Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 3/8 leq. 10
  • Lengolo le Khethehileng le Eang ho Batsoali ba Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo le Khethehileng le Eang ho Batsoali ba Bona
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Tsoha!—2006
  • Ke Lokela ho Nka Taba ea ho Beheloa Nako ea ho Fihla Lapeng Joang?
    Tsoha!—2008
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 3/8 leq. 10

Lengolo le Khethehileng le Eang ho Batsoali ba Bona

Banana ba babeli ba bacha Spain ba sa tsoa ngolla batsoali ba bona lengolo la kananelo. Mantsoe a mang a qotsitsoeng ke ana:

Ho batsoali ba rōna ba ratehang, Pepe le Vicenta:

Re qale hokae? Ho na le lintho tse ngata haholo tseo re ratang ho li bua, ’me ho thata ho li bua kaofela ka mantsoe a seng makae. Re rata ho le leboha bakeng sa lilemo tse 17 le tse 15 tsa bophelo, lilemo tseo e bileng tsa tlhokomelo e feletseng le kameho e lerato.

Kamehla re ’nile ra tseba maikutlo a lōna le melao ea lōna. Ka linako tse ling re ne re ipotsa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho fihla hae ka nako e behiloeng, empa hona joale, ka mor’a ho bona se hlahetseng bacha ba bang ba neng ba sa beheloa nako ea ho fihla lapeng, rea hlokomela hore melao eo e re sirelelitse.

Mohlala oa lōna oa hore le ka mohla le se fosoe ke liboka tsa Bokreste Holong ea ’Muso, ntle le ka mabaka a utloahalang, o re thusitse haholo, joalokaha ho tsamaea le lōna mosebetsing oa boboleli ka Lisontaha ho re thusitse. Hoseng ha Sontaha ha ho hlokahale hore re botse hore na re ea tšebeletsong ea tšimo. Re tseba hantle hore rea ea!

Khōliso ea rōna e ne e boetse e akarelletsa ho ithuta ho amohela baeti ka mofuthu. Ka hona ba bangata ba ’nile ba etela habo rōna, ’me kamehla le ba fa se molemohali seo le nang le sona. Re bone sena ka mahlo a rōna a bongoana, ’me ra utloisisa hore re na le batsoali ba khethehileng.

Ha ho motho ea re tsebang kapa ea re utloisisang ho le feta. Le hlile le metsoalle ea rōna ea hlooho ea khomo, eo re e tšepang ka ho feletseng.

Ha re qetella, re rata ho le bolella hore rea le rata. Le batsoali ba rōna, ’me ha ho na ba ka nkang sebaka sa lōna. Haeba ka tsela e itseng re ne re lokela ho khetha batsoali ba rōna le tsela ea rōna ea bophelo hape, ha ho pelaelo hore re ne re tla khetha lōna, ’me re ne re tla boela re phele ka tsela e tšoanang.

Ka likako tse bontšang kameho e lerato, barali ba lōna,

ESMERALDA LE YOLANDA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela