Bo-ntate—Lebaka Leo ba Nyamelang ka Lona
“Ha ke hopole ’Mè le Ntate ba loana kapa ba ngangisana. Sohle seo ke se tsebang ke hore Ntate o ne a le teng, eaba ka letsatsi le leng—ha ke re hepu!—a be a se a le sieo. Ho fihlela lena le holimo ha ke tsebe moo Ntate a leng teng. Ha ke utloe ho e-na le moo ho reng teke! ho ’na ka eena.”—Bruce.
“Sekolong e ne e le ’na feela ngoana ea neng a se na batsoali ba babeli le ea neng a sa lule ntlong . . . Kamehla ke ne ke ikutloa ke le mokhelo. Kamehla ke ne ke ikutloa ke le ea fapaneng le lithaka tsa ka kaofela.”—Patricia.
MAQAKABETSI a malapa a se nang bo-ntate a bakiloe ke phetoho e khōlō ea indasteri. Ha mesebetsi ea lifektheri e qala ho tlosa banna ba bang malapeng a bona, tšusumetso eo ntate a nang le eona ka lelapeng e ile ea qala ho fokotseha; bo-’mè ba ile ba phetha karolo e khōloanyane khōlisong ea bana.a Leha ho le joalo, bo-ntate ba bangata ba ile ba ’na ba lula le malapa a bona. Leha ho le joalo, mahareng a lilemo tsa bo-1960 palo ea batho ba hlalanang United States e ile ea qala ho eketseha ka sekhahla. Litekanyetso tsa bolumeli, tsa moruo le tsa sechaba tse neng li thibela tlhalo li ile tsa qala ho felloa ke matla. Ba susumelitsoe ke keletso ea ba ipolelang hore ke litsebi ba neng ba re tlhalo ha e utloise bana bohloko empa ho e-na le hoo ha e le hantle e ka ’na ea ba tsoela molemo, banyalani ba ile ba khetha ho hlalana ka bongata bo tšosang. Buka e bitsoang Divided Families—What Happens to Children When Parents Part, ea Frank F. Furstenberg, e monyenyane le Andrew J. Cherlin e re: “Palo ea [batho ba hlalanang] Belgium, Fora le Switzerland e imenne habeli [ho tloha lilemong tsa bo-1960], athe Canada, Engelane le Netherlands e imenne hararo.”
Le hoja hangata bana ba sala le ’mè ka mor’a tlhalo, bo-ntate ba bangata ba tlohang lapeng ba batla ho boloka kamano e itseng le bana. Ho ba le tokelo e kopanetsoeng ea molao ea ho hlokomela ngoana ke tharollo e ’ngoe e ratoang. Leha ho le joalo, bo-ntate ba bangata ba hlalileng ba ba le kamano e fokolang ka tsela e makatsang le bana ba bona. Phuputso e ’ngoe e senotse hore ke ngoana a le mong feela ho ba bang le ba bang ba tšeletseng ea bonang ntat’ae ea hlalileng beke le beke. Hoo e ka bang halofo ea bana bao ha baa ka ba bona bo-ntat’a bona selemo sohle!
Ho Hlōleha ha Tokelo e Kopanetsoeng ea Molao ea ho Hlokomela Ngoana
Hore batho ba babeli ba hlalaneng ba kopanele tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana, ho hlokahala tšebelisano-’moho le ho tšepana ka tekanyo e khōlō—e leng litšobotsi tseo hangata li haellang. Bafuputsi Furstenberg le Cherlin ba e beha ka tsela ena: “Lebaka le ka sehloohong le etsang hore bo-ntate ba khaotse ho bona bana ba bona ke hobane ha ba batle letho le ba kopanyang le bao e neng e le basali ba bona pele. ’Me le basali ba bangata ba ba le maikutlo a tšoanang ka bao e neng e le banna ba bona pele.”
Ke ’nete hore bo-ntate ba bangata ba hlalileng ba bona bana ba bona hangata. Empa kaha ha ba sa ameha bophelong ba bana ba bona ba letsatsi le letsatsi, ba bang ba thatafalloa ke ho itšoara joaloka bo-ntate ha ba e-na le bana ba bona. Ba bang ba khetha ho nka karolo ea ho ba motho ea bapalang le ngoana, ba qeta hoo e batlang e le nako eohle eo ba bang ’moho ka eona ba ikhatholla kapa ba reka. Ari ea lilemo li 14 o hlalosa mafelo-beke a ha a etetse ntat’ae, o re: “Ha ho kemiso ea letho, ha ho taba ea hore ‘U be u khutlile ka 5:30.’ Ha ho lithibelo tsa letho. Ke bolacha feela. ’Me Ntate o lula a nthekela limpho.”—How It Feels When Parents Divorce, ea Jill Krementz.
Ntate ea lerato o lokela ho ‘tseba ho fa bana ba hae limpho tse molemo.’ (Matheu 7:11) Empa limpho ha li nkele tataiso le taeo tse hlokahalang sebaka. (Liproverbia 3:12; 13:1) Ha motho a fetola karolo eo a e phethang e le ntate ho ba ea motho ea bapalang le ngoana kapa moeti, ha ho potang hore kamano ea ntate le ngoana ea senyeha. Phuputso e ’ngoe e ile ea etsa qeto ena: “Tlhalo e ka senya kamano ea ntate le ngoana ka ho feletseng.”—Journal of Marriage and the Family, May 1994.
Ba utloisitsoe bohloko ba bile ba halefisitsoe ke ho qheleloa ka thōko bophelong ba bana ba bona—kapa mohlomong ba mpa ba sa tsotelle—banna ba bang ba furalla malapa a bona, ba hlōleha ho fana ka tšehetso e hlokahalang ea lichelete.b (1 Timothea 5:8) Moshemane e mong ea utloileng bohloko ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o re: “Ha ho ntho leha e le efe eo nka e nahanang ka Ntate eo ke e ratang. Ha ho moo a hlahang teng, ha a re thuse ka letho leha e le ho re etsetsa letho, ’me ke nahana hore seo sea khopisa.”
Batsoali ba sa Nyaloang
Palo e holimo ka tsela e tšosang ea bana ba matšeo e bakile keketseho e khōlō ka ho fetisisa ea bana ba se nang bo-ntate. Buka e bitsoang Fatherless America e re: “Hoo e batlang e le ngoana a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ba hlahang [United States] hona joale ke oa matšeo.” Ho masea a ka bang 500 000 a hlahang selemo le selemo a tsoaloang ke bacha ba lilemo li 15 ho ea ho 19, a etsang karolo ea 78 lekholong ke a tsoaloang ke bacha ba sa nyaloang. Leha ho le joalo, ho ima ha bacha ke bothata bo aparetseng lefatše. ’Me mananeo a rutang ka mekhoa ea ho thibela kemolo kapa a khothalletsang ho se kopanele liphate a entse ho fokolang ho fetola boitšoaro ba bacha ha ho tluoa likamanong tsa botona le botšehali.
Buka e bitsoang Teenage Fathers, ea Bryan E. Robinson ea hlalosa: “Ho ima ha motho ea sa nyaloang ha ho sa tlisa sekhobo le tlotlollo tseo ho neng ho li tlisa lilemong tsa bo-1960 ka lebaka la litekanyetso tse nyehlileng tsa sechaba mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali le ho ima pele motho a nyaloa. . . . Bacha ba kajeno ba boetse ba lula ba hlaseloa ka boitšoaro ba botona le botšehali bo hlahisoang ke phatlalatso, ’mino, libaesekopo le thelevishene. Mecha ea phatlalatso ea Amerika e bolella bacha hore likamano tsa botona le botšehali li tlisa maikutlo a lerato, lia thabisa le ho tlisa monyaka, empa ha ho mohla e bontšang liphello tsa sebele bophelong tse tlisoang ke boitšoaro ba ho nkeha maikutlo le ho hloka boikarabelo ka likamano tsa botona le botšehali.”
Bacha ba bangata ba bonahala ba ile le khongoana holimo ba sa hlokomele liphello tsa ho ba le likamano tse sa lokelang tsa botona le botšehali. Hlokomela tse ling tsa litlhaloso tseo mongoli Robinson a ileng a li utloa: “‘O ne a sa bonahale eka ke motho [oa ho ima]’; ‘Re ne re kopanela likobo hanngoe feela ka beke’; kapa ‘Ke ne ke sa nahane hore u ka ima ka lekhetlo la pele feela.’” Ke ’nete hore bahlankana ba bang ba tseba hantle hore ho ba le likamano tsa botona le botšehali ho ka fella ka ho ima. Buka e bitsoang Young Unwed Fathers ea hlokomela: “Ho bashemane ba bangata [ba metseng e meholo], likamano tsa botona le botšehali ke letšoao la bohlokoa la botumo sechabeng; ho tuma ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali e ba tlotla e khōlō ho bona. Basetsana ba bangata ba sebelisa ho ba le likamano tsa botona le botšehali e le mpho eo ba fanang ka eona ha ba batla ho fuoa tlhokomelo ke bahlankana.” Lihlopheng tse ling tse nang le tšusumetso e khōlō metseng e meholo, bashemane ba se nang bana ba ka ba ba songoa ka hore e sa le “bashanyana ha e e-s’o be banna”!
Boemo bo mpefala le ho feta ha u nahana ka liphello tsa phuputso e entsoeng ka 1993 ea bo-’mè ba lilemong tsa ho kena sekolo California. Ho fumaneha hore banana ba etsang likarolo tse peli ho tse tharo ha baa imisoa ke bahlankana ba bona ba ka tlaase ho lilemo tse 20, empa ba imisitsoe ke banna ba ka holimo ho lilemo tse 20! Ha e le hantle, liphuputso tse ling li bontša hore bo-’mè ba bangata ba sa nyaloang ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ke ba tlatlapiloeng ka likamano tsa botona le botšehali ba sa le ka tlaase ho lilemo tsa molao tsa boikarabelo—kapa mohlomong ke bana ba hlekahlekiloeng. Ho ata ha tšoaro e mpe joalo ho senola kamoo sechaba sa kajeno se senyehileng le ho silafala kateng.—2 Timothea 3:13.
Lebaka Leo Banna ba Bacha ba Iphang Limenyane ka Lona
Ke ka seoelo bashemane ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba bang le bana ba jarang boikarabelo bakeng sa bana ba bona ka nako e telele. Moshemane e mong eo kharebe ea hae e ileng ea ima o ile a re: “Ke ile ka mo bolella hore, ‘Ke tla u bona ka le leng.’” Leha ho le joalo, joalokaha sehlooho se ho Family Life Educator se bontša, “bo-ntate ba bangata ba bacha ba bolela hore ba na le takatso e matla ea ho ba le kamano e haufi le bana ba bona.” Ho ea ka phuputso e ’ngoe e entsoeng ho bo-ntate ba bacha ba sa nyalang, ba etsang karolo ea 70 lekholong ba ne ba etela bana ba bona hanngoe ka beke. Sehlooho seo sea lemosa: “Leha ho le joalo, ha bana ba ntse ba hōla, maeto ao aa fokotseha.”
Ntate e mong ea lilemo li 17 o ile a akaretsa lebaka la seo, ka ho re: “Hoja feela ke ne ke tsebile hore na ho tla ba thata hakae, nka be ke sa ka ka lumela hore sena se etsahale.” Ke bacha ba seng bakae feela ba hōlileng maikutlong kapa ba nang le phihlelo e lekaneng hore ba ka sebetsana le se hlokoang ke ho ba motsoali. Leha e le hona hore ba bangata ba na le thuto kapa tsebo ea mosebetsi e hlokahalang bakeng sa ho iphelisa. Ho e-na le hore ba hlajoe ke lihlong ka lebaka la ho hlōleha ha bona, banna ba bangata ba bacha ba furalla bana ba bona. Ntate e mong e monyenyane oa ipolela: “Bophelo ba ka bo tletse mathata le likhathatso.” E mong oa tletleba: “Ke se ke ntse ke thatafalloa ke ho itlhokomela ka bonna; ha ke tsebe seo ke neng ke tla se etsa haeba ke ne nka ka tlameha hore ke hlokomele le [mor’a ka].”
Morara o Bolila
Mehleng ea Bibele Bajuda ba ne ba e-na le polelo e reng: “Batsoali ba jele morara o bolila, empa bana ba utloile tatso e bolila.” (Ezekiele 18:2, Today’s English Version) Molimo o ile a bolella Bajuda hore boemo ha boa lokela ho ba ka tsela eo, hore liphoso tsa nakong e fetileng ha lia lokela ho etsahala hape nakong e tlang. (Ezekiele 18:3) Leha ho le joalo, ho bonahala bana ba limilione kajeno ba latsoa liphello tse babang tsa “morara o bolila” oa batsoali ba bona—ba utloa bohloko bakeng sa liphoso tsa batsoali ba bona tsa ho hloka tsebo le boikarabelo le tsa ho hlōleha lenyalong. Phuputso e bontša ka tsela e hlakileng haholo hore bana ba hōlang ba se na bo-ntate ba pepesehela likotsi tse ngata haholo ’meleng le maikutlong. (Bona lebokose le leqepheng la 7.) Ho hlileng ho tšoenyang ke taba ea hore lefa la malapa a se nang ntate le atisa ho neheletsanoa ho tloha molokong o mong ho fetela ho o mong—e leng ho ntšetsang pele ketsahalo ena e ipheta-phetang ea maemo a bohloko le a bakang mesarelo.
Na malapa a se nang bo-ntate a tlameha ho hlōleha? Le hanyenyane. Ha e le hantle, litaba tse monate ke hore ketsahalo ena e ipheta-phetang ea malapa a se nang bo-ntate e ka emisoa. Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla hore na joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho thahasellisang ke hore pele ho mehla ea tsoelo-pele ea indasteri, libuka tse fanang ka tataiso mabapi le khōliso ea bana United States ka kakaretso li ne li lebisitsoe ho bo-ntate, eseng ho bo-’mè.
b Ho ea ka bafuputsi Sara McLanahan le Gary Sandefur, United States, “hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea bana bao ka molao ba tšoanetseng ho fuoa sapoto, ha hoa fanoa ka [taelo ea lekhotla] ea hore ba fuoe sapoto, ’me kotara ea bao ho fanoeng ka taelo eo mabapi le bona ha ba fumane letho. Ke ba ka tlaase ho karolo e le ’ngoe ho tse tharo ba fumanang chelete e feletseng eo ba lokelang ho e fuoa.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
LIKOTSI TSA HO HŌLA MOTHO A SE NA NTATE
Ho hōla ha bana ba se na ntate ho ba pepesetsa likotsi tse tebileng. Le hoja ho hlahloba boitsebiso bo latelang ho ka ’na ha utloisa ba bang bohloko, ho hlokomela likotsi tse ka ’nang tsa hlaha ke bohato ba pele ba ho thibela kapa bonyane ho fokotsa tšenyo. Hape, hlokomela hore lipalo-palo tse fanoang ke liphuputso li sebetsa lihlopheng eseng ho batho ka bomong. Bana ba bangata ba hōlela malapeng a se nang bo-ntate empa ha ba be le bothata leha e le bofe ho ana. Joalokaha sehlooho sa rōna se qetellang se tla bontša, ho kenella ha batsoali le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka fokotsa mathata ana a ka ’nang a hlaha haholo. Joale, ak’u hlahlobe likotsi tse ling tseo ngoana ea se nang ntate a ka ’nang a tobana le tsona.
◼ Ho ba Kotsing ea ho Hlekahlekoa ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Haholoanyane
Phuputso e bontša ka ho hlaka hore ho se be le ntate ho eketsa kotsi ea hore ngoana a hlekahlekoe ka likamano tsa botona le botšehali. Phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore har’a litlaleho tse 52 000 tsa ho hlekahlekoa ha bana, “karolo ea 72 lekholong ea tsona e ne e ama bana ba phelang malapeng ao ho ’ona ba neng ba sa lule le e mong oa batsoali ba bona hantle kapa ba sa lule le bona ka bobeli.” Buka e bitsoang Fatherless America ea hlalosa: “Ho eketseha ha kotsi ea hore ngoana a ka ’na a hlekahlekoa ka likamano tsa botona le botšehali sechabeng sa rōna ho hlahisoa ka ho khetheha ke ho eketseha ha bosieo ba bo-ntate ba nyetseng le ho eketseha ha boteng ba batho bao e seng bo-ntate ba bona hantle, bahlankana le banna ba bang ba sa amaneng le ngoana kapa ba lulang le eena ka nakoana feela.”
◼ Kotsi e Khōlōanyane ea Hore ba ka ’na ba Kopanela Likamanong Tsa Botona le Botšehali ba sa le Banyenyane
Kaha ho ka ’na ha se ke ha e-ba le tlhokomelo ea botsoali e matla hakaalo lelapeng la motsoali a le mong, bana ba atisa ho ba le menyetla e eketsehileng ea ho kopanela boitšoarong bo bobe. Ho haella ha koetliso ea batsoali le hona ho ka ’na ha tlatsetsa. Lefapha la Bophelo le Litšebeletso Tsa Sechaba United States le re: “Banana ba hōlang ba se na ntate bophelong ba bona ba na le menyetla ea ho ima e imenneng ka makhetlo a mabeli le halofo.”
◼ Bofutsana
Phuputso e ’ngoe e entsoeng ho banana ba batho ba batšo ba ka tlaase ho lilemo tse 20 Afrika Boroa, e fihletse qeto ea hore bofutsana ke eona phello e tloaelehileng e bakang hore motho a be le ngoana a sa nyaloa. Bangoli ba phuputso eo ba bolela hore “hoo e ka bang 50% ea litlaleho tseo, mocha a ka ’na a se ke a hlola a khutlela sekolong.” Bo-’mè ba bangata ba sa nyaloang ba qetella ba phela ka botekatse le ka ho rekisa lithethefatsi. Mohlomong boemo ha boa fapana hakaalo linaheng tsa Bophirimela. United States, “karolo ea 10 lekholong ea bana ba malapeng a nang le batsoali ba babeli e ne e futsanehile [ka 1995], ha e bapisoa le karolo ea 50 lekholong ea ba malapeng a nang le ’mè feela.”—America’s Children: Key National Indicators of Well-Being 1997.
◼ Ho Hlokomolohuoa
Kaha ba tlameha ho ikhoantlella, batsoali ba bang ba se nang balekane ba sithabetsoa ke boikarabelo ba bona ’me ha ba khone ho qeta nako e lekaneng ba e-na le bana ba bona. Mosali e mong ea hlaliloeng oa hopola: “Ke ne ke sebetsa motšehare ’me bosiu ke ea sekolong—e leng ho neng ho tepeletsa. Ke ne ke hlile ke hlokomolohile bana ba ka.”
◼ Tšenyo e Amang Maikutlo
Ho fapana le seo litsebi tse ling li se bolelang sa hore bana ba khutlela bophelong bo tloaelehileng ka potlako ka mor’a tlhalo, bafuputsi, ba kang Dr. Judith Wallerstein, ba fumane hore tlhalo e baka maqeba a maikutlo a tšoarellang nako e telele. “Karolo e fetang e le ’ngoe ho tse tharo ea banna le basali ba bacha ba pakeng tsa lilemo tse leshome le metso e robong le tse mashome a mararo a metso e robong ba na le takatso e fokolang ea ho finyella ho itseng kapa ha ba be le eona ka ho feletseng lilemo tse leshome ka mor’a ho hlalana ha batsoali ba bona. Ba iphelela ba se na lipakane tseo ba ipehetseng tsona . . . ’me ba na le boikutlo ba ho ba ba se nang thuso.” (Second Chances, ea Dr. Judith Wallerstein le Sandra Blakeslee) Ho ikhella fatše, ho tepella maikutlo, boitšoaro ba botlokotsebe le khalefo e sa eeng moriting ho ile ha hlokomeleha har’a bana ba bangata ba batsoali ba hlalaneng.
Buka e bitsoang The Single-Parent Family e re: “Liphuputso tse ’maloa li bontša hore bashemane ba hōtseng ba se na motho oa monna ea nang le tšusumetso e matla bophelong ba bona ba bontša ho se itšepe ka bonna ba bona, ho ikhella fatše, ’me hamorao bophelong, ba ba le bothata ba ho theha botsoalle bo haufi. Mathata ao banana ba ka bang le ’ona bophelong ka lebaka la ho hōla ba se na motho oa monna eo ba ka mo etsisang hangata ha a bonahale ho fihlela ba e-ba lilemong tsa bocha kapa hamorao, ’me a akarelletsa ho thatafalloa ke ho ba le likamano tse atlehang le batho ba banna/basali ha e se e le batho ba baholo.”