Malapa a se Nang Bo-ntate—Pontšo ea Linako
U NE u ka re bothata bo tebileng ka ho fetisisa sechabeng ke bofe kajeno? Hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea ba ileng ba botsoa phuputsong e ’ngoe ea Gallup e entsoeng United States e lumela hore ke “ho ba sieo ha ntate ka lapeng.” Ho ea ka Gallup eo, bana ba fetang limilione tse 27 United States, ba phela ba arohane le batho bao e leng bo-ntat’a bona hantle, ’me palo eo e ntse e hloa mekoalaba. Tlaleho e fanoeng ke Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana e bolela hore hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea bana ba makhooa ba hlahetseng United States ho tloha ka 1980 “e tla qeta karolo e ’ngoe ea bongoana ba eona e le lelapeng la motsoali ea se nang molekane. Bakeng sa bana ba batho ba batšo ho lekanyetsoa hore e tla ba ba ka etsang 80%.” Ke kahoo USA Today e ileng ea qolla United States e le eona e “eteletseng lefatše pele ka malapa a se nang bo-ntate.”
Leha ho le joalo, sehlooho se ho The Atlantic Monthly se re: “Ho eketseha ha malapa a arohaneng ha ho sechabeng sa Maamerika feela. Ho bonahala hoo e batlang e le lichabeng tsohle tse tsoetseng pele, ho akarelletsa le Japane.” ’Me le hoja ho le thata ho fumana lipalo-palo, linaha tse ngata tse tsoelang pele ho bonahala le tsona li talimane le tlokotsi e tšoanang. Ho ea ka makasine e bitsoang World Watch, “hangata banna [ba linaheng tse futsanehileng] ba tlohela basali le bana ba bona ka lebaka la likhatello tse eketsehang tsa moruo.” Ha e le hantle, phuputso e entsoeng naheng e ’ngoe ea Caribbean e senotse hore ke karolo ea 22 lekholong feela ea bo-ntate ba nang le bana ba lilemo li robeli ba ntseng ba lula le bana ba bona.
Bana ba se nang bo-ntate ba ne ba atile esita le mehleng ea Bibele. (Deuteronoma 27:19; Pesaleme ea 94:6) Leha ho le joalo, morao koo lebaka le ka sehloohong leo ka lona bana ba neng ba hloka bo-ntate e ne e le ho shoeloa ke bo-ntate. Mongoli David Blankenhorn o re, “Kajeno lebaka le ka sehloohong la ho se be le ntate ke khetho e etsoang ke ntate.” Ha e le hantle, joalokaha re tla bona, palo e eketsehang ea bana ba se nang bo-ntate e fana ka bopaki ba hore batho ba bangata kajeno ha ba na “boikutlo bo mofuthu ba tlhaho.” Ho ea ka Bibele, bona ke bo bong feela ba bopaki ba hore re phela “matsatsing a ho qetela.”—2 Timothea 3:1-3.
Leha ho le joalo, ho bana ba banyenyane ho nyamela ha ntate bophelong ba bona ke tlokotsi ea sebele. Ho qalisa ketsahalo e ipheta-phetang ea liphello tse bohloko le tse sithabetsang tse ka tšoarellang nako e telele. Ka hona, letotong lena re tla tšohla ketsahalo ena e ipheta-phetang, eseng ho nyahamisa babali, empa ho ba fa boitsebiso bo ka thusang malapa ho emisa mokhoa ona o senyang.