Molimo oa “Testamente ea Khale”—Na ke Molimo oa Lerato
“MOLIMO oa Testamente ea Khale, e leng Yahweh oa Sejode, ke molimo o rohakang, molimo o bohale, molimo o boulelang, ’me ke sitoa ho ikutloa ke le haufi le oona.” Ho bolela joalo Youji Inoue, moprista oa Mok’hatholike oa Mojapane, sehloohong se reng “Majapane le Bokreste” ho e ’ngoe ea likoranta tse khōlō tsa Japane, Asahi Shimbun. Empa, o tsoela pele, Molimo ona qetellong “o ile oa ntlafatsa ’me oa fetoha hore e be Molimo oa Testamente e Ncha, ke hore, Molimo oo Jesu a rutileng ka oona.”
Ha e le hantle, hase moruti Inoue feela ea nang le maikutlo a joalo. Empa na u lumellana le eena? Na le uena u ikutloa hore Molimo oa “Testamente ea Khale,” kapa Mangolo a Seheberu, ke Molimo o bohale le o tletseng boiphetetso ha o bapisoa le Molimo oa “Testamente e Ncha,” kapa Mangolo a Bakreste a Segerike?
Ho batho, botho bo ka fetoha. Ka mohlala, Bibele e phehella ba ratang Molimo “ho apara motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.” (Ba-Efese 4:24) Ka ho ithuta Bibele le ho sebelisa seo ba ithutileng sona, ba bangata ba neng ba koetlile mona, bohale le lintho tse joalo, ba fetohile haholo, hoo hona joale bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi ba bonahatsang tholoana ea moea oa Molimo—‘lerato, thabo, khotso, sebete, khauho, molemo, botšepehi, bonolo le boitšoaro.’—Ba-Galata 5:22, 23.
Empa na ho ka boleloa joalo le ka ’Mōpi, Jehova Molimo? Na “o ntlafalitse le ho fetoha,” ho tloha ho “molimo o bohale” ho ea ho Molimo oa Bokreste o lerato, joalokaha ba bang ba ka mo bitsa joalo?
Jehova—Haesale e le Molimo oa Lerato
Moapostola Johanne o ngotse, “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8, TLP) Mono o boletse ’nete ea ka ho sa feleng: ’Mōpi, Jehova, haesale e le Molimo oa lerato le sa fetoheng ’me e ntse e le oona ebile e tla ’ne e be oona. ’Me ho tloha qalong ho isa qetellong, tlaleho ea Bibele e tšehetsa polelo eo.
Ha Jehova a bōpa lefatše, ka lerato o le entse hore e be lehae le loketseng hantle bakeng sa batho. (Esaia 45:18) Hamorao, ha a bōpa monna oa pele le mosali oa pele, Adama le Eva, o ba entse ka ‘setšoantšo sa oona,’ ke hore, oa ba hlomella ka litšoaneleho tsa bomolimo tse kang lerato, toka, bohlale le matla. O boetse oa teka ka pel’a bona tebello ea ho ba le bana, ho fetola lefatše lohle paradeise, le ho phela ho lona ka ho sa feleng. (Genese 1:27, 28) Na see sohle e ne e se bopaki ba Molimo oa lerato?
Ha batho ba babeli ba pele ba ineela molekong oa Satane ka noha, ba ile ba itahlela bona le bana ba bona ba e-song ho tsoaloe mahlohonolo a ka ho sa feleng. Ntlheng ena ea bohlokoa, Jehova a bolela boprofeta ba pele bo tlalehiloeng ka Bibeleng, e leng hore ‘peō ea mosali’ e tšepisitsoeng e ne e tla khoba hlooho ea noha. (Genese 3:15) Na tšepiso ee ea tšepo le topollo e ne e se pontšo e ’ngoe e totobetseng ea lerato la Molimo?
Lilemo tse ka bang 2 000 hamorao, Jehova a tšepisa mohlanka oa hae ea khabane Abrahama hore: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao,” kahoo a senola hore ‘peō ea mosali’ e ne e tla tsoa lesikeng la Abrahama. (Genese 22:18) Tšepiso ena ea tiisa tšepo ea topollo ’me ea bontša hore lerato la Jehova bakeng sa batho ha lea tapisoa ke ho fela hoa nako. O ne a hopotse ka bokamoso bo hlohonolofalitsoeng ha a etsa tšepiso ena. Ka sebele ke Molimo oa lerato!
Lerato la Molimo ho Iseraele
Ho feta moo, Jehova Molimo a lopolla Baiseraele bohlankeng Egepeta ka 1513 B.C.E. ’me a tlabola selekane sa Molao le bona ka Moshe. Ho oa bobeli Melaong e Shome, Jehova o itse: “Hobane ’na Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o boulelang [“Molimo o batlang boineelo bo feletseng,” NW] o otlang bana ka bokhopo ba batsoali ba bona ho isa molokong oa boraro le oa bone oa ba ntlhoeang; empa ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ea ka, ho isa melokong e sekete.”—Exoda 20:5, 6.
E le Morena ’Musi le monghali ea kang monna, Jehova o ne a e-na le tokelo ea ho batla boineelo bo feletseng ho sechaba sa hae sa selekane, Iseraele. (Esaia 54:5; Jeremia 3:14) Ha sechaba sa hae se fetoha se sa tšepahaleng ’me nako le nako se retelehela melimong ea bohata, na ho ne ho utloahala hore Jehova, ka lebaka la ho se rata, a se khalemele, a bontše hore ha a ananele e bile o nyatsa tsela ea bona ea boithatelo?
Ka makhetlo a mangata, Jehova o bontšitse kameho e tebileng bakeng sa sechaba sa hae ’me a ipiletsa ho sona hore se khutlele ho eena. (Esaia 55:7) Le hoja a ile a se shapela libe tsa sona, qetellong a lumella hore ho ba sechaba ha bona ho senngoe ’me se isoe botlamuoeng naheng esele, ka nako ea teng a se khutlisetsa naheng ea habo sona. Hoo hohle ho bontša eng ka Jehova? Na ke Molimo o boulelang, o lehloeo le o iphetetsang? Che! Ho e-na le hoo, ho bontša hore ke “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete.”—Exoda 34:6; Nehemia 9:17; Joele 2:13; Nahume 1:2, 3.
Lerato le Bontšitsoeng ka Mora oa Hae
Ho theosa le makholo a lilemo, Jehova Molimo o ’nile a fana ka lintlha tse eketsehileng mabapi le ‘peo ea mosali’ le ‘peo ea Abrahama,’ ’me ka baprofeta ba Hae a profeta ho tla hoa Messia. Ha nako e beiloeng e fihla, Molimo oa bontša lerato la oona ka tsela eo ho seng e kang eona—ka ho romela Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng ho fana ka sehlabelo sa topollo.
Ka tokisetso ena e babatsehang, moapostola Johanne o ngotse: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Kaha lerato la Molimo ka Mora oa oona, Jesu Kreste, le leholo bo tsotehang hakana, ba bang ka phoso ba fihletse qeto ea hore e ne e ke ke ea e-ba Molimo o le mong le Molimo oo ho buuoang ka oona ka Mangolong a Seheberu e le o otlang le o ahlolang.
Empa na Molimo oo Jesu a rutileng ka oona o fapana hakaalo le Molimo o bontšoang Mangolong a Seheberu? Kapa ke hore batho ba ikhethetse ho bona feela seo ba batlang ho se bona? Na lengolo leo le tsebisahalang, Johanne 3:16, ka ho hlakileng ha le bontše hore ha motho a sa ‘lumele’ ho Mora, motho eo o tla “timela”? Ho feta moo, Johanne a tsoela pele ho re: “Ea sa lumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Molimo bo sala holim’a hae.” (Johanne 3:36) Haeba hona ho se tsela eo ka eona ho tlosang ho hong leratong la Molimo, joale ke hobane’ng ha pontšo ea hae ea ho se thabele Baiseraele ba sa tšepahaleng le ba bang ka Mangolong a Seheberu ho ka mo etsa Molimo o se nang lerato?
Morero o Lerato oa Molimo bakeng sa Hau
Ka moprofeta oa oona Malakia, Molimo o itse: “’Na Jehova, ha kea fetoha.” (Malakia 3:6) Hase feela hore ha aa fetoha e le Molimo oa lerato empa le morero oa hae o lerato mabapi le batho le lefatše o ntse o sa fetoha. Joalokaha Molimo o ile oa bea ka pel’a Adama le Eva tebello ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng ea lefatše, oona Molimo ona oa lerato o batla hore u be har’a ba tla phela ka ho sa feleng ka thabo Paradeiseng eo. (Luka 23:43; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:4) Empa ho hlokahala eng? Jesu o itse: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho ithuta ka Jehova, Molimo oa lerato le sa fetoheng.