Loida o Qetella a Tseba ho Bua
Joalokaha ho boletse ’mè oa Loida
JOALOKA ’mè e mong le e mong ea lebeletseng ngoana, ke ne ke amehile ka hore ngoana oa ka a ka ’na a hlaha a e-na le bokooa bo itseng. Leha ho le joalo, ke ne ke sa lebella sello se utloisang bohloko sa ngoana oa ka oa boraro, Loida, ha a hlaha. Ka phoso ngaka e ne e ile ea roba lepetu la molala la Loida ka letlao la eona. Libeke tse ’maloa ka mor’a hore Loida a buuoe e le hore ho lokisoe phoso eo, o ile a tlisoa hae. Leha ho le joalo, thabo ea rōna e ile ea e-ba ea nakoana.
Likhoeling tse seng kae tse latelang, ho ile ha hlaka hore ho na le ho hong ho hlileng ho leng phoso. Meriana ea Loida e ile ea hanana le eena—ea baka lintho tse akarelletsang feberu, letšollo le ho finahana mesifa—’me phekolo ea matšoao ana e ne e bonahala e mpefatsa boemo ba hae le ho feta. Kapelenyana Loida o ile a sitoa ho laola ho sisinyeha ha ’mele oa hae. Qetellong lingaka li ile tsa re bolella hore Loida o na le kholofalo bokong. Li ile tsa re le ka mohla a ke ke a tsamaea kapa a bua—esita le hona ho utloisisa seo re se buang.
Boiteko ba Pele Tabeng ea Puisano
Ho sa tsotellehe menyetla e fokolang ea hore a ka fola, ke ne ke ntse ke nahana hore Loida a ka utloisisa lintho tse ngata. Ka hona, ke ile ka mo balla libuka tse bonolo ’me ka ikemisetsa ho mo ruta lialfabeta. Empa Loida o ne a sitoa ho bua kapa hona ho bontša hore ho na le seo a se utloang linthong tseo ke neng ke li bua. Ho ne ho se mokhoa oa ho tseba hore na ho na le ntho eo a e utloisisang—haeba e ne e le teng.
Ha lilemo li ntse li feta, boiteko ba ka ba ho ruta Loida bo ile ba bonahala bo se na katleho. Leha ho le joalo, ke ile ka qeta lihora tse ngata ke mo balla. Re ile ra ba ra mo kenyelletsa thutong ea rōna ea Bibele ea lelapa le Noemí, morali oa rōna oa ho fela, re sebelisa buka ea Ho Mamela Mosuoe e Moholo le Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele.a Ke baletse Loida likhaolo tse ngata tsa libuka tsena ka makhetlo-khetlo.
Ho sitoa ho bua le motho eo u mo ratang ke ntho e sithabetsang maikutlo haholo. Ha ke isa Loida serapeng sa boikhathollo, o ne a lla ka mokhoa o sa tšeliseheng. Hobane’ng? Ke ne ke nahana hore o ne a utloisoa bohloko ke hore eena ha a khone ho matha le ho bapala joaloka bana ba bang. Lekhetlong le leng, Loida o ile a bokolla ha a bona ausi oa hae a mpalla ho itseng bukeng ea hae ea sekolo. Ka ho hlakileng, ho ne ho e-na le ho mo khathatsang, empa ke ne ke sa tsebe hore na ke eng. Ha Loida a re oa bua, o ne a peteketsa mantsoe a seng makae feela, a neng a bontša litlhoko tsa hae tsa mantlha tse kang lijo, metsi, bethe kapa ntloana.
Ha a le lilemo li robong, Loida o ile a qala ho kena sekolo sa bana ba nang le litlhoko tse khethehileng. Leha ho le joalo, lilemong tse tharo tse latelang, boemo ba hae bo ile ba mpefala. O ne a tšaba ho tsamaea mehato leha e le mekae feela a sa tataisoe, ’me o ile a batla a khaotsa ho ntša molumo leha e le ofe oa ho leka ho bua. ’Na le monna oa ka re ile ra etsa qeto ea hore ho tla ba molemo hore re rute Loida lapeng.
Ka lilemo tse tšeletseng tse latelang, ke ile ka ruta Loida ka hohle kamoo nka khonang. Ke ne ke ngola litlhaku letlapeng ka khopolo ea hore Loida o tla li kopitsa. Boiteko ba ka e ne e le ba lefeela. Na bothata e ne e le hore Loida ha a utloisise, kapa o ne a sitoa ho ngola hobane a sitoa ho laola ho sisinyeha ha matsoho a hae?
Ha Loida a le lilemo li 18, ho ne ho le boima haholo ho mo hlokomela hoo ke ileng ka rapela Jehova ka tieo, ka mo kōpa hore a nthuse hore ke khone ho bua le morali oa ka. Karabelo ea thapelo ea ka e ile ea tla ka tsela e sa tloaelehang.
Ho Khona ho Bua
Phetoho e khōlō e ile ea e-ba teng ha barali ba ka ba ne ba khabisa kamore ea rōna bocha. Pele ba qaqapolotsa pampiri ea khale e koahetseng lebota, Noemí o ile a ngola mabitso a itseng leboteng—mabitso a ka Bibeleng le mabitso a metsoalle le a litho tsa lelapa. Ka bohelehele, morali oa ka Rut o ile a botsa Loida hore na oa tseba hore “Jehova” e ngotsoe kae. Ka ho makatsang, Loida o ile a ea leboteng ’me a beha hlooho ea hae pel’a moo lebitso la Molimo le ngotsoeng. Rut o ile a ipotsa hore na ebe Loida a ka khona ho khetholla mabitso a mang, eaba oa mo botsa ho mo hlahloba. Ho makaleng ha Rut, Loida o ne a khona ho khetholla le leng le le leng la ’ona—esita le mabitso ao a neng a e-s’o ka a a bona a ngotsoe! Rut o ile a bokella lelapa lohle hore le tl’o iponela. Loida o ne a tseba ho bala!
Ka mor’a nako, re ile ra qapa mokhoa o neng o tla thusa Loida hore a “bue” le rōna. Re ile ra manamisa litlhaku tsa lialfabeta leboteng la phaseje ea rōna e telele. Ho ngola litlhaku tse nyenyane letlapeng le tšoaroang ka letsoho ho ne ho ke ke ha sebetsa kaha Loida ha a na matla a lekaneng hore a laole matsoho a hae hore a tsebe ho supa tlhaku ka ’ngoe. Ka hona, ha Loida a batla ho bua, o ne a peleta molaetsa oa hae ka ho ema pel’a tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe e leboteng. Joalokaha u ka inahanela, sena se ne se tla khathatsa haholo. Ha e le hantle, Loida o tlameha ho tsamaea lik’hilomithara hore feela a tsebe ho qeta leqephe le le leng la litaba, ’me ho ka nka lihora hore a le qete!
Leha ho le joalo, Loida o thabetse hore ebe o khona ho “bua” le rōna. Ha e le hantle, ona e bile molaetsa oa hae oa pele ho rōna: “Ke thabile haholo hore ebe ka thuso ea Jehova, ke se ke khona ho bua.” Re maketse, re ile ra botsa Loida: “U ne u etsa’ng ha u ntse u lutse letsatsi lohle?” Loida o re o ne a nahana seo a lakatsang ho re bolella sona. Ka sebele, Loida o re o ’nile a lakatsa ho bua ka lilemo tse 18. O itse: “Ha Rut a qala ho ea sekolong, ke ile ka ipalla buka ea sekolo. Ke ne ke bebenya molomo ebe ke ntša molumo o itseng, empa le ne le sa nkutloisise. Ke lona lebaka le neng le etsa hore ke lule ke lla.”
Ke ile ka kōpa tšoarelo ke lla ka hore ebe ke ne ke sa mo utloisise. Loida o ile a arabela: “U ’mè ea molemo, ’me ha ua ka ua tela. Ke ’nile ka thaba kamehla ha ke e-na le uena. Ke u rata haholo. Ka hona, u ke ke ua hlola u lla, akere?”
Khatelo-pele ea Moea
Loida o ne a se a ntse a e-na le tsebo ea Bibele, ’me o ne a tšoere litemana tse itseng tsa Bibele ka hlooho. Empa kapele o ile a re bolella hore o batla ho fana ka litlhaloso Thutong ea Molula-Qhooa ea phutheho, e leng puisano ea Bibele ea beke le beke ea lipotso le likarabo. O ne a tla etsa see joang? E mong oa rōna o ne a tla mo balla sehlooho sohle. Joale Loida o ne a tla khetha potso eo a ratang ho e arabela. Re ne re ngola tlhaloso ea hae ka tsela eo a re peletelang eona. Joale ha re le libokeng, e mong oa rōna o ne a bala tlhaloso ea Loida. Loida o kile a re bolella: “Ho nthabisa haholo hore ke khona ho nka karolo hobane ho etsa hore ke ikutloe ke le karolo ea phutheho.”
Ha Loida a le lilemo li 20, o ile a hlalosa takatso ea hae ea ho batla ho kolobetsoa. Ha a botsoa hore na oa tseba hore na ho inehela ho Jehova ho bolela eng, Loida o ile a arabela ka hore ke khale a entse seo lilemong tse supileng tse fetileng—ha a ne a le lilemo li 13 feela. O ile a re: “Ke ile ka rapela Jehova ’me ka mo bolella hore ke batla ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.” Ka la 2 August, 1997, Loida o ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Loida o ile a re bolella: “Ka thuso ea Jehova, takatso ea ka e phethahetse!”
Loida o thabela ho bua ka ’Muso oa Molimo le beng ka eena le baahisani. Ka linako tse ling o tsamaea le rōna ha re ntse re bolella batho seterateng. O boetse o ngotse lengolo leo re le sieang lapeng haeba ho se na motho. Loida o thahasella haholo ba hōlileng le ba kulang. Ka mohlala, re na le morali’abo rōna ea ponngoeng leoto phuthehong. Loida o ile a re bolella, “Kea tseba hore na ho joang ho sitoa ho tsamaea,” ka hona, o ile a ngola lengolo le khothatsang morali enoa oabo rōna. Joale ho na le Jairo, moshanyana oa phuthehong e ’ngoe ea shoeleng litho ho tloha hloohong ho ea maotong. Ha Loida a utloa ka mahlomola ao a hae, o ile a mo ngolla lengolo. Lengolong leo ho na le moo a itseng: “Haufinyane Jehova o tla re folisa. Ha ho sa tla ba le mahlomola Paradeiseng. Joale ke tla beisa le uena ke bone hore na ke mang ea tla siea e mong. Kea qaboha hobane ho tla ba monate haholo. Ho tseba feela hore re tl’o ba joalokaha Jehova a re bōpile, re sa kule . . . Na hase ho babatsehang?”
Ho Thusoa ho Mamella
Ke hona ke utloisisang lintho tse ngata tse neng li ’makatsa ka tsela eo Loida a neng a itšoara ka eona. Ka mohlala, Loida o re ha a le monyenyane o ne a sa batle ho koptjoa ka matsoho hobane o ne a ferekane maikutlo. O itse: “Ke ne ke bona e le ho hloka toka hore ebe banab’eso ba banana ba ne ba tseba ho bua le ho ithuta lintho ’me ’na ke sitoa. Ke ne ke halefa haholo. Ho na le linako tseo ke neng ke lakatsa eka nka be ke shoele.”
Le hona mphong ena ea ho bua, Loida o ntse a thulana le liphephetso. Ka mohlala, hoo e ka bang khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, o ba le linako tse latellanang tsa ho finahana mesifa hoo nakong ea teng a bonahalang a bipetsana, ’me matsoho le maoto a hae a sisinyeha ka tsela e sa laoleheng. Ho phaella moo, tšoaetso leha e le efe—esita le sefuba feela—e mo fokolisa haholo. Ka linako tse ling boemo ba Loida bo mo sithabetsa maikutlo. Ke eng e mo thusang hore a mamelle? E-re a u bolelle ka mantsoe a hae:
“Thapelo e ’nile ea e-ba thuso e khōlō. Ho bua le Jehova, ho ikutloa ke le haufi le eena, ho nthabisa haholo. Ke boetse ke ananela lerato le tlhokomelo tseo ke li fuoang ke ba bang Holong ea ’Muso. Ke inka ke le lehlohonolo haholo hore ebe ke hōlisitsoe ke batsoali ba ka ba babeli ba ratehang, ba nthatang haholo, ho sa tsotellehe bokooa ba ka. Nke ke ka hlola ke lebala seo banab’eso ba nketselitseng sona. Litlhaku tseo tse ntle tseo ba neng ba li ngotse leboteng li bolokile bophelo ba ka. Kantle ho lerato la Jehova le lerato la lelapa leso, bophelo ba ka bo ka be bo se na morero.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. Hona joale Ho Mamela Mosuoe e Moholo ha e sa hatisoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Loida le lelapa labo