Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 9/8 maq. 12-15
  • Boiteko ba ka ba ho Etsa Khetho e Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boiteko ba ka ba ho Etsa Khetho e Bohlale
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsa Khetho
  • Ntoa e Phephetsang ea Molao
  • Ho Loanela Litokelo Tsa Mokuli
  • Ho Hlokomela Lelapa la Rōna
  • Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lipetlele—Ha e le Uena Mokuli
    Tsoha!—1991
  • Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • U na le Tokelo ea Ho Khetha
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 9/8 maq. 12-15

Boiteko ba ka ba ho Etsa Khetho e Bohlale

JOALOKAHA HO BOLETSE GUSTAVO SISSON

Ha ke le lilemo li 12, le hoja ke ne ke ikakhetse ka setotsoana ho seseng, ke ile ka etsa qeto ea ho ba ngaka. Empa ka nako e tšoanang, ke ile ka qala ho ithuta Bibele ’me, ka lebaka leo, ka batla ho ba mosebeletsi. Ho ile ha etsahala’ng ka litakatso le lithahasello tsa ka tse fapaneng? Na li ne li tsamaisana?

KA 1961, Olive Springate, eo e neng e le moromuoa oa Lipaki tsa Jehova Brazil, o ile a qala ho ithuta Bibele le ’na le ’Mè. Ka lebaka la khanyetso ea Ntate, eo e neng e le ngaka e hlomphehang Pôrto Alegre, re ile ra khaotsa ho ithuta. Leha ho le joalo, Olive o ile a ’na a ikopanya le rōna, ’me qetellong ke ile ka hlokomela ’nete ho seo ke neng ke ithutile sona. Empa ka nako eo, ho ameha ha ka ho seseng ho ne ho mphapositse litabeng tsa moea.

Ha ke le lilemo li 19, ke ile ka kopana le pabala ea moroetsana ea bitsoang Vera Lúcia sebakeng seo ke neng ke sesetsa ho sona, ’me re ile ra ratana. ’Mè o ile a mo bolella ka tumelo ea rōna, ’me o ile a thahasella. Ka hona, ke ile ka ikopanya le Olive, eaba o qala ho ithuta Bibele le rōna, ho sa tsotellehe khanyetso ea ntate oa Vera Lúcia.

Vera Lúcia o ile a tsoela pele ho ithuta ’me a hatela pele tsebong ea Bibele. O ile a ba a qala ho khanna lithuto tsa Bibele le batho ba sebetsang sebakeng seo ke neng ke sesetsa ho sona. Ka nako e tšoanang, ke ne ke amehile haholo ka ho ikoetlisetsa litlhōlisano tsa sechaba tsa ho sesa tse neng li e-tla.

Ka mor’a hore re ithute le hona ho kopanela libokeng tsa Bokreste nako e fetang selemo, ntate oa Vera Lúcia o ile a qala ho belaela hore ho na le ho hong hoo a sa ho tsebeng. Ka letsatsi le leng ha re khutla libokeng, o ne a re emetse ’me o ile a batla ho tseba hore na re ne re le hokae. Ke ile ka arabela ka hore re ne re le libokeng tsa Bokreste le hore le hoja ho eena e ka ’na eaba bolumeli hase ntho ea bohlokoa hakaalo, ho rōna e ne e le taba ea bophelo le lefu. O ile a feheloa ’me a re: “Che, haeba ke taba ea bophelo le lefu, ke tla mpe ke amohele lintho kamoo li leng kateng.” Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, boikutlo ba hae bo ile ba fetoha, ’me le hoja a sa ka a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova, e ile ea e-ba motsoalle ea haufi-ufi le molekane linakong tseo re mo hlokang ka tsona.

Ho Etsa Khetho

Ke ne ke entse qeto ea ho tlohela litlhōlisano tsa ho sesa ka mor’a bompōli ba sechaba, empa ho hlōla ha ka habeli le ho ba le rekoto ea Brazil ea ho sesa ka mokhoa oo motho a o ratang ea limithara tse 400 le tse 1 500 ho ile ha etsa hore ke fumane memo ea ho ea sesa lipapaling tsa Pan American Games, Cali, Colombia ka 1970. Le hoja Vera Lúcia a ne a le khahlanong le seo, ke ile ka qala ho ikoetlisetsa lipapali tseo.

