PONO EA BIBELE
Na ho Bitsa Lebitso la Molimo ho Fosahetse?
KA MAKHOLO a lilemo Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e ’nile ea ruta hore lebitso la Molimo, Jehova, le halalela haholo hore le ka bitsoa.* (Pesaleme ea 83:18) Baruti ba thuto ea bolumeli ba bangata ba ’nile ba bontša ka mabaka hore ke ho se hlomphe ho bua le ’Mōpi ea khanyang ka tsela e joalo e bontšang ho mo tloaela kapa esita le hore ke ho tlōla molao oa boraro oa Melao e Leshome, o hanelang ‘ho nka lebitso la Morena e le la lefeela.’ (Exoda 20:7, King James Version) Lekholong la boraro la lilemo C.E., Mishnah e ile ea bolela hore “ea bitsang Lebitso la Molimo kamoo le ngotsoeng kateng” ha “a na kabelo lefatšeng le tlang.”—Sanhedrin 10:1.
Hoa thahasellisa hore ebe litsebi tse ngata Bokreste-’mōtoaneng li latela molao-motheo oa tloaelo ena ea Sejuda ha li fetolela Bibele. Ka mohlala, The New Oxford Annotated Bible e re selelekeleng sa eona: “Tšebeliso leha e le efe ea lebitso la botho la Molimo a le mong feela, joaloka hoja ho na le melimo e meng eo Molimo oa ’nete a neng a lokela ho khetholloa ho eona, e ile ea khaotsa ka lekhetlo la pele Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda pele ho mehla ea Bokreste ’me ha ea lokela bakeng sa tumelo ea Kereke ea Bokreste lefatšeng ka bophara.” Ka lebaka leo, phetolelong eno, lentsoe “Morena” le sebelisitsoe sebakeng sa lebitso la Molimo.
Pono ea Molimo ke Efe?
Empa na maikutlo a bafetoleli ba joalo le baruti ba thuto ea bolumeli a bonahatsa monahano oa Molimo? Ha e le hantle, Molimo ha aa ka a etsa qeto ea ho patela moloko oa batho lebitso la hae; ho e-na le hoo, o ile a o senolela lona. Karolong ea Seheberu ea Bibele, eo ka tloaelo e bitsoang Testamente ea Khale, lebitso la Molimo, Jehova, le hlaha ka makhetlo a fetang 6 800. Tlaleho ea Bibele e bontša hore batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, e ne e le ba bang ba ba neng ba tseba lebitso la Molimo le ho le sebelisa. Ha a beleha mora oa hae oa letsibolo, Eva o ile a re: “Ke itsoaletse monna ka thuso ea Jehova.”—Genese 4:1.
Makholo a lilemo hamorao, ha Molimo a ne a bitsa Moshe hore a etelle sechaba sa Iseraele pele ho se ntša bokhobeng Egepeta, Moshe o ile a botsa Molimo: “Bona, ke tla ea ho bana ba Iseraele, ’me ke tla re ho bona: Molimo oa bo-ntat’a lōna o nthomile ho lōna; etlare ha ba re ho ’na: Lebitso la oona ke mang? Ke tla re’ng ho bona?” Mohlomong Moshe o ile a ipotsa hore na ebe Molimo o ne a tla itšenola ka lebitso le leng le lecha. Molimo o ile a re ho Moshe: “U tle u re ho bana ba Iseraele: Jehova, Molimo oa bo-ntat’a lōna, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka, Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, ’me ke eona khopotso ea ka melokong le melokong.” (Exoda 3:13, 15) Ho hlakile hore Molimo oa ’nete ha aa ka a ba le boikutlo ba hore lebitso la hae le halalela hoo batho ba hae ba ke keng ba le bitsa.
Ha e le hantle, bahlanka ba Molimo ba tšepahalang melokong eohle ba ’nile ba bitsa lebitso la Molimo ka bolokolohi le ka tlhompho. Boaze, mohlanka oa Molimo ea tšepahalang, o ne a tloaetse ho lumelisa basebetsi ba hae ba masimong ka mantsoe ana, “Jehova a be le lōna.” Na basebetsi baa ba ne ba makalla tumeliso e joalo? Che. Tlaleho e re: “Ba araba, ba re ho eena: E, Jehova a u hlohonolofatse!” (Ruthe 2:4) Ho e-na le ho talima tumeliso ena e le ho rohaka Molimo, ba ne ba e talima e le tsela ea ho mo tlotlisa le ho mo hlompha mesebetsing ea bona ea letsatsi le letsatsi. A e-na le boikutlo bona boo, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho rapela: “Ntate oa rōna ea maholimong, lebitso la hao a le halaletsoe.”—Matheu 6:9.
Molao oa Boraro
Empa ho thoe’ng ka thibelo e boletsoeng molaong oa boraro oa Melao e Leshome? Exoda 20:7 (NW) e bua ka matla ha e re: “U se ke ua sebelisa lebitso la Jehova Molimo oa hao ka tsela eo e seng ea bohlokoa, etsoe Jehova ha a na ho tlohela ea sebelisang lebitso la hae ka tsela eo e seng ea bohlokoa a sa fuoe kotlo.”
Ha e le hantle ho sebelisa lebitso la Molimo “ka tsela eo e seng ea bohlokoa” ho bolela’ng? The JPS Torah Commentary, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Khatiso oa Sejuda, e hlalosa hore lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng ka holimo e le “ka tsela eo e seng ea bohlokoa” (lash·shaw’ʹ) le ka bolela “ka bohata” kapa “bakeng sa lelea, lefeela.” Buka eona eo ea litšupiso e tsoela pele: “Ho ba le meelelo e fetang o le mong [ha lentsoe lena la Seheberu] ho lumella ho nyatsa [ho thibela] ho hlapanyetsa ntho eo e seng ’nete ha mahlakore a mabeli a hanyetsanang nyeoeng, a hlapanyang ka bohata, le ho thibela ho sebelisa Lebitso la Molimo ho sa hlokahale kapa ka tsela eo e seng ea bohlokoa.”
Tlaleho ea Sejuda ka nepo e hatisa hore ‘ho sebelisa lebitso la Molimo ka tsela eo e seng ea bohlokoa’ ho akarelletsa ho sebelisa lebitso lena ka tsela e sa lokelang. Empa na ho bitsa lebitso la Molimo ha re ruta ba bang ka eena kapa ha re retelehela ho Ntate oa rōna oa leholimo thapelong e ka ba ka nepo ho ka thoeng “ha ho hlokahale kapa hase habohlokoa”? Jehova o ntša maikutlo a hae mantsoeng a Pesaleme ea 91:14 (NW) a reng: “Kahobane o behile boikutlo ba hae bo mofuthu ho ’na, ke tla boela ke mo pholose. Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.”
Na Hoa Tsotelleha?
Phetolelo ea Senyesemane sa kajeno ea The Five Books of Moses, ea Everett Fox, e lahla neano ena. Phetolelo ena ha e sebelise “Morena” ea neano empa e sebelisa “Yhwh” ho emela lebitso la Molimo “ka lebaka la takatso ea ho bontša hore na taba e ngotsoeng e ne e tla shebahala joang ho motho ea e balang ka Seheberu.” Fox oa hatisa: “Hang-hang ’mali o tla hlokomela hore lebitso la botho la Molimo oa Bibele le hlaha e le ‘Yhwh’ moqolong ona.” Oa lumela hore ho bona lebitso la Molimo ho ka ’na ha “khopisa” ’mali. Empa ka mor’a ho nka bohato bo babatsehang ba ho se pate lebitso la Molimo phetolelong, oa eketsa: “Ke ne nka khothalletsa tšebeliso ea ‘Morena’ ea neano ha ho baloa ka lentsoe le phahameng, empa ba bang ba ka ’na ba rata ho latela seo ba se tloaetseng.” Leha ho le joalo, na ke feela taba ea khetho ea botho, neano kapa ho latela seo motho a se tloaetseng?
Che. Bibele ha e khothalletse feela ho sebelisa lebitso la Molimo ka tsela e loketseng empa e laela hore le sebelisoe! Ho Esaia 12:4a (NW), batho ba Molimo ba tšoantšetsoa e le ba hooang ba sa qeaqee: “Lebohang Jehova! Ipiletseng lebitsong la hae.” Ho phaella moo, mopesaleme o bua ka ba tšoaneloang ke kahlolo ea Molimo e bohloko: “Tšollela khalefo ea hao holim’a lichaba tse sa kang tsa u tseba, le holim’a mebuso e sa kang ea ipiletsa lebitsong la hao.”—Pesaleme ea 79:6, NW; bona le Liproverbia 18:10; Sofonia 3:9.
Ka hona, le hoja ba bang ba qoba ho bitsa lebitso la Jehova le khanyang ka lebaka la ho se utloisise molao oa boraro, ba ratang Molimo e le kannete ba batla ho ipiletsa lebitsong la hae. E, ha monyetla o mong le o mong o loketseng o hlaha, ba ‘tsebahatsa mesebetsi ea hae lichabeng, ba bolela hore lebitso la hae le behiloe phahameng’!—Esaia 12:4b, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Karolong ea Seheberu ea Bibele (Testamente ea Khale), lebitso la Molimo le emeloa ke litlhaku tse ’nè tse ka peletoang e le YHWH. Le hoja ho bitsoa ho nepahetseng ha lebitso la Molimo ho sa tsejoe, ka Sesotho le atisa ho bitsoa e le “Jehova.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Karolo ea buka ea Lipesaleme e tsoang Meqolong ea Leoatle le Shoeleng. Lebitso la Molimo, Jehova (YHWH), le hlaha ka sebōpeho sa khale haholoanyane sa taba e ngotsoeng ea Seheberu ho feta moqolong oo kaofela
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of the Shrine of the Book, Israel Museum, Jerusalem