Na ho Lumela Thuto ea ho Hlolloa Bokamoso ho Laola Bophelo ba Hao?
KA September 1988 koluoa e ile ea hlasela. Metsi a matla molomong o moholo oa linōka Ganges le Brahmaputra a ile a phahama ka limithara tse robong ’me a koahela likarolo tse tharo ho tse ’nè tsa Bangladesh. Batho ba likete ba ile ba khangoa ke metsi. Ba bang ba ka bang 37 000 000 ba ile ba sala ba se na mahae. Mebila e fetang bolelele ba lik’hilomithara tse 60 000 e ile ea nyamela.
Kaha nako le nako meroallo e joalo e ’nile ea koahela Bangladesh, koranta e ’ngoe e ile ea bitsa naha ena “Sebaka sa Tlokotsi e ke Keng ea Qojoa.” Tlhaloso eo e bontša seo batho ba bangata ba se nkang e le sesosa sa likoluoa tse joalo tse tšosang: tlokotsi e ke keng ea qojoa, kapa ho hlolloa bokamoso.
Le hoja ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho hlolloa bokamoso ha ho laole bophelo, ka sebele maikutlo a ho hlolloa bokamoso a aparetse lefatše lohle. Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba lumela thuto ea ho hlolloa bokamoso, ’me thuto ea ho hlolloa bokamoso ke eng?
Karolo ea Bolumeli
Lentsoe la Senyesemane “fate” (ho hlolloa bokamoso) le tsoa lentsoeng la Selatine fatum, le bolelang “se boletsoeng.”a Ba lumelang thuto ea ho hlolloa bokamoso ba lumela hore liketsahalo li reriloe esale pele le hore batho ha ba na matla a ho fetola lintho. Pono ena e ’nile ea jaloa ke malumeli a fapaneng ’me e fetotse tsela eo balumeli ba limillione ba talimang litaba ka eona. Ho talima malumeli a lefatše a mararo a maholo ka ho fetisisa ho re bontša hore thuto ea ho hlolloa bokamoso e hlalosoa ka litsela tse fapaneng—tse fapaneng joaloka libōpeho tsa litempele tsa Mahindu, meaho ea borapeli ea Maislame, le likereke tsa Bokreste-’mōtoana.
Ka mohlala, Mamosleme a teng lefatšeng a ka bang limillione tse 900, a lumela hore ho hlolloa bokamoso (Kismet) ho reroa ke thato ea Molimo.b Qur’ān ea bolela: “Ha ho bobe bo oelang ka tšohanyetso holim’a lefatše . . . , empa bo ka bukeng le pele re bo hlahisa.” “’Me sephefumolohi se ke ke sa shoa haese ka tumello ea Allah; nako eo e reriloe.”—Surah 57:22; 3:145.
Karma ke molao oa sesosa le tšusumetso—tšobotsi e ’ngoe ea ho hlolloa bokamoso—o amang bophelo ba Mahindu a teng lefatšeng a ka bang limillione tse 700. Ho lumeloa hore liketsahalo tse etsahalang bophelong ba hona joale ba Mohindu li reroa ke liketso tsa hae tsa bophelo ba nako e fetileng. Garuda Purana, mongolo oa boholo-holo oa Mahindu, o re: “Ke mesebetsi ea motho enoa bophelong ba nako e fetileng e rerang sebōpeho sa ’mele oa hae o latelang, hammoho le mofuta oa mafu, e-bang ke a ’mele kapa a kelello, a tla mo hlasela . . . Bophelong motho o fumana seo a reretsoeng esale pele hore o tla se fumana.”
Ho thoe’ng ka litho tsa Bokreste-’mōtoana tse ka bang limillione tse 1 700? Ke ’nete, ba bang ho Bokreste-’mōtoana ba ka ’na ba ipolela hore ba behile Molimo sebakeng sa matla a hlolang bokamoso, ’me ba behile thuto ea hore tsohle li reriloe esale pele sebakeng sa thuto ea ho hlolloa bokamoso. Empa Encyclopædia of Religion and Ethics ea lumela: “Ho ke ke ha boleloa hore Bokreste . . . bo lokolohile ka ho felletseng tumelong ea Ho Hlolloa Bokamoso.” Lihlopha tse ling tsa bolumeli li sa ntsane li pheta-pheta tumelo ea monchafatsi oa lekholong la bo16 la lilemo Martin Luther, eo ka nako e ’ngoe a ileng a bolela hore motho “ha a na bolokolohi joaloka kutu ea patsi, lefika, letsopa, kapa seemahale sa letsoai.”
Ho Akhela Chelete Holimo le ho Lepa Linaleli
Le hoja lipono tse tiileng joalo li oetse karolong e potelletseng ea litumelo tsa Bokreste-’mōtoana bo tloaelehileng, setsebi se seng sa thuto ea bolumeli se lumela hore litho tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li sa ntsane li amohela tumelo ena “ka sebōpeho seo e seng sa bolumeli.” Ka mokhoa oo, ho hlolloa bokamoso ho ka ’na ha ba le boipiletso ba nakoana ’me ha bitsoa matla a laolang mahlohonolo. E ka ’na eaba u tseba ba bangata bao ka linako tse ling ba akhelang chelete holimo ho ipiletsa matleng a laolang mahlohonolo, kapa a hlolang bokamoso. Le hoja ba ka ’na ba leka ho buella sena ka ho re ke moetlo feela, ba tsoela pele ho se etsa, ’me ka linako tse ling, ho bonahala se sebetsa ho bona. Ka mohlala, haufinyane The New York Times e ile ea tlaleha hore monna e mong ea phelang United States o ile a fumana peni (chelete ea tšepe) e shebileng holimo ka mor’a ho reka litekete tsa lottery. O itse: “Nako le nako ha ke ile ka fumana peni e shebileng holimo ka mehla ntho e ’ngoe e molemo ea nketsahalla.” Tabeng ena, o ile a hapa liranta tse limillione li 66,8. Na u nahana hore ho lumela ha hae matleng a laolang mahlohonolo, kapa a hlolang bokamoso, ho fokotsehile?
Batho ba bang ba qaboloa ke taba ea ho akhela chelete holimo. Empa, ba ka ’na ba lumela hore bokamoso ba bona bo reroa esale pele ke ho tsamaea ha linaleli—tšobotsi e ’ngoe ea ho hlolloa bokamoso. Amerika Leboea feela, likoranta tse ka bang 1 200 li bontša bolepi ba linaleli likaroloaneng tsa maqephe a tsona. Tlhahlobo e ’ngoe e bontšitse hore karolo ea 55 lekholong ea bacha ba United States e lumela hore bolepi ba linaleli boa sebetsa.
E, e-bang ho bitsoa Kismet, Karma, Molimo, lehlohonolo, kapa linaleli, ho lumela thuto ea ho hlolloa bokamoso ho aparetse lefatše lohle ’me ho ’nile ha e-ba joalo ka lilemo-lemo. Ka mohlala, na u ne u tseba hore ho batho bohle ba boleloang historing ba thathamisitsoeng mona, ke a le mong feela ea neng a sa lumele thuto ea ho hlolloa bokamoso? Ke mang? ’Me pono ea hae ka ho hlolloa bokamoso e ka ama pono ea hao joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Encyclopedia of Religion, Moqolo 5, leqephe 290, ea bolela: “FATE. E nkiloe lentsoeng la Selatine fatum (ntho e boletsoeng, polelo ea boprofeta, tšenolo ea Molimo, qeto ea Molimo).”
b “Kismet e fapane le Ho Hlolloa Bokamoso feela ka ho bitsoa ha eona Matla a Laolang Bophelo a maholo ka ho fetisisa; boipiletso bohle ba batho khahlanong le hofe kapa hofe hoa tsona ke ba lefeela.”—Encyclopœdia of Religion and Ethics ea Hastings, Moqolo V, leqephe 774.
[Lebokose le leqepheng la 4]
KE BO-MANG BA NENG BA LUMELA THUTO EA HO HLOLLOA BOKAMOSO?
Maskarīputra Gośāla Jesu Kreste
Leindia le fetelletsang Mothei oa Bokreste,
litaba tsa bolumeli, lekholong la lilemo la 1 C.E.
lekholong la bo6/bo5 la
lilemo B.C.E.
Zeno oa Citium Jahm, mora oa Safwān
Rafilosofi oa Mogerike, Tichere ea Momosleme,
lekholong la bo4/bo3 la lekholong la bo8 la
lilemo B.C.E. lilemo C.E.
Publius Vergilius Maro John Calvin
Mongoli oa lithothokiso oa Moroma, Setsebi sa thuto ea bolumeli
lekholong la lilemo la 1 B.C.E. le monchafatsi oa Lefora,
lekholong la bo16 la
lilemo C.E.