Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 4/8 maq. 8-11
  • Ke Mang ea Tla Sireletsa Bana ba Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Tla Sireletsa Bana ba Rōna?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batsoali ba ka Etsa ho Hongata
  • Tharollo Feela ea Sebele
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali, Sireletsang Lefa la Lōna la Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Tlokotsi ea Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 4/8 maq. 8-11

Ke Mang ea Tla Sireletsa Bana ba Rōna?

KE HO khothatsang ho tseba hore hona joale ho hlekefetsoa ha bana ho nkoa e le bothata bo aparetseng lefatše lohle. Liboka tse ikemetseng joaloka Seboka se neng se tšoaretsoe Stockholm Khahlanong le Khoebo ea ho Tlatlapa Bana ka Likamano Tsa Botona le Botšehali, seo ho sona ho neng ho e-na le baemeli ba linaha tse 130, li ile tsa lebisa tlhokomelo bothateng bona.

Ho phaella moo, hona joale linaha tse ling li ntša melao e thibelang ho hahlaulela likamano tsa botona le botšehali le litšoantšo tsa bootsoa ba bana. Tse ling li bile li boloka tlaleho ea batho bao ho tsejoang hore ba khetha ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana, ho thibela hore ba se ke ba fumana bana habonolo.

Ho na le tse ling tse batlang bophelo bo molemonyana bakeng sa bana ka ho ntša molao o ba sireletsang. ’Me linaha tse seng kae tse eketsehileng le batho ka bomong ba hana ho reka lihlahisoa tse hlahisitsoeng ka ho sebelisa bana ka thata.

Le hoja kaofela ha rōna ntle ho pelaelo re thoholetsa boiteko bo joalo ba ho lokolla bana tlhekefetsong, re lokela ho talima lintho ka tsela ea sebele le ho lumela hore ho hlekefetsoa ha bana ho metse ka metso mokhatlong oa batho. E ka ba ho khella lintho fatše ho nahana hore tharollo e bonolo joaloka ho ntša molao e tla sireletsa bana ba rōna ka ho feletseng. Ho se ho ntšitsoe melao e mengata, empa leha ho le joalo bothata bo ntse bo tsoela pele. E se e ntse e le pontšo ea hore lefatše le tletse ka batho ba baholo ba litlokotsebe hore ebe tokelo ea tlhaho ea ngoana e tlameha ho sireletsoa ka letotohali la melao.

Melao ha e sireletse bana ka ho feletseng. Re ka sheba feela liphello tsa molao o joalo o tlamang joaloka oa Tumellano ea Machaba a Kopaneng o mabapi le Litokelo tsa Ngoana, oo mebuso e mengata e itlammeng ka oona. Ho fanoe ka bopaki bo hlakileng ba hore esita le e mengata ea mebuso ena, e hateletsoeng ke mathata a eona a moruo, ha e etse boiteko bo lekaneng ba ho thibela ho tlatlapuoa ha bana ho eona. Ho hlekefetsoa ha bana ho sala e ntse e le bothata bo ka sehloohong ba machaba.

Batsoali ba ka Etsa ho Hongata

Ho atleha ho hōlisa bana ke mosebetsi o hlokang boiteko. Ho hloka boitelo. Empa batsoali ba tsotellang ba lokela ho tiisa hore hase bana ba bona ba etsoang sehlabelo. Makasine ea Maclean e bolela hore hangata “khōliso ea bana e nkoa joalokaha eka ke mosebetsi oa ho itlosa bolutu.” Ntho ea ho bapala e ka ’na ea lahloa kapa mosebetsi oa ho itlosa bolutu o ka ’na oa tloheloa, empa ho hōlisa bana ke boikarabelo bo fanoeng ke Molimo.

Ho ba motsoali ea molemo ke mpho e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e fang ngoana oa hao, kaha ho ka mo thusa hore a thabe le ho sireletseha bongoaneng ba hae. Tšireletseho e joalo ha ea itšetleha ka maemo a bophelo kapa a moruo. Ngoana oa hao o hloka uena—lerato la hao le kameho ea hao e mofuthu, tiisetso ea hao ha a ikutloa a sokeloa le nako ea hao. Ngoana oa hao o batla ho utloa lentsoe la hao le mo qoqela lipale, o batla hore u be ’mehi-mohlala oa hae, hape o batla khalemelo ea hao e lerato.

Tabeng ea boitšoaro ba botona le botšehali—batsoali, bolokang kamano ea lōna ea lelapa e hlompheha ’me le hlomphe likelello le ’mele ea bana ba lōna. Bana ba hlokomela ka potlako hore na ke liketso life tse tlōlang meeli ea boitšoaro eo batsoali ba bona ba ba rutang eona. Ba lokela ho rutoa hore na ba itšoare joang ha ba le lapeng le ha ba se lapeng. Haeba u hlōleha ho etsa sena, motho e mong o tla u rutela bona, ’me u ka ’na ua se ke ua thabela liphello tsa hona. Ruta bana hore na ba lokela ho itšoara joang haeba ba sokeloa boitšoarong. Etsa hore ba tsebe hore na mosebetsi oa litho tsa bona tsa ’mele tsa botona kapa tsa botšehali ke ofe, ’me u ba rute hore hase tsa ho bapala. Ba bolelle hore na ba etse joang haeba ba atameloa ke motho e mong ea batlang ho li sebelisa hampe.

Ka linako tsohle tseba moo bana ba hao ba leng teng le hore na ba na le bo-mang. Metsoalle ea bana ba hao e haufi-ufi ke bo-mang? Ke bo-mang ba hlokomelang bana ba hao ha u le sieo? Na ke batho ba ka tšeptjoang? Ha e le hantle, seo ha se bolele hore motsoali o lokela ho belaella motho e mong le e mong. Tseba ka ho loketseng batho ba baholo ba tloaelaneng le ngoana oa hao, u se ke ua sheba ponahalo ea bona ea ka ntle feela.

Nahana ka masisa-pelo a batsoali ba ileng ba hlokomela e se e le morao haholo, hore bana ba bona ba ’nile ba hlekefetsoa ke baruti ba neng ba tšeptjoa, matichere, kapa esita le litho tse haufi tsa lelapa. E tla ba hantle hore uena joaloka motsoali u ipotse, ‘Na bolumeli ba ka bo mamella ho hlekefetsoa ha bana kapa boa ho pata? Na bolumeli ba ka bo khomaretse ka tieo melao-motheong e phahameng ea boitšoaro?’ Likarabo tsa lipotso tse joalo li ka u thusa ho etsa khetho e bohlale tabeng ea ho sireletsa bana ba hao.

Empa ka holimo ho tsohle, leka ho ba thusa hore ba tsebe melao-motheo ea ’Mōpi le ho e rata, e leng ho tla thusa ho ba sireletsa kotsing. Ha bana ba bona batsoali ba bona ba hlompha melao-motheo e phahameng ea boitšoaro, ba tla nolofalloa ho etsisa mohlala oo o motle.

Tharollo Feela ea Sebele

Ke ’nete hore hase ho ntša melao kapa ho fana ka likahlolo tse boima ho tla sireletsa bana ba rōna. ’Mōpi ka Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele, a ka khonang ho tlisa boitšoaro bo hloekileng, ka ho fetola monahano oa batho ba kang libatana hore e be oa litho tse nang le lerato le boitšoaro sechabeng.

Hore sena se ka etsahala ho se ho bonahetse. Ho na le ba bangata ba seng ba lahlile tsela ea bona ea pele ea boitšoaro bo litšila ba likamano tsa botona le botšehali. Hona joale ke bopaki bo phelang ba matla a Lentsoe la Molimo. Empa le hoja ona e le mohato o lebisang tseleng e nepahetseng, bongata ba bafosi bana ba silafetseng bo ke ke ba fetoha. Ke ka lebaka leo Jehova Molimo a tšepisang hore bohle ba tlatlapang bana ba rōna haufinyane ba tla tlosoa lefatšeng—hammoho le lifilosofi tsa bona, litakatso tsa bona tse litšila le meharo ea bona.—1 Johanne 2:15-17.

Joale, lefatšeng le lecha la Molimo, ha bofutsana bo tla be bo se bo le sieo, bana bohle ba tla thabela bongoana bo sa potlakang le bo se nang mathata, e leng tokelo eo ba e filoeng ke Molimo. Sena ha se na ho bolela feela ho fela ha ho hlekefetsoa ha bana empa se tla bolela le ho fela ha mehopolo eohle e bohloko e senyang bophelo ba batho hona joale: “Tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.”—Esaia 65:17.

Ka hona, lefatšeng le lecha la Molimo, mantsoe a Jesu Kreste a tla phethahala ka tsela ea sebele le e khōloanyane: “Tlohelang bana ba banyenyane, ’me le khaotse ho ba sitisa ho tla ho ’na, kaha ’muso oa maholimo [puso holim’a lefatše, lehae la batho la Paradeise] ke oa ba joaloka bona.”—Matheu 19:14.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Thusa bana ba hao ho ithuta ka merero le melao-motheo ea ’Mōpi

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ka bohlale ruta bana ba hao hore na ba itšoare joang ha ba sokeloa ka likamano tsa botona le botšehali

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ho ba motsoali ea molemo ke mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e fang bana ba hao

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Lefatšeng le lecha la Molimo, bana bohle ba tla thabela bongoana ba bona ka ho feletseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela