E-ba le Pono e Leka-lekaneng ka ’Mino
KAJENO indasteri ea ’mino ke khoebo e etsang liranta tse libilione-bilione. Libini tse tummeng le baphatlalatsi ba tsona ba etsa chelete e ngata. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ho hloka thabo, ho shoa pele ho nako le ho ipolaea ho ’nile ha tšoaea bophelo ba libini tse ling tse finyeletseng katleho e khōlō. ’Me ho ’nile ha bontšoa ka ho hlakileng hore ’mino o mong ke o bakang ho hlepha boitšoarong, maikutlong le moeeng ’me o ka lebisa boitšoarong bo mabifi, le bo kotsi sechabeng.
Leha ho le joalo, re lokela ho ba le pono e leka-lekaneng ka ’mino. Le hoja ho e-na le ho hongata ho fosahetseng le ho hobe ka mofuta ona oa mosebetsi o khabane, ’mino o mong o ka entša bophelo ba motho ’me oa tlisa thabo le khotsofalo e itseng. O ka re tsosolosa maikutlong le moeeng. Nahana ka mehlala e seng mekae feela.
Lipesaleme tse 150 tsa Bibele ke libuka tse ngotsoeng ka mokhoa o tsotehang—tsa lithoko, lipina tse halalelang le lithapelo. Kajeno li baloa ka thabo ka lipuo tse makholo. Leha ho le joalo, Baheberu ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba sa bale lipesaleme feela; ba ne ba li bina. Hangata ba ne ba li bina ka liletsa tse llang hamonate—e leng tsela e nang le tšusumetso e matla ea ho hokahanya bohlale ba Molimo oa bona, Jehova, joalokaha bo hlalositsoe ka mantsoe, le maikutlo ao libini tse koetlisitsoeng li neng li ka a fetisetsa ho bamameli. Ho fapana le hore e be o sa tsoelang pele kapa o fetiloeng ke nako, ho bonahala boleng le mofuta oa ’mino oa Baheberu e ne e le tse phahameng ho feta tsa lichaba tsa boahisani tsa nakong eo.
Hamorao, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bina lipesaleme le lipina tse ling tse halalelang ho tlotlisa Molimo le ho imolla ba sithabetseng maikutlo. Kahoo, ’mino o ile oa entša bophelo ba bona. ’Me ka ho bina lipina tse thehiloeng Bibeleng, ba ile ba tebisa tsebo ea Molimo ka metso lipelong tsa bona, e leng seo ba neng ba se hloka bakeng sa hore se ba tataise bophelong.—Matheu 26:30; Liketso 16:25.
Bagerike ba boholo-holo ba ne ba lumela hore ’mino o ntlafatsa botho ba motho ’me o mo etsa monna kapa mosali oa sebele. Lekholong lena la bo20 la lilemo, le buellang thuto ea saense, tsamaiso ea moruo le tšebeliso ea kelello, khōlo ea motho ea maikutlo e tlisoang ke mesebetsi e khabane e atisa ho hlokomolohuoa.
Lula U le ea Leka-lekaneng
Ho mamela ’mino o monate e ka ba phihlelo e ruisang molemo le e thabisang. Leha ho le joalo, motho a ka fumana thabo e eketsehileng ka ho letsa seletsa sa ’mino kapa ho bina le sehlopha sa metsoalle. Ho tseba ’mino ho ka ’na ha bula menyetla e eketsehileng ea ho fumana thabo ea sebele.
Ka sebele, ho tšoana le lintho tse ling tse molemo bophelong, ho hlokahala ho lekanyetsa lintho, ho sebelisa kahlolo e molemo le ho hloaea karolong ena ea boithabiso. Sena ke ’nete eseng feela ka mofuta oa ’mino oo motho a o khethang empa hape le ka nako eo a e qetang a o mametse kapa a o bapala ka liletsa.
Haeba ’mino oa mofuta o itseng o qala ho ba le phello e mpe maikutlong, liketsong le kamanong ea hao le ba bang, joale khetha mofuta o mong. Sireletsa litsebe tsa hao e le hore u sireletse maikutlo a hao ’me u sireletse pelo le kelello ea hao!
Sena ke ’nete ka ho khetheha tabeng ea mantsoe a lipina. A ka ’na a qala ho u susumetsa ho latela litakatso tsa ba se nang pono e tšoanang le ea hao ka bophelo le boitšoaro, bao mohlomong ho e-na le hoo, ba buellang mokhoa oa bophelo ba ho se tšabe Molimo, ba boitšoaro bo bobe. Maemong a mang esita le sehlooho sa pina feela se ka susumetsa maikutlo a fosahetseng.
Lentsoe la Molimo, Bibele, le eletsa ba batlang ho mo khahlisa hore “[ba] hlahise ’mele ea [bona] e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a [bona] a ho nahana.” (Baroma 12:1) Ka ho hlakileng, maikutlo a rōna ke karolo ea ‘sehlabelo seo se phelang.’ Kahoo, haeba ho ka etsahala hore re hlokomele hore ka lebaka la matla a ’mino, maikutlo a rōna a qala ho fifatsa kahlolo ea rōna ea se molemo le monahano oa rōna le ho etsa hore liketso tsa rōna e be tse khelohileng, joale ke nako ea hore re fetole ’mino oo re tloaetseng ho o mamela. Hopola: Matla a ’mino a ka ama pelo ea hao le kelello ea hao—ebang ke ka tsela e ntle kapa e mpe!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho Hōlisa Bokhoni ba ho Ithuta
“Phuputso e bontša hore ho mamela ’mino o momahaneng kamehla ho ka hōlisa bokhoni ba lesea ba ho ithuta. Empa malapeng a mangata, ha ho mohla a o mamelang.”—Audio, March 1999.