U ka Ikhethela Bokamoso
MOEPOLLI oa lintho tsa khale Joan Oates o bolela hore le hoja bonohe bo ne bo nkoa e le “katleho e khōlō ea botsebi lefatšeng la boholo-holo,” e ne e le “bonono bo songoang ke baprofeta ba Baheberu.” Hobane’ng?
Le hoja ba ne ba pota-potiloe ke lichaba tse nang le maikutlo a hore bophelo boa hlolloa, Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba hana khopolo ea hore matla a itseng a sa pheleng a laola bophelo ba bona. Litaelong tse ileng tsa fuoa sechaba, Molimo o ne a ile a re ho sona: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli . . . le ngaka e reng ea porofeta.”—Deuteronoma 18:10, 11.
Ba ntse ba se na khopolo ea ho hlolloa leha e le eona ea ho sebelisa linohe, Baiseraele ba ne ba e-na le tšepo ka bokamoso. Ha e hlalosa lebaka la sena, encyclopedia ea K’hatholike ea Sefora Théo e bolela hore sechaba se ne se lumela hore “motho le lefatše hase liphofu tsa matla a itseng a sa bonahaleng. Molimo o ne a e-na le morero ka batho.” Ke ofe morero oo?
Ho Rereloa Qetello Esale Pele le Bolokolohi ba ho Ikhethela
Molimo o ile a tšepisa Baiseraele khotso le nala haeba ba ne ba mamela melao ea hae. (Levitike 26:3-6) Ho feta moo, ba ne ba lebeletse Mesia ea neng a tla tlisa maemo a lokileng lefatšeng. (Esaia khaolo ea 11) Leha ho le joalo, ’nete ea hore Molimo o ne a ba tšepisitse lintho tsena e ne e sa bolele hore batho ba lokela ho phutha matsoho le ho emela lintho ho iketsahalla. Ho fapana le hoo, ba ile ba bolelloa: “Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao.”—Moeklesia 9:10.
Ntlha ea bohlokoa tabeng ena ke khopolo ea ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela. Baiseraele ba ne ba lokolohile ho sebeletsa Molimo le ho itlhophisetsa bokamoso. Molimo o ile a ba tšepisa: “Etlare ha le mamelisisa litaelo tsa ka tseo ke le laelang tsona kajeno, ha le rata Jehova, Molimo oa lōna, le mo sebeletsa ka lipelo tsa lōna tsohle, le ka meea ea lōna eohle, ke tla nesetsa naha ea lōna pula, nakong e tšoanelehang, pula ea tšeola le pula ea hoetla, u tle u kotule koro ea hao, le veine e ncha ea hao, le ole ea hao.” (Deuteronoma 11:13, 14) Litlhohonolofatso tsa Molimo li ile tsa tlela Iseraele ha e ne e mo mamela.
Ha se le mothating oa ho kena naheng eo a neng a se tšepisitse eona, Molimo o ile a fa sechaba sa Iseraele khetho: “Lemoha, kajeno ke beile pel’a hao bophelo le molemo, lefu le bobe.” (Deuteronoma 30:15) Bokamoso ba motho e mong le e mong bo ne bo itšetlehile ka liketso tsa hae le liqeto tsa hae. Ho sebeletsa Molimo ho ne ho bolela ho fumana bophelo le tlhohonolofatso, athe ho hana ho mo mamela ho ne ho bolela ho tleloa ke mahlomola. Empa ho thoe’ng kajeno?
Ketso le Phello ea Eona
Re laoloa ke melao e ’maloa ea tlhaho e sebetsang molemong oa rōna. O mong oa eona ke molao oa ketso le phello ea eona, kapa, joalokaha Bibele e o hlalosa, “Leha e le sefe seo motho a se jalang, sena ka ho tšoanang o tla se kotula.” (Bagalata 6:7) Hang ha re hlokomela molao-motheo ona, re khona ho nahana hore ntho e itseng e ka ’na ea etsahala nakong e tlang.
Haeba re khanna ka bohlasoa ka lebelo le phahameng, re ka ’na ra hlaheloa ke kotsi ho feta ha re khanna re le hlokolosi. Ha re tsuba, re ka ’na ra tšoaroa ke kankere ho feta ha re sa tsube. Ke ’nete hore liketsahalo tse kang tsa litlhaselo tsa bokhukhuni tse boletsoeng sehloohong se qalang letotong lena ha ho bonahale eka li ka re etsahalla, ’me ho lekanyetsa monyetla oa hore li re etsahalle ho ke ke ha thusa hakaalo. Leha ho le joalo, ho tšepela khopolong ea ho hlolloa le hona ho ke ke ha re thusa ka letho. Ha ho re behe leseling hona joale kapa ka nako e tlang. Tumelo e theiloeng leshanong ha e fane ka tšepo ea sebele ka bokamoso. Ebile Molimo ha a kenye letsoho ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang.
Bokamoso ba Hao e Tla ba Bofe?
Bokamoso ba rōna ha boa ngoloa fatše esale pele empa bo laoloa ke boitšoaro ba rōna hona joale. Le hoja bophelo e le mpho e tsoang ho Molimo, Bibele e bontša ka ho hlaka hore re phetha karolo ea bohlokoa ho etseng qeto ka lintho tse re etsahallang hona joale le tse tla re etsahalla nakong e tlang. ’Nete ea hore re ka khetha ho thabisa Molimo, kapa ho mo soabisa e bontša hore Molimo o re file matla a itseng a ho laola bophelo ba rōna.—Genese 6:6; Pesaleme ea 78:40; Liproverbia 27:11.
Ho feta moo, Mangolo a Halalelang khafetsa a hatella hore bokamoso ba rōna bo amana le kutlo ea rōna le tsela eo re phelang ka eona, e leng ho neng ho sa tl’o thusa ka letho haeba qetello ea lintho e se e ntse e reriloe esale pele. (Matheu 24:13; Luka 10:25-28) Kahoo, haeba re khetha ho mamela le ho tšepahala ho Molimo, re ka lebella bokamoso bo joang?
Bibele e bontša hore moloko oa batho o na le bokamoso bo khanyang. Lefatše le tla fetoha paradeise eo ho eona ho tla rena khotso le tšireletseho. (Pesaleme ea 37:9-11; 46:8, 9) Bokamoso boo bo tla fela bo tle kaha ’Mōpi ea matla ’ohle o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. (Esaia 55:11) Empa ho hlohonolofatsoa ha rōna ka bophelo Paradeiseng ha hoa itšetleha ka ho hlolloa; re tla thabela bophelo haeba ka kutlo re etsa thato ea Molimo hona joale. (2 Bathesalonika 1:6-8; Tšenolo 7:14, 15) Molimo o re file bolokolohi ba ho ikhethela le khothatso ena: ‘Ikhetheleng bophelo, le tle le phele.’ (Deuteronoma 30:19) U tla khetha eng? Ho fapana le hore u oa hlolloa, bokamoso ba hao bo liatleng tsa hao.
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Molimo o reretse batho ba bontšang kutlo bokamoso bo babatsehang