Ho Thusa Bana ba Batsoali ba Hlalaneng
“Ka nako e ’ngoe ha ke ne ke le lilemo tse ka bang tharo, ntate o kile a tla ntata hore ke mo etele. Re ile ra intša eaba o nthekela popi e apereng mose o motle o mofubelu eaba o nkhutlisetsa hae. Re ile ra lula hammoho ka koloing ka nakoana. Empa hang feela ha ’mè a tsoa ka tlung ho tla ntata, eena le ntate ba ile ba qala ho tjolietsana le ho phehisana khang e mong a hlahile ka fensetere ea koloi—’na ke le mahareng a bona.
“Ka tšohanyetso ntate o ile a bula lemati la koloi ’me a nkhothomelletsa ka ntle. O ile a rutla koloi eaba oa tsamaea. Ke ne ke sa tsebe hore na ho etsahala eng. ’Mè ha aa ka a ntumella le hore ke phutholle popi ea ka e ncha. Ka mor’a moo ha kea ka ka hlola ke e bona. ’Me ha kea ka ka hlola ke bona ntate hape ho fihlela ha ke na le lilemo tse 19.”—Heidi.
MAELE a boholo-holo a re: “Nako e phekola maqeba ’ohle.” Na ka sebele hoo ke ’nete? Kapa na tlhalo e ntša bana kotsi hoo ba ke keng ba phekoleha?
Ho latela The Journal of Social Issues, ho hongata ho itšetlehile ka se etsahalang ka mor’a tlhalo. Ea bolela: “Likamano tsa lelapa tse hlahang ka mor’a tlhalo li ama bana joaloka tlhalo ka boeona.”
Tabeng ea Heidi, tlhalo ea batsoali ba hae ebile feela qaleho ea likhathatso tsa hae. Joalokaha ho atisa ho etsahala, lenyalo la bobeli la ’mè oa hae ha le ea ka la atleha joalokaha la pele le sa ka la atleha haesita le le ileng la latela ka mor’a moo. Khōlo ea Heidi ebile e tletseng liketsahalo tse fapa-fapaneng tse bohloko, ho tloha ho tjolietsaneng, lintoa tse kopanyelletsang ho thuha lijana ho isa matsatsing a bolutu a lehlabula ntlong e se nang batho, ka tšabo a ntse a ipotsa hore na ’mè oa hae o tla khutla neng—haeba o tla ke a khutlele hae.
Ho na le ho hongata hoo batsoali ba ka ho etsang ho sireletsa bana ba bona liphellong tse bohloko tsa tlhalo. Ha e le hantle, tlhalo e felisa lenyalo eseng ho ba motsoali.
Batsoali—Karolo ea Bohlokoa ka ho Fetisisa
Ho Psychology Today litsebi tse peli tsa kelello li ngotse hore “ketsahalo e kopanetsoeng ea kemolo e neha bana tokelo ea ho ba le ’mè le ntate ka bobeli.” Polelo eo e ka u makatsa hobane e hlakile. Leha ho le joalo, ka litsela tse ling tlhalo e amoha ngoana batsoali ka bobeli ka tšohanyetso.
Ka mohlala, nahana ka United States, eo ho latela lipalo-palo e ka bitsoang motse-moholo oa lefatše oa tlhalo. Moo, bana ba etsang karolo e fetang 90 lekholong ba batsoali ba hlalaneng ba lula le bo-’m’a bona ’me kamano e teng mahareng a bona le bo-ntat’a bona ke ea ho etelana feela. Bana ba fetang halofo ea lenane leo ba bona bo-ntat’a bona hoo e ka bang hang feela ka selemo! Ho latela phuputso e ’ngoe, ka mor’a tlhalo, nako eo ’mè a e qetang hammoho le bana ba hae le eona e fokotseha ka hoo e ka bang lihora tse 21 ka beke.
Haeba ho na le ntho eo litsebi li lumellanang ka eona, ke hore bana ba ka tseba ho tloaelana hantle le bophelo ka mor’a tlhalo haeba ba tsoela pele ho ba le kamano e ntle le e tsitsitseng le batsoali ka bobeli. Haeba seo se se bonolo, bonyane kamano e molemo le motsoali a le mong e sa ntse e thusa ho bebofatsa bohloko ba tlhalo. Empa ke joang batsoali ba ka bolokang kamano e joalo e haufi-ufi le bana ba bona ka mor’a tlhalo?
Ho Sebelisa Nako Hamolemo
Ho boloka katamelano ena haeba u le ’mè ea hlaliloeng e ka ba phephetso e matla ka ho fetisisa eo u talimaneng le eona. Hangata u ka khetholloa ka seo lichaba tse ling li se talimang e le sekhobo se imenneng habeli: tlhalo le bofutsana. U ka ikutloa hore u salletsoe ke nako e fokolang feela bakeng sa bana ba hao ka baka la ho qobelloa ho sebetsa u sa ikemisetsa le ho leka ho koala sekheo sa tšehetso ea chelete e fokolang le e sa tšepahaleng e tsoang ho eo e neng e le molekane oa hao.
Karabo: boikemisetso le tlhophiso. Sebelisa nako leha e le efe e fokolang eo u ka e fumanang hamolemo ’me u rere esale pele le ngoan’a hao seo le tlang ho se etsa hammoho ka nako eo. Esita le nako e nyenyane letsatsi le letsatsi le ho lebisa tlhokomelo e felletseng ho ngoan’a hao ke tsa bohlokoa haholo ho feta ha u sa qete nako le eena ho hang. Ho lokisetsa esale pele bakeng sa ho intša ho khethehileng ho boetse ho neha ngoan’a hao ntho eo a ka e lebellang ka cheseho.
Joale ho boetse ho na le tlhokahalo ea bohlokoa ea tataiso ea moea bakeng sa ngoan’a hao, taeo, le koetliso. Menyetla e metle bakeng sa morero ona e ka fumaneha ka thata. Kahoo Bibele ea eletsa: “U lokela ho ruta [ngoan’a] hao [melao ea Molimo] ’me u bue ka eona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robala leha u tsoha.”—Deuteronoma 6:7, NW.
Na le “tsamaea tseleng” hammoho, kapa mohlomong le tsamaea ka koloi kapa ka lipalangoang tsa sechaba? Ke eng se hapang thahasello ea hao—ngoan’a hao, kapa koranta kapa sea-le-moea sa koloi? Nakong eo le jang hammoho ka eona, na thelevishene e khaotsa moqoqo ’ohle, kapa na nako ea lijo ke nako ea hore lelapa le buisane ka khotso? Na mohlomong ho na le mesebetsi e meng ea lelapa e kang ho lokisetsa lijo le ho hlatsoa liaparo eo le ka e kopanelang le ngoan’a hao?
Ha e le hantle, sena ha se bolele hore u lokela ho sebelisa menyetla ena ho hobella ngoan’a hao ka thuto e sa feleng. Ka ho lula le ngoan’a hao le ho buisana le eena ka mofuthu le ka tsela e bulehileng, ka ntle ho tika-tiko, u tla mo ruta lintho tse ling tsa bohlokoa. Linako tse kang tsena e boetse ke monyetla o loketseng oa ho neha bana ba hao khothatso e tiileng eo ba hlileng ba e hlokang haholo hona joale. Bana ba bang ka sephiring ba ikutloa ba le molato bakeng sa karohano ea batsoali ba bona. Ba bang ba ikutloa hore motsoali oa bona ea tlohileng hae o ba lahlile. Haeba nako le nako u ba tiisetsa lerato la hao, u ba babatsa bakeng sa litšobotsi tsa bona tse ntle le lintho tse ntle tseo ba li finyelletseng, ’me u etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile ka ho lekaneng hore ka botšepehi ba bolele seo ba se nahanang, ka ho etsa joalo u tla be u entse ho hongata ho bebofatsa bohloko bo bakiloeng ke tlhalo.
Batsoali ba bang ha ba sa laea bana ba bona ka mor’a tlhalo ’me hangata ba etsa hoo ka baka la boikutlo bo molato. Ho bonahala eka ba ikutloa hore: ‘Ngoan’a ka o ile a phela ka thata morao tjena.’ Empa ho lumella bana ba hao ho etsa boithatelo hase ho ba bontša lerato. Motsamaisi oa lenaneo la bacha le bana oa sepetlele sa mafu a kelello o bolelletse The Washingtonian: “Ka linako tsohle bana ba re ho ’na, ‘Batsoali ba ka ba ntumella ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha ba ntsotelle.’” Ho joalokaha Bibele e bolela: “Haeba u sa laee mora oa hao, ha u mo rate. Haeba u hlile u mo rata, u tla mo khalemela.”—Liproverbia 13:24, Today’s English Version.
Ngoana ea Tsekolloang
Ha moshemane e mong e monyenyane a ne a kōptjoa hore a etse litšoantšo kliniking ea tlhalo, o ile a itšoantša e le ea tsekolloang ke batsoali ba hae ba halefileng; o ne a tsekolohile ’me o ne a rotha mali. Ke kamoo bana ba bang ba batsoali ba hlalaneng ba ikutloang ka teng. Le hoja ngoana a rata batsoali bana ka bobeli, mohlomong ha ho motsoali ea ratang hore ngoana a rate motsoali e mong.
Har’a moluba-lube o bohloko joalo le mantsoe a hlabang ao hangata a tsamaisanang le tlhalo, ho thata haholo hore batsoali ba se kopanyelletse bana ba bona ntoeng. Wallerstein le Kelly ba tlaleha hore phuputsong ea bona batsoali ba etsang likarolo tse peli ho tse tharo ba lumetse phatlalatsa hore ba phehisana ka lerato le botšepehi tsa bana ba bona. Dr. Bienenfeld o hlokomelisa batsoali hore ho etsa hore ngoana a ikutloe a tsekolohile mahareng a batsoali ho ka ’na ha hlahisa boikutlo ba lehloeo le molato ’me “ho tla fokotsa menyetla ea hae ea thabo, khotsofalo le katleho.”
Ka bohlale Bibele ea eletsa: “Hape, lona bo-ntate [kapa bo-’mè], le se ke la susumelletsa bana ba lona lehloeong, empa le ba rute, le ba khalemele, e leng lintho tseo e leng karolo ea khōliso ea Bokreste.” (Ba-Efese 6:4, The New English Bible) Ka ho hlakileng, ho susumelletsa ngoan’a hao hore a hloee motsoali e mong ha ho na sebaka khōlisong ea Bokreste.
Ngoana e mong le e mong o na le batsoali ba babeli. Mohlomong lefu le ka fetola seo, empa eseng tlhalo. Ka ntle le haeba lekhotla la molao le lekanyetsa monyetla oa hore motsoali e mong a ka bona bana (kapa e mong oa batsoali ka boomo a hlokomoloha boikarabelo ba hae), u ka ’na ua lokela ho sebelisana le eo e neng e le molekane oa hao bakeng sa ho hōlisa bana.
Ke ’nete hore mohlomong u ka ’na ua ba le lebaka le loketseng la ho halefela eo e neng e le molekane oa hao. Empa haeba u sebelisa bana ba hao ho hlokofatsa molekane ea joalo, ka sebele ke bana ba hao ba utloang bohloko. Dr. Bienenfeld o etsa tlhahiso ea hore ka botšepehi u lumele hore e ka ’na eaba le uena u ile ua kenya letsoho mathateng a lenyalo la hao ’me sena se ka thusa ho fokotsa bohale. Makasine oa Parents o bua ka mosali e mong ea ileng a leka ho rapella monna oa hae oa pele nako le nako ha a qala ho nahana lintho tse mpe ka eena. O ile a fumana hore leano lena le mo neha boikutlo ba boiketlo le taolo tse ncha tse mo lokollang boemong ba ho ba motho ‘ea lulang a hatelletsoe ke boemo ba ntoa ba ka mehla.’—Bapisa le Mattheu 5:43-45.
Na ba Bang ba ka Thusa?
Ho makasine oa Parents Julius le Zelda Segal bao e leng litsebi tsa kelello ba ngola hore “bana ba malapa a qhalaneng baa matlafala haeba bonyane ho sa kena-kenanoe le tsela eo ba phelang ka eona” ka mor’a sefefo sa tlhalo. Ho latela litsebi tsena tsa kelello, ka masoabi “baahelani le metsoalle ba ba le tšekamelo ea ho ikhula ’me le batsoali ba batsoali ba bona ba etsa joalo hobane ba phathahane haholo ka ho nka lehlakore ntoeng ea batsoali.”
