Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 11/8 maq. 23-26
  • Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li le Kotsi Hakaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li le Kotsi Hakaale?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pale e Fanang ka Leseli
  • Mohloli o Kotsi
  • Likhoeetsa “Tsa Lehlohonolo” le Borapeli ba Litšoantšo
  • Kamoo re ka Tsebang Bokamoso Kateng
  • Bokamoso bo Hlollang Boo Molimo a bo Tšepisang
  • Na Bibele e Lumellana le Litumela-khoela?
    Tsoha!—2008
  • Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li Tšoarella Hakaale?
    Tsoha!—1999
  • Na Litumela-khoela li Laola Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bolumeli ba ’Nete bo Leleka Tšabo—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 11/8 maq. 23-26

Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li le Kotsi Hakaale?

NA LITUMELA-KHOELA li ka u ntša kotsi? Ba bang ba ka ’na ba qhelela khopolo ena ka thōko kapa ba nyenyefatsa kotsi ea eona. Ho ntse ho le joalo, bukeng ea hae e reng Believing in Magic—The Psychology of Superstition, Moprofesa Stuart A. Vyse oa lemosa: “Tumela-khoela e ka lebisa bophelong ba boleng bo tlaase haeba motho a senya chelete e ngata a lefa bakena-lipakeng ba meea, linohe, bo-ramalepa ba hlalosang se emeloang ke linomoro tse itseng, kapa babali ba likarete tsa Tarot, kapa haeba litloaelo tse thehiloeng tumela-khoeleng li thusa motho ho tsoela pele ka bothata ba papali ea chelete.” Ho lumella tumela-khoela hore e laole bophelo ba rōna ho ka ba le liphello tse tebileng haholo.

Joalokaha re se re bone, litumela-khoela tse ngata li sebeletsa ho kokobetsa tšabo ka bokamoso. Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho khetholla tumela-khoela ho tsebo e tšepahalang ea se larileng ka pele ho rōna. Nahana ka mohlala ona.

Pale e Fanang ka Leseli

Ka 1503, ka mor’a ho qeta likhoeli a lekola sebaka ho pholletsa le lebōpo la Amerika Bohareng, Christopher Columbus o ile a khona ho sesisetsa likepe tsa hae tse peli tsa ho qetela lebōpong la moo hona joale e leng sehlekehleke sa Jamaica. Qalong, baahi ba sehlekehleke ba ne ba arolelana lijo ka bolokolohi le balekoli bana ba selebaletsoeng. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea boitšoaro bo bobe ba bo-ralikepe bana bo ile ba etsa hore baahi ba sehlekehleke ba khaotse ho ba fa lijo. E ne e le boemo ba tlokotsi, kaha ho ne ho tla feta nako e itseng pele sekepe se seng se fihla ho tla ba pholosa.

Ho latela pale, Columbus o ile a sheba almanaka ea hae ’me a hlokomela hore khoeli e ne e tla siroa ka ho feletseng ke lefatše ka la 29 February, 1504. A nka monyetla ka tumela-khoela ea baahi ba sehlekehleke, o ile a ba lemosa hore khoeli e ne e tla fifala ntle le ha ba ne ba ka fa basebetsi ba hae lijo. Baahi ba sehlekehleke ba ile ba hlokomoloha temoso eo—ho fihlela ha lefatše le sira khoeli! Joale, “ka mohoo o moholo le seboko,” ba ile “ba hlaha ba titisela ka makhalo ’ohle ba e-ea likepeng ka meqeqeko ea lijo.” Balekoli bao ba ile ba fuoa lijo nako eohle eo ba ileng ba e lula moo.

Ho baahi ba sehlekehleke, Columbus o ne a entse ketso e khōlō ea boselamose. Empa qeto ea bona e ne e mpa e le phello ea tumela-khoela. Bonneteng, ‘ketsahalo eo e neng e boletsoe esale pele’ e ne e thehiloe motsamaong oa kamehla oa lefatše, khoeli le letsatsi. Ka botšepehi litsebi tsa linaleli li ka bolela liketsahalo tse kang tsa ho siroa ha khoeli kapa ha letsatsi nako e telele pele li etsahala, ’me boitsebiso bona bo hlaha lialmanakeng. Ho feta moo, motsamao o tsitsitseng oa lihloliloeng tsa leholimo o lumella litsebi tsa linaleli ho hlokomela boemo bo tobileng boo li leng ho bona ka nako e itseng. Ke kahoo ha koranta ea hao e phatlalatsa nako eo letsatsi le chabang ka eona kapa le likelang ka eona u nkang hoo e le ’nete.

