Ho Finyella Litekanyetso
BOTSOALLE ba machaba, kutloano ea bara ba motho, khotso—ke mang ea ke keng a rorisa litekanyetso tse khabane joalo? Motho ea tsosolositseng Liolimpiki, Baron Pierre de Coubertin, o ne a lumela hore lipapali li tla felisa bora ba lichaba ka ho khothalletsa ho hlompha ka ho teba ba nkang karolo, ho sa tsotellehe morabe, bolumeli kapa bong ba bona. O ne a e-na le maikutlo a hore “ke batho ba molemo feela ba ka tlisang lefatše le molemo.” Empa na lipapali ka sebele li ka tlisa khotso ea lefatše? Ha re etsa qeto motheong oa tlaleho ea tsona e fetileng, re tla tlameha hore re fane ka karabo ea hore ha ho joalo.
Le hoja lipapali li e-na le sebaka sa tsona, thuto ea Bibele ke senotlolo sa ho khothalletsa khotso ea sebele. Ruri melao-motheo ea Bibele e ka hlahisa “batho ba molemo” joalokaha Coubertin a ile a beha taba. Nahana ka mangolo a mang a khothalletsang khotso bathong ba a sebelisang, ho sa tsotellehe bochaba ba bona.
“Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35.
“Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:18.
“Hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle.”—Bagalata 6:10.
“Le sa etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.”—Bafilippi 2:3.
“Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane; empa boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle, kaha bo e-na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8.
Na e hlile litekanyetso tse behiloeng mangolong aa lia sebetsa? Nahana ka se ileng sa etsahala Munich, Jeremane. Ka 1974, lilemo tse peli feela ka mor’a hore Lipapali tsa Liolimpiki tse neng li tšoaretsoe motseng oo li senngoe ke bokhukhuni le polao, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoarela kopano ea tsona ea machaba Lebaleng la Lipapali la Liolimpiki. Har’a ba neng ba le teng e ne e le batho ba tsoang Greece le Turkey—linaha tse neng li loantšana. Ha e le hantle, hona lehlabuleng leo, masole a Greece le a Turkey a ne a tšoarehile ntoeng e tsekang sehlekehleke sa Cyprus. Na see se ne se tla ama Bakreste ba teng kopanong ee? Le letho! Ho ne ho ama pelo hakaakang ho batho ba shebeletseng ho bona batho ba Greece le ba Turkey ba kopana ka matsoho ’me ba bitsana mor’eso le morali’eso!
Lipaki tsa Jehova li tsebahala lefatšeng lohle ka ho finyella likamano tsa khotso tse sa natseng meeli e behoang ke bochaba, morabe le leloko. Ke ’nete hore ha li ipolele li finyelletse ka ho phethahetseng litekanyetso tsa bonngoe ba lefatše lohle le tšebelisano. Joaloka motho e mong le e mong, li tlameha ho ikitlaelletsa ho latela keletso ea moapostola oa Mokreste Pauluse: “Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me le ikapese botho bo bocha.” (Bakolose 3:9, 10) Leha ho le joalo, li lumela ka tieo hore ho latela melao-motheo ea Bibele ho ka thusa batho ho ‘batla khotso le ho e phehella.’—1 Petrose 3:11.
Ka masoabi, Liolimpiki—ho sa tsotellehe litekanyetso tsa tsona tse phahameng—li tlisitse masoabi ho ba bangata. Ho fapana le hoo, Lentsoe la Molimo le matla le tlisetsa batho molemo, le khothalletsa botsoalle le khotso tsa machaba.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Liolimpiki li khothalletsa tlhōlisano
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Aus dem Fundus der MÜNCHNER OLYMPIAPARK GMBH, München
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Bibele e khothalletsa khotso