Ha ke sesitse hantle Cali, bakoetlisi ba ile ba mpotsa hore na ha ke rate ho ikoetlisetsa Liolympiki. Ke ile ka nahana ka lithuto tsa ka tsa bongaka tseo ke sa li qetang le ka ’nete e babatsehang eo ke neng ke ithutile eona ka merero ea Jehova, eaba ke lahla mohopolo oa ho phehella ho sesa. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ke ile ka hatela pele ka potlako moeeng. Ka 1972, selemo seo ka sona ho neng ho e-na le Liolympiki Munich, Jeremane, ’na le Vera Lúcia re ile ra tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing. Sena se ile sa khothatsa ’Mè hore a tsosolose ho ithuta Bibele, ’me ka mor’a nako le eena o ile a kolobetsoa.

Ka mor’a hore ’Mè a kolobetsoe, khanyetso ea Ntate e ile ea tota. Qetellong lelapa leso le ile la qhalana, ’me kaha ke ne ke ntse ke le univesithi, re ile ra tlameha ho phela ka penshene e fokolang ea ’Mè le ka chelete eo re neng re e fumane ha ho rekisoa ntlo ea lapeng. Ka lebaka leo, ’na le Vera re ile ra chechisa lechato la rōna. Ha e le hantle, thuto e ntle eo ke neng ke e fumane ho Ntate e ile ea nthusa hore ke etse qeto eo ke ileng ka e etsa. Hangata o ne a re: “U se ke ua tšaba ho ba ea fapaneng,” le “Hase kamehla bongata bo nepileng.” E ’ngoe ea lipolelo tseo a neng a li rata haholo e ne e le ho re, “Bohlokoa ba monna bo lekanngoa ka seo a se fang ba bang.”

Kaha ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke khonne ho sebelisa keletso eo e babatsehang ea Ntate. Ke ne ke le lehlakoreng la hae ha a e-shoa ka 1986. Re ne re ile ra ba metsoalle hape ’me re ne re hlomphana. Ke lumela hore o ne a le motlotlo ka ’na kaha ke ile ka ba ngaka joaloka eena.

Ho sa le joalo, ke ne ke qetile sekolong sa bongaka ka 1974. Ke ile ka etsa qeto ea ho ba ngaka e phekolang mafu ka kakaretso, empa hamorao ka mor’a ho nahanisisa taba ena hantle, ka etsa qeto ea hore ho ka thusa barab’eso ba Bakreste haholo haeba ke e-ba ngaka e buoang. (Liketso 15:28, 29) Ka hona, ke ile ka amohela phephetso ’me ka qeta lilemo tse tharo tse latelang ke ikoetlisetsa ho ba ngaka e buoang.

Ntoa e Phephetsang ea Molao

Boemo bo utloisang bohloko haholo boo nkileng ka sebetsana le bona ke ba ngoananyana oa Paki ea lilemo li 15 ea neng a tsoela mali ka hare. O ne a pulufetse ’me khatello ea hae ea mali e le tlaase, empa a hlaphohetsoe a bile a tiile qetong ea hae ea ho se tšeloe mali. Ka mor’a ho etsa hore mali a hae a eketsehe, ke ile ka mo hlahloba ka hare le ho hlatsoa libaka tse neng li amehile ka metsoako e batang ea matsoai hore mali a khaotse ho tsoa. Qalong o ile a hlaphoheloa, empa lihora tse 36 hamorao, ha a ntse a le ka tlhokomelong ea bakuli ba kulang haholo, ka tšohanyetso mali a ile a qala ho tsoa hape. Ho sa tsotellehe boiteko bo matla, ngaka e neng e sebetsa ka nako eo e ile ea sitoa ho laola ho tsoa ha mali ao le ho eketsa a ’meleng, ’me ngoananyana eo o ile a shoa.

Ha sena se etsahala, komiti ea melao le litekanyetso tsa batho e ile ea fanyeha tokelo ea ka ea ho sebetsa ke le ngaka ’me ea isa taba ea ka lekhotleng la lingaka la sebaka. Ke ile ka qosoa ka ho tlōla melao e meraro ea bongaka, e leng ho neng ho beha lengolo la ka la bongaka kotsing, ’me seo se ne se bolela mokhoa oa ka oa boipheliso.

Komiti e ile ea mpalla matsatsi a 30 ao ka ’ona ke neng ke tlameha ho ngola fatše boikemelo ba ka. Babuelli ba ka ba molao ba ile ba hlophisa mabaka a molao le a melao-motheo, ’me ka thuso ea Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC) ea sebakeng seo ke leng ho sona, e leng sehlopha sa Lipaki tsa Jehova se khothalletsang tšebelisano-’moho pakeng tsa sepetlele le bakuli, ke ile ka hlophisa boikemelo ba ka ke itšetlehile ka tsa bongaka le tsa saense. Nyeoeng, komiti e laelang e ile ea mpotsa haholo-holo ka boemo ba ka ke le ngaka hape ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, boikemelo ba ka bo ne bo thehiloe haholo mabakeng a bongaka le a saense le litlalehong tse entsoeng ke lingaka tse buoang tse hlomphehang.

