Ponahalo e Fetohang ea Bahlaseluoa ba Ntoa
LENANEO le hasoang Seea-le-moeeng sa Machaba a Kopaneng le bitsoang “Perspective,” le ile la tlaleha hore “lintoa tsa kajeno li fapane le tsa nakong e fetileng . . . Ke baahi ba tloaelehileng, ho fapana le masole,” ba hlaseloang ka ho eketsehileng. Ka mohlala, nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ke karolo ea 5 lekholong feela ea bahlaseluoa bohle e neng e se sesoleng. Leha ho le joalo, nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, palo ea bahlaseluoa ba seng sesoleng e ile ea nyolohela ho karolo ea 48 lekholong. ’Me kajeno, kamoo Seea-le-moea sa Machaba a Kopaneng se ileng sa bolela kateng, “hoo e batlang e le bohle ba hlaseloang lintoeng ke batho ba seng sesoleng—ba etsang 90%—’me bongata ba bona ke basali, bana le batho ba hōlileng.”
Ho ea ka Olara Otunnu, eo e leng mongoli-kakaretso oa Special Representative for Children and Armed Conflict ea Machaba a Kopaneng, “bana ba hakanyetsoang ho limilione tse peli ba ’nile ba bolaoa likhohlanong tseo ho tsona ho neng ho sebelisoa lihlomo ho tloha ka 1987.” Seo se lekana le bana ba fetang 450 ba hlasetsoeng ntoeng letsatsi le leng le le leng ka lilemo tse 12 tse fetileng! Ho phaella moo, ka eona nako eo, bana ba fetang limilione tse tšeletseng ba ile ba ntšoa likotsi tse tebileng kapa ba holofatsoa ka ho feletseng.
Monghali Otunnu o bolela hore tsela e ’ngoe eo ka eona Machaba a Kopaneng a ka fokotsang palo e eketsehang ea bana ba hlaseloang ntoeng ke ka ho tlatsetsa ho hlahiseng libaka tsa khotso. “Libaka tseo bana ba atisang ho ba ho tsona ka bongata, tse kang likolo, lipetlele le mabala a lipapali, li lokela ho nkoa e le libaka tseo ho sa loaneloeng ho tsona.” Leha ho le joalo, Seea-le-moea sa Machaba a Kopaneng se ile sa phaella ka hore “ho thibela likhohlano ka botsona” ke eona tsela e sebetsang ka ho fetisisa eo ka eona Machaba a Kopaneng a ka tiisang hore baahi feela ba tloaelehileng ha ba hlaseloe ke ntoa. Ha e le hantle, ho qoba hore batho ba hlaseloe ke ntoa ho hlile ho hloka hore ntoa ka boeona e felisoe. Na seo se tla ke se etsahale?
Ka lebaka la tlaleho e telele ea lintoa eo batho ba nang le eona, ba bangata ka nepo ba nahana hore ha ho mohla batho ba tla ke ba tlise khotso lefatšeng ka bophara. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo, Bibele, le tšepisa hore Jehova Molimo o tla etsa seo: “O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:9) See se tla etsahala neng? Hona ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore tšepiso ea Molimo ea khotso ea lefatše ka bophara e tla phethahala? Haeba u ka thabela ho fumana karabo lipotsong tsena, ka kōpo ngolla bahatisi ba makasine ena, u sebelisa aterese e haufi le uena ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5, kapa u letsetse Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng se haufi le uena. Ha ho letho leo u tla tlameha ho le etsa ebile ha ho litšenyehelo tsa letho—u tla fumana likarabo tse tobileng feela.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]
UN PHOTO 156450/J. Isaac