E, ka ho khethehileng tlhalo e sehlōhō ho bana ha beng ka motho ba bang le bona ba se ba nyametse bophelong ba bona. Sena se eketsa boikutlo ba bona ba ho lahloa. Kahoo haeba u rakhali, malome, kapa nkhono kapa ntate-moholo oa bana leha e le bafe ba batsoali ba hlalaneng, lebisa tlhokomelo ea hao tiisetsong eo ba e hlokang haholo hona joale ho e-na le ho kenya letsoho ntoeng ea lenyalo la batsoali ba bona. Ka linako tse ling, ha ho motho e mong ea ka matlafatsang ngoana ea tepelletseng maikutlo hamolemo ho feta ntate-moholo kapa nkhono ea lerato.
Heidi ea qotsitsoeng qalong ea sehlooho sena ha aa ka a fumana tšehetso e joalo. Leha ho le joalo, pale ea hae e bontša katleho. Kajeno, ha a le lilemo li 26, ke mosali ea leng lenyalong le thabileng, ea phutholohileng le ea khothetseng. Lebaka la katleho ea hae ke lefe?
Ka lentsoe le le leng feela: botsoalle. Ha e sa le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, Heidi o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O ile a fumana metsoalle ea ’nete Holong ea ’Muso moo a neng a ea teng bakeng sa liboka. O sa hopola: “Ke ne ke atisa ho nahana hore boemo ba ka ke bo hlokang tšepo. Empa ke ntho e molemo ho ba le batho bao u ka buisanang le bona. Ke ne ke e-na le motsoalle a le mong eo ke neng ke mo phetlela sefuba sa ka. Ka mehla o ne a hlokomela haeba ho na le ho hong ho phoso, ’me ke ne ke qetella ke mo bolelletse hona. E ne e ka ke ’mè oa ka. Empa ho ne ho boetse ho e-na le bao nka etsang lintho le bona.” Heidi o ile a fumana bonnete ba tšepiso ea mantsoe a Jesu ea hore phutheho ea Bokreste e ka nehelana ka litho tse ngata tsa lelapa ho ba lahlehetsoeng ke litho tsa malapa a bobona.—Mareka 10:29, 30.
Empa Heidi ha aa ka a nka bohato ba pele ba ho etsa metsoalle ena. O re: “Ke eona e ileng ea mpatla.” Eo ke puo e hlahelletseng har’a bana ba batsoali ba hlalaneng ka phuthehong ea Bokreste. Ka mohlala, moroetsana e mong ea bitsoang Meg ka thabo o sa hopola banyalani ba ileng ba mo tšelisa ha batsoali ba hae ba ne ba arohana: “Ba ne ba hlile ba tseba hore kea ba hloka, ’me ba ne ba fumaneha [bakeng sa ho nthusa]. Ha u rate ho re, ‘Bona, kea u hloka. Ke rata hore u nthate hona joale.’”
Ho thoe’ng ka uena? Na mohlomong u ka tšoana le moena, khaitseli, ’mè, ntate, kapa ntate-moholo kapa nkhono ho ngoana oa batsoali ba hlalaneng? Mohlomong mocha eo a ke ke a u kōpa hore u etse seo, empa seo hase bolele hore ha a u hloke.
Ha e le hantle, le ka mohla u ke ke ua tseba ho nkela mesebetsi eohle ea lelapa le kopaneng sebaka. Empa u ka ba motsoalle, momameli ea molemo le ea nang le kutloelo-bohloko. U ka boela ua thusa ho tataisa motho e mocha hore a be le kamano e molemo haholoanyane le ’Mōpi oa rōna—“Ntat’a likhutsana” le Motsoalle e moholo ka ho fetisisa eo motho leha e le ofe a ka ’matlang.—Pesaleme ea 68:5.
Leha ho le joalo, na ho na le tšepo ea hore lipalo-palo tsa tlhalo li tla ke li fokotsehe le hore ho tla ba le nako eo bana ba tla hōlela malapeng a kopaneng le a thabileng?