Ha e le hantle, ’Mōpi e Moholo oa lihloliloeng tsa leholimo, ke eena mohloli oa boitsebiso bo phatlalatsoang ka ho siroa ha khoeli kapa ha letsatsi, ho chaba le ho likela ha letsatsi. Empa se boleloang esale pele ke linohe, bakena-lipakeng ba meea, ba talimang bolo ea kristale le babali ba likarete tsa tarot bo tsoa mohloling o fapaneng, o khahlanong le Molimo ea Matla ’Ohle. Nahana ka seo re se bolelang.

Mohloli o Kotsi

Ho Liketso 16:16-19, tlaleho e halalelang e tlaleha hore “lekhabunyane le itseng” motseng oa boholo-holo oa Filippi le ne le kenyetsa beng ba lona leruo “ka ho sebelisa tsebo ea ho bolela liketsahalo esale pele.” Leha ho le joalo, tlaleho e bolela ka ho hlaka hore mohloli oa ho bolela ha lona liketsahalo esale pele e ne e se ’Mōpi ea matla ’ohle, empa e ne e le “modemona oa bonohe.” Kahoo, ha moapostola Pauluse a leleka modemona eo, lekhabunyane leo le ile la lahleheloa ke matla a lona a ho bolela liketsahalo esale pele.

Ha re utloisisa hore ho bolela liketsahalo tse joalo esale pele ho tsoa mohloling oa bodemona, re bona lebaka leo ka lona Molao oa Molimo ho Baiseraele o neng o re: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . mophofi ea phofang, kapa selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea porofeta . . . hobane bohle ba etsang litaba tseo, ba manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 18:10-12) Ha e le hantle, Molao o ne o bolela hore ba sebelisang mekhoa eo ba ahloleloe lefu.—Levitike 19:31; 20:6.

U ka ’na ua makatsoa ke ho hlokomela hore ho na le matla a khopo a susumetsang litloaelo tse ngata tsa litumela-khoela tse bonahalang eka ha li kotsi. Leha ho le joalo, Bibele e bolela hore Satane o “iphetola lengeloi la leseli.” (2 Bakorinthe 11:14) Satane le bademona ba tlas’a taolo ea hae ba ka etsa hore litloaelo tse kotsi li bonahale li se kotsi, li bile li le molemo. Ka linako tse ling, ba ka ’na ba iqapela mehlolo ka mano ’me ba etsa hore e phethahale, ba thetsa bashebelli e le hore ba nahane hore lipontšo tse joalo li tsoa ho Molimo. (Bapisa le Matheu 7:21-23; 2 Bathesalonika 2:9-12.) Sena se hlalosa lebaka leo ka lona tse ling tsa liketsahalo tse boletsoeng esale pele ke ba ipolelang hore ba na le matla a khethehileng li phethahalang ka linako tse ling.

Ha e le hantle, ba bangata, haeba e se bona kaofela, ba ipolelang hore ba na le matla a khethehileng ke baqhekelli, balotsana feela, ba inkelang chelete ho ba sa falimehang. Empa ebang ke baqhekelli kapa hase bona, kaofela ha bona ba sebelisoa ke Satane ka tsela e atlehang bakeng sa ho etsa hore batho ba furalle Jehova, ho ba foufatsa hore ba se ke ba bona “litaba tse molemo tse khanyang.”—2 Bakorinthe 4:3, 4.

Likhoeetsa “Tsa Lehlohonolo” le Borapeli ba Litšoantšo

’Me ho thoe’ng ka likhoeetsa “tsa lehlohonolo” le litloaelo tse thehiloeng tumela-khoeleng tseo batho ba li sebelisang e le hore ba be le boikutlo ba tšireletseho le ba ho laola liketsahalo tse itseng bophelong? Sena se hlahisa likotsi tse ’maloa tse poteletseng. E ’ngoe ea tsona ke hore ha e le hantle e ka ’na eaba motho ea nang le tumela-khoela o nehelana ka bophelo ba hae hore bo laoloe ke matla a itseng a sa bonahaleng. O lahlela ho sebelisa kelello le ho nahana matjoing, bakeng sa tsona o inehela tšabong e se nang mabaka.

Mongoli e mong o bolela kotsi e ’ngoe e amehang. O re: “Ha motho e mong a tšepile hore khoeetsa ea lehlohonolo e tla mo sireletsa ’me khoeetsa eo e hlōleha, motho eo a ka ’na a ba le tšekamelo ea ho beha molato oa bomalimabe ba [hae] liketsong tsa ba bang, ho fapana le hore a jare boikarabelo ka boeena.” (Bapisa le Bagalata 6:7.) Ho thahasellisang ke hore sengoli se seng sa meqoqo Ralph Waldo Emerson o kile a re: “Batho ba fokolang ba lumela ho lehlohonolo . . . Batho ba matla ba lumela hore lintho li na le sesosa le phello.”

Ho sebetsa ha khopolo ea hore “lintho li na le sesosa le phello” bophelong ba rōna hangata ho tšoana le ho re lintho li etsahala ka tšohanyetso—ke hore “nako le ketsahalo e sa lebelloang” li re hlahela bohle. (Moeklesia 9:11, NW) Liketsahalo tsa tšohanyetso ha li bakoe ke tšusumetso e itseng e sa tsitsang ea “bomalimabe.” Bakreste baa tseba hore litloaelo tse thehiloeng tumela-khoeleng le likhoeetseng tsa boselamose ha ho moo li amanang teng le phello ea liketsahalo tsa tšohanyetso. Ha li etsahala, re hopola ’nete ea Bibele: “Ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane. Etsoe le moholi o bonahalang ka nakoana o ntan’o nyamela.”—Jakobo 4:14.

Ho feta moo, Bakreste ba ’nete baa tseba hore hangata likhoeetsa tsa lehlohonolo hammoho le meetlo le litloaelo tse thehiloeng tumela-khoeleng li fuoa tlhompho ea borapeli. Kahoo, Bakreste ba talima lintho tseo tsohle e le mefuta ea borapeli ba litšoantšo, boo Lentsoe la Molimo le bo hanelang ka ho toba.—Exoda 20:4, 5; 1 Johanne 5:21.

Kamoo re ka Tsebang Bokamoso Kateng

Sena ha se bolele hore Bakreste ha ba tsotelle bokamoso. Ho fapana le seo, monahano o hlakileng o bontša hore ho tseba se larileng ka pele ho na le bohlokoa ba sebele. Haeba re tseba esale pele se tlang ho etsahala, re ka nka khato e loketseng, ra itsoela molemo rōna le baratuoa ba rōna.

Leha ho le joalo, ho hlokahala hore ka sebele re batle boitsebiso bona mohloling o nepahetseng. Moprofeta Esaia o ile a lemosa: “Batho ba tla le bolella hore le botse linohe le bakena-lipakeng melaetsa . . . Le lokela ho ba araba le re, ‘Mamelang seo Morena a le rutang sona! Le se ke la mamela bakena-lipakeng—seo ba le bolellang sona ha se na ho le tsoela molemo.’”—Esaia 8:19, 20, Today’s English Version.

Mohloli o nepahetseng oa boitsebiso bo tšepahalang ka bokamoso ke Mongoli oa Bibele. (2 Petrose 1:19-21) Buka ena e bululetsoeng e tšoere bopaki bo bongata bo bontšang hore boprofeta boo Molimo ea matla ’ohle, Jehova, a faneng ka bona boa tšepahala—ha e le hantle, bo tšepahala joaloka ho tsamaea ha linaleli tsa leholimo ho “boleloang esale pele” ke lialmanaka tse se nang palo. Ho bontša ho nepahala ha makolopetso a boprofeta ba Bibele, nahana ka mohlala ona. A re nke hore motho e mong ea hlaheletseng ka mahetla kajeno o fana ka tlaleho ea phatlalatsa ’me o bolela esale pele liketsahalo tse tla etsahala lilemong tse 200 tse tlang, tsa selemo sa 2199. Seo a se bolelang esale pele se akarelletsa lintlha tsena:

◻ Ntoa e khōlō ea sesole e tla qhoma pakeng tsa lichaba tseo hona joale e e-s’o be mebuso ea lefatše e hlōlisanang, ’me sena se tla fella ka ho fetola histori.

◻ Leqheka le tla sebelisoa le akarelletsa bohlale bo boholo ba ho loha leano le tla khelosa ho phalla ha metsi a nōka e khōlō.

◻ Ho fanoa ka lebitso la mohlōli—lilemo tse ngata esita le pele a tsoaloa.

◻ Qetello ea ea hlōtsoeng ea hlalosoa, e leng ho etsang hore lintho tse boletsoeng esale pele tse tlang ho etsahala li akaretse lilemo tse makholo-kholo tse tlang ho latela.

Haeba lintho tsena tsohle tse boletsoeng esale pele li phethahala, na li ne li ke ke tsa etsa hore batho ba hlahlobe lintho tse ling tseo motho eo a li buileng ka bokamoso?

Seo re sa tsoa se hlalosa ke se hlileng se etsahetseng. Lilemo tse ka bang 200 pele Babylona e lihuoa ke Bamede le Bapersia, Jehova, ka moprofeta Esaia, o ile a bolela se latelang esale pele:

◻ Ho tla qhoma ntoa e khōlō ea sesole pakeng tsa Medo-Persia le Babylona.—Esaia 13:17, 19.

◻ Leqheka le tlang ho sebelisoa le ne le tla akarelletsa ho pshesa metsi a nōka e kang foro a sirelelitseng. Ho feta moo, likeiti tsa motse o sirelelitsoeng li ne li tla siuoa li butsoe.—Esaia 44:27–45:2.

◻ Mohlōli e ne e tla ba Cyruse—o boletsoe lilemo tse 150 pele a tsoaloa.—Esaia 45:1.

◻ Ka mor’a nako, Babylona e ne e tla fetoha lesupi ka ho feletseng.—Esaia 13:17-22.

Lintho tsena kaofela tse boletsoeng esale peli li ile tsa phethahala. Na joale ha ho molemong oa hao hore u hlahlobe boprofeta bo bong boo Jehova a faneng ka bona ka Lentsoeng la hae le ngotsoeng?

Bokamoso bo Hlollang Boo Molimo a bo Tšepisang

Ke eng seo Bibele e se bolelang esale pele? Bibele e tšepisa hore lefatšeng le lecha la Molimo, ha ho motho ea tla tšoenyeha ka lebaka la ho se tiisehe ka bokamoso. Hlokomela tiiso ea Molimo ho ba tla be ba phela nakong eo: ‘Ha ho le ea mong ea tla tšosa [batho ba ka].’—Mikea 4:4, BPN.

Ho feta moo, Bibele e tšepisa hore Molimo o tla ‘fuparolla seatla sa hae, a kholise tse utloang kaofela.’ (Pesaleme ea 145:16) Na tšepiso eo e sa le hōle le ho phethahala? Che! Bibele e ile ea bolela nako e telele esale pele hore maemo ana ao re a bonang hona joale lefatšeng a fana ka bopaki ba hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena e khopo ea lintho.—2 Timothea 3:1-5.

Haufinyane ’Mōpi ea lerato o tla felisa maemo ana a mabe. O tla felisa lintoa tsohle, e leng mohloli oa ho se sireletsehe le mahlomola hohle lefatšeng. Ho feta moo, lehloeo, boithati, tlōlo ea molao le pefo e tla ba lintho tsa nakong e fetileng. Bibele ea tšepisa: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:10, 11.

Har’a litlhohonolofatso tse ngata tseo batho ba tlang ho li thabela lefatšeng lena le lecha ke ho phela hantle ’meleng. Esita le lefu hammoho le masoabi a tsamaisanang le lona li ke ke tsa hlola li e-ba teng. Molimo ka boeena o re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.”—Tšenolo 21:4, 5.

Ka nako eo ha ho motho ea tla hlaheloa ke liketsahalo tsa tšohanyetso tseo kajeno li fetolang bophelo le ho bo senya. Hape bademona ba khopo hammoho le Satane, bao e leng mohloli oa tšabo ea litumela-khoela le mashano a khopo, le bona ba tla be ba le sieo. Linnete tsena tse babatsehang li fumaneha ka Bibeleng.

[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Tumela-khoela le tšebelisano le meea ke li-ea-thoteng li bapile

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Except woman inside crystal ball: Les Wies/Tony Stone Images

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lefatše le lecha la Molimo le ke ke la e-ba le tumela-khoela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela