Pono ea Bibele
Na Molimo oa Feto-fetoha?
SETSEBI sa thuto mabapi le batho, George Dorsey, o hlalosa Molimo oa “Testamente ea Khale” e le “Molimo ea mabifi.” Oa phaella: “Yahweh . . . ha a na lerato ka ho feletseng. Ke Molimo oa batlatlapi, oa bahlokofatsi, oa bahlabani, oa tlhōlo.” Ba bang ba fihletse qeto e tšoanang ka Molimo oa “Testamente ea Khale”—Yahweh kapa Jehova. Ka hona, ba bang kajeno ba ipotsa hore na ebe Jehova e ne e le Molimo ea khopo eo qetellong a ileng a fetola botho ba hae ’me ea e-ba Molimo ea lerato le ea mosa oa “Testamente e Ncha.”
Maikutlo a joalo ka Molimo oa Bibele ha a macha. A ne a qale ho hlahisoa ke Marcion, eo ho neng ho bonahala e le Mognostic oa lekholong la bobeli la lilemo C.E. Marcion o ile a hana ho amohela Molimo oa “Testamente ea Khale.” O ne a nka Molimo eo e le ea mabifi le ea ratang ho iphetetsa, mohatelli ea putsang ba mo rapelang ka lintho tse bonahalang. Ka lehlakoreng le leng, Marcion o ile a hlalosa Molimo oa “Testamente e Ncha”—ea senotsoeng ke Jesu Kreste—e le Molimo ea phethahetseng, Molimo ea nang le lerato la sebele le mosa, ea lereko le ea tšoarelang.
Jehova o Sebetsana le Phephetso ea Maemo a Fetohang
Lebitso la Molimo, Jehova, le bolela hore “O Etsa Hore ho be Teng.” Sena se bolela hore Jehova o iketsa Mophethahatsi oa litšepiso tsohle tsa hae. Ha Moshe a ne a botsa Molimo lebitso la hae, Jehova o ile a qaqisa seo le se bolelang ka tsela ena: “Ke tla ba seo ke tla ba sona.” (Exoda 3:14, NW) Phetolelo ea Rotherham e e beha tjena: “Ke Tla Ba eng kapa eng eo ke ratang ho ba eona.”
Ka hona, Jehova o khetha ho ba, kapa ho iketsa ntho leha e le efe e hlokahalang hore a phethahatse merero ea hae e lokileng le litšepiso tsa hae. Bopaki ba sena bo bonahala litlotleng tse ngata tseo a nang le tsona le mabitso a mo hlalosang: Jehova oa makhotla, Moahloli, ’Musi, Poulelo, ’Musi Morena, ’Mōpi, Ntate, Morupeli e Moholo, Molisa, Ea utloang thapelo, Morekolli, Molimo ea thabileng le tse ling tse ngata. O khethile ho ba lintho tsena kaofela—le tse ling tse ngata—e le hore a phethahatse merero ea hae e lerato.—Exoda 34:14, NW; Baahloli 11:27; Pesaleme ea 23:1; 65:2, NW; 73:28; 89:26; Esaia 8:13; 30:20, NW; 40:28, NW; 41:14, NW; 1 Timothea 1:11.
Joale, na see se bolela hore botho ba Molimo kapa litekanyetso tsa hae lia fetoha? Che. Jakobo 1:17 e re mabapi le Molimo: “Ho eena ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.” Molimo o ne a ka sebetsana joang le phephetso ea maemo a sa tšoaneng ha eena ka boeena a lula a sa fetohe?
Mohlala oa batsoali ba phethang likarolo tse sa tšoaneng molemong oa bana ba bona o hlakisa hore na sena se ka etsahala joang. Ka letsatsi le le leng, motsoali e ka ba moapehi, mohloekisi, setsebi sa motlakase, mooki, motsoalle, moeletsi, mosuoe, motho ea laeang le tse ling tse ngata. Motsoali ha a fetole botho ba hae ha a phetha likarolo tsena; o mpa a tenyetseha le maemo ha ho hlokahala joalo. Ke boemo bo tšoanang le ka Jehova, empa ka tekanyo e khōloanyane. Ha ho na meeli ea hore na a ka iketsa eng e le hore a phethahatse morero oa hae le hore a nke khato molemong oa libōpuoa tsa hae.—Baroma 11:33.
Ka mohlala, Jehova o senoloa e le Molimo ea lerato le ea mosa Mangolong a Bakreste a Segerike le ho a Seheberu. Moprofeta Mikea oa lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. o ile a botsa ka Jehova: “Ke mang Molimo ea kang uena, ea tšoarelang phoso le ea tlohelang tlōlo ea masala a lefa la hae? Ka sebele ha a na ho tšoarella bohaleng ba hae ka ho sa feleng, etsoe o thabela mosa o lerato.” (Mikea 7:18, NW) Ka ho tšoanang, moapostola Johanne o ile a ngola mantsoe ana a tsebahalang: “Molimo ke lerato.”—1 Johanne 4:8.
Ka lehlakoreng le leng, likarolong tseo tse peli tsa Bibele, Jehova o hlalosoa e le Moahloli ea lokileng oa ba tlōlang melao ea hae le ho ntša ba bang kotsi ba sa khaotse, ba sa hlajoe ke lihlong ba bile ba sa bontše pako. Mopesaleme o itse: “Bohle ba khopo [Jehova] o tla ba felisa.” (Pesaleme ea 145:20, NW) Ka tsela e tšoanang, Johanne 3:36 e re: “Ea sebelisang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora ha a na ho bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.”
Litšoaneleho Tsa Hae ha li Fetohe
Botho ba Jehova le litšoaneleho tsa hae tse ka sehloohong—lerato, bohlale, toka le matla—ha lia fetoha. O ile a bolella batho ba Iseraele: ‘Ke ’na Jehova, ha kea fetoha.’ (Malakia 3:6) Sena se boletsoe lilemo tse ka bang 3 500 ka mor’a hore Molimo a bōpe moloko oa batho. Tumellanong le polelo eo ea Molimo, ho hlahlobisisa Bibele eohle ho senola hore Molimo ke ea sa fetoheng litekanyetsong tsa hae le litšoanelehong tsa hae. Ha hoa ba le ntlafalo e itseng bothong ba Jehova Molimo ha makholo a lilemo a ntse a feta, kaha bo ne bo sa hloke ho ntlafatsoa ka letho.
Ho tiea ha Molimo bakeng sa ho lokileng, joalokaha ho senotsoe ka Bibeleng, ha hoa fokotseha, kapa hona hore lerato la hae le eketsehile ho feta qalong ha a ne a sebelisana le batho Edene. Ho fapana ha botho ba hae hoo ho bonahalang eka Bibele e ho bonahalitse likarolong tse fapaneng tsa eona ha e le hantle ke maemo a fapaneng a bona botho ba hae bo sa fetoheng. Sena se bakoa ke maemo a sa tšoaneng le batho ba sa tšoaneng bao a sebelisaneng le bona, e leng se etsang hore ho hlokahale boitšoaro kapa litšebelisano tse sa tšoaneng.
Ka hona, Mangolo a bontša ka ho hlaka hore botho ba Molimo ha boa fetoha ho theosa le makholo a lilemo le hore bo ke ke ba fetoha le kamoso. Jehova ke mothofatso oa botsitso le tumellano tse phahameng ka ho fetisisa. Ka linako tsohle ho ka itšetlehoa ka eena ’me oa tšepahala. Re ka itšetleha ka eena kamehla.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Eena Molimo ea ileng a timetsa Sodoma le Gomora . . .
. . . o tla boela a tlise lefatše le lecha la ho loka