Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 11/8 maq. 19-20
  • Baoki—Ke Hobane’ng ha re ba Hloka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baoki—Ke Hobane’ng ha re ba Hloka?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo ea Mooki Hore Mokuli a Fole
  • Karolo ea Bohlokoa ea Baoki
    Tsoha!—2000
  • ‘O Ile a re Ruta ho Hlompha Bolumeli ba Hae’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ba Lula Mahaeng a Maqheku Empa ha Baa Lebaloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lipetlele—Ha e le Uena Mokuli
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 11/8 maq. 19-20

Baoki—Ke Hobane’ng ha re ba Hloka?

“Booki ke o mong oa mesebetsi e thata ka ho fetisisa. Re ka ’na ra susumetsoa ke qenehelo, empa tsebo ke ’ona feela matla ao re sebetsang ka ’ona.”—Mary Adelaide Nutting, 1925, moprofesa oa pele lefatšeng oa booki.

HA BO etsoa ka mokhoa o bonolo, booki bo ’nile ba etsoa ka lilemo tse likete tse fetileng—esita le mehleng ea Bibele. (1 Marena 1:2-4) Ho pholletsa le histori, basali ba bangata ba hlaheletseng ba ’nile ba oka bakuli. Ka mohlala, nahana ka Elizabeth oa Hungary (1207-31), morali oa Morena Andrew II. O ile a hlophisa kabo ea lijo nakong ea tlala ea sekoboto ka 1226. Ka mor’a moo o ile a hlophisa hore ho hahoe lipetlele, ’me o ile a hlokomella balepera ho tsona. Elizabeth o ile a shoa a e-na le lilemo tse 24 feela, a qetile karolo e khōlō ea bophelo ba hae bo bokhutšoanyane a hlokomela bakuli.

Re ke ke ra bua ka histori ea booki re sa bue ka Florence Nightingale. Hammoho le sehlopha sa baoki ba 38, mofumahatsana enoa ea sebete oa Lenyesemane o ile a hlophisa bocha sepetlele sa masole sa Scutari, motse oa Constantinople, nakong ea Ntoa ea Crimea ea 1853-56. Ha a fihla moo, batho ba ne ba shoa ka tekanyo ea hoo e ka bang karolo ea 60 lekholong; ha a tloha ka 1856, tekanyo eo ba shoang ka eona e ne e theohile ho ba ka tlaase ho karolo ea 2 lekholong.—Bona lebokose le leqepheng la 22.

Tšusumetso e ’ngoe e matla booking e bile Setsi sa Badiakone ba Basali ba Maprostanta sa Kaiserswerth, Jeremane, e leng moo Nightingale a ileng a koetlisoa teng pele a ea Crimea. Hamorao, ho ile ha hlaha lihlopha tse ling tse hlaheletseng tsa booki. Ka mohlala, ka 1903, Agnes Karll o ile a theha Mokhatlo oa Litsebi Bakeng sa Baoki ba Majeremane.

Kajeno baoki ba bōpa sehlopha se seholo ka ho fetisisa se nkoang e le litsebi tsamaisong ea rōna ea tlhokomelo ea bophelo bo botle ba ’mele. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o tlaleha hore hona joale ho na le baoki le babelehisi ba fetang 9 000 000 ba sebeletsang linaheng tse 141. ’Me ba etsa mosebetsi oa bohlokoa hakaakang! The Atlantic Monthly e bolela hore baoki “ba kopanya tlhokomelo, tsebo le tšepo, e leng se hlokahalang bakeng sa hore mokuli a ’ne a phele.” Kahoo, mabapi le baoki re ka botsa ka nepo, Re ka etsa’ng kantle ho bona?

Karolo ea Mooki Hore Mokuli a Fole

Encyclopedia e ’ngoe e hlalosa booki e le “tšebetso eo ho eona mokuli a thusoang ke mooki hore a fole boloetseng kapa kotsing, kapa hore a khone ho ikemela ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng.”

Ho hlakile hore ho ameha ho eketsehileng tšebetsong ena. Ke ho fetang feela ho etsa liteko tse tloaelehileng, tse kang ho hlahloba ho otla ha pelo le khatello ea mali. Mooki o phetha karolo ea bohlokoa hore mokuli a fole. Ho latela The American Medical Association Encyclopedia of Medicine, “mooki o amehile haholo ka tsela eo ka kakaretso mokuli a arabelang ka eona boloetseng ho feta ho ameha ka boloetse ka bobona, ’me o amehile ka ho kokobetsa mahlaba, ho fokotsa ho utloa bohloko kelellong ’me ha ho khoneha, ho qoba hore ho qalehe maloetse a mang.” Ho phaella moo, mooki o fana ka “tlhokomelo e bontšang kutloisiso, e akarelletsang ho mamela matšoenyeho le tšabo ka ho se fele pelo, le ho fana ka tšehetso ea maikutlo le matšeliso.” Buka ena e bolela hore haeba mokuli o makhatheng a lefu, karolo ea mooki ke ho “thusa mokuli hore a tobane le lefu a sa ba le mahlomola a mangata hape ka tsela e seriti ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng.”

Baoki ba bangata ba etsa se fetang seo ho lebeletsoeng hore ba se etse. Ka mohlala, Ellen D. Baer o ile a ngola ka phihlelo ea hae Setsing sa Bongaka sa Montefiore se New York City. O ne a sa batle ho potlakela ho qeta mosebetsi hoseng ha a sebetsa le sehlopha se buoang. Oa ngola: “Ke ne ke batla ho lula le bakuli. Ke ne ke batla ho ba thusa hore ba phefumolohe hantle, ho ba thusa ho tsamaea, ho chencha masela a ba tlamisitseng, ho araba lipotso tsa bona, ho ba hlalosetsa lintho le ho ba tšelisa. Ke ne ke thabela katamelano ea ho hokahana le bakuli le ho ba le kamano le bona.”

Ntle ho pelaelo, mang kapa mang eo e kileng ea e-ba mokuli sepetlele ka nako e itseng o tla hopola mooki ea nang le kutloelo-bohloko ea neng a e-na le moea o tšoanang oa boitelo. Empa ho hlokahala eng hore motho e be mooki ea tšoanelehang?

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Florence Nightingale

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy National Library of Medicine

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela