Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 7/8 maq. 12-13
  • Vinland ea Tšōmong e hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Vinland ea Tšōmong e hokae?
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2001
  • “Ha ho Motho ea Tla Shoa”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Koetliso ea Gileade Tumelong e Halalelang ka ho Fetisisa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Mohlang re Neng re le Lebōpong la Leoatle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 7/8 maq. 12-13

Vinland ea Tšōmong e hokae?

Ka mongolli oa Tsoha! Canada

NAHA eo e ne e itjetse koro, e e-na le linōka tse nyeunyang tlhapi e bitsoang salmon, “monokotšoai” oa naha, ’me e sa lale phoka mariha. Ho ea ka litekanyetso tsa lilemong tse sekete tse fetileng, e ne e le paradeise. Tlaleho ea banna ba 36 ba sebete ba ileng ba etela moo e ile ea rala motheo oa lipatlisiso tse entsoeng lekholong la bo20 la lilemo sebakeng seo e ka ’nang eaba batho ba Europe ba ile ba fihlela ho sona ha ba qala ho fihla Amerika Leboea.

Neng-neng pakeng tsa 990 le 1000 C.E., Leif Eriksson oa Scandinavia le banna ba hae ba ile ba qala leeto la bohahlauli la lik’hilomithara tse 2 000. Eriksson o ile a sesisetsa nģ’a leboea a thatika le lebōpo la leoatle ka bophirimela ho Greenland a ntan’o leba bophirimela, a fumana lihlekehleke tse peli moo, tseo a ileng a li reha Helluland le Markland. Kajeno li tsejoa e le Sehlekehleke sa Baffin le Labrador. Sebaka sa boraro seo sehlopha se ileng sa emisa ho sona se fetohile sephiri—Vinland ea tšōmong e hokae?

Ka 1959, litsebi tsa ho epolloa ha lintho tsa khale Helge Ingstad le mosali oa hae Anne Stine Ingstad, ba ile ba qala ho epolla. Ba ne ba e-na le boitsebiso bo fokolang feela ba litlaleho tsa boholo-holo tsa batho ba Scandinavia, boo ho thoeng ke ba histori ea Iceland, bo tsoakileng ’nete le tšōmo. Banyalani bao ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse likete-kete ka sekepe, lipalangoang tsa fatše le tsa moeeng, ba nyolosa le ho theosa karolong e pel’a leoatle e ka bochabela ea Amerika Leboea. Qetellong, ba ile ba putsoa ha ka tšohanyetso ba fumana motse o monyenyane oa L’Anse aux Meadows, karolong e ka leboea ea sehlekehleke sa Newfoundland. Moahi oa moo, George Decker, o ile a ba isa sebakeng seo ho neng ho bonahala hore ke lithako tsa khale.

Lilemo tse supileng tsa mosebetsi oa ho epolloa ha lintho tsa khale moo li ile tsa bonahala li fana ka histori ea sebaka seo ’me li ile tsa hapa tlhokomelo ea lefatše. Kamoo ho bonahalang kateng, ba ha Ingstad ba ile ba epolla mehaho e robeli e hahiloeng ka lithupa tse phariloeng ka seretse hammoho le sepele sa boronse se neng se sebelisetsoa ho qhoaela liaparo. Lintho tsena tsohle li ile tsa fana ka pontšo ea setso sa batho ba Scandinavia. E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa e ileng ea sibolloa e bile sebōpi se senyenyane se neng se sebelisetsoa ho qhibilihisa tšepe. Manya a neng a saletse ho sona e ne e le a nako e tlalehiloeng litlalehong tsa histori ea ho fihla ha Eriksson Lefatšeng la Bophirimela. Qetellong ho ne ho fumanehile bopaki ba hore batho ba Scandinavia ba kile ba phela Amerika Leboea.

Sebaka seo hona joale se tsebahalang e le L’Anse aux Meadows ha se lumellane ka ho feletseng le tlhaloso ea tšōmong ea Vinland. Mohlomong re ka ’na ra se ke ra hlola re khona ho supa ka kholiseho moo naha eo e neng e hlile e le hona teng. Leha ho le joalo, le hoja ho bonahala eka e ka ’na eaba batho ba Scandinavia hase bona ba pele ba ileng ba fihla Amerika Leboea, e ka ’na eaba bona ba fihlile lilemo tse ka bang 500 pele ho Columbus.

Kajeno u ka ’na ua etela moo ’me oa bona tlhasenyana ea mekhoa ea batho ba Scandinavia. Ho ka bonoa matlo a tsosolositsoeng a hahiloeng ka lithupa le sekepe sa Scandinavia seo e ka ’nang eaba Eriksson o ile a tsamaea ka sona leetong la hae le bontšitseng sebete. Batataisi ba bahahlauli ba apereng sekhale-khale ba ka ’na ba u fa tlhasenyana ea se neng se etsahala lilemong tse sekete tse fetileng ’me ba u thusa hore u ipone u phela bophelo ba batho ba Scandinavia.

[’Mapa o leqepheng la 12]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

GREENLAND

BAFFIN ISLAND

LABRADOR

NEWFOUNDLAND

L’ANSE AUX MEADOWS

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

“Snorri,” sekepe se tšoanang le sa mohoebi oa Scandinavia se tsejoang e le “knarr” se bolelele ba limithara tse 16

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Nordfoto/Carl D. Walsh

[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]

Matlo a tsosolositsoeng a hahiloeng ka lithupa L’Anse aux Meadows

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

L’Anse aux Meadows National Historic Site/UNESCO World Heritage Site

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Leif Eriksson

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela