Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 10/8 maq. 28-30
  • Nka Sebetsana ka Katleho le ho Hloka Toka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana ka Katleho le ho Hloka Toka Joang?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tlosa Lonya le Khalefo
  • Qetello ea ho Hloka Toka
  • Ho Fumana Thuso le Tšehetso
  • U ka Sebetsana le ho Hloka Toka Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Jehova o Rata Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • U ka Lula u Tšepahalla Jehova Joang ha u Tšoaroa ka ho Hloka Toka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Na Molimo o Tla ke o Etse ho Hong ka ho Hloka Toka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 10/8 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Sebetsana ka Katleho le ho Hloka Toka Joang?

“Ho hlomphuoa ba nang le chelete feela, empa rōna ba kollang ntsi hanong kapa ba se nang moo ba robalang teng re tšoaroa joaloka liphoofolo. Haeba ho e-na le seo ke se lebeletseng ka nako e tlang, ke ho shoa ho se le motho ea hlokomelang.”—Arnulfo, moshanyana ea lilemo li 15 ea se nang lehae.

HO NA le ho hloka toka ho hongata lefatšeng. Tlaleho ea Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana (United Nations Children’s Fund [UNICEF]) e ile ea re: “Lilemong tse leshome tse fetileng, bana ba fetang limilione tse 2 ba ile ba bolaoa lintoeng, athe ba fetang limilione tse 4 ba ile ba pholoha ho holofala ’meleng ’me ba fetang milione ba sala e le likhutsana kapa ba arohane le malapa abo bona ka lebaka la ntoa.” Hangata tlala le bofutsana, li boetse li sotla karolo e khōlō ea baahi ba lefatše, ha ka nako e tšoanang ho e-na le borui le nala. Linaheng tse tsoelang pele, bacha ba bangata ba kang Arnulfo ba hlokisitsoe monyetla oa ho fumana thuto.

Ho hloka toka ho bohloko ka ho khetheha ha ho etsoa ke batho bao ho lebeletsoeng hore ba u rate le ho u sireletsa. Nahana ka ngoanana ea lilemo li 17 ea bitsoang Susana. ’Mè oa hae o ile a mo lahla kherehloa eena hammoho le likhaitseli tsa hae tse peli tse nyenyane. Susana o re ka pelo e bohloko: “Ho se ho fetile lilemo, ’me ha ho mohla ’Mè a kileng a nkōpa hore ke tl’o lula le eena, le hoja re lula motseng o le mong. Ha ho le mohla a kileng a mpolella a re, ‘Kea u rata,’ ’me ntho ena e ’nile ea nkhalefisa kamehla ebile e ntse e nkhalefisa le joale.” Ha u tšoaroa hampe ka tsela e joalo, u ka ’na ua fumana ho le thata ho laola khalefo ea hao. Motho e mong ea ileng a hlekahlekoa bongoaneng o re: “Ho bile ho entse hore ke be le maikutlo a mabe ka Molimo.”

Ke ha tlhaho hore u utloe bohloko hape u halefe ha u ile ua tšoaroa hampe. Bibele e re: “Hloriso e ee e hlantše ea hlalefileng.” (Moeklesia 7:7) Ho phela tlas’a ho hloka toka letsatsi le leng le le leng ho ka boela ha etsa hore u ikutloe u nyahame. (Bapisa le Pesaleme ea 43:2.) Ka hona, u ka ’na ua labalabela hore ho hloka toka ho fele. Ngoanana e mong oa Amerika Bohareng oa hopola: “Ha ke le lilemo li 13, ke ile ka kenela mokhatloana o mong oa liithuti. Ke ne ke e-na le takatso e matla ea ho kenya letsoho ho fetoleng lintho, e le hore bana ba se ke ba lapa. . . . Ha nako e ntse e e-ea ke ile ka kenella lebothong la baitseki.” Leha ho le joalo, ho e-na le hore a fumane toka, o ile a tšoaroa hampe ka tsela e ke keng ea hlalosoa ke masole a habo.

Maemo a joalo a re hopotsa hore batho ba bangata ha ba na matla a ho ntlafatsa boemo ba bona. Joale, ba tšoaroang ka ho hloka toka ba ka sebetsana ka katleho le boemo ba bona joang?a U ka sebetsana le bohloko le bohale boo u ka ’nang ua bo utloa joang?

Ho Tlosa Lonya le Khalefo

Nako le nako, ho ka ’na ha hlokahala hore u ikhopotse hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho. Bibele e ile ea bolela esale pele hore kajeno batho e ne e tla ba “ba hlekefetsang, . . . ba hlokang lerato, ba sa tšoareleng, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba sehlōhō, ba sa rateng se molemo, ba bolotsana.” (2 Timothea 3:1-4, New International Version) Ba bangata ba ‘feletsoe ke kutlo eohle ea boitšoaro.’ (Baefese 4:19) Ka hona, ho hloka toka ke ’nete ea bophelo e ke keng ea qojoa. Kahoo “leha u bona naheng e ’ngoe mofutsana ha a tujoa, le ho loka le toka ha li khopamisoa, u se ke ua makala ke hoo.”—Moeklesia 5:8.

Ke ka lebaka le utloahalang Bibele e lemosang khahlanong le ho lumella bohale ho u laola. Ka mohlala, e re: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo . . . a li tlosoe tsohle ho lōna.” (Baefese 4:31) Hobane’ng? Hobane qetellong, ho lula u halefile ho kotsi ebile ke ho intša kotsi. (Bapisa le Liproverbia 14:30; Baefese 4:26, 27.) Ho joalo haholo-holo haeba u iphumana u ‘hlonametse Jehova.’ (Liproverbia 19:3) Ho halefela Molimo ho senya kamano ea hao le Motho eo e leng eena ea ka u thusang ka ho fetisisa. Bibele e re “mahlo a Jehova a qamaka lefatšeng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela.”—2 Likronike 16:9.

Bibele e boetse e re ka Jehova: “Litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Ho hloka toka ho tlile ka lebaka la borabele ba Adama le Eva. (Moeklesia 7:29) Ke motho—eseng Molimo—ea ’nileng a ‘rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Hape hopola hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Ke Satane, eseng Jehova, ea ikarabellang bakeng sa ho hloka toka ho teng lefatšeng.

Qetello ea ho Hloka Toka

Ka lehlohonolo, ho hloka toka ho ke ke ha e-ba teng ka ho sa feleng. Ho hopola seo ho ka u thusa ho sebetsana le boemo ka katleho. Nahana ka phihlelo ea monna ea bitsoang Asafe, ea phetseng mehleng ea Bibele. O ne a pota-potiloe ke ho hloka toka, le hoja a ne a phela har’a batho ba ipolelang hore ba sebeletsa Jehova. Ho fapana le hore ba fuoe kotlo kahobane ba tšoere ba bang hampe, ho ile ha bonahala eka batho ba sehlōhō ba iphelela bophelo bo se nang mathata le bo atlehileng! Asafe oa lumela: “Ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefoli.” Asafe o ile a lahleheloa ke botsitso ka nakoana ka ho itumella ho ameha ka ho teba ka lintho tse joalo.—Pesaleme ea 73:1-12.

Ha nako e ntse e e-ea, Asafe o ile a hlakeloa ke pono. O ile a re ka ba khopo: “[Molimo] u mpa u ba beile nģalong tse thellang, ua ba liha, ’me ba senyehile.” (Pesaleme ea 73:16-19) E, Asafe o ile a utloisisa hore qetellong, batho ha ba hlile ha ba pheme liphello tsa bokhopo. Hangata, liphello tsa liketso tsa bona tse fosahetseng lia ba latela, ’me ba kenngoa literonkong, ba senyeheloa ke lichelete, ba lahleheloa ke mesebetsi, kapa ba tlosoa maemong a bona a bolaoli. Qetellong, ba khopo ba tla ‘senyeha’ ha Molimo a liha kahlolo holim’a tsamaiso ena e khopo ea lintho.—Pesaleme ea 10:15, 17, 18; 37:9-11.

Ho tseba hore Molimo o tla lokisa lintho haufinyane ho ka u thusa hore u laole bohale ba hao le pherekano. Bibele ea eletsa: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe ho mang kapa mang. Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle. Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la ipheteletsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ka sebele ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’”—Baroma 12:17-19; bapisa le 1 Petrose 2:23.

Ho Fumana Thuso le Tšehetso

Leha ho le joalo, e ka ’na eaba u na le maqeba a tebileng maikutlong, a kang a mehopolo e bohloko. Ho latela tlaleho ea UNICEF, “bana ba ’nileng ba lula ba pepeselitsoe pefo hangata ba ba le phetoho e khōlō litumelong tsa bona le boitšoarong ba bona, ho akarelletsa ho khaotsa ho tšepa ba bang ka ho feletseng. Sena ke ’nete ka ho khetheha ho bana ba ’nileng ba hlaseloa kapa ba hlekahlekoa ke batho bao pele ba neng ba nka hore ke baahisani kapa metsoalle.”

Ha ho na tharollo ea kapele mathateng a joalo. Empa haeba maikutlo a mabe kapa mehopolo e bohloko a hatella monahano oa hao, mohlomong u hloka thuso. (Bapisa le Pesaleme ea 119:133.) Pele, u ka ’na ua bala boitsebiso bo sebetsanang ka ho toba le mathata ao u fetileng ho ’ona. Ka mohlala, makasine ea Tsoha! e hatisitse lihlooho tse ’maloa tse fanang ka keletso e sebetsang ho batho ba kileng ba betoa, ba utsoetsoa ka likhoka le bana ba kileng ba hlekahlekoa. Ho buisana le motho ea hōlileng tsebong, ea mamelang ka kutloelo-bohloko lintho tse u tšoenyang le maikutlo ao u nang le ’ona ho ka u thusa haholo. (Liproverbia 12:25) Mohlomong u ka phetlela batsoali ba hao sefuba.

Empa ho thoe’ng haeba tšehetso ea batsoali e sa fumanehe? Batla tšehetso ka phuthehong ea Bokreste. Har’a Lipaki tsa Jehova, baholo ba phutheho ba sebeletsa e le setšabelo ho ba utloang bohloko. (Esaia 32:1, 2) Hase feela hore ba tla u mamela empa ba ka boela ba fana ka keletso e sebetsang. Hape, u se ke ua lebala hore Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong le bona ba ka sebeletsa e le ‘barab’eno le baralib’eno le bo-’mè.’ (Mareka 10:29, 30) Na u sa hopola Susana, ea ileng a lahloa ke ’mè oa hae? Eena le banab’abo ba ile ba fumana tšehetso ka phuthehong ea Bokreste. Mosebeletsi e mong oa Mokreste o ile a bontša thahasello lelapeng labo Susana hoo a bileng a mo bitsang ntate oa hae oa mohōlisi. Susana o bolela hore tšehetso e joalo “e re thusitse ho hōla tsebong le ho ema re tiile ’neteng.”

Litsebi li bolela hore ho ba le kemiso ea kamehla ea mesebetsi e nang le sepheo le hona ho ka thusa. Ho ea sekolong le ho etsa mesebetsi ea lapeng ka bohona ho ka etsa ho hongata ho boloka kelello ea hao e sa nahane ka lintho tse bohloko. Leha ho le joalo, u tla rua molemo ka ho khethehileng ka ho latela kemiso ea mesebetsi ea moea—ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho bolela litaba tse molemo.—Bapisa le Bafilippi 3:16.

Ho hloka toka ha ho na ho fela lefatšeng ho fihlela ’Muso oa Molimo o e-tla ’me o phethahatsa thato ea Molimo lefatšeng ka bophara. (Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10) Ho sa le joalo, etsa sohle seo u ka se khonang ho sebetsana le boemo ka katleho. Itšetlehe ka tšepiso ea hore e le ’Musi oa ’Muso oa Molimo, Jesu Kreste o tla ‘boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; a utloele ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi.’—Pesaleme ea 72:12, 13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja sehlooho sena se lebisitse tlhokomelo ho hlokeng toka hoo bacha ba ka ’nang ba feta ho hona linaheng tse futsanehileng, melao-motheo e tšohliloeng mona e sebetsa boemong leha e le bofe ba ho hloka toka boo motho a ka ’nang a feta ho bona.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

“Ho bile ho entse hore ke be le maikutlo a mabe ka Molimo”

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Tšehetso ea Bakreste-’moho le uena e ka u thusa ho sebetsana le ho hloka toka ka katleho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela