Ke Hobane’ng ha ho Sebelisana le Meea ho Thahaselloa Hakaale?
Ho sebelisana le meea ho ’nile ha hlalosoa e le “tumelo ea hore karolo ea motho ea moea e phonyoha lefu la ’mele oa nama ’me e ka buisana le ba phelang, hangata ka motho ea sebeletsang e le mokena lipakeng.”
KA 1998, buka e neng e hlalosa kamoo ho ka ikopanngoang le bafu kateng e ile ea tuma United States hoo ka potlako e ileng ea itlhoma pele lethathamong la libuka tse rekoang haholo le hlahang ho New York Times.
Lilemong tse seng kae tse fetileng Moscow, liboka tsa bonohe le ba sebelisanang le meea li ile tsa cheseheloa ka matla ke bo-ralipolotiki le bo-rakhoebo, ba ileng ba lefa lichelete tse phahameng hore ba khone ho kena.
Brazil, lipale tse tsoelang pele tsa thelevishene tse bontšang tšebelisano le meea li hohela bashebelli ba bangata.
Ho batho ba bangata ba lulang Afrika kapa Asia, ho sebelisana le meea ho tloaelehile joaloka ho rekisa ’marakeng.
Lebaka Leo ka Lona ba Bangata Hakaana ba Retelehelang ho Sebelisaneng le Meea
Ba bangata ba retelehela ho sebelisaneng le meea e le ho fumana matšeliso ka mor’a lefu la baratuoa ba bona. Ka motho ea buisanang le meea, ba ka ’na ba fumana boitsebiso bo khethehileng bo bonahalang bo tsoa ho mofu. Ka lebaka leo, hangata bao ba shoetsoeng ba kholoa hore baratuoa ba bona ba shoeleng ba sa phela le hore ho ikopanya le bafu ho tla ba thusa hore ba sebetsane ka katleho le tahlehelo eo.
Ba bang ba hohelleha hore ba sebelisane le meea hobane ba boleletsoe hore meea e tla ba thusa hore ba fole maloetseng a itseng, hore ba tla tsoa bofutsaneng, ba atlehe litabeng tsa bona tsa lerato, ba rarolle mathata a bona a lenyalo kapa ba fumane mosebetsi. Athe ba bang ba bangata ba retelehela ho sebelisaneng le meea ka lebaka la bohelehele feela.
Leha ho le joalo, ho ea kamoo setsebi se seng litabeng tsena se hlalositseng kateng, lebaka le leng le etsang hore batho ba limilione ba retelehele ho sebelisaneng le meea ke la hore ba rutiloe hore ho sebelisana le meea ke “bolumeli bo tlatselletsang [bo] tsamaisanang le Bokreste.” Boemo ba bolumeli Brazil ke mohlala oa sena.
Brazil e na le palo e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng ea baahi bao e leng Maroma a K’hatholike, empa joalokaha sengoli Sol Biderman a beha taba, “litho tse limilione tse tšepahalang tsa kereke li bonesa likerese lialetareng tse fapaneng ’me [ha li] utloe ho na le ho hanyetsana ho itseng.” Ha e le hantle, koranta ea litaba tsa beke le beke ea Brazil, Veja, e tlalehile hore karolo ea 80 lekholong ea ba etelang khafetsa litsing tsa ba sebelisanang le meea Brazil ke Mak’hatholike a kolobelitsoeng a bileng a eang ’Miseng. Ha motho a phaella ho sena ka taba ea hore le bona baruti ba bang ba kopanela ’mokeng oa ho sebelisana le meea, a ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha balumeli ba bangata ba nahana hore Molimo o amohela ho sebelisana le meea bakeng sa ho fumana matšeliso le tataiso. Empa na ho joalo?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 3]
Mekhoa e Fapaneng ea ho Sebelisana le Meea
Ho sebelisana le meea ho ka ’na ha kopanyelletsa ho ea mothong ea buisanang le meea, ho botsa bafu kapa ho batla lipontšo tsa lintho tse tlang. Mokhoa o mong o tloaelehileng oa ho sebelisana le meea ke bonohe—ho leka ho fumana bokamoso kapa lintho tse sa tsejoeng ka thuso ea meea. Mekhoa e meng ea bonohe ke bonohe ba linaleli, ho sheba bolo ea kristale, ho hlalosa litoro, ho bala mela ea seatla, ho noha bokamoso ba motho le ho lepa bokamoso ka thuso ea likarete tsa tarot.