Litumela-khoela—Li Qaphakile Hakae Kajeno?
LI TENG hohle—mesebetsing, sekolong, lipalangoeng tsa sechaba le literateng. Ua thimola, ’me batho bao ho seng mohla u kileng ua kopana le bona, bo-mofeta-ka-tsela, ba re: “Molimo a u hlohonolofatse” kapa feela “A u hlohonolofatse.” Ho na le lipolelo tse kang ena lipuong tse ngata. Ka Sejeremane ba arabela ka ho re “Gesundheit.” Maarabe a re, “Yarhamak Allah,” ’me Mapolynesia a Pacific Boroa a re, “Tihei mauri ora.”
Mohlomong ka ho lumela hore seo e mpa e le tloaelo feela tjee e ntle e nkiloeng mekhoeng e metle ea sechaba, ha ua ka ua nahana hakaalo ka hore na ke hobane’ng ha batho ba bua joalo. Leha ho le joalo, polelo eo e tsoa tumela-khoeleng. Moira Smith, eo e leng mohlokomeli oa laebrari Setsing sa Folklore, Univesithing ea Indiana e Bloomington, Indiana, U.S.A., o re ka polelo eo: “E tsoa khopolong ea hore u thimola moea oa hao.” Ho re “Molimo a u hlohonolofatse” ha e le hantle ke ho kōpa Molimo hore a khutlise moea oo.
Ke ’nete hore batho ba bangata ba ne ba tla lumela hore tumelo ea hore moea o tsoa ’meleng ha u thimola ha e utloahale. Ka hona, ha ho makatse ha Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa tumela-khoela e le “tumelo kapa tloaelo e hlahisoang ke ho hloka tsebo, tšabo ea se sa tsejoeng, ho lumela ho boselamose kapa hore lintho li iketsahalla feela tjee, kapa ho ba le khopolo e fosahetseng ka sesosa sa liketsahalo.”
Ha ho makatse ha ngaka ea lekholong la bo17 la lilemo e ile ea bitsa litumela-khoela tsa mehleng ea hae “liphoso tsa boqaba” tsa ba sa rutehang. Kahoo, ha batho ba kena lekholong la bo20 la lilemo le finyeletseng katleho e itseng ea saense, The Encyclopædia Britannica ea 1910 ka tšepo e ile ea bonela pele nako eo ka eona “tsoelo-pele ea sechaba [e tla beng] e lokolohile mosaletseng oa ho qetela oa tumela-khoela.”
Li Qaphakile ho Feta Leha e le Neng Pele
Tšepo e neng e le teng lilemong tse ka bang mashome a robeli tse fetileng e ne e se na motheo, kaha ho bonahala eka tumela-khoela e itsetsepetse ka matla ho feta leha e le neng pele. Ho tšoarella ho joalo ke tšobotsi e khethollang litumela-khoela. Lentsoe “superstition” (tumela-khoela) le tsoa ho super ea Selatine, e bolelang “ka holimo” le stare, e bolelang “ho ema.” Ha e le hantle, bahlabani ba neng ba khutla e le mahlatsipa a ntoa ba ne ba bitsoa ma-superstite, kaha ba ne ba phela haleletsana ho feta bahlabani-’moho le bona ntoeng, ha e le hantle “ba eme” holim’a bona. Buka e reng Superstitions, ha e bua ka tsela e sa tobang ka motso oa lentsoe lena, e re: “Litumela-khoela tse ntseng li le teng kajeno li tsoetse pele ho sa tsotellehe boiteko bo entsoeng ka linako tse sa tšoaneng ba ho li felisa.” Nahana ka mehlala e seng mekae feela ea litumela-khoela tse ntseng li tšoareletse.
◻ Ka mor’a lefu la tšohanyetso la ’musisi oa motse o mong o moholo Asia, basebetsi ba tepeletseng sebakeng sa hae sa bolulo ba ile ba eletsa ’musisi e mocha hore a kopane le kea-tseba, ea ileng a buella hore ho etsoe liphetoho tse ’maloa mohahong oo. Basebetsi ba ne ba lumela hore liphetoho tseo li tla tlosa senyama.
◻ Mopresidente oa k’hamphani e ’ngoe ea United States e kenyang lidolara tse limilione-milione o lula a tsamaea le lejoe le leng le ikhethang. Esale hoba a etse pontšo ea pele e atlehileng ea khoebo, o hana ho le siea ha a tsamaea.
◻ Pele ba lumellana ka liqeto tse khōlō tsa khoebo, batsamaisi ba khoebo Asia ba atisa ho batla keletso ea senohe.
◻ Le hoja sebapali se ikoetlisa haholo, se lebisa tlotla bakeng sa tlhōlo ea sona seaparong se itseng. Kahoo se tsoela pele ho se apara litlhōlisanong tse latelang—se sa se hlatsoa.
◻ Seithuti se sebelisa pene e itseng ho ngola litlhahlobo ’me se fumana lintlha tse holimo. Ka mor’a moo, se nka hore pene eo ke ea “lehlohonolo.”
◻ Letsatsing la hae la lechato, monyaluoa o hlophisa liaparo tsa hae ka hloko hore li be le “ntho ea khale, e ncha, e alimiloeng le e putsoa.”
◻ Motho o phetla Bibele hohle moo e ka bulehang teng feela ’me o bala temana ea pele eo mahlo a hae a kopanang le eona, a lumela hore mantsoe ao a tla fana ka tataiso e itseng eo a e hlokang ka nako eo.
◻ Ha sefofane se seholo sa jete se lumela holimo tselaneng ea lifofane se itokisetsa ho phahama, baeti ba ’maloa ba etsa pontšo ea sefapano. E mong oa bona o aka setšoantšo sa “Mohalaleli” Christopher ha sefofane se ntse se fofa.
Ho hlakile hore le kajeno tumela-khoela e ntse e qaphakile haholo. Ha e le hantle, Stuart A. Vyse, eo e leng motlatsi oa moprofesa oa thuto ea kelello Kolecheng ea Connecticut, o re bukeng ea hae e bitsoang Believing in Magic—The Psychology of Superstition: “Le hoja re phela sechabeng se tsoetseng pele theknolojing, tumela-khoela e qaphakile ho feta leha e le neng pele.”
Kajeno tumela-khoela e metse ka metso hoo boiteko ba ho e felisa bo hlōlehileng. Ke hobane’ng ha bo hlōlehile?