Pono ea Bibele
Tumelo ea ’Nete—Ke Eng?
“KA NTLE HO TUMELO HO KE KE HA KHONEHA HO MO KHAHLISA HAHOLO, KAHA EA ATAMELANG MOLIMO O LOKELA HO LUMELA HORE O TENG LE HORE E BA MOPUTSI OA BA MO BATLANG KA TIEO.”—BAHEBERU 11:6.
TUMELO ke eng? Ba bang ba hlalosa tumelo e le ho lumela ho Molimo ka lebaka la bolumeli empa ho se na bopaki bo tiileng ba hore o teng. Moqolotsi oa litaba oa Leamerika H. L. Mencken o hlalositse tumelo e le “ho lumela hore lintho tse itseng tse ke keng tsa etsahala lia etsahala ho se na mabaka a utloahalang a ho lumela.” Na ee ke tumelo ea ’nete e hlalosoang ka Bibeleng? Ke habohlokoa ho ba le kutloisiso e hlakileng ka seo tumelo e leng sona hobane, joalokaha ho qotsitsoe ka holimo, ‘ka ntle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo.’
Bibele e re: “Tumelo ke ho tšepa lintho tse ntseng li lebeletsoe.” (Baheberu 11:1, BPN) Ka hona, tumelo e thehiloe tsebong e nepahetseng, linneteng tseo ho ka itšetlehoang ka tsona ho fihlela liqeto tse nepahetseng. Ha ho hlokahale feela ho lumela empa ho hlokahala le lebaka la ho lumela.
Ho tea mohlala: Mohlomong u na le motsoalle eo u ka reng ka eena: “Motho eo kea mo tšepa. Seo a se buileng kea se kholoa. Kea tseba hore ha ke e-na le bothata, o tla nthusa.” Ha ho bonolo hore u ka bua joalo ka motho eo u mo tsebileng letsatsi kapa a mabeli feela, na ha ho joalo? E tlameha e be e le motho ea ipakileng a tšepahala khafetsa. Ho lokela ho be joalo le ka tumelo ea bolumeli, e lokelang ho haha tšepo le kholiseho tse thehiloeng bopaking bo tiileng, bo ka tšeptjoang.
Tumelo Kapa Tumelo e se Nang Mabaka?
Lintho tse ngata tse hlalosoang e le tumelo kajeno ha e le hantle ke tumelo e se nang mabaka—ho ikemisetsa ho lumela ntho ntle ho motheo kapa lebaka le utloahalang. Hangata tumelo e se nang mabaka e hahoa maikutlong le litumela-khoeleng tse sa tsitsang. Ena ke tumelo e sa thehoang motheong o motle kaha ho se na motheo o ka tšeptjoang oa ho lumela.
Tumelo e se nang mabaka e ka etsa hore motho a potlakele ho etsa liqeto tseo mohlomong li hananang le ’nete ea Bibele. Ka hona, Bibele e lemosa khahlanong le tumelo e se nang motheo: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15) Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle.” (1 Bathesalonika 5:21) Bibele ha e khothalletse tumelo e se nang mabaka. E khothalletsa tumelo e thehiloeng bopaking.
Ho khona ho khetholla tumelo ea ’nete ho tumelo e se nang mabaka ke taba e tebileng. Motho a ka ’na a ba bolumeling empa a se ke a ba le tumelo ea ’nete. Pauluse o ile a re: “Tumelo hase batho bohle ba nang le eona.” (2 Bathesalonika 3:2) Empa batho ba bang ba na le tumelo e thehiloeng Bibeleng, ’me e ama bophelo ba bona.
Tumelo ea ’Nete e Tlamella Motho ho Molimo
Tumelo e ka tšoantšoa le ketane e nang le lihokelo tsa kholiseho le tšepo tse tlamellang motho ho Molimo. Empa tumelo ea mofuta ona ea hlaoleloa; hase ntho eo re tsoaloang re e-na le eona. U ka hlaolela tumelo ea ’nete joang? Bibele ea hlalosa: “Tumelo e latela ntho e utloiloeng. Ntho e utloiloeng le eona e teng ka lentsoe le mabapi le Kreste.”—Baroma 10:17.
Ka hona, u lokela ho ipha nako ea hore u tsebe Molimo le lithuto tsa Mora oa hae, Jesu Kreste. Tsebo ena e fumanoa ka ho etsa boiteko. (Liproverbia 2:1-9) U lokela ho ikitlaetsa e le hore u fumane seo Bibele e se bolelang e le hore u kholoe ho tšepahala ha eona.
Leha ho le joalo, tumelo ea ’nete ha e akarelletse feela ho ba le tsebo kapa ho lumela hore ntho e itseng ke ’nete. E akarelletsa le pelo—e leng mohloli oa tšusumetso. Baroma 10:10 e re: “Ka pelo motho o sebelisa tumelo.” See se bolela eng? Ha u ntse u thuisa ka lintho tsa bomolimo, u haha kananelo ea hao ka tsona, u lumella molaetsa oa Bibele ho tebela pelong ea hao. Tumelo ea hōla le ho matlafala ha u ntse u susumelletseha ho sebetsa tumellanong le litšepiso tsa Molimo le ha u ntse u bona bopaki ba tlhohonolofatso ea hae.—2 Bathesalonika 1:3.
Tumelo ea ’nete ke letlotlo la bohlokoa hakaakang! Re rua molemo ha re khona ho tobana le maemo a thata re e-na le kholiseho ho Molimo, re tšepile hore o tla khona ho re tataisa le boikemisetso ba hae ba ho hlokomela litlhoko tsa rōna. Ho feta moo, Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a supa molemo oa nako e telele oa tumelo: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Bophelo bo sa feleng—ke mpho e babatsehang hakaakang ho ba nang le tumelo!
Ho ba le tumelo tšepisong ea Molimo ea ho putsa bahlanka ba hae ho fa motho pono e ncha ka bophelo. Baheberu 11:6 e re tumelo ea ’nete e akarelletsa ho lumela matleng a Molimo a ho putsa “ba mo batlang ka tieo.” Ka hona, ho hlakile hore tumelo ea ’nete hase tumelo e se nang mabaka, ’me ho feta moo hase feela ho lumela hore Molimo o teng. E akarelletsa ho amohela matla a Molimo a ho ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo. Na ka tieo u hlile u batla ho tseba Molimo? Haeba u batla ho mo tseba, joale fumana tsebo e nepahetseng Lentsoeng la hae, Bibele, ’me tumelo ea hao e tla putsoa.—Bakolose 1:9, 10.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]
Drawings of Albrecht Dürer/Dover Publications, Inc.