Litekanyetso Tsa Liolimpiki li Maqakabetsing
HA Baron Pierre de Coubertin a ne a fana ka tlhahiso ea hore ho tsosolosoe Liolimpiki, o ile a rala litekanyetso tse itseng tse babatsehang. Ka sebele, melao e tataisang Liolimpiki tsa mehleng ena, e ileng ea neheloa ho Coubertin, e re: “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa Lipapaling tsa Liolimpiki ke ho nka karolo, e seng ho hlōla . . . Ntho ea bohlokoa ke ho loana hantle, eseng ho hlōla.”
Coubertin o ne a lumela hore ho kenella litlhōlisanong tse hlomphehang ho ne ho tla bōpa botho bo babatsehang, ho khothalletse kahlolo e molemo le ho buella boitšoaro bo botle. O ile a ba a bua ka ‘bolumeli ba lipapali.’ O ne a nka hore Liolimpiki li ka ruta batho ho phela ka khotso.
Empa nakong eo Coubertin a ileng a shoa ka eona ka 1937, tšepo leha e le efe tabeng ena e ne e le lerōthō. Lipapali li ne li se li ile tsa emisoa ka lekhetlo le le leng ka lebaka la ntoa ea lefatše, ’me ho ne ho e-na le tsitsipano bakeng sa ntoa e ’ngoe e khōlō. Kajeno, litekanyetso tsa Liolimpiki li khelelletse le ho feta maqakabetsing. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Liolimpiki le Lithethefatsi
Ka mashome a lilemo, lithethefatsi tse eketsang matla li ’nile tsa sebelisoa ke baatlelete hore ba be le monyetla oa ho hlōla, ’me sena se ’nile sa etsahala le Lipapaling tsa Liolimpiki. Ka sebele, hona joale ka mor’a lilemo tse 25 ho sebelisoa mokhoa o matla oa ho hlahloba ba sebelisang lithethefatsi, lintho tse thibetsoeng ho sebelisoa e sa le bothata bo tsoelang pele baatleleteng ba Liolimpiki.
Baatlelete ba bang ba sebelisa steroids bakeng sa hoba le monyetla oa ho hlōla. Ba bang ba sebelisa lintho tse natlafatsang. Ho hōlisa li-hormone tsa motho ho atile har’a limathi tsa lebelo la sekhahla baatleleteng ba bang ba matla hobane ho thusa baatlelete hore ba hlaphoheloe ka potlako mokhathaleng o matla ’me ho bile ho matlafatsa mesifa. Ho sa le joalo, mofuta oa ho iphetola ha liphatsa tsa lefutso oa erythropoietin ke sethethefatsi se ratoang ke limathi tse ngata tsa lebelo la mokoka, ba sesang le ba thelelisang lehloeng libakeng tse ka mathōko, kaha e ba fa matla a ho mamella ka ho susumelletsa lisele tse khubelu tsa mali hore li be teng.
Ka ho utloahalang, Dr. Robert Voy eo e kileng ea e-ba mookameli Komiting ea United States ea Liolimpiki e neng e hlahloba ba sebelisang lithethefatsi, o bitsa baatlelete “laboratori e tsamaeang.” O ile a phaella: “Liolimpiki li fetohile lebala leo bo-rasaense, litsebi tsa metsoako le lingaka tse se nang boikarabelo li etsang liteko ho lona.” Ho thoe’ng ka ho hlahloba ba sebelisitseng lithethefatsi? Dr. Donald Catlin, mookameli oa laboratori e hlahlobang lithethefatsi United States o re: “Moatlelete ea hlalefileng ea batlang ho sebelisa lithethefatsi o sebelisa lintho tseo re sitoang ho li hlahloba ’meleng.”
Tjotjo le Bobolu
Kaha ke litoropo tse fokolang tse ka khonang ho kenya kōpo ea hore Liolimpiki li tšoareloe sebakeng sa tsona, tse ling tsa tsona li tla etsa ntho leha e le efe e ka etsang hore li fumane monyetla oo. Lilemo tse ka bang peli tse fetileng, Komiti ea Machaba ea Liolimpiki (International Olympic Committee [IOC]) e ile ea iphumana e le qhafutsong ea manyofonyofo. Liqoso tsa hore litho tsa IOC li ne li fuoe tjotjo ea liranta tse ka fihlang ho limilione tse 2,8 hore Salt Lake City e be eona e khethoang bakeng sa Lipapali tsa Mariha tse tla tšoaroa ka 2002, li ile tsa etsa hore ho belaelloe melao le litekanyetso tsa ba amehang ho khetheng sebaka.
Hangata ho ba thata ho khetholla phapang pakeng tsa moea oa ho amohela baeti le tjotjo e tobileng ha metse e nang le monyetla oa hore lipapali li tšoareloe ho eona li fana ka limpho tse ngata-ngata ho batho ba khethang sebaka. Litho tse ka bang 20 tsa IOC li ile tsa amahanngoa le manyofonyofo a Salt Lake City, ’me tse tšeletseng tsa tsona li ile tsa qetella li lelekiloe. Ha e le tabeng ea Lipapali tse tšoareloang Australia tsa 2000, boiteko bohle ba ho hlahisa maikutlo a hore ho ne ho se na bomenemene bo ile ba phubuloa ha mopresidente oa Komiti ea Liolimpiki ea Australia a lumela: “Bonneteng, ha rea finyella boemo bona hobane feela ho bonoe botle ba motse le lisebelisoa tseo re nang le tsona bakeng sa lipapali.”
Lipelaelo li boetse li tsosoa ke mokhoa o mabothobotho haholo oo litho tse ka sehloohong tsa IOC li phelang ka oona. Eo e neng e le mookameli oa Switzerland oa International Rowing Federation, Tommy Keller, ea seng a sa phele o kile a re eena kamoo a bonang kateng, ba bang ba bo-matoetoe ba lipapali ba nka Liolimpiki e le monyetla oa ho “khotsofatsa lithahasello tsa bona tsa botho.” O ile a phaella ka hore ho bonahala ba susumetsoa ke “ho phehella chelete le ho batla ho khotsofatsa takatso ea bophahamo.”
’Maraka o Matlahali
Ha ho ea ka hanang hore Liolimpiki li ama chelete e ngata. Ka tloaelo, li entse hore thelevishene e shebelloe ke ba bangata le hore ho bapatsoe mecheng ea litaba ka chelete e ngata, e leng ho etsang hore ho tšehetsa lipapali ka lichelete e be ’maraka o moholo.
Nahana ka Liolimpiki tsa 1988 tseo ho tsona lik’hamphani tse robong tsa lichaba tse tsoakaneng li ileng tsa lefa IOC liranta tse limilione li 700 bakeng sa tokelo ea ho hoeba lefatšeng lohle. Ka 1996, Lipapali tsa Lehlabula tse neng li tšoaretsoe Atlanta li ile tsa hlahisa phaello ea liranta tse limilione tse likete li 2,8 bakeng sa tokelo e tšoanang. ’Me tseo ha li akarelletse litokelo tsa thelevishine. Sehlopha sa lik’hamphani tsa TV tsa Amerika se ile sa lefa chelete e fetang liranta tse limilione tse likete li 24 bakeng sa ho fumana tokelo ea ho hasa Lipapali tsa Liolimpiki pakeng tsa 2000 le 2008, ’me ho ile ha tlalehoa hore nakong ea lilemo tse ’nè, mekhatlo ea batšehetsi ba lichelete e 11 lefatšeng ka bophara e tla tlameha hore ka bomong e be e ntšitse liranta tse limilione tse 581. Ka hona, batho ba bang ba ’nile ba bontša hore le hoja pele Liolimpiki li ne li emela litekanyetso tsa bokhabane ba batho, kajeno lipapali tsena empa e le feela monyetla oa ho etsa chelete o emelang meharo ea batho.
Ho Ile ha Senyeha Hokae?
Litsebi tse ling li re maqakabetsi a Liolimpiki a ka amahanngoa le mehato e ’meli e ka sehloohong ea tsoelo-pele e ileng ea qala mathoasong a bo-1980. Oa pele e bile qeto e ileng ea etsoa ea ho fa mekhatlo ka bonngoe ea lipapali tsa machaba tokelo ea ho khetha hore na ke baatlelete bafe ba tšoanelehelang Liolimpiki. Le hoja ka nako e ’ngoe IOC e ne e kile ea hanela ba se nang phihlelo e feletseng hore ba kopanele lipapaling, mekhatlo e ile ea qala ho lumella baatlelete ba litsebi hore ba hlōlisane lipapaling tse fapaneng tsa Liolimpiki. Empa baatlelete bao ba litsebi ba ile ba tlisa boikutlo ba bona ba botsebi. Ho ‘loana hantle’ feela ha ho etse hore motho a fumane liranta, ’me ho e-s’o ho ee kae, tlhōlo e ile ea e-ba ntho e nkoang e le ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ha ho makatse hore ebe seo se ekelitse tšebeliso ea lithethefatsi tse fanang ka matla.
Mohato oa bobeli oa tsoelo-pele o bile ka 1983 ha IOC e lebella ho fumana phaello ho seo setsebi sa eona sa ’maraka se ileng sa e bitsa “letšoao la bohlokoa ka ho fetisisa le le sa sebelisoeng hampe lefatšeng”—e leng lireng tse lohaneng tsa Liolimpiki. Sena se ile sa khothalletsa moea oa khoebo e sa laoleheng eo e seng e le eona letšoao le khethollang Liolimpiki. Jason Zengerle o hlokometse: “Ho sa tsotellehe lipuo tsohle tse reng Liolimpiki li khothalletsa khotso le ho kopanya batho lefatšeng . . . , ’nete ke hore ha lia fapana le . . . pontšo tse ling tsa lipapali tse ratang ho hlahella.” Leha ho le joalo, na see se bolela hore litekanyetso tseo mokhatlo oa Liolimpiki o li khothalletsang ha li finyellehe?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]
LINNETE KA LIOLIMPIKI
→ Letšoao la Liolimpiki le na le lireng tse hlano, tse emelang k’honthinente ea Afrika, Asia, Australia, Europe le Amerika Leboea le Boroa. Li hokahane hammoho e le ho tšoantšetsa botsoalle ba lipapali bathong bohle.
→ Lepetjo la Liolimpiki ke Citius, Altius, Fortius—mantsoe a Selatine a bolelang “ka potlako haholoanyane, holimo haholoanyane, ka sebete haholoanyane.” Morupeli e mong ea tsoang Fora o ile a qapa phetolelo e ’ngoe e ka sebelisoang, “ka lebelo le leholoanyane, holimo haholoanyane, ka matla a maholoanyane.”
→ Lelakabe la Liolimpiki le ne le tuka aletareng ea Zeuse mehleng ea lipapali tsa boholo-holo. Kajeno, ho bonesoa serumula ka mahlaseli a letsatsi Olympia, ’me ebe le isoa lebaleng la lipapali.
→ Tloaelo ea Liolimpiki ke ea khale haholo. Lipapali tsa pele tsa Liolimpiki tse ileng tsa tlalehoa ke tse neng li tšoeroe ka 776 B.C.E., empa ba bangata ba re tšimoloho ea lipapali tsena e qalile moraonyana bonyane lilemo tse makholo a mahlano pele ho moo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/Eric Draper
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
SEBAKA SEO LIOLIMPIKI LI TLA TŠOARELOA HO SONA SYDNEY
Ho tloha ka September 1993 ha Sydney e ne e-ba eona e hlōlang kōpong ea ho amohela Lipapali tsa Liolimpiki tsa 2000, motse oo o ’nile oa hlanasela ho ba boemong bo loketseng ba ho amohela baeti ba baloang ka mashome a likete. Ho se ho entsoe mosebetsi o moholo oa ho hloekisa sebaka, ho haha mabala a boemo bo phahameng ka ho fetisisa lefatšeng le ho fetola libaka tseo ho neng ho lahleloa litšila ho tsona lirapa tse nang le matangoana, lirapa tsa boikhathollo le libaka tseo metsi a linōka a kopanang le a leoatle, tse koahelang sebaka sa boholo ba lihekthere tse 760.
Motse oa Liolimpiki oa Sydney, o hahetsoeng hore o amohele baatlelete bohle le ba boholong, ke motse o moholo ka ho fetisisa lefatšeng o sebelisang matla a letsatsi. SuperDome—setsi se seholo ka ho fetisisa sa lipapali le boithabiso tse tšoareloang ka tlung, Karolong ea Lefatše e ka Boroa—e na le matla a ikemetseng a letsatsi a maholo ka ho fetisisa Australia, ’me e sebetsa ka matla a batlang a sa ntše khase e thibellang mocheso.
Holimo sebakeng ka mor’a SuperDome ke matsoelintsoeke le maballo a lohaneng a Lebala la Lipapali la Liolimpiki. Ho haha lebala lena la lipapali tsa Liolimpiki ho jele liranta tse 3 000 000 000 ’me ke lona le leholo ka ho fetisisa lefatšeng, le nkang batho ba 110 000. Monyakong oa lebala lena la lipapali ho ka pakoa Lifofane tse ’nè tsa Boeing 747 li bapile! Holimo, siling ea lithaele tse bonaletsang e sireletsa bashebelli mahlaseling a kotsi a letsatsi. Alan Patching, motsamaisi ea ka sehloohong oa lebala leo, o itse: “Ka likhoeli tse seng kae ka 2000, sebaka sena e tla ba sa bohlokoa ka ho fetisisa Australia.” Joale o ile a re ka se tla etsahala nakong e tlang: “Ka mor’a moo e tla ba letšoao joaloka Opera House.”
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Baron Pierre de Coubertin
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Culver Pictures
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]
AP Photo/ACOG, HO