Mohla Lelapa le Tla Khutlela Boemong bo Tloaelehileng
Haeba re ne re ka itšetleha ka motho bakeng sa tharollo, joale karabo ke che, ha ho na tšepo ea sebele bakeng sa bana ba joalo. Motho a ke ke a tseba ho qalisa ho lokisa lelapa la lefatše lohle la motho le arohaneng ka ho hlokang tšepo, ho se ho sa boleloe letho ka malapa a mangata a etsang mokhatlo oa lelapa la motho. Ho joalokaha Linda Bird Francke a ngotse ho Growing Up Divorced: “Lintho tse ngata haholo li etsahetse ka sekhahla se seholo. Makhotla a molao a hlōlehile. Likolo le tsona li hlōlehile. Malapa le ’ona a hlōlehile. Ha ho motho ea tsebang seo a ka se lebellang ho e mong matsatsing ana moo tlhalo e phahameng joaloka hoja ha ho melao e lokelang ho lateloa.”
Empa ’Mōpi oa motho ha a sitoe ho etsa lintho. O utloisisa lefatše la rōna le arohaneng, ’me oa bona hore ha ho hlokahale hore le lokisoe ke “litsebi.” Le lokela hore le nkeloe sebaka ke le leng. O hlile o tšepisitse ho etsa joalo. O tšepisa hore ba etsang thato ea hae ba tla pholoha ho feta ha tsamaiso ena ea lintho e senyehileng le ho phela ho bona ho tsosolosoa ha paradeise ea lefatše lohle. (Luka 23:43; 1 Johanne 2:17) Ha motho a phela tlas’a puso ea Molimo o tla phekoloa sebe se tšoaetsang tlhaho ea hae. Boithati le ho se phethahale tse tlisang likarohano, lehloeo, le ho hloka bonngoe li tla qetella li felisitsoe ka ho felletseng. Lelapa la motho le tla phekoloa.—Tšenolo 21:3, 4.
’Me tlhalo e tla ba setšoantšo sa nako e fetileng se ntseng se nyamela butle-butle.
[Lebokose le leqepheng la 25]
Keletso Bakeng sa Batsoali ba Hlalaneng
U se ke ua loana le eo e neng e le molekane oa hao—thelefonong kapa leha a le teng ka seqo—ka pel’a bana.
U se ke ua tšoaea eo e neng e le molekane oa hao liphoso ka pel’a bana. Ha bana ba hao ba tšoaea motsoali ea leng sieo liphoso, u se ke ua ba khothalletsa ho etsa joalo kapa ho kopanela le bona ho mo tšoaea liphoso.
U se ke ua qobella bana hore ba khethe motsoali e mong ’me ba tlohele e mong, ’me u se ke ua etsa hore ba be khahlanong le eo e neng e le molekane oa hao.
U se ke ua lumella bana hore ba u tšose ka litšokelo tsa ho ea ho lula le motsoali e mong. Ho lumella likhatello tse joalo tsa maikutlo ho ka ba khothalletsa ho ba ba ratang ho laola ’me ho bile ho ka sitisa khōlo ea bona boitšoarong.
U se ke ua sebelisa bana ho fuputsa litaba ho eo e neng e le molekane oa hao, ua ba qobella hore ba u fe boitsebiso nako le nako ha ba tsoa mo etela.
U se ke ua kōpa bana ho jara melaetsa ea hao ea khalefo kapa ea likōpo tsa chelete tse hlabisang lihlong tse eang ho eo e neng e le molekane oa hao.
U se ke ua nyenyefatsa ngoana ka ho mo phoqa ka lipolelo tse kang, “U tšoana le ntat’ao.” Hona ha ho utloise ngoana bohloko ba hore ho nyatsoa ntat’ae feela, empa hape ho ka etsa hore ngoana a ikutloe hore joang kapa joang o tla pheta liphoso tsa motsoali e mong.
Ipake u le momameli e motle, u lumelle bana ba hao ho hlalosa maikutlo a bona—esita le maikutlo ao u sa lumellaneng le ’ona.
Bua ka ho hlakileng, ka bolokolohi, le ka ho toba. Leha ho le joalo, ba sireletse hore ba se fumane boitsebiso boo ho sa hlokahaleng hore ba bo tsebe. Mora kapa morali oa hao a ka ’na a bonahala e le motho eo u ka mo tšepang bakeng sa ho ’molella makunutu a hao. Empa hopola, ngoana hase motsoali e monyenyane kapa motho ea ka nkang sebaka sa molekane oa lenyalo, ho sa tsotellehe hore na o bonahala a hōlile hakae kelellong.
Khothatsa bana ba hao ’me u ba tiisetse hore hase bona sesosa sa tlhalo, ’me ba ke ke ba kena lipakeng tsa lōna ho sireletsa lenyalo la lōna.
Bontša kameho ea sebele, e mofuthu. Bana ba ka nahana hore batsoali ba khaotsang ho ratana ba ka khaotsa ho rata bana ba bona habonolo feela ka ho tšoanang.
Sebelisana le eo e neng e le molekane oa hao ho sireletsa bana khohlanong ea lōna.
Leka-lekanya thoriso le taeo, u behe meeli e loketseng le lipakane tsa sebele.
Beha mohlala o motle ka bouena, u qobe boitšoaro bo bobe boo u ba rutang hore ba bo qobe.
Sebelisa nako ea hao ea bolokolohi e ngata kamoo u ka khonang ka teng u e-na le bana ba hao.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Na U Motsoali ea Lulang Hōle?
HAEBA u le motsoali ea lulang hōle, u ka ’na ua fumana ho le bonolo hore u se hlole u etela bana. Mohlomong ho etsa kemiso ea ho eta ho utloahala e le ho khathatsang joaloka ho kōpa tumello ea ho bona bana ba hao ho eo e neng e le molekane oa hao. Kapa mohlomong bana ba hao ba na le motsoali e mocha oa bobeli, ’me u ikutloa hore ha u sa hlokahala.
Empa ua hlokahala. Bibele ea phehella: “Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna.” (Ba-Efese 6:4, New International Version) Haeba u nyamela bophelong ba bana ba hao, u ke ke ua ba halefisa feela empa u ka ’na ua fokotsa boikutlo ba bona ba hore ke batho, ua etsa hore ba ikutloe ba sa ratoe ’me ba sa ratehe. Esita le ho ba le kamano e fokolang le bana ba hao ho molemo ho feta ha e le sieo ho hang.
Ho bonahala eka bolelele ba maeto a hao bo bohlokoa ho feta makhetlo ao u etang ka ’ona. Ha leeto le le lelelele, mohlomong ngoan’a hao o tla ba le linako tseo a tla li hopola tsa ha a e-na le uena. Miriam Galper Cohen, eo ka boeena e leng motsoali ea lulang hōle, bukeng ea hae e buang ka taba ena o hlokomela hore maeto ana ha ea tlameha ho ba ho intša ho khethehileng. Ka linako tse ling ke ho otlolla maoto hammoho, kapa ho ja hammoho ho ka sieang mehopolo e monate ka ho fetisisa.
Ho letsa thelefono nako le nako ho etsoang ka kemiso le hona ho ka boloka uena le ngoan’a hao le momahane. Kapa u ka ’na ua hatisa theipi eo ho eona u ballang ngoan’a hao pale kapa u buang ka tsa bongoaneng ba hao. Ka ntle ho litheipi le mangolo, u ka ’na ua romela ngoan’a hao lifoto, litšoantšo, litšoantšo tse qabolang, kapa lihlooho tsa limakasine tseo u fumaneng li makatsa kapa li thahasellisa. Cohen o boetse o etsa tlhahiso ea hore u batlisise hore na ke libuka life kapa mananeo afe a thelevishene ao ngoan’a hao a a thabelang, e be uena ka bouena u bala libuka tseo kapa u shebella mananeo ao a thelevishene ’me u qoqe ka tsona ka mangolo kapa ka thelefono.
Joalokaha Cohen a hlokomela, “ho hlokomela bana u le motsoali ea lulang hōle ke khetho ea ho qetela eo motho a ka e lakatsang ha ho bapisoa le litokisetso tse ling tsa ho hlokomela bana, e batlang e tšoana le ho se hlōle u bona bana le ka mohla.” Leha ho le joalo, ruri ho na le litsela tsa ho hlokomelisa ngoan’a hao ka mehla lerato le tlhokomelo ea hao e sa khaotseng. Esita le ketso e nyenyane ka ho fetisisa ea ho tsotella e ka sireletsa ngoan’a hao hore a se utloe bohloko bo boholo.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Na ho na le mesebetsi eo u ka e kopanelang le ngoan’a hao? Tlhalo e felisa lenyalo eseng ho ba motsoali
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Na ho na le bana leha e le bafe ba batsoali ba hlalaneng ba ka thabelang hore u be motsoalle oa bona?