Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 8/8 maq. 29-31
  • Ke Hobane’ng ha ’Mè a Kula Hakaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ’Mè a Kula Hakaale?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Motsoali oa ka a Kula?
  • Maikutlo a Bohloko
  • U ka Etsa Eng?
  • Ho Boloka Botsitso ba Hao ba Moea
  • Nka Sebelisana Joang le Motsoali oa ka ea Tlohileng Hae?
    Tsoha!—1990
  • Ke Joang Nka Thusang Motsoali oa ka Ea se Nang Molekane?
    Tsoha!—1991
  • Nka Etsa’ng Haeba Motsoali oa ka a Lemaletse Lithethefatsi Kapa Joala?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ho Thoe’ng Haeba Motsoali oa ka a Fosa?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 8/8 maq. 29-31

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ’Mè a Kula Hakaale?

Ntate oa Al o ile a bolaoa ke kankere.a Kaha o ne a rutiloe tšepiso ea Bibele ea tsoho ea bafu, Al o ile a khona ho tobana le tahlehelo eo ka katleho. Empa ha ho fumanoa hore ’mè oa hae le eena o tšoeroe ke kankere, o ile a boela a seleballoa. Khopolo ea ho shoeloa ke motsoali e mong hape e ile ea tšosa Al. O ne a ee a ipotse ka ho hlonama hore ‘Na ke hobane’ng ha e tlameha ho ba ’mè oa ka ea kulang?’

HO EA ka Dr. Leonard Felder, “ho na le Maamerika a fetang limilione tse mashome a tšeletseng a . . . talimaneng le bokuli kapa kholofalo ea ea ratoang.” Felder oa phaella: “Letsatsi le letsatsi, hoo e ka bang mosebetsi a le mong ho ba bang le ba bang ba bane Amerika, o phaella ka ho hlokomela litlhoko tsa motsoali ea kulang” kapa tsa e mong ea ratoang. Haeba u boemong bo joalo, ha u mong. Leha ho le joalo, ho bona eo u mo ratang a kula hoa tšosa ’me ho utloisa bohloko. U ka sebetsana ka katleho le boemo boo joang?

Ke Hobane’ng ha Motsoali oa ka a Kula?

Liproverbia 15:13 e re: “Moea o khathala ke bohloko ba pelo.” Ke ho tloaelehileng ho ferekana maikutlong ha motsoali a kula. Ka mohlala, u ka ’na ua ipeha molato ka ho kula ha motsoali oa hao. Mohlomong uena le motsoali oa hao le ’nile la ba le mathata a ho sebelisana. Mohlomong le bile le ho se lumellane ho itseng. Joale kaha motsoali oa hao oa kula, u ka ’na ua ikutloa eka u molato. Empa le hoja likhohlano ka lapeng li ka ’na tsa baka khatello kelellong, ke ka seoelo li bakang ho kula ho tebileng. Likhohlano le ho se lumellane ho itseng ho ka ba teng esita le malapeng a lerato a Bakreste. Kahoo, ha ho hlokahale hore u itjarise molato, joalokaha eka ke molato oa hao hore ebe motsoali oa hao oa kula.

Ha e le hantle, ’mè kapa ntate oa hao o kula ka lebaka la sebe sa batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. (Baroma 5:12) Ka lebaka la sebe seo sa qalong, “pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.”—Baroma 8:22.

Maikutlo a Bohloko

Leha ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa u khathatsehile ebile u tšoenyehile. ’Mè oa Terri o tšoeroe ke lupus, boloetse bo nang le liphello tse sithabetsang. Terri oa lumela: “Nako le nako ha ke se lapeng, ke lula ke tšoenyehile, ke ipotsa hore na ebe ’Mè o phela hantle. Ke fumana ho le thata ho tsepamisa mohopolo. Leha ho le joalo, kaha ha ke batle ho mo tšoenya, ke ipolokela maikutlo ao ka ho ’na.”

Liproverbia 12:25 e re: “Masoabi a fifatsa pelo ea motho.” Ho tepella maikutlong ho atile ho bacha ba boemong bona. Terri o re o ne a utloisoa bohloko ke ho bona ’mè oa hae a sitoa ho phetha le mosebetsi o bobebe feela. Ho phaellang khatellong ena ea kelello ke ’nete ea hore bacha—haholo-holo ba banana—hangata ba tlameha ho jara boikarabelo bo eketsehileng. Ho ea ka Moprofesa Bruce Compas, “banana ba jara moroalo oa mesebetsi ea lelapa, e kang ea ho hlokomela lelapa le bana ba banyenyane, e leng se ka nģ’ane ho matla a bona le se sitisanang le khōlo ea bona e tloaelehileng sechabeng.” Bacha ba bang ba khetha ho itšehla thajana, ba mamela ’mino o tepelletsang le o nyahamisang.—Liproverbia 18:1.

Ho tšaba ho shoelloa ke motsoali le hona ho tloaelehile. Terri ke ngoana ea mong habo, ’me ’mè oa hae, ke motsoali ea se nang molekane. Terri o iphumana a lla nako le nako ha ’mè oa hae a e-ea sepetlele, a tšoha hore a ka ’na a se ke a hlola a khutla. Terri o re: “Re ne re le babeli feela. Ke ne ke sa batle ho lahleheloa ke motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo.” Ngoanana e mong le eena ea bitsoang Martha o ile a lumela: “Ke lilemo li 18, empa ke ntse ke tšaba ho shoelloa ke batsoali. Ho ka baka bolutu bo otlang pelo.” Mathata a mang a tloaelehileng a bakoang ke ho kula ha motsoali ke ho hlobaela, ho phofa le ho ba le bothata ba ho ja.

U ka Etsa Eng?

Le hoja lintho li ka ’na tsa bonahala li le thata hona joale, u ka sebetsana le boemo ka katleho! Qala ka ho buisana le batsoali ba hao ka lintho tse u tšosang le tse u tšoenyang. Bokuli ba motsoali oa hao bo tebile hakae? Ho na le menyetla efe ea hore a ka hlaphoheloa? Ho entsoe litokisetso life tsa hore u hlokomeloe haeba ho ka etsahala hore motsoali a se ke a hlaphoheloa? Na ho na le monyetla oa hore le uena u tšoaroe ke lefu leo hamorao bophelong? Le hoja ho batla ho le thata hore batsoali ba bue ka lintho tse joalo, haeba u iketlile ’me ka tlhompho u ba kōpa thuso, mohlomong ba tla etsa se matleng a bona ho u thusa le ho u tšehetsa.

Bua le ka lintho tse hahang. Al oa hopola hore o ile a hlōleha ho etsa sena ha a ne a hlokomela hore ’mè oa hae o makhatheng a lefu ke kankere. O re: “Ha kea ka ka mo bolella kamoo ke mo ratang kateng. Ke ne ke tseba hore o ne a batla ho utloa seo, empa joaloka mocha ke ne ke utloa ho makatsa ho bua joalo ho eena. Nakoana ka mor’a lefu la hae, ke ile ka qala ho ikutloa ke le molato kaha ke ne ke hlōlehile ho sebelisa monyetla oo ke neng ke e-na le oona. Ke ikoahlaela seo kaha e ne e le motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka.” U se ke ua tšaba ho bolella batsoali ba hao kamoo u ba ratang kateng.

Haeba ho khoneha, ithute ka ho eketsehileng ka bokuli ba motsoali oa hao. (Liproverbia 18:15) Mohlomong ngaka ea lelapa leno e ka u thusa ntlheng ena. Ho tseba boitsebiso bo nepahetseng ho tla u thusa ho ipeha boemong ba hae, ho ba le mamello le kutloelo-bohloko. ’Me ho ka u thusa hore u itokisetse liphetoho leha e le life tseo motsoali oa hao a ka ’nang a ba le tsona, tse kang ho ba le metoa, ho hlotheha moriri, kapa mokhathala.

Na motsoali oa hao o sepetlele? Haeba ho joalo etsa hore ho mo etela ha hao e be ho hlasimollang le ho hahang. Etsa hore moqoqo oa hao e be o khathollang ka hohle kamoo ho ka khonehang. Bua ka mosebetsi oa hao oa sekolo le ka tšebeletso ea hao ea Bokreste. (Bapisa le Liproverbia 25:25.) Haeba u phela naheng eo ho eona beng ka mokuli ba lebeletsoeng ho mo lokisetsa lijo le ho mo etsetsa litšebeletso tse ling, phetha karolo ea hao u sa belaele. Ho apara ka makhethe le ho itlhopha ka bokhabane ha ho na ho hlasimolla motsoali oa hao feela empa ho tla khahla le basebetsi ba sepetlele le lingaka. Sena se ka ntlafatsa tsela eo ba hlokomelang motsoali oa hao ka eona.b

Na motsoali oa hao o hlaphoheloa a le hae? Haeba ho joalo etsa seo u ka se khonang ho thusa ka ho mo hlokomela. Ithaopele ho etsa karolo e itseng ea mesebetsi ea lapeng. Leka ho etsisa Jehova ka ho itela ka ho ‘fana ka seatla se bulehileng ’me u sa nyelise.’ (Jakobo 1:5) Etsa sohle se matleng a hao ho bontša moea oa ho se belaele, empa u bontše ho ba le tšepo le boikutlo bo molemo.

Ke ’nete hore u ntse u e-na le mosebetsi oa sekolo. Leka ho behella nako ea oona ka thōko, kaha thuto ea hao le eona e ntse e le ea bohlokoa. Haeba ho khoneha, behella nako e itseng ka thōko bakeng sa phomolo le boikhathollo. (Moeklesia 4:6) Sena se tla u khatholla ’me se tla u thusa hore u khone ho tšehetsa motsoali oa hao hamolemonyana. Ntlha ea ho qetela, qoba ho itšehla thajana. Sebelisa monyetla oa tšehetso e fanoang ke Bakreste-’moho le uena. (Bagalata 6:2) Terri o re: “Phutheho e ile ea fetoha lelapa leso. Baholo ba ne ba lula ba loketse ho buisana le ’na le ho nkhothatsa. Seo nke ke ka se lebala.”

Ho Boloka Botsitso ba Hao ba Moea

Habohlokoa ka ho fetisisa ke ho boloka botsitso ba hao ba moea. Ipoloke u tšoarehile ka mesebetsi ea moea, e kang ho ithuta Bibele, ho ba teng libokeng le ho bolela ho ba bang. (1 Bakorinthe 15:58) Likhoeling tsa lehlabula, Terri o ne a atisa ho kopanela ka ho eketsehileng mosebetsing oa boevangeli ka ho ba pula-maliboho ea thusang. Oa phaella: “Kamehla ’Mè o ne a nkhothalletsa ho lokisetsa liboka le ho kopanela ho tsona Holong ea ’Muso. Seo se ipakile se le molemong oa rōna ka bobeli. Kaha o ne a sa khone ho ba teng sebokeng se seng le se seng joalokaha a ne a batla, ke ne ke mamela ka hloko e le hore hamorao nka mo phetela ka sona. O ne a itšetlehile ka ’na ho fumana lijo tsa moea ha a sitiloe ho ba teng.”

Sehlooho se seng ho The New York Times se akarelitse taba hantle ha se bua ka mosebeletsi e mong oa sechaba ea ’nileng a “lula a makalitsoe ke kamoo bana ba bangata ba khonang ho hōla kateng esita le ho atleha ho sa tsotellehe bokuli ba batsoali ba bona.” O re: “Ba ba le bokhoni bo bong boo ba neng ba ntse ba sa tsebe hore ba na le bona . . . Haeba ba khona ho feta boemong bona, ba ka khona ho feta maemong a mang a mangata.”

Le uena ka ho tšoanang u ka khona ho feta nakong ena e thata. Ka mohlala, hona joale ’mè oa Terri o batla a hlaphohetsoe hoo a khonang ho itlhokomela. Mohlomong, ha nako e ntse e e-ea, motsoali oa hao le eena o tla hlaphoheloa. Leha ho le joalo, u se ke ua lebala hore u na le tšehetso ea Motsoalle oa hao oa leholimo, Jehova. Ke “Ea Utloang thapelo” ’me o tla mamela mehoo ea hao e kōpang thuso. (Pesaleme ea 65:2, NW) O tla u fa “matla a ka ’nģ’ane ho se tloaelehileng”—uena hammoho le motsoali oa hao ea tšabang Molimo—e le hore le ka atleha.—2 Bakorinthe 4:7; Pesaleme ea 41:3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Sehlooho se reng “Ho Etela Mokuli—Kamoo U ka Thusang” tokollong ea Tsoha! ea March 8, 1991, se na le litlhahiso tse ’maloa tse sebetsang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]

“Nako le nako ha ke se lapeng, ke lula ke tšoenyehile, ke ipotsa hore na ebe ’Mè o phela hantle”

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Ho ithuta linnete ka bokuli ba motsoali oa hao ho ka u hlomella hamolemonyana hore u mo thuse

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela