Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 11/8 maq. 8-11
  • Lithethefatsi—“AIDS ea Lipapali”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithethefatsi—“AIDS ea Lipapali”
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Moriana oa Liolimpiki”
  • Mefuta e Fapaneng ea Lithethefatsi
  • Bothata bo Tebileng
  • Kotsi ho Limathi
  • Litekanyetso Tsa Liolimpiki li Maqakabetsing
    Tsoha!—2000
  • Pefo Lipapaling—Ke Hobane’ng ha e Eketseha?
    Tsoha!—1989
  • Lipapali Tsa Lithimi—na li Ntoketse?
    Tsoha!—1996
  • Ho Tloha Olympia ho ea Sydney
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 11/8 maq. 8-11

Lithethefatsi—“AIDS ea Lipapali”

“Li-steroid li tlatsetsa tšokelong e hōlang bophelong bo botle ba sechaba sa rōna Ie polokeho.”—Mohlanka oa ’muso U.S. oa Tsamaiso ea Thibelo ea Lithethefatsi

BABŌHI ba limillione ba neng ba shebelletse liolimpiki tsa Seoul ba ile ba tšoha. Mohale oa tsona, semathi se lebelo ka ho fetisisa lefatšeng sa limithara tse 100, se ile sa amohuoa moqhaka oa sona oa gauda, sa hlokoloa lenaneng ka lebaka la ho sebelisa meriana e thibetsoeng.

Ka hona lefu le leng la seoa le hlasetse lipapali—tšebeliso ea lithethefatsi, le thata ho fotholoa hoo le bitsoang “AIDS ea lipapali.”

“Moriana oa Liolimpiki”

Ho bonahala hore haholo-holo ebile ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše moo limathi tse ling li ileng tsa qala ho sebelisa lithethefatsi lipapaling. Leha ho le joalo, hona joale, ho ea ka litsebi ho na le tšebeliso ea lithethefatsi har’a limathi e pharalletseng hoo joale ho hlokahalang “mekhatlo e rarahaneng le e bitsang chelete e ngata, eo hangata e theiloeng ke mekhatlo ea lipapali ka boeona, ka boikemisetso bo hlakileng ba ho fumana liphello tse babatsehang, ho hapa batšehetsi, ho etsa chelete, le ho fumana matla.” Ketsahalo ena e pharalletse hoo Corriere Medico, koranta ea bongaka ea Italy e bitsitseng lipapali tsa 1984 tsa Los Angeles “Moriana oa Liolimpiki.”

Ha e le hantle, tšebeliso ea lithethefatsi le liphekolo tse ling tse sa lumelloang ka molao bakeng sa ho fumana phaello e bolotsana tlholisanong ke lefu la seoa papaling linaheng tsohle. Naha e ’ngoe e batla ho hlōla tse ling, ha ho e batlang ho khaotsa ho neha limathi lithethefatsi. Ka nako e loketseng, Palamente ea Europe e bontšitse hore “takatso ea ho batla ho phahamela ba bang le litlholisano tse sa khaotseng tsa lipapali li hatella semathi ho inehela tekong e eketsehang ea ho sebelisa mokhoa leha e le ofe o moholo kapa o monyenyane oa ho boloka ponahalo e ntle ea ’mele. Teko e boetse e eketsoa ke ’nete ea hore bakoetlisi ba lipapali ha ba na lithibelo tse ngata.” Lithethefatsi li boetse li sebelisoa ho bashanyana.

Mefuta e Fapaneng ea Lithethefatsi

Ho na le mefuta e fapaneng ea lithethefatsi. Ka mohlala:

Steroid, lithethefatsi tse amehang ho se hlalositsoeng e le “ketsahalo e tebileng ka ho fetisisa historing ea Liolimpiki,” ha motšoari oa rekoto ea limithara tse 100 Ben Johnson a ne a hlakoloa lenaneng Seoul. Tsena ke lintho tseo ka ho susumetsa tlhahiso ea li-amino acid, li tlatsetsang keketsehong ea boima ba mesifa le matla haesita le ho eketsa mabifi. Ka mohlala, ho boleloa hore litlaleho tsohle tsa lefatše tsa ho phahamisa litšepe lilemong tse leshome tse fetileng li ka amahangoa le tšebeliso ea meriana ena.

Li-stimulant, joaloka caffeine le strychnine, li sebelisoa ho eketsa mafolofolo le ho fokotsa mokhathala.

Narcotic analgesic, meriana ea ho bolaea mahlaba le ho tlisa phomolo.

Beta blocker, meriana eo, ka ho fokotsa ho otla ha pelo le ho matlafatsa ’mele, e sebelisoang ka ho khethehileng ke batho ba phosang ka seqha le motsu.

Diuretic, bakeng sa ho fokotsa boima ba ’mele ka sekhahla le ho thibela boteng ba meriana e meng e thibetsoeng nakong eo ho etsoang liteko.

Ena ke e meng ea meriana e tsejoang le e sebelisoang bakeng sa ho eketsa matla, empa Komiti ea Machaba ea Liolimpiki e entse lethathama la lithethefatsi tse ka bang lekholo tse thibetsoeng. Bothata ke hore hang ha o mong oa meriana ena o thibeloa kapa ho hōlisoa mekhoa ea ho fumana boteng ba metsoako eo, sehlopha sa lingaka le ba etsang meriana ba qalisa ho etsa e meng hape.

Leha ho le joalo, ho na litsela tse ling tseo limathi li lekang ho ntlafatsa mosebetsi oa tsona ka botšepehi. Hore li ntlafatse boleng ba tsona metsing, lisesi tse ling li ile tsa etsa hore mala a tsona a tlatsoe ka gase ea helium.

Limathi tse ngata li lumetse hore li amohetse litšelo tsa mali bakeng sa ho ntlafatsa mokoka oa tsona. Ho ea ka semathi se seng, ka ho tšeloa ka lisele tse khubelu tsa mali a tsona, tse ntšitsoeng ho tsona nakong e fetileng, ho phalla ha oxygen ho ea likarolong tsohle tsa ’mele, ho kopanyelletsa le mesifa, hoa ntlafala.

Haufinyane mehloli ea likoranta e sa tsoa senola hore limathi tse ling tsa basali li sebelisitse kemolo e le mofuta oa ho eketsa matla a tsona. Ho phalla ha mali a basali ba baimana hoa eketseha, ’me sena hamorao se eketsa ho phalla ha oxygen ho ea mesifeng. Basali ba bang ba limathi, haholo-holo ba nkang karolo moo ho hlokahalang matla a maholo a ’mele, ba ile ba nka menyetla ea kemolo bakeng sa ho ntlafatsa mokoka oa bona. Ka mor’a papali, ba ntša mpa.

Bothata bo Tebileng

Empa bothata bona bo pharalletse hakae? Ka ho ahlola le ka liketsahalo tsa seoelo moo limathi li hlakoloang lenaneng ka lebaka la ho sebelisa lithethefatsi, batšehetsi ba bang ba ka ’na ba nahana hore ke karolo e nyenyane feela ea limathi e sebelisang lithethefatsi, le hore limathi tsa bona tse ratehang li ke ke tsa etsa ntho e joalo. Empa ba tloaelaneng le lipapali ba bona litaba ka leihlo le fapaneng.

“Ho sebelisoa ha li-anabolic ho pharalletse haholo ho feta kamoo ho neng ho nahanoa kateng,” ho bolela eo e kileng ea e-ba moakheli ea hloahloa oa disk Italy. Ho ea ka Moprofesa Silvio Garattini, setsebi sa lithethefatsi le meriana, bothata tšebelisong ea lithethefatsi mohlomong bo tebile ka ho eketsehileng ho feta kamoo ho ’nileng nahanoa kateng. Ho ea ka mehloli e meng, hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea limathi tse nang le matla li sebelisa lithethefatsi tse thibetsoeng.

Kotsi ho Limathi

Empa bothata tšebelisong ea lithethefatsi ha boa itšetleha ka hore mokoka o molemo o ka fumanoa ka bolotsana. Semathi sa kajeno, haholo se sebelisang lithethefatsi, ke karolo ea sehlopha se seholo le hoja se patehile, se akarelletsang lingaka tse tsebang ho fana ka lengolo la ho fumana lithethefatsi tse thibetsoeng haeba ho hlokahala. Leha ho le joalo, ke semathi se kotulang—lihlong tsa ho fumanoa kapa ho hlakoloa lenaneng ’me habohlokoa ka ho fetisisa, likotsi tse tebileng tsa bophelo.

Ho lumeloa hore anabolic steroid e senya sebete le tsamaiso ea methapo ea pelo haesita le ho hlahisa likotsi tse ling tse tebileng. Lithethefatsi tsena li boetse li ikarabella bakeng sa kotsi ea tsamaiso ea litho tsa botona kapa botšehali le botho bo mabifi ho limathi tse ling.

Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi tse ling, joaloka li-stimulant, li baka “boikutlo ba ho ferekana, boitaolo bo kotsi, le pono e lerootho.” Ha e le ka litšelo tsa mali, buka ea mahlale Doctor e bontša hore ho tšeloa ha semathi ka lisele tsa sona tsa mali tse khubelu ho na le likotsi. E ’ngoe ea likotsi tsena ke “ho ba le lisele tse ngata haholo le ho fokotsa phallo ea mali libakeng tse ling ho bakoang ke ho eketseha ha lero la mali” le ho bokellana ha tšepe “ho nang le liphello tse mpe ho litšutšu tsa ’mele (sebete, liphio, pelo, le maro a susumetsang ’mele a endocrine, jj.).”

Bahlaseluoa ba lithethefatsi, bonyane bao ba tsebahalang, ba bangata. Litlaleho tsa ba ’maloa tse tsebahalang ke tsa sepalami sa libaesekele sa Denmark Jensen, se shoeleng nakong ea lipapali tsa Liolimpiki tsa Roma ka 1960; sepalami sa libaesekele sa Brithani Tom Simpson, se shoeleng ka 1967 nakong ea Tour de France; semathi sa lebelo le bohareng sa Modutch Augustinus Jaspers, se ileng sa shoa hang ka mor’a lebelo Liolimpiking tsa Los Angeles ka 1984; semathi sa bosupa sa Jeremane Bophirima Birgit Dressel, se ileng sa shoa, se ile sa bolaoa ke chefu ea lithethefatsi tseo se neng se li filoe lilemo tse fetileng ke ngaka ea lipapali.

“Lipapali ha li na mohau,” ho boletse ka makhetlo a mangata ’mampoli oa Liolimpiki Carl Lewis. “Lithethefatsi li se li bolaile bahlaseluoa ba tsona. Bahlophisi ba tseba ka tsona ’me ha ba bue letho.”

Le hoja limathi li elelloa linnete tsena tse tšoenyang, li arabela potso joang: “Haeba nka u fa pilisi e ka etsang hore u be ’mampoli oa Liolimpiki empa e tla u bolaea nakong ea selemo, na u ne u tla e amohela?” Ho limathi tsa U.S. tseo ho buisanoeng le tsona, karolo ea 50 lekholong e lumetse. ’Me ho ka etsahala hore limathi tse ngata likarolong tse ling tsa lefatše li arabele ka tsela e tšoanang.

Na ho ka lebelloa hore mehato e loantšang tšebeliso ea lithethefatsi e tla atleha ho loantša lefu lena la seoa? Ho ea ka litsebi, ke litsi tse ’maloa feela tse hlomelletsoeng hamolemo bakeng sa liteko tse loketseng, ’me liteko tsena ka botsona li bitsa chelete e ngata. Hape, hangata liteko li ’nile tsa etsoa hore e be tsa bohata. Ho feta moo, ho sa tsotellehe se ileng sa finyelloa haufinyana Liolimpiking tsa Korea, ka mehla mehato e mecha ea lithethefatsi e ntse e le ka pele ho liphuputso. Leha ho le joalo, ho na le lebaka le utloahalang la hore lithethefatsi le pefo lipapaling li tla fela.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

“Haeba nka u fa pilisi e ka etsang hore u be ’mampoli oa Liolimpiki empa e tla u bolaea nakong ea selemo, na u ne u tla e amohela?” Ho limathi tsa U.S. tseo ho buisanoeng le tsona, karolo ea 50 lekholong e lumetse.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Soviet Union, limathi tse 290 le bakoetlisi li ile tsa ahloloa ka lebaka la ho sebelisa lithethefatsi mahareng a 1986 le 1988.—Leninskoye Znamya, makasine oa Soviet

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

“Limathi tse sebelisang li-steroid lia fokola le ho ba mabifi.”—Ngaka Robert Voy, moofisiri e moholo oa bongaka oa Komiti ea U.S. ea Liolimpiki”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela