Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 8/8 maq. 23-26
  • Ho Batlisisa Qetello ea Motho e Reriloeng Esale Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batlisisa Qetello ea Motho e Reriloeng Esale Pele
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Metso ea Boholo-holo ea Khopolo ea ho Hlolloa
  • Khopolo ea ho Hlolloa Egepeta ea Boholo-holo
  • Greece le Roma
  • Maikutlo a “Bokreste” ka Khopolo ea ho Hlolloa
  • Tumelo e Atileng
  • Na ke ho Hlolloa Kapa e Mpa e le Ntho e Iketsahaletseng Feela Tjee?
    Tsoha!—1999
  • Na ho Lumela Thuto ea ho Hlolloa Bokamoso ho Laola Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Na Bibele e Ruta ho Lumela Khopolong ea ho Hlolloa Bokamoso?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Likotsi tsa Tšohanyetso—Na ke Liketsahalo tse Reriloeng Esale Pele Kapa ke Maemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 8/8 maq. 23-26

Ho Batlisisa Qetello ea Motho e Reriloeng Esale Pele

KE HOBANE’NG ha tumelo ea ho hlolloa e atile hakaale? Ho theosa le lilemo, motho o ’nile a leka ho phutholla liphiri tsa bophelo le ho utloisisa morero oa liketsahalo tse itseng tse etsahalang. Rahistori Helmer Ringgren oa hlalosa: “Ke mona moo li hlophisoang ka hore ke tsa ‘molimo,’ ‘qetello e reriloeng esale pele’ le ‘lintho tse iketsahallang feela tjee,’ ho itšetlehiloe ka hore na liketsahalo tseo li entsoe ke matla a botho, matla ao e seng a botho, kapa ha ho matla a itseng a li susumelitseng.” Histori e tletse litumelo, litšōmo le lipale tse amanang le khopolo ea ho hlolloa le ho rereloa qetello esale pele.

Setsebi sa histori le puo tsa Assyria Jean Bottéro o re: “Litšobotsing tsohle tsa mokhoa oa rōna oa bophelo re susumelitsoe haholo ke tsoelo-pele ea Mesopotamia,” a phaella ka hore ke Mesopotamia ea boholo-holo kapa Babylona moo re fumanang “tšusumetso le likhopolo tse hlokomelehang tseo moloko oa batho o nang le tsona tabeng ea tlhophiso e tsoang matleng a phahametseng motho le eo ho ka ikamahanngoang le eona ea bolumeli.” Ke hona mona moo re boelang re fumana qaleho ea khopolo ea ho hlolloa.

Metso ea Boholo-holo ea Khopolo ea ho Hlolloa

Baepolli ba lintho tsa khale ba sibolotse e meng ea mengolo ea khale ka ho fetisisa eo batho ba e tsebang, lithakong tsa Mesopotamia, moo hona joale e leng Iraq. Matlapa a likete a ngotsoeng ka cuneiform a re fa setšoantšo se hlakileng sa tsoelo-pele ea boholo-holo ea Sumer le Akkad le motseng o tummeng oa Babylona. Ho ea ka moepolli oa lintho tsa khale Samuel N. Kramer, batho ba Sumer “ba ne ba khathatsehile ka qaka ea tšotleho bathong, haholo-holo ka lintho tse batlang e le mohlolo.” Takatso ea bona ea ho fumana likarabo e ile ea ba lebisa khopolong ea ho hlolloa.

Bukeng ea hae e bitsoang Babylon, moepolli oa lintho tsa khale Joan Oates o bolela hore “Mobabylona e mong le e mong o ne a e-na le molimo kapa molimotsana.” Bababylona ba ne ba lumela hore melimo “e rera qetello ea batho bohle esale pele, e le batho ka bomong hape e le sehlopha.” Ho ea ka Kramer, batho ba Sumer ba ne ba lumela hore “melimo e laolang bokahohle e rerile ’me ea kenya bobe, bohata le pefo karolong ea motheo ea tsoelo-pele ea sechaba.” Tumelo ea ho hlolloa e ne e atile ebile e nketsoe holimo.

Bababylona ba ne ba nahana hore ho ka etsahala hore ba tsebe seo melimo e se rerang ka ho sebelisa bonohe—“tsela ea ho buisana le melimo.” Bonohe bo akarelletsa ho leka ho bolela bokamoso esale pele ka ho sheba lintho le liketsahalo le ho li hlalosa. Ka tloaelo, ho ne ho hlahlojoa litoro, ho shejoa boitšoaro le likahare tsa liphoofolo. (Bapisa le Ezekiele 21:21; Daniele 2:1-4.) Lintho tse sa lebelloang kapa tse sa tloaelehang tseo ho neng ho thoe li senola bokamoso li ne li ngoloa matlapeng a letsopa.

Ho ea ka setsebi sa Lefora sa tsoelo-pele ea boholo-holo Édouard Dhorme, “ha re latellisa histori ea Mesopotamia, re fumana motho ea bolelang lintho tse e-song ho etsahale le khopolo ea bonohe.” Bonohe bo ne bo nketsoe holimo bophelong. Ha e le hantle, Moprofesa Bottéro o bolela hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e ka nkoa e le e ka hlahlojoang le eo ho ka fihleloang qeto ka eona ho sebelisoa bonohe . . . Bokahohleng bo bonahalang bo ne bo nkoa e le bopaki boo ka tsela e itseng bokamoso bo ka tsejoang ka ho ithuta bona ka hloko.” Ka hona, batho ba Mesopotamia ba ne ba khothalletse bolepi ba linaleli ba bo sebelisetsa ho tseba bokamoso esale pele.—Bapisa le Esaia 47:13.

Ho feta moo, Bababylona ba ne ba sebelisa mataese kapa lotho bonoheng. Bukeng ea hae e bitsoang Randomness, Deborah Bennett o hlalosa hore sena e ne e le “ho tlosa monyetla oa hore motho a se ke a laola boemo e leng ho fang melimo tsela e hlakileng ea ho hlalosa thato ea bona ea bomolimo.” Leha ho le joalo, liqeto tsa melimo li ne li sa nkuoe e le tse ke keng tsa fetoloa. Thuso ea ho qoba ho hlolloa bobe e ne e ka fumanoa ka ho ipiletsa ho melimo.

Khopolo ea ho Hlolloa Egepeta ea Boholo-holo

Lekholong la bo15 la lilemo B.C.E., ho ne ho e-na le tšebelisano e matla pakeng tsa Babylona le Egepeta. Mekhoa ea bolumeli e amanang le khopolo ea ho hlolloa e ne e kenelletse phapanyetsanong ea bona ea setso. Ke hobane’ng ha Baegepeta ba ile ba amohela tumelo ea ho hlolloa? Ho ea ka John R. Baines, moprofesa oa histori ea Egepeta Univesithing ea Oxford, “boholo ba bolumeli [ba Egepeta] bo amanang bo leka ho utloisisa le ho sebetsana le maemo a sa tsitsang le a sa rateheng.”

Har’a melimo e mengata ea Egepeta, Isis o ne a hlalosoa e le “mofumahali oa bophelo, ’musi ea hlollang le ea rerang qetello esale pele.” Baegepeta ba ne ba boetse ba sebelisa bonohe le bolepi ba linaleli. (Bapisa le Esaia 19:3.) Rahistori e mong o re: “Tsebo ea bona ea ho botsa melimo e ne e ke ke ea lekanngoa.” Leha ho le joalo, hase Egepeta feela e ileng ea amohela khopolo eo ho Babylona.

Greece le Roma

Jean Bottéro o bolela hore ha ho tluoa tabeng ea bolumeli, “Greece ea boholo-holo ha ea ka ea phema tšusumetso ea Babylonia e nang le liphello tse tebileng.” Moprofesa Peter Green o hlalosa hore na ke hobane’ng ha tumelo ea ho rereloa qetello esale pele e ne e atile hakana Greece: “Lefatšeng le neng le sa tsitsa, leo ho lona batho ba neng ba tsoafa ho jara boikarabelo ka liqeto tseo ba li entseng, ’me ha e le hantle ba neng ba inka hore ke lilathalatha, tse lebisoang koana le koana ke Ho Hlolloa hoo ba ho hlolletsoeng e leng taelo e thata ho utloisiseha le e sa tenyetseheng, e nohiloeng ke melimo [e hlotsoeng ke melimo] e leng eona feela tsela ea ho rera bokamoso ba motho ka bomong. Haeba motho a e-na le tsebo kapa matla a khethehileng, ntho e Hlotsoeng e ka boleloa esale pele. E ka ’na ea e-ba ntho eo motho a sa batleng ho e utloa; empa bonyane a ka lemosoa esale pele e le hore a itokise esale nako.”

Ho phaella ho feng batho tšepo ka bokamoso, ho lumela ho ho hlolloa ho boetse ho sebeletsa merero e mebe. Ho ea ka rahistori F. H. Sandbach, khopolo ea ho hlolloa e kentse letsoho ho hatelleng batho ba bangata ’me ka lebaka leo “tumelo ea hore lefatše le ne le busoa ka ho feletseng ka Tataiso ea Bomolimo e ile ea ipiletsa ho sehlopha se busang sa batho ba busang.”

Hobane’ng? Moprofesa Green o hlalosa hore tumelo ena “e ne e le ho itokafatsa—boitšoarong, thutong ea bolumeli, puong—molemong oa sechaba le ho tiisa tsamaiso ea lipolotiki: e bile kofuto e matla ka ho fetisisa le e potelletseng ka ho fetisisa ea ho intšetsa pele eo sehlopha se busang sa Magerike se kileng sa e qapa. Taba feela ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang e bolela hore e hlotsoe; ’me kaha matla a laolang bokahohle a ne a tataisoa ke bomolimo molemong oa moloko oa batho, ntho e hlotsoeng e ne e ke ke ea hlōleha ho ba e molemo.” Ha e le hantle, e ile ea fana ka maikutlo a “toka lithahasellong tse sehlōhō tsa batho.”

Hore khopolo ea ho hlolloa e ile ea amoheleha ka ho pharaletseng hoa totobala lingoliloeng tsa Segerike. Har’a lingoliloeng tsa boholo-holo ho ne ho e-na le tsa lithothokiso, tsa litšōmo le tsa litšoantšiso tsa liqhoebeshano—tseo ho hlolloa ntho e itseng ho neng ho phetha karolo e khōlō ho tsona. Litšōmong tsa Bagerike, melimotsana e meraro e bitsoang Moirai e ne e emela ho reroa ha qetello ea motho esale pele. Clotho e ne e le ea ohlang khoele ea bophelo, Lachesis e le ea lekanyetsang bolelele ba bophelo, ’me Atropos e le ea khaolang bophelo ha nako e fanoeng e felile. Baroma le bona ba ne ba e-na le melimo e meraro eo ba neng ba e bitsa Parcae.

Baroma le Bagerike ba ne ba labalabela ho tseba hore na qetello eo ba e reretsoeng esale pele ke efe. Kahoo, ba ile ba amohela bolepi ba linaleli le bonohe tsa Babylona ’me ba li ntšetsa pele. Baroma ba ne ba bitsa liketsahalo tse sebeliselitsoeng ho bolela bokamoso esale pele portenta, kapa lipontšo. Melaetsa e neng e fanoa ke lipontšo tsena e ne e bitsoa omina. Lekholong la boraro la lilemo B.C.E., bolepi ba linaleli bo ne bo se bo atile Greece, ’me ka 62 B.C.E., ho ile ha hlahella setšoantšo sa khale ka ho fetisisa se tsejoang se sebelisoang ke balepi ba linaleli ba Bagerike ho noha bophelo ba motho. Bagerike ba ile ba thahasella bolepi ba linaleli hoo ho ea ka Moprofesa Gilbert Murray, bolepi ba linaleli “bo ileng ba ama likelello tsa Bagerike joaloka boloetse bo bocha bo hlaselang baahi ba sehlekehleke se hōle.”

E le ka boiteko ba ho tseba bokamoso, Bagerike le Baroma ba ne ba sebelisa linohe kapa bakena-lipakeng ba meea haholo. Ba ne ba nahana hore melimo e buisana le batho ka tsela ena. (Bapisa le Liketso 16:16-19.) Tumelo ee e ile ea tlisa maphomela afe? Rafilosofi Bertrand Russell o ile a re: “Tšabo e ile ea nkela tšepo sebaka; morero oa bophelo e ne e se e batla e le ho phema bomalimabe ho e-na le ho finyella ntho leha e le efe e ntle.” Maikutlo a tšoanang a ile a baka khang e khōlō le Bokreste-’motoaneng.

Maikutlo a “Bokreste” ka Khopolo ea ho Hlolloa

Bakreste ba pele ba ne ba phela mokhoeng oa bophelo o neng o susumetsoa ka matla ke maikutlo a Bagerike le Baroma a ho rereloa qetello esale pele le a ho hlolloa. Ka mohlala, ba bitsoang Bo-fatere ba Kereke ba ile ba itšetleha haholo ka libuka tsa bo-rafilosofi ba Bagerike ba kang Aristotle le Plato. Bothata bo bong boo ba ileng ba leka ho bo rarolla e bile ba hore, Ke joang Molimo ea tsebang tsohle, ea matla ’ohle, “Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong,” a ka amahangoang le Molimo ea lerato? (Esaia 46:10, NW; 1 Johanne 4:8) Haeba Molimo o ne a tseba qetello ho tloha tšimolohong, ba beha lebaka la hore e tlameha a tsebile esale pele hore motho o tla oela sebeng le liphellong tse bohloko tseo se neng se tla se tlisa.

Origen, e mong oa bangoli ba pele ba Bokreste ea khonang ho qapa ka ho fetisisa, o pheha khang ea hore ntlha e ’ngoe ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola ke ea ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela. O ile a ngola: “Ha e le hantle, ho na le litemana tse ngata haholo ka Mangolong tse bontšang ka ho hlaka boteng ba bolokolohi ba ho ikhethela.”

Origen o boletse hore ho jarisa matla a mang a itseng a ka ntle boikarabelo ba liketso tsa rōna “hase ’nete ebile ha ho bontše ho hlaphoheloa kelellong, empa ke maikutlo a motho ea lakatsang ho senya khopolo ea ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela.” Origen o ile a pheha khang ea hore le hoja Molimo a ka tseba tsela eo lintho li tlang ho etsahala ka eona ka ho latellana esale pele, sena hase bolele hore o etsa hore ntho eo e etsahale leha e le hona hore o hlile o batla hore e etsahale. Leha ho le joalo, hase bohle ba lumellanang le eena.

Fatere oa Kereke ea nang le tšusumetso, Augustine (354-430 C.E.), o ile a thatafatsa taba eo ka ho nyenyefatsa karolo eo ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela ho e phethang liketsahalong. Augustine o ile a kenya khopolo ea ho rereloa qetello esale pele motheong oa thuto ea Bokreste-’motoana. Libuka tsa hae, haholo-holo e bitsoang De libero arbitrio, e ne e le tsona tseo ho buisanoang ka tsona haholo Mehleng e Bohareng. Qetellong khang eo e ile ea fihla sehlohlolong ha ho e-ba le Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike, ’me Bokreste-’motoana bo arohana litsekana ka taba ea ho rereloa qetello esale pele.a

Tumelo e Atileng

Leha ho le joalo, khopolo ea ho hlolloa ha e felle linaheng tsa Bophirimela feela. Mamosleme a mangata ha a senola seo a se lumelang ka ho rereloa qetello esale pele a re ho ngotsoe “mektoub”—ha a tobane le tlokotsi. Le hoja e le ’nete hore malumeli a mangata linaheng tsa Bochabela a hatella hore motho o na le karolo e itseng eo a e phethang qetellong eo a e rereloang esale pele, a ntse a kenyelletsa khopolo ea ho hlolloa lithutong tsa ’ona.

Ka mohlala, Bohindung le Bobuddheng karma ke qetello e ke keng ea qojoa e reriloeng esale pele ke boitšoaro ba nakong e fetileng. Mengolo e meng ea khale ka ho fetisisa e ileng ea fumanoa Chaena e ngotsoe likhaketleng tsa likolopata tse neng li sebelisetsoa bonohe. Matsoalloa a Linaha tsa Amerika le ’ona a lumela ho ho hlolloa. Ka mohlala, Maaztec a ile a qapa almanaka e neng e sebelisetsoa ho bontša qetello ea batho ka bomong e reriloeng esale pele. Tumelo ea ho hlolloa e atile le Afrika.

Ho amoheleha ka ho pharaletseng ha khopolo ea ho hlolloa ho hlile ho bontša hore ka tlhaho motho o hloka ho lumela ho matla a itseng a phahameng. John B. Noss, bukeng ea hae e reng Man’s Religions, oa lumela: “Malumeli ’ohle a bolela ka litsela tse fapa-fapaneng hore motho ha a phele, ’me a ke ke a phela a ikemetse a le mong. O amana haholo esita le ho itšetleha ka matla a Tlhaho le a Batho a mo potolohileng. Oa tseba hore ha a na matla a ho phela a ikemetse a le mong a sa thusoe ke batho ba bang.”

Ho phaella tabeng hore ho hlokahala hore re lumele ho Molimo, ka tlhaho re boetse re hloka ho utloisisa liketsahalo tse re potolohileng. Leha ho le joalo, ho na le phapang pakeng tsa ho hlokomela ’Mōpi ea matla ’ohle le ho lumela hore o re rerela qetello esale pele. Empa ke karolo efe eo re e phethang ho hlophiseng qetello ea rōna esale pele? Molimo eena o phetha karolo efe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona makasine ea rōna e tsamaisanang le ena, Molula-Qhooa oa February 15, 1995, leqepheng la 3-4.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Almanaka ea Bababylona ea bolepi ba linaleli, ea 1000 B.C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Musée du Louvre, Paris

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Bagerike le Baroma ba ne ba lumela hore qetello ea motho e reroa esale pele ke melimotsana e meraro

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Musée du Louvre, Paris

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Isis oa Egepeta, “’musi ea hlollang le ea rerang qetello esale pele”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Musée du Louvre, Paris

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Mengolo ea khale ka ho fetisisa ea Chaena e ngotsoeng likhaketleng tsa likolopata tse neng li sebelisetsoa bonohe

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Institute of History and Philology, Academia Sinica, Taipei

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Matšoao a zodiake a hlaha lebokoseng la Bapersia

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photograph taken by courtesy of the British Museum

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela