Pono ea Bibele
Mosebeletsi ke Mang?
MANTSIBOEENG a pele ho letsatsi leo Jesu a neng a tla shoa lefu la sehlabelo ka lona, metsoalle ea hae e haufi-ufi e ile ea phehisana khang e khōlō. Ho latela Luka 22:24, ho ile ha “tsoha phehisano e chesang har’a bona ka hore na ke ofe oa bona ea neng a bonahala eka ke e moholo ka ho fetisisa.” Lena e ne e se lekhetlo la pele ho hlaha khang e joalo har’a baapostola ba Jesu. Bonyane liketsahalong tse peli pele ho eo, Jesu o ile a tlameha ho lokisa mehopolo ea bona.
Ho ne ho soabisa hakaakang hore ebe bosiung boo bo mahlonoko, Jesu o iphumana a tlameha ho ba hopotsa hape hore na seo mosebeletsi oa Mokreste a hlileng a lokelang ho ba sona ke sefe. O ile a re: “Eo e leng e moholo ka ho fetisisa har’a lōna a a be joaloka e monyenyane ka ho fetisisa, le ea sebetsang joaloka ea ka sehloohong a a be joaloka ea sebeletsang.”—Luka 22:26.
Ha hoa lokela ho re makatsa hore ebe baapostola ba ne ba e-na le maikutlo a fosahetseng ka bohlokoa ba maemo le bophahamo. Pele ho Jesu, bangoli le Bafarisi e ne e bile mehlala ea bona e ka sehloohong ketello-peleng ea bolumeli. Ho e-na le ho fa batho tataiso le tsamaiso ea moea, basebeletsi bana ba bohata ba ile ba lumella lineano le melao e neng e “koalla batho ’muso oa maholimo.” E ne e le batho ba behileng mehopolo ea bona maemong, ba batlang bophahamo le ba nang le boithati ba neng ba etsa mesebetsi ea bona “hore ba bonoe ke batho.”—Matheu 23:4, 5, 13.
Mofuta o Mocha oa Mosebeletsi
Leha ho le joalo, Jesu o ile a hlahisa khopolo e ncha ea tšebeletso ea moea ho barutuoa ba hae. O ile a ruta: “Le se ke la bitsoa Rabi, kaha o mong mosuoe oa lōna, athe lōna bohle le bara ba motho. Ho feta moo, le se ke la bitsa mang kapa mang ntate oa lōna lefatšeng, kaha o mong Ntate oa lōna, Oa leholimo. . . . Empa e moholo ka ho fetisisa har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna.” (Matheu 23:8-11) Barutuoa ba Jesu ba ne ba sa lokela ho etsisa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea bona. Haeba ba ne ba batla ho ba basebeletsi ba sebele, ba ne ba tlameha ho etsisa Jesu. O ile a siea mohlala oa mofuta ofe?
Hangata Bibele e sebelisa lentsoe la Segerike di·aʹko·nos bakeng sa “mosebeletsi.” The Encyclopedia of Religion e hlalosa hore lentsoe lena ha le emele “maemo empa le emela kamano ea ho sebeletsa e teng pakeng tsa mosebeletsi le mosebeletsuoa: ho latela mohlala oa Kreste . . . ho teng pelong ea Mokreste ea utloisisang tšebeletso.”
Tumellanong le tlhaloso e nepahetseng ea lentsoe “mosebeletsi,” Jesu o ile a etsa sohle ho thusa ba bang. O ile a hlalosa a sa fele pelo: ‘Mora oa motho o ile a tla, eseng ho tla sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa le ho fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) Ka ho hloka boithati, Jesu o ile a sebelisa nako ea hae, matla le bokhoni ho thusa ba bang nameng le moeeng. Hobane’ng? Hobane o ne a utloela bohloko letšoele le neng le tšoeroe hampe moeeng le neng le khobokanetse ho eena. O ne a batla ho thusa. Lerato le khaphatsehang ke lona le ileng la mo susumelletsa hore a etse tšebeletso ea hae, ’me o ne a batla hore barutuoa ba hae ba bontše boikutlo bo tšoanang ba ho fana.—Matheu 9:36.
Nakong ea bophelo ba hae, Jesu o ile a behela basebeletsi ba kamoso mohlala. O ile a re: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Matheu 9:37, 38) E, basebeletsi ba Kreste e ne e lokela ho ba basebetsi mosebetsing o moholo ka ho fetisisa o kileng oa e-ba teng lefatšeng—ho fana ka matšeliso a moea ho batho bohle ka ho bolela le ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Matheu 28:19, 20.
Ho lebisa tlhokomelo ho faneng hona le ho sebeletseng litlhoko tsa ba bang ke hona ho ileng ha etsa hore tšebeletso ea Kreste ebe e ikhethang. O ile a ruta basebeletsi ba hae hore e be ba sebetsang ka matsoho, batšoasi ba litlhapi ba moea le balisa, eseng ho ba balateli ba lintho tse sa utloisiseheng le ho ba litho tsa setsi sa thuto e itseng ba apereng liaparo tse khethehileng le matšoao a ba khethollang.—Matheu 4:19; 23:5; Johanne 21:15-17.
Pono ea Bibele
Ka masoabi, ho theosa le lilemo khopolo ena e phahameng le eo e seng ea boithati ea basebeletsi bao e leng baboleli ba itetseng le mesuoe e ile ea sothoa. Se ileng sa qala e le tšebeletso ea Bokreste se ile sa fetoha setsi sa melao e tsamaisoang ke baeta-pele ba phahameng ba bolumeli. Ho ile ha thehoa tsamaiso ea bolumeli le litulo, ’me li ne li fuoa batho ho ea ka botumo le matla a bona, ’me hangata ho ne ho ipokelleloa leruo le lengata. Sena se ile sa baka likarohano. Ho ile ha hlaha sehlopha sa baruti se neng se inehetse haholo tabeng ea ho laola lisakramente tsa bolumeli le ho eletsa khahlanong le bokhelohi. Bokreste ba lekholong la pele la lilemo, boo e neng e le bolumeli bo mafolofolo boo ho bona e mong le e mong e neng e le mosebeletsi, bo ile ba fetoha ha makholo a mang a lilemo a ntse a feta ho ba bolumeli bo sa sebetseng boo ho bona e leng batho ba seng bakae feela ba koetlisitsoeng ka ho khetheha le ho fuoa matla a ho bolela le ho ruta.
Leha ho le joalo, Bibele ha e khetholle mosebeletsi oa Mokreste ka seaparo se ikhethileng, lineano tse fetelletsoang, moputso kapa qeto ea naha, empa e mo khetholla ka mosebetsi oa hae o se nang boithati. Moapostola Pauluse o bontšitse boikutlo boo basebeletsi ba Bakreste ba lokelang ho bo bontša. O ile a ba khothalletsa ho se ‘etse letho ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong.’—Bafilippi 2:3.
Ka sebele, Pauluse o ne a phela tumellanong le seo a se rutang. A latela mohlala oa Kreste haufi-ufi, ha aa ka a batla ‘se molemo ho eena empa ho ba bangata, e le hore ba ka pholoha.’ Kamoo a boletseng kateng, o ne a utloisisa ’me ka cheseho a ikutloa a ikarabella bakeng sa ho ‘fana ka litaba tse molemo ntle ho tefo, e le hore a se sebelise hampe matla a hae a ho laela litabeng tse molemo.’ O ne a sa batle “thoriso e tsoang ho batho.”—1 Bakorinthe 9:16-18; 10:33; 1 Bathesalonika 2:6.
Ke mohlala o ikhethang hakaakang oa mosebeletsi oa ’nete oa Mokreste! Ba latelang mohlala oa hae o babatsehang le ho tsamaea ka tsela e se nang boithati eo Jesu Kreste a e siileng e le mohlala, ba itellang ho fa ba bang thuso ea moea le matšeliso a litaba tse molemo ka bolokolohi, ba ipaka e le basebeletsi ba ’nete ba Molimo.—1 Petrose 2:21.