Ke Tlokotsi ea Lefatše ka Bophara
POLAO e sehlōhō ea bana ba lulang literateng Brazil ke mohlala o mong hape oa kamoo bana ba sa batleheng ba hlaselehang habonolo kateng. Litlaleho tse tsoang naheng eo li tlaleha hore bana ba makholo a ’maloa ba bolaoa selemo se seng le se seng.
Bana ba ’nile ba hlaseloa ka mabifi Dunblane, Scotland, Wolverhampton, Engelane le libakeng tse ling tse ngata. Ka mohlala, nahana ka mahlomola a Maria ea lilemo li 12, eo e leng khutsana Angola, ea ileng a betoa ’me a ima. Hamorao o ile a qobelloa ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 320, ’me ka mor’a moo a pepa pele ho nako lesea le ileng la phela libeke tse peli feela. Maria o ile a hlokahala beke hamorao, a kula ’me a haelloa ke phepo e nepahetseng.
Ka 1992, tlaleho ea United Nations Children’s Fund (UNICEF) e ile ea bolela hore “‘ntoa baneng’ ke ntho e qapiloeng lekholong la bo20 la lilemo.” Ho ea ka tlaleho ea 1996 ea UNICEF, maikutlo a ba bang ke hore ‘meloko e tlang ea sera, ka mantsoe a mang, bana ba sera, le bona ba tlameha ho felisoa.’ Mohlalosi e mong oa lipolotiki o ile a hlalosa taba ka tsela ena: “E le hore u tle u bolaee likhoto, u lokela ho bolaea malinyane.”
Bana ba limilione tse peli ba bolailoe ka mabifi lilemong tse leshome tse sa tsoa feta. Ba bang ba limilione tse ’nè ba qeteletse ba holofetse, ba foufetse, kapa ba senyehile boko ka lebaka la liqhomane tsa fatše, ba phonyohile ka lesobana la nale hammoho le ba bang ba limilione ba lahlehetsoeng ke mahae abo bona lintoeng. Ha ho makatse hore tlaleho eo e bile le sehlooho se reng: “Lipono Tse Tšosang Tsa Sehlōhō sa Ntoa Baneng.”
Masetla-libete ana a entsoeng baneng a ama moloko oa batho ka tsela e kotsi, ke bopaki bo tiileng ba hore bana ba tlokotsing, eseng feela linaheng tse seng kae empa lefatšeng lohle. ’Me bana ba bangata ba ’nileng ba hlekefetsoa ba boetse ba ’nile ba tsuoa tlaase.
Ba Tsuoa Tlaase ke Bao ba ba Tšepang
Ho tsoa ngoana tlaase ho ka mo siea ka maqeba a tšabehang. Sena ke ’nete ka ho khetheha haeba e le motsoali, motsoalle, kapa moeletsi ea tsoang ngoana tlaase. Taba ea hore batsoali ba bangata ba hlekefetsa bana ba bona, e ka pakoa ke lifono tse ileng tsa kena lenyelenyele ho baeletsi ba batho ba nang le mathata ka mor’a hore ho hasoe lenaneo le reng “Ho Qobelloa ho Shoa le Mantsoe: Ho Pepesa le ho Felisa ho Hlekefetsoa ha Bana,” le neng le tsamaisoa ke motsamaisi oa mananeo a lipuisano Oprah Winfrey, United States. Joalokaha ho qotsitsoe koranteng ea Children Today, mohlahisi ea ka sehloohong Arnold Shapiro o itse: “Lifono tse nyarosang ka ho fetisisa e ne e le tse tsoang ho bana ba banyenyane, ba letsang ba tšohile, ba batla ho phema bohloko ba ho hlekefetsoa ’meleng kapa ka likamano tsa botona le botšehali.”
Lenaneo lena le ile la sibolla ho hongata ho bontša hore batho ba hlekefetsang bana hase lihanyata tse sa tsejoeng tse tšosang. Shapiro o etsa qeto ea hore ’nete ke hore “hangata batsoali le batho ba bang ba haufi ba seng ke bona ba hlekefetsang.” Phuputso e ’ngoe e tiisa ntlha ena ’me e boetse e bontša hore ka linako tse ling metsoalle e tšeptjoang ea lelapa e itloaetsa ngoana le ba lelapa e le hore hamorao e hlekefetse ngoana ka tsela e reriloeng hantle. Ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi ke ho tsoa motho e mong tlaase ka tsela e nyarosang.
Ho hlekefetsoa ke batho ba khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana ke tšokelo e ’ngoe e aparetseng lefatše. Trends & Issues in Crime and Criminal Justice e fana ka tlhaloso ena: “Ho khetha ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana ho bolela ho lakatsa ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le bana ba banyenyane haholo. . . . Ho khetha ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana ho akarelletsa litlōlo tsa molao tsa mefuta e sa tšoaneng tse kang ho hlekahleka ka likamano tsa botona le botšehali, ho etsa boitšoaro bo litšila le litlōlo tse ling tse amanang le ho etsoa ha litšoantšo tsa bootsoa ba bana.”
Litlaleho tse utloisang bohloko tsa maquloana a batho ba khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana, ao ka meharo a tlatlapang bana ka likamano tsa botona le botšehali, li kena lenyelenyele li e-tsoa likarolong tsohle tsa lefatše. (Bona lebokose le leqepheng la 7.) Liphofu ke bashemane hammoho le bananyana ba tlaase lilemong. Ba qekoa ke banna ba balotsana, ’me ba ba hlekefetsa ka likamano tsa botona le botšehali ebe baa ba tšosa kapa ba ba fa lintho tse ngata e le tsela ea ho ba khothalletsa hore ba lule e ntse “e le litho” tsa lequloana leo. Hangata banna ba rerang le ho etsa liketso tsena tse litšila ke baeta-pele ba hlaheletseng sechabeng ’me ka linako tse ling ba etsa liketso tsena mapolesa le makhotla a linyeoe a ntse a tseba ’me a bile a ba sireletsa.
Ho hlekefetsoa ha bana ka likamano tsa botona le botšehali ke baruti le hona hoa halefisa. Litlaleho tsa litaba tse tsoang likarolong tsohle tsa lefatše li senola ho pharalla ha ho hlekefetsoa ha bana ke baruti, ’me ka linako tse ling ho bile ho etsoa ka lebitso la Molimo. Ka mohlala, moprista e mong oa Chache ea ileng a fumanoa a le molato o ile a bolella phofu ea hae e lilemo li leshome hore “Molimo o ne a bua ka eena [moruti] le hore ntho leha e le efe eo a e entseng kapa ntho leha e le efe eo [moshemane] a e entseng Molimo oa e rata ’me kahoo e nepahetse.”
Tlhahlobo ea buka e bitsoang The Battle and the Backlash: The Child Sexual Abuse War, Australia, e buile ka ho hlekefetsoa ha bana ke baruti le ke batho ba bang ba maemong a tšeptjoang. E boletse hore ho bonahala mekhatlo e amehang e amehile ka ho ipolokela seriti le ho itšireletsa ho fapana le ho sireletsa bana ba hlaselehang habonolo.
Liphello Tse Senyang
Hangata ngoana ha a tšepa motho o mo tšepa ka ho feletseng, ka ho se nang meeli. Kahoo, haeba a tsuoa tlaase, seo se ba le phello e mpe haholo kelellong e sa lemoheng ea ngoana. Buka e bitsoang Child Abuse & Neglect e re: “Batho le libaka tseo pele e neng e le tsa setšabelo kapa li fana ka tšehetso li fetohile tse kotsi le tse bakang tšabo. Bophelo ba ngoana bo batla bo fetohile bo hlokang botsitso le taolo.”
Ka lebaka la tlhekefetso e joalo, eo boholo ba eona bo tsoetseng pele ka lilemo tse ngata, bana ba bang ba ile ba thatafalloa ho phelisana le batho ba bang ’me ba ba le mathata a kelello hamorao bophelong, a tsoelang pele leha e se e le batho ba baholo. Ho tsuoa tlaase hona ho hlile ho kotsi hobane ngoana o etsoa hampe hobane feela e le ngoana. Leha ho le joalo, bana ba bangata ba hlekefetsoang ha ho mohla ba tlalehang taba ena—e leng eona ntho eo batho ba hlekefetsang bana ba itšetlehang ka eona.
Lilemong tsa morao tjena, bopaki ba hore bana baa hlekefetsoa lefatšeng ka bophara bo ’nile ba eketseha, hoo hona joale ho nang le bopaki bo bongata haholo bo joalo bo ke keng ba latoloa leha e le hona ho hlokomolohuoa. Empa ba bangata baa lumela hore ho felisa ho hlekefetsoa ha bana ke mosebetsi o thata ka tsela e makatsang. Kahoo, ho hlaha lipotso tsena: Na ho na le motho ea ka hlang a sireletsa bana ba rōna? Ke joang rōna batsoali re ka sireletsang lefa la rōna leo re le filoeng ke Molimo le ho hlokomela bophelo ba bana ba rōna ba hlaselehang habonolo? Batsoali ba ka retelehela ho mang bakeng sa thuso?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tšebetso ea Sekhukhu ea Internet
Likhoeling tse seng kae tse fetileng, boitekong bo bong bo matla ka ho fetisisa bo kileng ba etsoa ba ho etsa lipatlisiso tsa sekhukhu khahlanong le ho hlahisoa ha litšoantšo tsa bootsoa ba bana ho Internet, mapolesa a linaha tse 12 a ile a hlasela malapa a fetang 100 a batho ba belaelloang ka hore ba khetha ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana. Ho lequloana le le leng feela la batho ba khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana leo setsi sa lona se leng United States, a ile a fumana litšoantšo tsa bootsoa ba bana tse fetang 100 000.
Lefokisi la Brithani le neng le hokahanya phuputso ea Internet e nkileng likhoeli tse hlano le itse: “Litšoantšo tsa teng li ne li ka harola leha e le mang ea lokileng letsoalo.” E ne e le tsa bana ba bashemane hammoho le ba bananyana, ba bang ba le lilemo li peli feela. Mapolesa a Belgium a boletse hore litšoantšo tseo tsa Internet e ne e le “litšoantšo tsa bootsoa ba bana tse ferolang libete ka ho fetisisa. . . . Li feteletse hoo batho ba ileng ba hlekefetsa bana ba bona e le hore ba ka hlahisa litšoantšo tse hohelang ka ho fetisisa.” Monna e mong o ne a e-na le lifoto tsa hae tsa moo a betang mochana oa hae ’me o ile a li kenya k’homputheng ea hae.
Babelaelloa ba ne ba kenyelletsa matichere, rasaense, seithuti sa molao, seithuti sa bongaka, motsamaisi oa masupa-tsela, ’moloki oa libuka tsa khoebo le moprofesa oa univesithi.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Seqhomane se holofalitse letsoho le letona la moshemane enoa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UN/DPI Photo by Armineh Johannes
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]
Photo ILO/J. Maillard