Bopaki bo fanoeng bo ile ba tiisa hore mokuli o ne a hanne ho tšeloa mali le hore ke ne ke sa etsa letho ho mo susumelletsa ho etsa qeto eo ea hae. Ho ile ha boela ha hlahella hore lingakeng tse ’nè tse neng li sebetsane le taba eo, e ne e le ’na feela ea ileng a qala ho sebelisa phekolo e itseng e neng e lumellana le takatso ea mokuli le boemo ba hae ba bophelo.

Joale nyeoe ea ka e ile ea fetisetsoa komiting e neng e tla vouta e feletse. Ke ile ka fana ka boikemelo ba ka ka metsotso e leshome, boo ho bona ke neng ke tšetlehile mabaka a ka linthong tsa bongaka joaloka boikemelong ba ka ba pele boo ke neng ke bo ngotse fatše. Ka mor’a hore li ’mamele, litho tse peli tsa komiti li ile tsa bolela hore le hoja ke ne ke sa sebelisa tšelo ea mali, phekolo eo ke neng ke e sebelisitse e ne e thehiloe ka ho tiea saenseng. Ngaka e ’ngoe e ile ea hatella hore phekolo e sa sebeliseng mali ea sebetsa le hore palo ea batho ba shoang ea fokola ho ba phekoloang ka eona. Setho sa ho qetela sa lekhotla se ile sa re taba e tšohloang hase ea hore na ho tšela mali ke phekolo e molemo kapa che. Taba e ne e le hore na ngaka e ka sebelisa phekolo eo mokuli oa eona a sa e rateng na, ’me setho seo se ne se nahana hore ngaka ha e na tokelo ea ho etsa joalo. Ka hona, ka lebaka la bongata ba batho ba 12 khahlanong le ba babeli, litho tsa lekhotla li ile tsa voutela hore liqoso tseo li qhaloe, ka hona ka hlakoloa molato ka ho feletseng.

Ho Loanela Litokelo Tsa Mokuli

Batho ba bang ba boholong lefapheng la bongaka ba ’nile ba batla taelo ea lekhotla hore ba qobelle bakuli ba Lipaki hore ba amohele ho tšeloa mali, ’me ka linako tse ling ke ’nile ka fana ka bopaki linyeoeng tsa lekhotla tse thusitseng ho fetola litaelo tse joalo. Nyeoe e ’ngoe e ne e ama Paki e neng e e-na le methapo ea mali e ruruhileng ’metsong, e leng bothata bo bakang hore mali a tsoele ka mpeng a le mangata. Nakong eo a neng a kenngoa sepetlele ka eona, o ne a se a ntse a haelloa ke mali haholo—hemoglobin ea hae e ne e le ligrama tse 4,7 desilithareng ka ’ngoe.a Qalong, o ne a sa ka a qobelloa ho amohela mali, ’me o ile a fuoa phekolo e mo matlafatsang feela.

Joale, ka mor’a beke a le sepetlele, mokuli eo o ile a makala ha a fumana ketelo ea molaoli oa lekhotla e nang le taelo ea hore a tšeloe mali. Ka nako eo, hemoglobin ea hae e ne e se e phahametse ligramong tse 6,4 desilithareng ka ’ngoe, ’me o ne a tsitsitse bophelong. Ho bonahala moahloli a ne a thehile qeto ea hae boemong ba pele ba hemoglobin ea hae, eseng ho ba bobeli, moo e neng e se e phahame.

HLC e ile ea thusa. Mokuli o ile a nkōpa hore ke mo hlahlobe. Ke ile ka etsa joalo, ’me ka mor’a moo ra atleha ho mo isa sepetleleng se seng moo a neng a ka phekoloa ntle ho mali. Ka nako e tšoanang, babuelli ba hae ba molao ba ile ba phephetsa taelo ea lekhotla ea hore ho tšeloe mokuli mali.

Ke ile ka bitsetsoa nyeoeng ka pel’a moahloli, ea ileng a mpotsa ka boemo ba mokuli. Nakong ea ha nyeoe e ntse e tsoela pele, o ile a mpha tumello ea hore ke tsoele pele ho phekola mokuli ha ho ntse ho sekasekoa taba ea taelo ea lekhotla. Nakong eo ka eona ho boeloang nyeoeng, mokuli o ne a hlaphohetsoe a bile a tsoile sepetlele. Ha ke bitsoa hore ke eo fana ka bopaki hape, ’muelli oa sepetlele o ile a re ke pake hore phekolo eo ke neng ke e khothalletsa e thehiloe saenseng. O ile a soaba nko ho feta molomo ha ke hlahisa sehlooho se neng se hatisitsoe koranteng ea bongaka ea sona sepetlele seo a neng a se buella, ’me sehlooho seo se ne se khothalletsa phekolo e joalo!

