Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 10/8 maq. 20-23
  • Sireletsa Ngoan’a Hao Likotsing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sireletsa Ngoan’a Hao Likotsing
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Tlung
  • Ka Ntle
  • Sephethe-phetheng
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Sebaka sa Tlhokomelo ea Bana—Ho Khetha se Molemohali Bakeng sa Ngoana oa Hao!
    Tsoha!—1987
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Haha Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 10/8 maq. 20-23

Sireletsa Ngoan’a Hao Likotsing

Ka mongolli oa Tsoha! Sweden

HANNA, ea ka bang lilemo li tharo, o ne a e-na le batsoali ba hae, Karl-Erik le Birgitta, ha ba ntse ba hloekisa ntlo ea moahisani oa bona ea neng a sa tsoa hlokahala. Ka mor’a nakoana, Hanna o ile a tsoa ka kamoreng e ’ngoe a tšoere botlolo ea lipilisi letsohong. O ne a koentse tse ling tsa tsona. Ha a hlahloba botlolo, Birgitta o ile a sehoa ke letsoalo. E ne e le botlolo ea lipilisi tsa pelo tsa moahisani oa bona.

Hanna o ile a potlakisetsoa sepetlele, moo a ileng a qeta bosiu a le tlhokomelong ea bakuli ba kulang haholo. Ho sa tsotellehe bongata ba lipilisi tseo a neng a li koentse tse ka beng li mo holofalitse ka ho feletseng, ha aa ka a ba le mathata ka mor’a moo. Hobane’ng? Hobane o ne a qeta ho noa lesheleshele pele a koenya lipilisi tseo. Chefo e ’ngoe e neng e montsoe ke lesheleshele e ile ea tsoa ha a hlatsa.

Phihlelo ea Hanna ke e tloaelehileng. Letsatsi le leng le le leng, bana ba likete lefatšeng ka bophara ba hlaheloa ke likotsi tse hlokang hore ba isoe ngakeng kapa sepetlele. Selemo seng le se seng, ngoana a le mong ho ba bang le ba bang ba robeli Sweden o fuoa phekolo ea meriana ka mor’a ho hlaheloa ke kotsi. Kahoo, haeba u motsoali, ho na le monyetla o moholo oa hore ntho e tšoanang le eo e ka etsahalla ngoan’a hao.

Ke ho tloaelehileng hore hangata bana ba hlaheloe ke likotsi tikolohong eo ba e tloaetseng, joaloka ka tlung le ka jareteng. Mefuta ea likotsi tse ka ba hlahelang ea fetoha ha ba ntse ba hōla. Lesea le ka ’na la oela le le betheng kapa la qhoeloa ke lijo kapa la khangoa ke ntho e nyenyane e ka parakang ’metsong. Bana ba banyenyane ba atisa ho oa ha ba hloella holim’a lintho kapa ho cha kapa ho ja chefo ha ba tšoara kapa ba latsoa lintho tseo ba li fihlelang. Bana ba lilemong tsa ho kena sekolo ba atisa ho lemala likotsing tsa ’mileng kapa ha ba bapalla ka ntle.

Tse ngata tsa likotsi tsena li ka qojoa. Ponelo-pele le tsebo e seng kae ea khōlo ea ngoan’a hao li ka thusa ho thibela ho lemala kapa esita le likotsi tse bolaeang. Sena se pakiloe ke lenaneo le hlophisitsoeng la tšireletso ea bana le ’nileng la lateloa Sweden ho tloha ka 1954. Pele ho moo, bana ba fetang 450 ba ne ba e-shoa likotsing selemo se seng le se seng. Kajeno, palo ea ba shoang ka selemo e theohetse ho ba ka bang 70.

Ka Tlung

Setsebi sa kelello ea ngoana Kerstin Bäckström se re: “U ke ke ua ruta ngoana ea selemo, ea lilemo li peli, kapa ea lilemo li tharo ho phema likotsi eaba joale u lebella hore a hopole seo.” Kahoo, boikarabelo ba ho thusa ngoan’a hao ho phema likotsi bo mahetleng a hao joaloka motsoali—kapa a batho ba bang ba baholo bao ngoana a qetang nako e itseng a e-na le bona.

Ntlha ea pele, ak’u qamake ka tlung ea hao. Sebelisa lethathamo la se ka etsoang le lebokoseng le tsamaisanang le boitsebiso bona. Mohlomong thepa e ’ngoe ea tšireletso ha e fumanehe linaheng tsohle kapa ha e fumanehe ka theko e itekanetseng. Leha ho le joalo, ka botsebi le boqapi bo seng bokae, mohlomong u ka ’na ua nahana ka tharollo e tla sebetsa hamolemo maemong a hao ka ho khetheha.

Ka mohlala, haeba mehoele ea lilae tsa hao tsa kichine e le e bōpehileng joaloka lesale, u ka e notlela ka ho kenya thupa pakeng tsa mehoele eo. Tsela e tšoanang e ka boela ea sebelisetsoa ho notlela lemati la onto. Ho batla ho sireletsehile ho beha mekotlana ea polasetiki e tlamiloe lefito.

Mohlomong u ka ’na ua nahana ka litsela tse ling tse bonolo tsa ho thibela likotsi tsa ka tlung le tsa ka ntle ’me u ka bolella metsoalle le batho bao u tloaelaneng le bona ka tsona ba nang le bana ba banyenyane.

Ka Ntle

Hlahloba libaka tseo ngoan’a hao a bapallang ho tsona. Likotsi tse ngata tse hlahelang bana ba ka holimo ho lilemo tse ’nè li ba hlahela ha ba ntse ba bapala ka ntle. Baa oela ’me ba itematse kapa mohlomong ba oe ba palame baesekele. Likotsi tse tloaelehileng ka ho fetisisa tse bolaeang tse hlahelang bana ba pakeng tsa lilemo tse tharo le tse supileng ke likotsi tsa ’mileng le ho khangoa ke metsi.

Ha u hlahloba libaka tseo ba bapallang ho tsona, hlahloba haeba thepa eo ba e sebelisang e boemong bo botle e le hore ngoana a tle a se ke a itematsa ha a e sebelisa. Na libaka tse tlas’a lisoinki, litepisi tseo ngoana a emang ho tsona ha a bapala soinki le thepa e ’ngoe e tšoanang le eo li foqofoqo joaloka lehlabathe, e le hore ngoana a se ke a lemala haeba a ka oa?

Na ho na le matamo kapa melatsoana ea metsi haufi le ntlo ea hao? Metsi a botebo ba lisenthimithara tse seng kae feela a lekane ho khama ngoana ea selemo kapa ea lilemo li peli. Setsebi sa kelello ea bana Bäckström se re: “Ha ngoana e monyenyane a oela ka sefahleho ka metsing a letamo, o timelloa ke hore na holimo le tlaase ke kae. Ngoana o sitoa ho boela a phahama.”

Ka hona, molao oa mantlha ke ona: Le ka le baliloeng u se ke ua lumella ngoana ea pakeng tsa selemo le lilemo tse tharo ho bapala a le mong ka ntle ho se na motho e moholo ea mo hlokometseng. Haeba ho e-na le metsi tikolohong ea lōna, ema ho fihlela ngoana a batla a hōlile ho lekana pele u mo lumella ho bapalla ka ntle a sa hlokomeloa.

Sephethe-phetheng

Boemo ke bo tšoanang le ha ho e-na le sephethe-phethe haufi le ntlo ea hao. Bäckström o re: “Ngoana ea e-s’o kene sekolo o khona ho utloisisa matšoao a hlakileng le a tobileng feela ’me o tsepamisa kelello nthong e le ’ngoe ka nako. Empa sephethe-phethe se akarelletsa likhopolo tse ngata tse rarahaneng le melaetsa e habeli.” U se ke ua lumella ngoan’a hao ho tšela ’mila a le mong pele a e-ba lilemong tsa ho kena sekolo. Ho ea ka litsebi, bana ha ba nkoe ba hōlile ho lekana hore ba ka tsamaea ka baesekele ba le bang ’mileng o phetheselang ho fihlela bonyane ba le lilemo li 12.

Ruta ngoan’a hao ho roala helmete ea tšireletso ha a palame baesekele, a palame pere, a thellisa ka li-roller skate, kapa a thellisa ka toboggan. Likotsi tsa hloohong li phekoleha ka thata ’me li ka baka tšenyo e sa foleng—kapa esita le e bolaeang! Tleliniking e ’ngoe ea bana, karolo ea 60 lekholong ea ba ileng ba phekoloa ka mor’a ho hlaheloa ke kotsi ka baesekele e ne e tsoile likotsi hloohong le sefahlehong, empa ba neng ba roetse lihelmete ba ne ba sa tsoa likotsi tse mpe hloohong.

Hape, etsa bonnete ba hore ngoan’a hao o sireletsehile ha le tsamaea ka koloi. Linaheng tse ngata ho na le melao e hlokang hore bana ba banyenyane ba tlamelloe litulong tse etselitsoeng ho fana ka tšireletso ka ho khetheha. Sena se fokolitse lenane la bana ba tsoang likotsi le ba shoang likotsing tsa ’mileng haholo. Haeba litulo tse fanang ka tšireletso li fumaneha moo u lulang teng, ho se sebelisa ho ka fana ka tšireletso e ntle bophelong. Empa etsa bonnete ba hore ke moetso o amohelehang. Hlokomela hore litulo tsa masea li fapane le tsa bana ba lilemo li tharo ho ea holimo.

Bana ba rōna ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Jehova, ’me re batla ho ba hlokomela ka litsela tsohle. (Pesaleme ea 127:3, 4) Joaloka batsoali ba molemo, kamehla Karl-Erik le Birgitta ba ’nile ba ameha ka ho sireletsa bana ba bona—pele esita le ka mor’a se ileng sa etsahalla Hanna. Karl-Erik oa lumela: “Empa ka sebele ka mor’a ketsahalo eo re ile ra ba hlokolosi le ho feta.” Birgitta o phetha ka hore: “Hona joale re na le litloholo, ’me kamehla re etsa bonnete ba hore meriana ea rōna rea e notlella.”

[Lebokose le leqepheng la 22]

Tšireletseho Lapeng la Hao

• Meriana: E behe moo ngoana a ke keng a e fihlela ka k’haboteng e notletsoeng. Sena se lokela ho etsoa le ka meriana e fumanehang kantle ho taelo ea ngaka le e meng ea litlama kapa ea livithamine. Hape, kōpa baeti ba robaletsang ha hao hore ba behe meriana ea bona moo e sireletsehileng.

• Lik’hemik’hale tse sebelisoang lapeng: Li behe moo ngoana a ke keng a li fihlela ka k’haboteng e notleloang. U se ke ua li ntša ka moo li neng li tšetsoe ka teng ha li rekoa e le hore li ka khetholleha ka ho hlaka. Lula u behile lisebelisoa tseo leihlo ha u ntse u li sebelisa, ’me kamehla u li behe moo ho poteletseng, esita le haeba u tsoela ka ntle ka nakoana feela. Le ka mohla u se ke ua siea masalla a sesepa ka mochineng o hlatsoang lijana.

• Setofo: Kamehla shebisa mehoele ea lipitsa ka setofong. Kenya tšepe e thibelletsang lipitsa, haeba e fumaneha. Kenyetsa setofo litšepe tse se tšehetsang hore se se ke sa oela leha ngoana a ka hloella lemating le butsoeng la onto. Lemati la onto ka bolona le lokela ho kenyetsoa ntho e le notlelang. Na ngoana a ka chesoa ke ho tšoara lemati la onto? Haeba ho joalo, kenya tšireletso kapa sefe e le hore a sitoe ho tšoara lemati le chesang.

• Lisebelisoa tsa ka tlung tse kotsi: Lithipa, likere le lisebelisoa tse kotsi li lokela ho behoa ka lik’haboteng kapa ka lilaeng tse notleloang kapa tse nang le lintho tse hakisang kapa li behoe moo ngoana a ke keng a li fihlela. Ha u sebelisa lisebelisoa tse joalo, ’me u li behella ka thōko ka nakoana, li behe hōle le lintši tsa tafole kapa raka, moo ngoana a ke keng a li fihlela. Lithutsoana tsa mollo le mekotlana ea polasetiki le tsona ke lisebelisoa tse kotsi ho bana ba banyenyane.

• Litepisi: Kenya mekoallo, bonyane e bophahamo ba lisenthimithara tse 70 ho isa ho tse 75, ka mahlakoreng ka bobeli moo litepisi li qalang le moo li fellang.

• Lifensetere le menyako ea mathule: Li kenyetse lintho tse hakisang tse sireletsang bana kapa liketane tse phahameng kapa ntho e ’ngoe e sireletsang hore e thibele ngoana ho li bula kapa ho tsoa ka tsona ha li butsoe hore ho kene moea o pholileng.

• Lishelefo tsa libuka: Haeba ngoana a rata ho hloella le ho itšoarella ka lintho, khomathiselletsa lishelefo tsa libuka le thepa e ’ngoe ea ka tlung e telele leboteng, e le hore li eme li tiile li se ke tsa oa.

• Lipolaka le lithapo tsa motlakase: Lipolaka tse sa sebelisoeng li lokela ho kenngoa ntho e itseng e li sireletsang. Lithapo tsa mabone a tafole le lintho tse ling tse joalo li lokela ho hokelloa leboteng kapa thepeng ea ka tlung e le hore ngoana a se ke a hula lebone ’me la mo otla. Ho seng joalo, u tlose mabone a joalo. Le ka mohla u se ke ua siea aene ea motlakase holim’a tafole ea ho aenela, ’me u se ke ua tlohella thapo e leketlile.

• Metsi a chesang: Haeba u khona ho lekanyetsa mocheso oa metsi a chesang, u lokela ho o beha tlaase hoo o ka bang ho likhato tse 50 tsa Celsius e le hore ngoana a tle a se ke a cha haeba a ka bulela pompo.

• Lintho tsa ho bapala: Lahla lintho tsa ho bapala tse motsu kapa tse nang le lihuku tse sehang. Lahla lintho tsa ho bapala tse nyenyane kapa tse ka tsekolloang likotoana, kaha li ka khama ngoana haeba a ka li kenya ka hanong. Mahlo le linko tsa lipopi tsa ngoana e lokela ho ba tse khomarelang ka tieo. Ruta bana ba baholoanyane ho hleka lintho tsa bona tsa ho bapala ha ngoana e monyenyane a le fatše.

• Lipompong le lisimba: U se ke ua siea lipompong le lisimba, tse kang matokomane kapa lipompong tse thata, moo a ka li fihlelang. Li ka khama ngoana.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: Ofisi ea ho Hlahloba Litletlebo Tsa Bana

[Lebokose le leqepheng la 22]

Ha Kotsi e se e Hlahile

• Ha a noele chefo: Haeba ngoana a noele mokeli-keli o kotsi, mo tsukunye lehano ka ho feletseng ’me u mo noese khalase e le ’ngoe kapa tse peli tsa metsi kapa lebese. Ka mor’a moo, letsetsa ngaka kapa setsi sa boitsebiso ba lintho tse chefo ho batla keletso. Haeba ngoana a fahliloe ke ntho e lomang, mo hlatsoe kapele-pele ka metsi a mangata bonyane metsotso e leshome.

• Ha a chele: Bakeng sa ho cha ho honyenyane, mo tšele ka metsi a batang (eseng a batang haholo) moo a cheleng teng bonyane metsotso e 20. Haeba leqeba la ho cha le le leholo ho feta seatla sa ngoana kapa a chele sefahlehong, lenonyellong, kapa mpeng kapa sethong sa botona kapa sa botšehali, u lokela ho isa ngoana sebakeng se fanang ka thuso maemong a tšohanyetso. Kamehla ho cha ho tebileng ha letlalo ho lokela ho phekoloa ke ngaka.

• Ha a khanngoe: Haeba ho e-na le ntho e parakileng ’metsong oa ngoana, ke habohlokoa haholo hore u ntše ntho eo ka potlako. Mokhoa o mong o sebetsang oo u ka ’nang ua o sebelisa ke oa ho mo hatella lefetšoaneng ka potlako ho etsa hore ntho e ’metsong e tsoe (Heimlich maneuver). Haeba u sa tloaelana le oona, kopana le ngaka ea hao e le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka mokhoa ona, kapa u ee thupelong ea likotsi tsa bana kapa ea thuso ea pele ha ho rutoa ka mokhoa ona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu oa Sweden

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

O roetse helmete ea tšireletso ea baesekele

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

O sireletsehile setulong sa koloi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela