Na U ka ba le Tšepo ea ho Phela ka ho sa Feleng?
DR. James R. Smith, moprofesa oa baeloji ea lisele oa hlokomela: “Ho na le ho hong ho etsahalang ’meleng oa motho ho lekanyetsang nako e telele ka ho fetisisa eo motho a ka e phelang ho ba lilemo tse 115 ho isa ho tse 120. Ho na le moeli—empa ha re tsebe hore na ke eng e sehang moeli oo.” Setsebi sa baeloji Dr. Roger Gosden o bolela hore ke kahoo ho sa makatseng ha “litsebi tsa saense li e-s’o fumane tsela ea ho chechisa qetello eo le hore ha ho le tse kileng tsa leka ho etsa seo.” Na seo se haufi le ho fetoha?
Ho Rarolla “Qaka e Hlileng e Leng ea Sehlooho”
Le hoja ho e-na le likhopolo tse ngata tse bonahalang eka li ka ’na tsa felisa botsofali, litsebi tse ngata li lumellana le Dr. Gene D. Cohen, e leng mopresidente oa Gerontological Society of America, hore “likhopolo tsena tsohle tsa mohlolo tseo ho thoeng li lokela ho felisa botsofali li fetohile lefeela.” Hobane’ng? Mongoli oa saense Nancy Shute, ho U.S.News & World Report o bolela hore lebaka ke hobane “ha ho motho ea tsebang sesosa sa botsofali le phello ea bona e ke keng ea qojoa, e leng lefu. ’Me ho phekola boloetse boo u sa tsebeng sesosa sa bona ho kotsi maemong a mangata.” Dr. Gosden le eena o bolela hore botsofali e ntse e le sephiri: “Bo totobetse ho e mong le e mong oa rōna empa motso oa bona o sala e ntse e le sephiri.” O bolela hore “qaka e hlileng e leng e ka sehloohong ea hore na ke hobane’ng ha bohle re tsofala” e hlile ha e nkeloe hloohong hakaalo.a
Ka ho hlakileng, joalokaha ho e-na le moeli tabeng ea lebelo leo batho ba ka mathang ka lona, bophahamo boo ba ka qhomelang ho bona le botebo boo ba ka fihlang ho bona ha ba qoela metsing, ho boetse ho na le moeli oa se ka hlalosoang ke monahano oa motho le khopolo ea hae. ’Me ka ho hlakileng ho rarolla “qaka e hlileng e leng ea sehlooho ea hore na ke hobane’ng” ho ka nģ’ane ho moeli oo. Ka hona, tsela feela ea ho fumana tharollo ke ho retelehela mohloling o phahametseng meeli ea tsebo ea batho ba se nang tataiso. Seo ke sona seo buka ea boholo-holo ea bohlale, Bibele, e u khothalletsang hore u se etse. Ha e bua ka ’Mōpi, “seliba sa bophelo,” Bibele ea re tiisetsa: “Ha le ka ’na la ’matla, o tla ’ne a fumanoe ke lōna.” (Pesaleme ea 36:9; 2 Likronike 15:2) Joale, ho batlisisa Lentsoeng la Molimo, Bibele, ho senola lebaka la motheo leo motho a shoang ka lona e le lefe?
Sesosa sa Lefu
Bibele e re bolella hore ha Molimo a ne a bōpa batho ba pele, o ile a kenya “boikutlo ba bosafeleng lipelong tsa bona.” (Moeklesia 3:11, Beck) Leha ho le joalo, ’Mōpi ha aa ka a fa batsoali ba pele ba batho takatso ea ho phela ka ho sa feleng feela; empa o ile a boela a ba fa monyetla oa ho e phethahatsa. Ba ne ba bōpiloe ba e-na le ’mele le likelello tse phethahetseng, ’me ba ne ba thabela ho phela tikolohong e nang le khotso. ’Mōpi o ne a rerile hore batho bana ba pele ba phele ka ho sa feleng le hore ka mor’a nako lefatše le tlale ka bana ba bona ba phethahetseng.—Genese 1:28; 2:15.
Leha ho le joalo, bophelo boo bo se nang qetello bo ne bo behetsoe meeli. Bo ne bo itšetlehile ka ho utloa Molimo. Haeba Adama a ne a sa mamele Molimo, o ne a tla “shoa.” (Genese 2:16, 17) Ka ho utloisang bohloko, batho ba pele ha baa ka ba mamela. (Genese 3:1-6) Ka ho etsa joalo, ba ile ba fetoha baetsalibe, kaha “sebe ke ho se ee ka molao.” (1 Johanne 3:4) Ka lebaka leo, ba ile ba lahleheloa ke tebello ea bophelo bo sa feleng, kaha “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Kahoo, ha a liha kahlolo ho batho ba pele, Molimo o ile a re: “U lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.”—Genese 3:19.
Ka hona, ka mor’a hore batho ba pele ba etse sebe, phello ea sebe e neng e boletsoe pele e ile ea hatiseha liphatseng tsa bona tsa lefutso, ’me moeli oa qetello oa hlongoa. Ka lebaka leo, ba ile ba tsofala, ’me phello e le lefu. Ho phaella moo, ka mor’a ho lelekoa lehaeng la bona la Paradeise ea tšimolohong, le bitsoang Edene, batho ba pele ba ile ba tobana le bothata bo bong bo ileng ba ama bophelo ba bona habohloko—tikoloho e kang lihekana ka ntle ho Edene. (Genese 3:16-19, 23, 24) Ho kopana ha lefutso la ho se phethahale le ho phela tikolohong e thata ho ile ha ama batho ba pele hammoho le bana bao ba neng ba tla ba le bona.
Kahlolo le Tšepiso
Kaha liphetoho tsena li etsahetse pele batho bao ba pele ba e-ba le bana, ba ne ba ka tsoala bana ba tšoanang le bona feela—ba sa phethahalang, ba baetsalibe le ba tsofalang. Bibele e re: “Lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12; bapisa le Pesaleme ea 51:5.) Buka ea The Body Machine—Your Health in Perspective e re: “Re jere tiiso ea rōna ea lefu e ngotsoeng pōpehong ea lisele tsa rōna.”
Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ha ho sa na tšepo ea bophelo bo se nang qetello—bophelo bo se nang botsofali le lefu. Ntlha ea pele, ke ho utloahalang ho lumela hore ’Mōpi ea bohlale bohle oa bophelo ba motho le mefuta e meng ea bophelo e hlollang ka litsela tse sa tšoaneng a ka felisa mefokolo leha e le efe e teng liphatseng tsa lefutso ’me a fana ka matla a hlokahalang e le hore motho a phele ka ho sa feleng. Ntlha ea bobeli, sena ke sona seo ’Mōpi a tšepisang ho se etsa. Ka mor’a ho liha kahlolo ea lefu ho batho ba pele, Molimo o ile a senola ka makhetlo a ’maloa hore morero oa hae oa hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng ha oa fetoha. Ka mohlala, o fana ka tiisetso ena: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) U lokela ho etsa eng hore u tle u bone ha tšepiso ee e phethahala?
Kamoo U ka Lelefatsang Bophelo ba Hao Kateng—Ka ho sa Feleng
Ho thahasellisang, ka mor’a hore mongoli oa saense Ronald Kotulak a buisane le bafuputsi ba bongaka ba fetang 300, o ile a re: “Ke khale litsebi tsa saense li tsebile hore chelete, mosebetsi le thuto ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse ka bolelang esale pele hore na bophelo ba batho bo tla ba joang le hore na ba tla phela halelele hakae. . . . Empa thuto ke eona e itlhommeng pele ho boleleng esale pele bolelele ba nako ea ho phela.” O ile a hlalosa: “Feela joalokaha lijo tseo re li jang li matlafatsa boitšireletso ba rōna ba ’mele ba ho loantša likokoana-hloko tse tšoaetsanoang tse sokelang bophelo, thuto le eona e re sireletsa khahlanong le ho etsa khetho e fosahetseng.” Ho joalokaha mofuputsi e mong a itse, “thuto e u ruta ho ipetlela tsela” le mokhoa oa “ho hlōla litšitiso tse ka ’nang tsa hlaha.” Kahoo, ho bonahala eka thuto, e joalokaha mongoli Kotulak a re ke “sephiri sa bophelo bo botle, bo boleletsana.”
Mohato oa pele o lebisang bophelong bo sa feleng nakong e tlang ke thuto—thuto ea Bibele. Jesu Kreste o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Tsebo ka Jehova Molimo, ’Mōpi, ka Jesu Kreste le ka tokisetso ea sehlabelo eo Molimo a faneng ka eona ke oona feela mofuta oa thuto o tla lokisetsa motho ho nka mohato o qalang tseleng ea bophelo bo sa feleng.—Matheu 20:28; Johanne 3:16.
Lipaki tsa Jehova li tsamaisa lenaneo la thuto ea Bibele le ka u thusang ho fumana tsebo ena ea Bibele e fanang ka bophelo. Etela e ’ngoe ea Liholo tsa tsona tsa ’Muso ho ea ithuta ka ho eketsehileng ka lenaneo lena le sa lefelloeng, kapa li kōpe hore li u etele ka nako e loketseng. U tla hlokomela hore Bibele e fupere bopaki bo tiileng bo bontšang hore nako e atametse eo ka eona bophelo bo ke keng ba hlola bo sitisoa ke lihekana le moeli oa qetello. Ke ’nete hore lefu le busitse ka lilemo tse likete, empa haufinyane le tla felisoa ka ho sa feleng. Eo ke tebello e babatsehang hakaakang ho ba hōlileng hammoho le ba bacha!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litsebi tsa botsofali li qapile likhopolo tse ngata tse fapa-fapaneng (ha li baloa ka bonngoe, li feta 300!) tse hlalosang kamoo botsofali e ka ’nang eaba bo qala kateng. Empa tabeng ea pele likhopolo tsena ha li hlalose hore na ke hobane’ng ha bo e-ba teng.
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Mohato oa pele o lebisang bophelong bo sa feleng ke thuto ea Bibele