Ha ho lihuoa kahlolo, re ile ra thaba ha re utloa hore boemo ba rōna ba ho itšetleha phekolong ea bongaka ho e-na le ho tšeleng mali, bo ne bo hlōtse. Sepetlele se ile sa laeloa hore se lefe litšenyehelo tsohle, ho kopanyelletsa le litšenyehelo tsa molao. Le hoja sepetlele se ile sa ipiletsa, se ile sa boela sa hlōloa.

Ho Hlokomela Lelapa la Rōna

Ho tloha haesale ke e-ba Paki, Vera Lúcia o ’nile a ntšehetsa joaloka molekane ea itetseng le joaloka mosali ea nang le bokhoni le ’mè ea fanang ka mohlala ho bana ba rōna. O khonne joang ho sebetsana ka katleho le liphephetso, ho hlokomela lelapa la rōna le ho thusa ho hlokomela bana, bao hona joale e leng bacha ba mahlahahlaha? O khonne sena ka lebaka la ho rata ha hae Jehova le tšebeletso ea Bokreste ka ho teba.

Re le batsoali, re ’nile ra ruta bana ba rōna thuto le melao-motheo ea Bibele ho tloha ha ba sa le banyenyane haholo. Ho sa tsotellehe bophelo bo phathahaneng boo re bo phelang, re loanela ho sebeletsa tšebeletsong ea nako e tletseng ka likhoeli tse itseng selemo se seng le se seng. ’Me re etsa sohle se matleng a rōna hore re khomarele kemiso, e akarelletsang ho bala Bibele kamehla, ho tšohla temana ea Bibele letsatsi ka leng le ho arolelana tumelo ea rōna le ba bang tšebeletsong ea Bokreste. Morao tjena, ka makhetlo lelapa la rōna le ’nile la khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 12 beke le beke le batho bao e seng Lipaki.

’Na le Vera Lúcia re boetse re leka ho kopanyelletsa bara ba rōna tšebeletsong ea rōna, ha ka nako e tšoanang, re hlompha lithahasello tsa bona tsa botho. Re lumela hore ho hlokahala lintho tse tharo tsa motheo hore batsoali ba hlokomele lelapa la bona hantle. Ea pele, thuto e nepahetseng e thehiloeng Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ea bobeli, mohlala o motle o tlang ho fa bana bopaki bo hlakileng ba hore batsoali ba bona ba tšaba Molimo ka ho feletseng. ’Me ea boraro, botsoalle bo nepahetseng le Bakreste ba lilemo tsohle le ba maemo ’ohle a bophelo, ba ka fanang ka limpho tse fapaneng le bokhoni ho litho tsa lelapa. Joaloka banyalani, re iketselitse pakane ea ho fa lelapa la rōna lintho tsena tse tharo.

Ha re hetla morao lilemong tse ka bang 30 re sebeletsa Jehova, ntle ho tikatiko ’na le mosali oa ka re ka re o re file bophelo bo molemohali le ho re fa lintho tse ngata tse thabisang le litlhohonolofatso. Le hoja ke sa ka ka hlola ke finyella Liolympiking, ke ntse ke thabela ho sesa lik’hilomithara tse ’maloa beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ’nete hore ho ba ngaka le ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ho entse hore bophelo ba ka bo be maphathaphathe haholoanyane, empa ke fumane e le ho putsang haholo ho thusa bara le baralib’eso ba Bakreste hore ba mamelle tšebeletsong ea bona ho Molimo ha ba tobane le liteko.

Hangata kea botsoa hore na ha nke ke ngongoreha hore ke tl’o lahleheloa ke mosebetsi ha tsamaiso e ncha ea Molimo e e-tla ’me ho se ho se motho ea kulang. Ke arabela ka ho re ke tla ba oa pele ho tlōla ka thabo nakong eo ‘ba holofetseng ba tla tlōla joalo ka khama, le nakong eo leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo,’ ’me ‘ho se moahi ea tla re: “Kea kula.”’—Esaia 33:24; 35:6, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Motho e moholo oa monna ea phetseng hantle o na le hemoglobin e ka etsang ligrama tse 15 desilithareng ka ’ngoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Moo ke buoang mokuli

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

’Na le Vera Lúcia, le thuto ea rōna ea lelapa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela