlas’a puso ea Kreste, bafu ba tla boela ba phele! (Johanne 5:28, 29; Tšenolo 20:12, 13) Joale thuto e ne e se e ’natefela haholo. Ke ne ke se ke lula ke letetse ka cheseho letsatsi la puisano ena ea lelapa, ’me ke ne ke lokisetsa hantle ho sa tsotellehe bofofu ba ka.

Ho Bona ka Tsela ea Moea

Ha ke hatela pele tsebong ea Mangolo, maikutlo a fosahetseng ka Molimo le ka litšebelisano tsa hae a ile a fela. Ke ile ka ithuta hore ha ho na motho, ebang ke ’na kapa motho e mong, ea foufalitsoeng ke Molimo empa hore motso oa bokhopo bohle ke Sera sa hae, Satane Diabolose. Ke ile ka soaba hakaakang hore ebe ke ne ke ile ka beha Molimo molato ka lebaka feela la ho hloka tsebo ha ka! Ka tabatabelo e khōlō, ke ile ka eketsa tsebo ea ka e nepahetseng ea Bibele. Ke ile ka ba teng libokeng tsohle tsa Bokreste ’me ka nka karolo ho tsona, le hoja re ne re lula lik’hilomithara tse ngata hōle le Holo ea ’Muso. Ke ile ka boela ka kopanela ka mafolofolo mosebetsing oa boboleli, ka se ke ka lumella ho se bone ha ka hore ho ntšitise.

Ke ile ka thaba hakaakang ha ke kolobetsoa ka la 27 July, 1958, lilemo tse ka holimonyana ho tse 16 ka mor’a ketsahalo e bohloko e ileng ea ntšiea ke foufetse! Ke ile ka qala bophelo bo bocha ’me ke ne ke tletse tšepo le maikutlo a katleho. Joale bophelo ba ka bo ne bo e-na le morero—ho sebeletsa Ntate oa ka ea lerato oa leholimo. Ho mo tseba ho ne ho ntokolotse lithutong tsa bohata ’me ho mphile matla a hore ke tobane le bofofu ba ka le mathata ao bo a bakang ka boikemisetso le ka ho ba le tšepo. Kamehla ke ne ke nehela lihora tse 75 kapa tse fetang moo ka khoeli mosebetsing oa ho bolella ba bang litaba tse molemo tse khanyang.

Ho Qhalana ha Lenyalo

Ka 1966, ke ile ka nyaloa ke monna eo ke neng ke e-na le lipakane tse tšoanang le tsa hae bophelong. Ho ne ho bonahala eka bobeli ba rōna re tla thabela lenyalo le thabileng kaha ka bobeli re ne re sebeletsa ho eketsa tšebeletso ea rōna mosebetsing oa ho bolela. Ka likhoeli tse ling re ne re nehela lihora tse ngata mosebetsing oo o pholosang bophelo. Re ile ra fallela sebakeng se ka thōko sa Livadiá, bohareng ba Greece. Lilemong tsa ha re le moo, ho tloha ka 1970 ho fihlela ka 1972, ho sa tsotellehe lekhotla la nakoana la sesole la bohatelli le neng le busa Greece, re ile ra thusa batho ba ’maloa ho tseba ’nete ea Bibele le ho ba Bakreste ba kolobelitsoeng. Re ile ra boela ra thabela ho thusa phutheho e nyenyane ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng seo.

Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng monna oa ka o ile a qala ho hlokomoloha thuto ea Bibele le ho ba teng libokeng tsa rōna tsa Bokreste, ’me qetellong o ile a furalla lithuto tsa Bibele ka ho feletseng. Sena se ile sa baka boima bo boholo lenyalong la rōna le ileng la fella ka tlhalo ka 1977. Ke ne ke sithabetse ka ho ke keng ha lekanngoa.

Bophelo bo Thabileng, bo Behang Litholoana

Nakong ena eo ka eona ke neng ke nyahame haholo bophelong, ke ile ka boela ka pholosoa ke Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Mor’eso e mong ea lerato oa Mokreste o ile a ntlhalosetsa hore haeba ke lumella boemo boo bo bakiloeng ke eo e neng e le monna oa ka hore bo nkamohe thabo, ha e le hantle joale e ne e tla ba ke lekhoba la hae. E ne e tla ba ke eena ea tšoereng senotlolo sa thabo ea ka. Nakong eona ena, setho se seng sa phutheho ea Bokreste se seng se hōlile se ile sa kōpa hore se thusoe hore se ntlafatse tsebo ea sona ea ho bolela. Ka potlako, ke ile ka tšoareha ka ho feletseng ho se neng se ntlisetsa thabo e khōlō ka ho fetisisa—e leng ho kopanela tšebeletsong!

Joale Mokreste e mong o ile a fana ka tlhahiso ena: “U ka tsoela pele ho thusa libakeng tseo u hlokoang haholo ho tsona. U ka ba ntlo e qhooeng e fanang ka khanya e sebelisoang ke Jehova Molimo.” Oo e ne e le mohopolo o babatsehang hakaakang! Sefofu e e-ba “ntlo e qhooeng e fanang ka khanya e sebelisoang ke Jehova Molimo”! (Bafilippi 2:15) Ntle ho tšenyo ea nako, ke ile ka tloha Athene ’me ka ea lula motseng oa Amárinthos, Évvoia e ka boroa, e leng sebaka se neng se e-na le mesuoe e fokolang haholo ea Bibele. Ka thuso ea bara le barali beso moo, ke ile ka khona ho haha ntlo ’me ka khona ho hlokomela litlhoko tsa ka hantle.

Kahoo ka lilemo tse fetang 20 hona joale, ke khonne ho qeta likhoeli tse ’maloa selemo ka seng ke kopanela mofuteng o itseng oa mosebetsi o eketsehileng oa boboleli. Ka matla a tsoang ho Jehova, ke khona ho kopanela mefuteng eohle ea tšebeletso, ho kopanyelletsa le oa ho etela batho malapeng a bona, ho khannela ba thahasellang lithuto tsa Bibele, le ho bua le batho literateng. Hona joale, ke na le tokelo ea ho khannela batho ba bane ba nang le thahasello ho ’Mōpi oa rōna thuto ea Bibele. Ke ’nile ka thaba hakaakang ha ke bona liphutheho tse tharo li thehoa sebakeng see, moo lilemong tse 20 tse fetileng ho neng ho e-na le barab’abo rōna ba ’maloa feela!

Habeli ka beke, ke tsamaea lik’hilomithara tse fetang 30 lekhetlo ka leng e le hore ke be teng libokeng tsa Bokreste, ka boikemisetso ba ho se fosoe ke le se le seng sa tsona. Ha ke lemoha hore kelello ea ka ea lelera nakong ea liboka—ka lebaka la ho se bone sebui—ke sebelisa bukana ea ka e khethehileng ea Braille ho ngola lintlha ka bokhutšoanyane. Ka tsela ena, ke qobella litsebe tsa ka le kelello ea ka hore li mamele ka hloko. Ho feta moo, ke na le tokelo ea hore seboka se seng sa phutheho se tšoareloe ha ka. Batho ba tloha metseng e haufinyane ho tla ba teng sebokeng se bitsoang Thuto ea Buka ea Phutheho. Ho e-na le hore ka linako tsohle ke lebelle hore ba bang ba nketele ha ka, ke etsa boikhathatso ba ho ba etela, e leng ntho e fellang ka hore re khothatsane.—Baroma 1:12.

Nakong eo ka eona ke neng ke ntse ke lula le Ntate ha ke sa le mocha, le ka mohla o ne a sa ntšoare joaloka ngoana ea foufetseng. Ka mamello le qophello, o ile a qeta nako e ngata a nthuta ho iketsetsa lintho ka matsoho. Koetliso ena e sebetsang e nthusitse hore ke hlokomele jarete ea ka hantle le liphoofolo tse seng kae tseo ke li ruileng. Ke sebetsa ka thata lehaeng la ka, ke boloka ntlo e hloekile le ho pheha lijo. Ke ithutile hore re ka fumana thabo le nyakallo linthong tse sa reng letho tsa bophelo, linthong tseo re nang le tsona. Ke khonne ho etsa lintho tse ngata ka mekhoa ea ka e setseng e mene ea kutlo—ho utloa, ho fofonela, ho latsoa le ho ama—’me sena se mpha khotsofalo e ke keng ea lekanngoa. Hape, sena se fane ka bopaki bo babatsehang ho batho ba ka ntle ho phutheho.

Ho Tšehetsoa ke Molimo oa Ka

Ba bangata baa ipotsa hore na ke khonne joang ho lula ke e-na le tšepo le ho itlhokomela ho sa tsotellehe lintho tseo ke sa khoneng ho li etsa. Ka holimo ho tsohle, thoriso e lokela ho lebisoa ho Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:3) Ka mor’a hore ke foufale, hangata ke ne ke nahana ho ipolaea. Ka hona, ha ke lumele hore nka be ke ntse ke phela kajeno hoja e se ka Jehova le ’nete ea Bibele. Ke hlokometse hore ’Mōpi oa rōna o re file limpho tse ngata—eseng ho bona feela—le hore haeba re li sebelisa, re ka ba ba thabileng. Ka lekhetlo le leng ha Lipaki li ne li bolela motseng oo ke lulang ho oona, mosali e mong o ile a bua tjena ho tsona ka ’na: “Ke Molimo eo a mo rapelang ea mo thusang hore a khone ho etsa lintho tsena kaofela!”

Liteko tsohle tseo ke bileng le tsona li nkatamelitse haufi le Molimo. Sena se ’matlafalitse haholo tumelong. Kea hopola hore moapostola Pauluse le eena o ile a utloisoa bohloko ke seo a ileng a se bitsa “moutloa nameng,” e leng hoo e ka ’nang eaba e ne e le bothata ba mahlo. (2 Bakorinthe 12:7; Bagalata 4:13) Sena ha sea ka sa mo thibela hore a ‘tšoarehe ka matla haholo’ ka litaba tse molemo. Joaloka eena, nka re: “Ka hona, ho e-na le hoo ka nyakallo e khōlō ka sebele ke tla ithorisa mabapi le mefokolo ea ka . . . Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.”—Liketso 18:5; 2 Bakorinthe 12:9, 10.

Ka holimo ho tsohle, tšepo eo ke nang le eona e thehiloeng Bibeleng ea hore mohlomong tsohong ea bafu ke tla khona ho bona ka mahlo a ka ’mè oa ka ea ratehang le banab’eso, ka sebele e na le phello e ntle le e molemo ho ’na. Bibele e tšepisa hore “mahlo a lifofu a tla tutuboloha” le hore “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.” (Esaia 35:5; Liketso 24:15) Litebello tse joalo li etsa hore ke tlale tšepo le ho lebella ka tabatabelo bokamoso boo bo khanyang tlas’a ’Muso oa Molimo!

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ntate, ea ileng a ithuta Bibele le ’na

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ka kichineng ea ka

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ke tšebeletsong le motsoalle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela