Karolo ea Bohlokoa ea Baoki
“Mooki ke motho ea baballang, ea hlokomelang le ea sireletsang—motho ea ikemiselitseng ho hlokomela ba kulang, ba lemetseng le ba hōlileng.”—Nursing in Today’s World—Challenges, Issues, and Trends.
LE HOJA ho hloka boithati ho le bohlokoa, ha hoa lekana bakeng sa ho etsa mooki ea tšoanelehang. Baoki ba molemo ba boetse ba hloka koetliso e pharaletseng le phihlelo e ngata. Tlhokahalo e ’ngoe ea bohlokoa ke ho ithuta le ho ikoetlisa u le mosebetsing ka selemo se le seng ho isa ho tse ’nè kapa le ho feta. Empa ke litšoaneleho life tse etsang hore motho e be mooki ea molemo? Tse ling tsa likarabo tse fanoeng ke baoki ba nang le phihlelo bao Tsoha! e ileng ea buisana le bona ke tsena.
“Ngaka ea folisa, empa mooki o hlokomela mokuli. Hangata sena se hloka hore ho matlafatsoe bakuli ba lemetseng maikutlong le ’meleng, ha ka mohlala ba bolelloa hore ba na le boloetse bo sa foleng kapa ba makhatheng a lefu. U tlameha ho ba ’mè oa motho ea kulang.”—Carmen Gilmartín, Spain.
“Ho hlokahala hore u khone ho utloa mahlaba le tsieleho ea mokuli ’me u batle ho thusa. Ho hlokahala mosa le mamello. U lokela hore kamehla u lakatse ho ithuta ho eketsehileng ka booki le bongaka.”—Tadashi Hatano, Japane.
“Lilemong tsa morao tjena baoki ba ’nile ba hloka tsebo e eketsehileng ea boemo bo phahameng. Ka lebaka leo, ho hlokahala takatso ea ho ithuta le ho khona ho utloisisa se ithutoang. Hape ho hlokahala hore baoki ba etse liqeto kapele ’me ba nke khato ka potlako ha ho hlokahala.”—Keiko Kawane, Japane.
“Joaloka mooki, u tlameha ho bontša mofuthu. U lokela ho mamella ’me u bontše kutloelo-bohloko.”—Araceli García Padilla, Mexico.
“Mooki ea molemo o lokela ho rata ho ithuta, ho ba seli le ho etsa lintho a e-na le tsebo ea boemo bo phahameng ka ho fetisisa. Haeba mooki a sa itele—haeba a e-na le boithati kapa a khopisoa ke keletso e tsoang ho ba bang ba mo phahametseng sehlopheng se busang sa lingaka—mooki eo a ke ke a tšoaneleha bakeng sa bakuli esita le basebetsi-’moho.”—Rosângela Santos, Brazil.
“Litšoaneleho tse ngata ke tsa bohlokoahali: ho tenyetseha, ho mamella le ho se fele pelo. Hape ho hlokahala hore u amohele likhopolo tse ncha, hammoho le ho khona ho sebelisana hantle le basebetsi-’moho le sehlopha se busang sa lingaka. U tlameha ho potlakela ho amohela mekhoa e mecha e le hore u ’ne u atlehe.”—Marc Koehler, Fora.
“U lokela ho rata batho ’me ka sebele u lakatse ho thusa ba bang. U tlameha ho khona ho sebetsana ka katleho le khatello hobane booking liphoso ho hang ha li hlokahale. U lokela ho lumellana le maemo e le hore u etse mosebetsi o tšoanang ha ka linako tse ling u e-na le basebetsi-’moho ba fokolang ka palo—empa e ntse e le oa boleng bo phahameng.”—Claudia Rijker-Baker, Netherlands.
Mooki e le Mohlokomeli
Nursing in Today’s World e bolela hore “booki bo amehile ka ho hlokomela motho maemong a sa tšoaneng a amang bophelo bo botle ba ’mele. Kahoo re nka hore phekolo e tsamaisana le moriana oa mokuli ’me booki bo tsamaisana le tlhokomelo ea mokuli eo.”
Kahoo mooki ke mohlokomeli. Ka lebaka leo, ho hlakile hore mooki o lokela ho fana ka tlhokomelo. Nakong e fetileng, baoki ba 1 200 ba ngolisitsoeng ka molao ba ile ba botsoa, “Mosebetsing oa hao joaloka mooki, ke eng ea bohlokoa ka ho fetisisa ho uena?” Ba etsang karolo ea 98 lekholong ba ile ba araba ka hore ke ho fana ka tlhokomelo ea boleng bo phahameng.
Ka linako tse ling baoki ba khella fatše bohlokoa ba bona ho bakuli. Carmen Gilmartín, ea qotsitsoeng ka holimo, eo e bileng mooki ka lilemo tse 12, o ile a bolella Tsoha! a re: “Ka lekhetlo le leng ke ile ka bolella motsoalle oa ka hore ke ne ke ikutloa ke haelloa ha ke hlokomela bakuli ba tšoarehileng haholo. Ke ne ke ikutloa ke le ‘Motlamisi’ feela. Eaba motsoalle oa ka o re: ‘U “Motlamisi” oa bohlokoa hobane ha motho a kula, ke uena ea hlokahalang ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe—mooki ea nang le kutloelo-bohloko.’”
Ha ho potang hore ho fana ka tlhokomelo e joalo ho ka tlisa khatello ho mooki ea sebetsang lihora tse leshome kapa ho feta letsatsi le letsatsi! Bahlokomeli baa ba itetseng ba susumelitsoe ke’ng hore e be baoki?
Ke Hobane’ng ha U E-ba Mooki?
Tsoha! e ile ea buisana le baoki ho potoloha lefatše ’me ea ba botsa, “U susumelitsoe ke’ng hore u be mooki?” Tse ling tsa likarabo tsa bona ke tsena.
Terry Weatherson e bile mooki ka lilemo tse 47. Hona joale ke mooki ea hlokomelang bakuli ka ho toba eo e leng setsebi Lefapheng la Urology sepetleleng sa Manchester, Engelane. O re: “Ke hōtse ke le Mok’hatholike ’me ka kena sekolo se nang le bolulo sa K’hatholike. Ha ke sa le ngoananyana, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tla ba moitlami kapa mooki. Ke ne ke lakatsa ho sebeletsa ba bang. U ka ’na ua re e ne e le pitso ea ka. Joalokaha u bona, ke ile ka khetha booki.”
Chiwa Matsunaga oa Saitama, Japane, o tsamaisitse tleliniki ea hae ka lilemo tse robeli. O re: “Ke ile ka sebelisa khopolo ea Ntate ea hore ‘ho molemo ho ithuta mahlale a tla etsa hore u be le mosebetsi bophelong ba hao bohle.’ Kahoo ke ile ka khetha booki.”
Etsuko Kotani oa Tokyo, Japane, hlooho ea baoki eo e bileng mooki ka lilemo tse 38, o itse: “Ha ke sa ntse ke kena sekolo, Ntate o ile a oa ’me a tsoa mali a mangata. Ha ke ntse ke shebile Ntate sepetlele, ke ile ka etsa qeto ea hore ke batla ho ba mooki e le hore nakong e tlang nka thusa batho ba kulang.”
Ba bang ba ile ba susumetsoa ke se ileng sa ba hlahela ha ba ne ba kula. Eneida Vieyra, mooki Mexico, o re: “Ha ke le lilemo li tšeletseng, ke ile ka kena sepetlele libeke tse peli ka lebaka la bronchitis, ’me ke ka eona nako eo ke ileng ka etsa qeto ea hore ke batla ho ba mooki.”
Ka ho hlakileng, ho ba mooki ho hloka boitelo bo boholo. A re ke re hlahlobisiseng liphephetso le meputso ea mosebetsi ona o babatsehang.
Se Thabisang ka ho ba Mooki
Ke eng se thabisang ka ho ba mooki? Karabo ea potso ena e tla itšetleha ka mofuta oa mosebetsi oa booki oo motho a o etsang. Ka mohlala, babelehisi ba ikutloa ba putsitsoe nako le nako ha ba belehisa ka katleho. ’Melehisi e mong oa Netherlands o re: “Hoa hlolla ho thusa hore ho belehoe ngoana ea phetseng hantle eo u ’nileng ua hlokomela khōlo ea hae.” Jolanda Gielen-Van Hooft eo le eena a tsoang Netherlands, o re: “Pelehi ke e ’ngoe ea lintho tse babatsehang ka ho fetisisa eo banyalani—le motho ea sebetsang lefapheng la bophelo bo botle—ba ka bang le phihlelo ea eona. Ke mohlolo!”
Rachid Assam oa Dreux, Fora, ke mooki ea lilemo tse ka tlaase ho 45 ea pakoang ke Naha ea fang bakuli moriana o ilibanyang. Ke hobane’ng ha a thabela booki? O re ke ka lebaka la “khotsofalo ea hore ke kentse letsoho hore ho buuoa ho atlehe le hore ke setho sa mosebetsi o hlollang le o lulang o hatela pele.” Isaac Bangili, eo le eena a tsoang Fora, o itse: “Ke angoa ke liteboho tseo re li amohelang ho bakuli le malapa a bona, haholo-holo maemong a tšohanyetso ha re khona ho pholosa mokuli eo re neng re nahana hore ha ho sa na tšepo ka eena.”
Liteboho tse joalo li ile tsa romelloa Terry Weatherson, ea boletsoeng pejana. Mohlolohali e mong o ile a ngola: “Nke ke ka tlohela ho sebelisa monyetla oa ho u bolella hape hore re ile ra imoloha ka lebaka la boteng ba hao ka khutso, le ka tsela e kholisang ho pholletsa le bokuli ba Charles. Mofuthu oa hao e ne e le leseli le khanyang, ’me o ile oa fetoha lefika leo re ileng ra fumana matla ho lona.”
Ho Tobana le Liphephetso
Empa le hoja booki bo thabisa, bo na le liphephetso tse ngata. Ho hang liphoso ha li hlokahale! Ebang mooki o fana ka moriana kapa o ntša mali kapa o kenya lethopo mothapong kapa o mpa feela a fetola mokuli, o lokela ho ba seli ka ho fetisisa. O etsa bonnete ba hore ha a etse phoso—haholo-holo linaheng tseo ho isana makhotleng ho tloaelehileng ho tsona. Empa, ka linako tse ling mooki o behoa boemong bo thata. Ka mohlala, a re re mooki o ikutloa hore ngaka e laetse hore mokuli a fuoe moriana o fosahetseng kapa e fane ka litaelo tse seng molemong oa mokuli. Mooki a ka etsa’ng? A phehise ngaka khang? Sena se hloka sebete, masene le bohlale—hape se kotsi. Ka masoabi, hase habonolo lingaka tse ling li amohelang litlhahiso tse etsoang ke bao li nkang hore ba tlaase ho tsona.
Baoki ba bang ba hlokometse eng tabeng ee? Barbara Reineke oa Wisconsin, U.S.A., eo e bileng mooki ea ngolisitsoeng ka molao ka lilemo tse 34, o ile a bolella Tsoha!: “Ho hlokahala hore mooki a be sebete. Tabeng ea pele, o ikarabella ka molao bakeng sa meriana leha e le efe eo a fanang ka eona kapa phekolo eo a e etsang le bakeng sa kotsi leha e le efe e ka bakoang ke eona. O lokela hore a khone ho hana ho phetha taelo ea ngaka haeba a ikutloa hore ha ho matleng a hae kapa a lumela hore taelo eo e fosahetse. Booki ha bo sa le kamoo bo neng bo le kateng mehleng ea Florence Nightingale kapa esita le lilemong tse 50 tse fetileng. Joale ho hlokahala hore mooki a tsebe hore na o lokela ho re che neng ho ngaka le hore na o lokela ho phehella ngaka eo hore e bone mokuli neng, esita le haeba ke har’a bosiu. Haeba u fositse, u lokela ho mamella litšomo leha e le life tseo u ka ’nang ua li fumana ho ngaka.”
Bothata bo bong boo baoki ba tlamehang ho tobana le bona ke pefo mosebetsing. Tlaleho e tsoang Afrika Boroa e bolela hore baoki “ba nkoa ba le kotsing e khōloanyane ea tlhekefetso le pefo mosebetsing. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore baoki ba hlaseloe mosebetsing ho feta balebeli ba chankana kapa mapolesa ’me baoki ba etsang 72% ha ba ikutloe ba sireletsehile tlhaselong.” Ho tlalehoa boemo bo tšoanang United Kingdom, moo baoki ba etsang karolo ea 97 lekholong bao ho ileng ha buisanoa le bona phuputsong ea haufinyane tjena ba tsebang mooki ea ileng a hlaseloa selemong se fetileng. Pefo ee e bakoa ke’ng? Hangata bothata bo bakoa ke bakuli ba sebelisitseng lithethefatsi kapa ba tahiloeng kapa ba nang le khatello ea kelello kapa ba mesarelong.
Ho boetse ho hlokahala hore baoki ba talimane le mokhathala o bakoang ke khatello kelellong. Ho haella ha basebetsi ke lebaka le leng. Ha mooki ea hlokolosi a sitoa ho fa mokuli tlhokomelo e lekaneng ka lebaka la ho imeloa ke mosebetsi, khatello kelellong e ba teng ka potlako. Ho leka ho rarolla boemo bona ka ho se be le khefu le ho sebetsa nako e eketsehileng ho bonahala ho baka pherekano e eketsehileng.
Lipetlele tse ngata lefatšeng ka bophara li na le basebetsi ba fokolang. Tlaleho e ho Mundo Sanitario ea Madrid e re: “Re haelloa ke baoki lipetleleng tsa rōna. Mang kapa mang ea kileng a kula o lemoha bohlokoa ba baoki.” Ho fanoe ka eng e le lebaka la khaello ee? Tlhokahalo ea ho boloka chelete! Tlaleho e tšoanang e boletse hore lipetlele tsa Madrid li ne li haelloa ke baoki ba 13 000!
Lebaka le leng le fanoang bakeng sa khatello kelellong ke hore hangata lichifi li telele haholo ’me moputso o fokola haholo. The Scotsman e ile ea re: “Mooki a le mong ho ba bahlano Brithani le kotara ea bathusi ba baoki ba na le mosebetsi oa bobeli bakeng sa ho iphelisa, ho ea ka mokhatlo oa tšebeletso ea sechaba, Unison.” Baoki ba bararo ho ba bane ba nka hore ha ba lefshoe moputso o lekaneng. Ka lebaka leo, ba bangata ba nahana ho tlohela mosebetsi ona.
Ho na le mabaka a mangata a kolekelang hore baoki ba be le khatello kelellong. Ho itšetlehiloe ka litlhaloso tseo Tsoha! e li fumaneng ho baoki ho potoloha lefatše, ho shoa ha bakuli ho ka ba le phello e tepeletsang maikutlo. Magda Souang, oa Moegepeta, o sebetsa Brooklyn, New York. Ha a botsoa hore na ke eng e etsang hore mosebetsi oa hae o be boima, o ile a araba: “Ke ho shebella ho shoa ha bakuli ba ka bang 30 ba kulelang lefu bao ke ileng ka ba hlokomela haufi-ufi ka lilemo tse leshome. Sena se u qeta matla.” Ha ho makatse ha buka e ’ngoe e re: “Ho ’na u itella bakuli ba shoang ho ka u ama haholo.”
Bokamoso ba Baoki
Khōlo le tšusumetso ea theknoloji e eketsa khatello lefapheng la booki. Phephetso ke ho lumellanya theknoloji le botho, tsela ea botho ea ho sebetsana le bakuli. Ha ho mochine o ka nkelang tlhokomelo ea mooki le qenehelo ea hae sebaka.
Koranta e ’ngoe e re: “Booki ke mosebetsi oa ka ho sa feleng. . . . Hafeela batho ba ntse ba le teng, kamehla ho tla ’ne ho hlokahale tlhokomelo, qenehelo le kutloisiso.” Booki bo phetha tlhokahalo ena. Empa ho na le lebaka le leng hape le leholoanyane la ho ba le pono e ntle tabeng ea tlhokomelo ea bophelo bo botle ba ’mele. Bibele e bontša hore ho tla tla nako eo ka eona ho seng motho ea tla re, “Kea kula.” (Esaia 33:24, NW) Lingaka, baoki le lipetlele ba ke ke ba hlokahala lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng.—Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13.
Bibele e boetse e tšepisa hore “Molimo . . . o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Leha ho le joalo, khabareng re lokela ho leboha tlhokomelo e khōlō le boitelo bo etsoang ke baoki ba limilione lefatšeng ho pota, bao kantle ho bona ho kena sepetlele ka sebele ho neng ho ke ke ha thabisa haeba e le ntho e ka khonehang! Joale potso ena ke e loketseng hakaakang, “Baoki—re ka etsa’ng kantle ho bona?”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
Florence Nightingale—Pula-Maliboho ea Booki ba Kajeno
Kaha Florence Nightingale ea hlahetseng Italy ka 1820 o ile a tsoaloa ke batsoali ba ruileng ba Mabrithani, o ile a hōla a tefisoa. Florence e mocha o ile a hana ho nyaloa ’me a phehella lithuto tsa bophelo bo botle ba ’mele le ho hlokomela mafutsana. Ho sa tsotellehe khanyetso ea batsoali ba hae, Florence o ile a ea sekolong se koetlisang baoki Kaiserswerth, Jeremane. Hamorao o ile a ea ithuta Paris, ’me ha a le lilemo li 33, e ile ea e-ba mookameli oa sepetlele sa basali London.
Empa o ile a tobana le phephetso e khōlō ka ho fetisisa ha a ithaopela ho ea hlokomela masole a tsoileng kotsi Crimea. Ha ba le moo, eena hammoho le sehlopha sa hae sa baoki ba 38 ba ile ba tlameha ho hloekisa sepetlele se tletseng likhoto. Mosebetsi o ne o nyahamisa, kaha pele ho ne ho se na sesepa, ho se na libasekomo kapa lithaole, ’me ho ne ho se na mampara, materase kapa masela a tlamisang. Florence le sehlopha sa hae ba ile ba ikitlaetsa hore ba tobane le phephetso eo ka katleho, ’me ha ntoa e fela, o ne a entse hore ho be le liphetoho lefatšeng ka bophara booking le tsamaisong ea sepetlele. Ka 1860, o ile a theha Sekolo sa Nightingale sa Koetliso ea Baoki Sepetleleng sa St. Thomas London—sekolo sa pele sa booki se neng se sa amane le kereke. Pele ho lefu la hae ka 1910, e ne e le sekooa se sa tsoheng liphateng ka lilemo tse ngata. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho ngola libuka le lipampitšana ka boiteko ba ho ntlafatsa litekanyetso tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle.
Ba bang ba hanyetsa tsela eo Florence Nightingale a hlahisoang ka eona e le motho ea itetseng, ba pheha khang hore le ba bang bonyane ba ntse ba tšoaneloa ke thoriso e tšoanang bakeng sa tlatsetso ea bona booking. Ho phaella moo, ho phehoa khang e khōlō ka botumo ba hae bo botle. Ho latela buka ea A History of Nursing, ba bang ba bolela hore e ne “e le sefela-peloana, a hatella, a le manganga, a halefa kapele ’me e le ’mampoli,” ha ba bang ba ne ba hoheloa ke “bohlale ba hae le botle ba hae, matla a hae a hlollang le eona taba ea hore o ne a e-na le botho bo feto-fetohang.” Ho sa tsotellehe hore na e ne e le motho oa mofuta ofe, ’nete ke ho re: Mekhoa ea hae booking le tsamaisong ea lipetlele e ile ea namela linaheng tse ngata. O nkoa e le pula-maliboho mosebetsing oa booki joalokaha re bo tseba kajeno.
[Setšoantšo]
Sepetlele sa St. Thomas ka mor’a ho thehoa ha Sekolo sa Nightingale sa Koetliso ea Baoki
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy National Library of Medicine
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
Litšoaneleho Tsa Mooki
Mooki: “Motho eo ka ho khetheha a rutiloeng saense ea booki le ea finyellang litekanyetso tse itseng tse batloang tsa thuto le ea nang le litšoaneleho tsa ho hlokomela bakuli ka ho toba.”
Mooki ea ngolisitsoeng ka molao: “Mooki ea fumaneng mangolo ea filoeng tumello ea molao (ea ngolisitsoeng) hore a sebetse ka mor’a ho hlahlojoa ke boto ea naha ea bahlahlobi ba baoki . . . le eo ka molao a nang le tokelo ea ho sebelisa tlotla R.N. [registered nurse].”
Mooki oa setsebi ea hlokomelang bakuli ka ho toba: “Mooki ea ngolisitsoeng ka molao ea nang le tsebo e phahameng, bohlale le ea tšoanelehang karolong e khethehileng ea booki.”
Mooki oa ’melehisi: “Motho ea rupeletsoeng booki le bobelehisi.”
Mooki ea se nang mangolo: “Motho ea nang le phihlelo ea booki empa a sa fumana mangolo a mofuta leha e le ofe sekolong sa booki.”
Mooki ea rupetsoeng ea nang le laesense: “Motho ea fumaneng mangolo sekolong sa baoki ba se nang mangolo . . . ea lumeletsoeng ka molao hore a sebetse e le mooki ea nang le laesense.”
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Ho tsoa khatisong ea United States e bitsoang Dorland’s Illustrated Medical Dictionary
UN/J. Isaac
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25]
‘Mokokotlo oa Tlhokomelo ea Bophelo bo Botle ba ’Mele’
Sebokeng sa ho Keteka Lilemo Tse Lekholo Tsa Lekhotla la Baoki la Machaba ka June 1999, Dr. Gro Harlem Brundtland, motsamaisi-kakaretso oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, o itse:
“Baoki, e le litsebi tse ka sehloohong tsa bophelo bo botle ba ’mele, ba boemong bo ikhethang ba ho sebeletsa e le babuelli ba matla ba polanete e phetseng hantle. . . . Kaha hona joale baoki le babelehisi ba etsa hoo e ka bang 80% ea basebetsi ba tšoanelehang ba bophelo bo botle ba ’mele litsamaisong tse ngata tsa sechaba tsa bophelo bo botle ba ’mele, ba emela mokhatlo o matla o ka tlisang liphetoho tse hlokahalang bakeng sa ho finyella litlhoko tsa Bophelo bo Botle ba ’Mele Bakeng sa Bohle lekholong la bo21 la lilemo. Ha e le hantle, tlatsetso ea bona litšebeletsong tsa bophelo bo botle ba ’mele e akaretsa likarolo tsohle tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle ba ’mele . . . Ho hlakile hore baoki ke mokokotlo oa lihlopha tse ngata tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle ba ’mele.”
Eo e kileng ea e-ba mopresidente oa Mexico Ernesto Zedillo Ponce de León, o ile a rorisa baoki ba Mexico ka ho khethehileng puong eo ho eona a ileng a re: “Letsatsi le letsatsi, kaofela ha lōna . . . le sebelisa tsebo ea lōna ea bohlokoa, bonngoe ba lōna, tšebeletso ea lōna ho boloka bophelo le ho phekola baahi ba Mexico. Letsatsi le letsatsi le thusa eseng feela ba batlang thuso ea lōna ea botsebi empa hape le ba batlang matšeliso a tlisoang ke mokhoa oa lōna o mosa, o bontšang boitelo le o nang le botho ka ho tebileng. . . . Le etsa karolo e khōlō ka ho fetisisa litsing tsa rōna tsa bophelo bo botle ba ’mele . . . Bophelong bo bong le bo bong bo pholositsoeng, ngoaneng e mong le e mong ea entiloeng, pelehing e ’ngoe le e ’ngoe eo le thusitseng ho eona, puisanong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo bo botle, phekolong e ’ngoe le e ’ngoe, mokuling e mong le e mong ea fumanang tlhokomelo le tšehetso e tiileng, ho sebelitse baoki ba rōna.”
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
UN/DPI Photo by Greg Kinch
UN/DPI Photo by Evan Schneider
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ngaka e Nang le Kananelo
Dr. Sandeep Jauhar oa Sepetlele sa New York Presbyterian o ile a lumela hore baoki ba molemo ba mo thusitse haholo. Ka masene mooki o ile a mo kholisa hore mokuli ea shoang o hloka morphine e eketsehileng. O ile a ngola: “Baoki ba molemo ba boetse ba ruta lingaka. Baoki ba leng likamoreng tse khethehileng tsa bakuli sepetlele joaloka lefapha la tlhokomelo ea bakuli ba kulang haholo, ke ba bang ba litsebi tse koetlisitsoeng hamolemo ka ho fetisisa sepetlele. Ha ke ntse ke koetlisoa hore ke be ngaka e ikemetseng, ba ile ba nthuta ho kenya mathopo ’meleng le ho kenya lethopo la ho thusa ho phefumoloha hantle. Ba ile ba mpolella hore na ke qobe meriana efe.”
O ile a tsoela pele: “Baoki ba fa bakuli tšehetso ea bohlokoa ea kelello le ea maikutlo, hobane ke bona ba qetang nako e ngata ba e-na le bona. . . . Ke arabela kapele haholo ha mooki eo ke mo tšepang a mpolella hore ke lokela ho bona mokuli hang-hang.”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
“Ke ne ke lakatsa ho sebeletsa ba bang.”—Terry Weatherson, Engelane.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
“Ha ke ntse ke shebile Ntate sepetlele, ke ile ka etsa qeto ea hore ke batla ho ba mooki.”—Etsuko Kotani, Japane.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
‘Pelehi ke e ’ngoe ea lintho tse babatsehang ka ho fetisisa eo ’melehisi a ka bang le phihlelo ea eona.’—Jolanda Gielen-Van Hooft, Netherlands.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Babelehisi ba fumana thabo le khotsofalo ka ho thusa ha ho belehoa ngoana