Malapa a se Nang Bo-ntate—Ho Emisa Ketsahalo Ena e Ipheta-phetang
HAEBA boemo bona bo teng hona joale bo ka tsoela pele, haufinyane malapa a se nang bo-ntate e tla ba ntho e tloaelehileng. Tlaleho ea Lefapha la Bophelo le Litšebeletso Tsa Sechaba United States, e bolela hore “bana ba hōlisoang ke motsoali ea se nang molekane ba atisa ho fumana limaraka tse tlaase, ho ba le mathata a eketsehileng a boitšoaro, ’me ba atisa ho tšoaroa ke mafu a sa foleng le ho ba le mathata a kelello. . . . Ho hōlela lelapeng le nang le ’mè ea se nang molekane ho amahanngoa le ho eketseha ha likotsi tsa hore mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 a be le ngoana, a se ke a qeta sekolong se phahameng [le] hore a koalloe teronkong.”
Ka hona, ha ho makatse ha litsebi tsa kahisano, baeletsi ba malapa, matichere, esita le bo-ralipolotiki ba leka ka matla ho fumana litsela tsa ho emisa mokhoa ona o senyang. Ho ’nile ha tšoaroa liboka tse khōlō tsa ho susumelletsa banna hore ba be motlotlo ka ho ba bo-ntate le hore ba ikemisetse ho phethahatsa boikarabelo ba banna ka lelapeng. Libuka tse buang ka ho ba ntate li ’nile tsa rekisoa ka bongata. Ho ’nile ha etsoa boiteko ba ho tlamella bo-ntate hore ba hlokomele boikarabelo ba bona. United States, “bo-ntate ba hlōloang ke moroalo” ba ’nile ba ahloloa haboima ke baahloli, ba hlaseloa ke mananeo a lipuisano a TV, esita le ho tlotlolloa sechabeng. Leha ho le joalo, boiteko bo joalo bo bile le liphello tse fokolang.
Litharollo Tsa Kapelenyana
Litharollo tsa kapelenyana le tsona li ka ’na tsa hlahisa liphello tse belaetsang. Ka mohlala, mosali ea hlaliloeng a ka ’na a potlakela ho nyaloa hape, a tšepile hore o fumanela bana ba hae ntate e mocha. Empa le hoja ho nyaloa hape ho ka ’na ha e-ba le melemo ea hona, ho ka ba le mathata. Ka linako tse ling bana ba hana ho amohela motho e mong e mocha e le ntate oa bona. Ka linako tse ling ha ho mohla ba mo amohelang. Phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore “hoo e ka bang likarolo tse peli ho tse tharo tsa basali ba phetseng le motho eo e seng motsoali oa bona hantle ba ile ba tloha lapeng pele ba fihla lilemong tse 19 . . . , ha ba bapisoa le 50% ea basali ba tsoang malapeng a momahaneng.” Esita le malapeng a atlehang a motsoali oa bobeli, ka linako tse ling ho nka lilemo tse ’maloa pele bana ba amohela motho eo e seng ntate oa bona hantle.a
Ka ho tšoanang, ha ho na litharollo tsa kapelenyana bothateng ba ho ima ha bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Ka mohlala, ho ntša mpa ke ho tlōla molao oa Molimo ’me ho hloka hore mosali e mocha a hatelle maikutlo a hae a ho qenehela bophelo bo bonyenyane bo hōlang ka ho eena. (Exoda 20:13; 21:22, 23, NW; Pesaleme ea 139:14-16; bapisa le 1 Johanne 3:17.) Ke joang seo se ke keng sa siea maqeba maikutlong? Ba bangata ba nka hore ho fana ka ngoana hore a hōlisoe ke motho e mong ke tharollo e nang le kutloelo-bohloko haholoanyane, empa le eona e ka siea maqeba maikutlong—ho ’mè hammoho le ho ngoana.
Che, litharollo tsa kapelenyana li ke ke tsa emisa ketsahalo e ipheta-phetang ea malapa a se nang bo-ntate. Boemo bo teng hona joale malapeng bo tla emisoa ke hafeela batho ba ka ikemisetsa ho etsa liphetoho tse khōlō monahanong oa bona, maikutlong a bona, boitšoarong ba bona le litekanyetsong tsa bona tsa boitšoaro. E le hore batho ba susumelletsehe ho etsa liphetoho tse khōlō joalo ho hlokahala ho hong ho phahametseng lipuo tsa bokheleke le tse ratoang tsa litsebi tsa kelello. Ho ‘hong ho phahameng’ ho fumanoa Lentsoeng la Molimo, Bibele. Etsoe, ke Molimo ka boeena ea thehileng tokisetso ea lelapa. (Baefese 3:14, 15) O tseba seo bana ba se hlokang hamolemo ho feta motho leha e le ofe e mong.
Melao-motheo ea Bibele e Thusa Malapa ho Sebetsana le Boemo ka Katleho
Empa na Bibele e ka hla ea thusa bana ba se nang motsoali e mong? Na ba se ba sa tsoa kotsi e ke keng ea lokisoa? Che, ha ho joalo. Qalong ea sehlooho sena, re ile ra qotsa tlaleho ea ’muso oa United States e neng e thathamisitse likotsi tse ngata tseo bana bana ba ka ’nang ba tobana le tsona. Ho sa tsotellehe mantsoe ao a tepeletsang, tlaleho eo e ile ea phetha ka hore: “Ho sa tsotellehe bopaki bo sa khaotseng ba hore ho na le kotsi e khōlōanyane, phuputso e boetse e bontša hore bana ba bangata ba malapeng a nang le motsoali ea se nang molekane ba hōla ka tsela e tloaelehileng.” E, liphello tsa ho se be le ntate li ka tlosoa kapa bonyane tsa fokotsoa. Sena ke ’nete ka ho khetheha haeba ho sebelisoa melao-motheo ea Bibele khōlisong ea ngoana.
Sena se hloka mosebetsi o boima ka lehlakoreng la motsoali ea se nang molekane—e leng se ka ’nang sa bonahala se sithabetsa qalong. Empa haeba u boemong bona, u ka ithuta ho itšetleha ka ho feletseng ka Jehova Molimo. (Liproverbia 3:1, 2) Mehleng ea Bibele basali ba bang ba Bakreste ba ile ba tobana le maemo a bohloko, joaloka ba ho ba mohlolohali. Mabapi le ba joalo, Bibele e re: “Mosali eo ka sebele e leng mohlolohali ’me a setse a le lesitsi o behile tšepo ea hae ho Molimo ’me o qophella lithapeling le lithapelong bosiu le motšehare.” (1 Timothea 5:5) Hopola hore Jehova o ipitsa “ntat’a likhutsana.” (Pesaleme ea 68:5) U ka kholiseha hore o tla tšehetsa mosali ea tšabang Molimo boitekong ba hae ba ho hōlisa bana ba hae.
Ho khanna thuto ea lehae ea Bibele kamehla le bana ba hao ke tsela e ’ngoe ea bohlokoa ea ho ba thusa ho hōla hore e be batho ba baholo ba tsitsitseng le ba hōlileng tsebong. (Deuteronoma 6:6-9) Batsoali ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba se nang balekane ba sebelisa likhatiso tse thehiloeng Bibeleng tse etselitsoeng bacha ka ho khetheha, tse kang Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang.b Boitsebiso boo li bo fupereng bo thusa bacha ho hlaolela litekanyetso tsa boitšoaro tse ka ba thusang ho qoba ho etsa liphoso tseo batsoali ba bona ba ileng ba li etsa. Ha bana ba tseba Jehova Molimo, ba ka qala ho utloisisa hore ba na le Ntate oa leholimo ea ba tsotellang ka ho tebileng. (Pesaleme ea 27:10) Sena se ka ba nolofalletsa ho sebetsana ka katleho le maikutlo a ho lahloa kherehloa. Moroetsana e mong oa Brithani ea ileng a bona ha batsoali ba hae ba khaohana oa hopola: “Ho seo sohle se ileng sa etsahala, ’Mè o ile a kenya ka ho ’na tlhokahalo ea ho rapela le ho itšetleha ka ho feletseng ka Jehova. Seo se ile sa re nolofalletsa ho sebetsana le boemo ka katleho.”
Ho Boloka Tlamahano ea Motsoali le Ngoana
Bibele e hlakisa hore ngoana o tlameha ho hlompha ’m’ae hammoho le ntat’ae. (Exoda 20:12) ’Me tlhalo ha e khaole tlamahano ea ntate le ngoana. Le hoja e ka ’na eaba eo e neng e le monna oa hao ha a sa lula lapeng, bana ba ntse ba ka fumana molemo ka ho ba le kamano e mofuthu le eena.c Bothata ke hore ’mè a ka ’na a ikutloa a mo halefetse a bile a sa batle hore ho be le letho leo a kopanang le bana ka lona. ’Mè a ka sebetsana ka katleho le maikutlo aa joang?
Bibele e fana ka keletso e ntle ha e lemosa: “U hlokomele hore khalefo e se ke ea u hoka-hoka [ho u isa liketsong tsa] ho nyefola . . . Itebele hore u se ke ua retelehela ho se kotsi.” (Jobo 36:18-21, NW) Ke ’nete hore ha ho bonolo ho bua ka mosa ka motho ea u utloisitseng bohloko kapa ea u lahlileng kherehloa. Empa ipotse: ‘Na mosetsana a ka ithuta ho tšepa monna haeba a lula a bolelloa kamoo ntat’ae a leng mobe kateng? Na moshemane a ka hōla hore e be motho ea leka-lekaneng, ea bontšang bonna haeba ha a khalemeloa ho thoe, “U s’o nts’o tšoana le ntat’ao”? Na bana ba ka ba le pono e loketseng ka ba boholong haeba ba rutoa ho nyelisa ntat’a bona kapa ba sa khothalletsoe ho mo bona ho hang?’ Ka ho hlakileng, ho nyenyefatsa kamano ea bana ba hao le ntat’a bona ho kotsi.
U ka ’na ua makatsoa ke ho tseba hore Bibele ha e nyatse khalefo e loketseng. Bibele e re: “Halefang, ’me leha ho le joalo le se ke la etsa sebe.” (Baefese 4:26) Ho halefa hase sebe, empa hoo e leng sebe ke ho laoloa ke “khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang.” (Bakolose 3:8) Kahoo qoba ‘ho bua hampe ka ntate’ ho bana ba hao. Haeba u utloa ho hlokahala hore u bue ka lintho tse u ferekanyang, latela tlhahiso ea Bibele ea hore u arolelane “masoabi” a hao le motho e mong, empa motho eo e se ke ea e-ba bana ba hao—mohlomong e ka ba motsoalle ea tšeptjoang. (Liproverbia 12:25) Leka ho ba le boikutlo bo loketseng ’me u qobe ho lula linthong tsa nako e fetileng. (Moeklesia 7:10) Ho etsa joalo ho ka u thusa haholo ho laola bohale ba hao.
Qetellong, hopola hore Bibele e laela ngoana hore a hlomphe ntat’ae—esita le haeba boitšoaro ba ntate e ’nile ea e-ba bo sa rateheng. (Baefese 6:2, 3) Kahoo leka ho thusa bana ba hao ho talima mefokolo ea ntat’a bona ka tsela e hlokang leeme. Mosali e mong e mocha ea ileng a hōlela lelapeng le arohaneng o re: “Ka ho talima Ntate ka tsela e hlokang leeme—e le motho ea etsang liphoso, ea sa phethahalang—ke ile ka qetella ke mo amohetse.” Ka ho khothalletsa bana ba hao ho hlompha ntat’a bona, u ba thusa ho hlaolela pono e loketseng ka matla a hao a ho laela u le motsoali!
Hape ke habohlokoa hore u hlakise meeli pakeng tsa hao le bana ba hao. Ba ntse ba le tlas’a ‘taeo ea ’m’a bona.’ (Liproverbia 1:8) Mora a ka ikutloa a imelitsoe haeba a lebeletsoe hore ebe eena ‘monna ka lapeng.’ Barali le bona ba ka ikutloa ba imetsoe haeba ba lebeletsoe hore ba phethe karolo ea motho eo ’mè a ntšetsang makunutu ho eena. Bana ba lokela ho tiisetsoa hore ke uena motsoali ea tla ba hlokomela—eseng hore ke bona ba tla u hlokomela. (Bapisa le 2 Bakorinthe 12:14.) Tiisetso e joalo e ka etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile, le hoja boemo ba lelapa labo bona e se bo ratehang hakaalo.
Ba Nkang Sebaka sa Bo-ntate
Ho thoe’ng haeba ntate e se karolo ea lelapa ka ho feletseng? Litsebi li bolela hore bana ba ka rua molemo ka ho tloaelana le motho e mong oa monna. Le hoja thahasello e mosa e bontšoang ho ngoana ke malome kapa moahisani e ka ba le molemo o itseng, o tla rua molemo ka ho khetheha botsoalleng bo hahang ba batho ba banna bo teng ka phuthehong ea Bokreste. Jesu o ile a tšepisa hore phutheho e ne e tla ba joaloka lelapa le fanang ka tšehetso.—Mareka 10:29, 30.
Mehleng ea Bibele Timothea e monyenyane o ile a hōla eaba ea e-ba monna oa Molimo ea hlaheletseng, a se na tšehetso ea ntate oa molumeli. Bibele e fa ’m’ae le nkhon’ae ba lerato tlotla ka sena. (Liketso 16:1; 2 Timothea 1:1-5) Leha ho le joalo, o ile a boela a rua molemo botsoalleng ba hae le monna oa Mokreste—moapostola Pauluse. Pauluse o ile a bitsa Timothea “ngoana oa [hae] ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng.” (1 Bakorinthe 4:17) Ka ho tšoanang le kajeno, Lipaki tsa Jehova li khothalletsoa ho ela hloko temoso ea Bibele ea “ho hlokomela likhutsana le bahlolohali.” (Jakobo 1:27) Li phehelloa hore li ‘loele khutsana’ ka ho bontša thahasello ea sebele, e leka-lekaneng ho ba joalo. (Jobo 29:12) Mosali e mong e mocha ea bitsoang Annette o hopola thahasello e hahang eo moholo e mong oa Mokreste a ileng a mo bontša eona ha a sa le monyenyane, o re: “E ne e le eena feela motho eo ka sebele ke neng nka re ke ntate.”
Ho Emisa Ketsahalo Ena e Ipheta-phetang
Ho latela melao-motheo ena ho ka thusa bana ba se nang bo-ntate ho atleha. Ho sa tsotellehe ho hōla ha bona ka thata, e ka ba batho ba baholo ba leka-lekaneng, ba etsang mesebetsi e molemo esita le ho ba batsoali ba lerato, ba tšepahalang le ba nang le boikarabelo. Leha ho le joalo, ho molemo ho qoba ho haha serobe phiri e se e jele. ’Me qetellong, ketsahalo ena e ipheta-phetang ea malapa a se nang bo-ntate e ka emisoa ke hafeela banna le basali ba ka ikitlaetsa ho sebelisa Bibele bophelong ba bona—ka mohlala, ba khomarela taelo ea Bibele ea ho se be le likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ’me ba latela litekanyetso tsa Bibele tse behetsoeng banna le basali.—1 Bakorinthe 6:9; Baefese 5:21-33.
Matsatsing ana, bana ba bangata ba na le bo-ntate ka malapeng empa ba ntse ba ka bitsoa bana ba se nang bo-ntate. Setsebi se seng litabeng tsa lelapa se re: “Bothata bo boholo ka ho fetisisa bo tobaneng le . . . bana kajeno ke ho hlokeloa nako le ho se fuoe tlhokomelo ke batsoali ba bona.” Lentsoe la Molimo le bua ka taba ena ka tsela e tobileng. Le laela bo-ntate mabapi le bana ba bona: “Ba feng thupelo, le khalemelo, tsa khōliso ea Bokreste.” (Baefese 6:4; New English Bible; Liproverbia 24:27) Ha bo-ntate ba latela keletso ea Bibele, bana ha ba be le tšabo ea ho lahloa kherehloa.
Leha ho le joalo, na ke ho utloahalang ho lumela hore batho ba tla retelehela Bibeleng ka bongata? Che. (Matheu 7:14) Empa Lipaki tsa Jehova li thusitse ba limilione ho fumana thabo bophelong ba bona ba lelapa ka lenaneo la thuto ea lehae ea Bibele.d Ke ’nete hore Bibele e lemosa hore bohle ba lenyalong ba tla ba le “matšoenyeho nameng” ka lebaka la ho se phethahale. (1 Bakorinthe 7:28) Empa ba hlomphang Lentsoe la Molimo e le kannete ba batla litsela tsa ho rarolla mathata a bona, eseng ho hlala hang ha ba qala ba bona bothata bo itseng. Ke ’nete hore ho na le linako tse ling tseo ka tsona ka ho loketseng Mokreste a ka ’nang a nahana ka karohano kapa esita le ka tlhalo. (Matheu 5:32) Leha ho le joalo, ho tseba liphello tseo sena se ka ’nang sa e-ba le tsona ho bana ba hae ho tla susumelletsa Mokreste ho batla litsela tsa ho baballa lenyalo la hae haeba hoo ho khoneha.
Ho latela Bibele ho ke ke ha sireletsa lelapa la hao feela hona joale. Ho ka etsa hore kaofela ha lōna le be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng! Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ho bala le ho sebelisa keletso e fumanoang Lentsoeng la Molimo ke e ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa tsa ho tiisa hore lelapa la hao le tla lula le momahane ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boitsebiso bo thusang batsoali ba malapa a bobeli bo ile ba hatisoa makasineng ea rōna ea Molula-Qhooa e tsamaisanang le ena, tokollong ea March 1, 1999.
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
c Sena se ke ke sa sebetsa ha ngoana a le kotsing ea ho hlekefetsoa ’meleng kapa ho hlekahlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ke ntate.
d Buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa (e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.) e na le likeletso tse ngata tse thehiloeng Bibeleng tse ka thusang malapa. E ka fumanoa ka ho iteanya le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Ka ho latela melao-motheo ea Bibele, motsoali ea se nang molekane a ka atleha ho hōlisa bana
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Hangata banna ba Bakreste ba ka ‘loela khutsana’ ka ho e bontša thahasello ea sebele le e hahang